Factors (Maize)



Tse amang balemi ba ntseng ba hola



Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi

Byline: Jane McPherson, Manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 



Phuputso e entsweng ke Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le hlwaile le ho sibolla ntlha tse fapaneng tse thatafalletsang bahlahisi ho kenela kgwebo ya tlhahiso ya poone.



Mathata a latelang ke a mang a a mangata hara a hlwailweng:



Diterekere le disebediswa tse sebediswang ke bongata ba bahlahisi ba ntseng ba thuthuha di boemong bo fokolang haholo, mme bongata ba bona ha ba maemong a matle a ditjhelete ho ka ntlafatsa boemno bona – phaello tlhahisong ya dijothollo e tlase, mme phoso ha e yo kapa ke e nyane ho mohlahisi ya ntseng a hola.

Bongata ba bahlahisi ba kopana le mathata ka disebediswa tsena tsa sejwalejwale – mohlala, Lefapha la Temo Mpumalanga le file dihlopha tse ding tsa balemi diterekere le disebediswa tsa sejwalejwale tseo ba sitwang ho di sebedisa kapa ho metha ka tsona.

Bahlahisi ba bangata ba hloka disebediswa tse hlokehang, tse kang difafatsi tsa boom, e leng se bolelang hore ba sitwa ho laola mahola le dikokwanyana (diboko) ka mokgwa wa dikhemikhale. Ha ho diinstitushene (mekgatlo) e ikemiseditseng ho thusa ka ditjhelete disebediswa tse seng di ile tsa sebediswa, mme tse ntjha tsona di phahame ka theko haholo hoo bongata ba bahlahisi ba sitwang ho di reka.

Makgetho a phaello (interest rates) a phahame haholo hajwale, mme haeba a kenyelletswa ditjeong tse seng di phahame tsa tlhahiso, tlhahiso ya dijothollo ke e sitwang ho fetohela bahlahisi molemo dibakeng tse ngata.

Ho teng bahlahisi ba bangata ba ileng ba amohela mobu ka mokgwa wa kabo ya naha, mme ba filwe mobu o sa lokelang tlhahiso ya dijothollo – bahlahisi bana ruri ba batla ho ho hlahisa dijothollo, empa re sitwa ho kgothaletsa hore bahlahisi ba leme poone mobung o sa tebang ho feta 700 mm – monyetla wa ho nyopa ke o phahameng haholo.

Bothaha bo bong boo ruri bo lokelang ho elwa hloko ke wa mehato e fokolang ya semolao le/kapa mokgwa o fokolang wa puso o simollotseng haesale ka kabo ya mobu. Hangata mobu o ile wa nehelanwa ho Truste e nang le majalefa a mangata kapa batho ba bangata ba e tshwereng (hangata e leng batho ba fetang 30). Tshimolohong kgopolo ho ne ho nkilwe hore batho kaofela ba tla kenyeletswa bohle temong, empa ha nako e ntse e tsamaya maemo a ditaba a ntse a rarahana haholo, mme jwale e se e le batho ba mmalwa feela ba sebetsanang le temo, ba etsang mosebetsi, mme maemo a bona ha se a tsitsitseng.

Tumello ya ho fumana tse sebediswang temong e sa ntse e le bothata bo shebaneng le bongata ba balemi, mme ke hantle hore tharollo e fumanwe, mohlala, projeke ya pele (teko) eo re bileng le yona le Lefapha la Temo la Foreisetata le OVK tshehetsong ya bahlahisi ba itseng, ba hlwailweng – OVK e neane ka tshehetso e phethahetseng ya tlhahiso (credit) ho bahlahisi hore ba kgone ho sunya peo mobung ka nako e nepahetseng, mme lefapha la Temo le kgutliseditse 50% ya tse sebedisitsweng ho OVK hore e kenngwe diakhaontong tsa bahlahisi bana. Teko ena e sebeditse hantle, mme e mong le e mong o kgonne ho lefa kadimo ya hae le ho etsa phaello, empa ha re leka ho atolosa lenaneo jwalo ka ha ho dumellanwe, Lefapha la re ha le na ditekanyetso dife kapa dife tsa projeke ena!

Ha bahlahisi ba atlehile kopong ya bona ya kadimo, diistitushene tsa ditjhelete di lesisitheho ho ho ba thusa ka tjhelete mabapi le ditokiso tsa metjhine le ho e hlokomela – ntle le disebediswa tse ka sebediswang batho bana ba ke ke ba eba bahwebi ba mmakgonthe.

Lebatoweng la Bronkhorstpruit, moraorao tjena, lebatoweng la Lichtenburg, AFGRI e tshere temo mabapi le bahlahisi ba tswelang pele – ba sebedisa borakonteraka ba baholo haholo, ba basweu, ba tshwereng temo, mme qetellong ya sehla, bahlahisi ba fumana karolo ya se setseng (AFGRI e nka ditjeo tsa tse sebediswang temong le 50% ya phaello). Ngongoreho ya rona ka sena ke hore:

Bahlahisi ha ba ithute ka temo ka ha ha ho phapanyetsano ya Bokgoni.

Ha ho moputso ho bahlahisi ba lekang ho kena ka setotswana – ho bonahala eka mobu o sebetswa hammoho le hore bahlahisi ba fumana ho ya ka seabo sa bona sa diakere, eseng ho ya ka kuno e fumanweng masimong a bona.

Haeba molemo wa tlwaelo ena o nyehla, ho nkuwa hore AFGRI e tla emisa ka temo, mme bahlahisi bana ba tla iphumana ba le maemong a mabe haholo ao ba tla sitwa ho tswela pele ka temo ba le bang.

Theko e phahameng haholo ya manyolo e bolela hore bahlahisi ha ba sebedise tekanyo e kgothaletswang ya manyolo – sena se qetella ka kuno e tlase hammoho le maemong a putlameng a mobu qetellong.

Ba Maize Trust ba kentse mokgwa o babatsehang wa tshehetso wa ho lefella kalaka, ho phetholwa ha pele ha mobu, dikeletso le inshorense ya tse sebediswang ho lema. Le ha ho le jwalo, tshehetso ena be tsamaiswa feela ka motjha wa agri-business. Ho teng mehlala e mengata moo mohlahisi e seng setho sa Agri-business, kapa a sitwang ho fumana kadimo ya tjhelete ka agri-business, kapa, maemong a mang, ho hang ho se nang agri-business (jwalo ka mabatoweng a Kapa Botjhabela) – sena se bolela hore mohlahisi o sitwa ho ho fumana tshehetso ya Maize Trust.

Tshebeletso ya ya katoloso ya mafapha a temo ha e sebetse ka moo e lebelletsweng ka teng – balaodi ha ba na tsebo, mme hangata ha ban a thahasello ho thusa bahlahisi.

Ho fumana mobu o ka lengwang e sa boetse e le qaka diprovenseng tse ding – haholoholo tseo ho tsona ho seng mobu o kopanetsweng ke setjhaba jwalo ka Foreisetata. Lefapha la Ditaba tsa Mobu (Naha) ha le mafolofolo – ha ba na thahasello ya ho lefa theko e batlahalang mobung o motle, mme ha ba fela ba reka mobu, ha ba etse bonnete ba hore bahlahisi ba na le disebediswa tse hlokahalang – nnete ke hore ho ba mohlahisi ho hlokahala tse ngata ho feta mobu feela o ituletseng feela. 



