Establishing (Maize) 									SESOTHO

Ho simolla kgwebo ya hao ya bolemi

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Hang ha o simolla ka bolemi, o se o le kgwebong, mme o tshwanetse ho ba le lenane la matsete a hao. Ka nako e itseng o tla rata ho kopana le ba mokgatlo o adimisanang ka ditjhelete mabapi le ho thuswa ka tjhelete. Bao ba tla tshwanela ho batla ho tseba haholo ka wena le ka kgwebo ya hao.

Tlase mona ho teng ditheibole tseo o tshwanetseng ho ba le tsona (hammoho le kopi ya hao ya tokomane ya boitsebiso hammoho le ya molekane wa hao).

Nalane ya molemi

Ditaba tsena di bohlokwa. Ka mehla fana ka dintlha hohle moo o yang, moo molemi a hlahetseng teng, a holela teng le hore ho tlile jwang hore a kgahlwe ke bolemi, a qetelle o kene ka setotswana ho bona.



Sefane
 

 

 
Lebitso
 

 

 
Tlhaku tsa pele tsa mabitso
 

 

 
Nomoro ya boitsebiso
 

 

 
Letsatsi la tswalo
 

 

 
Boemo ba lenyalo
 

 

 
Lebitso la molekane
 

 

 
Aterese ya poso
 

 

 
Provense
 

 

 
Aterese ya bodulo
 

 

 
Mohala wa thekeng
 

 

 


Bokgoni puong

Ntlha ena e bohlokwa mabapi le dithuto tseo o tla kena ho tsona hore o rutwe ka puo eo o e utlwisisang.



Puo ya lapeng
 

 

 
Dipuo tse ding
 

 

 

 

 

 

 

 

 


Bodulo

Hopola hore jwalo ka molemi o tshwanela ho tsepamisa kelello boleming letsatsi le letsatsi. Ha eba o fela o ikemiseditse ka bolemi, o tlamehile ho ba masimong a hao ka mehla. Ba re, “Mahlo a monga masimo a nontsha sebata”, hape “manyolo a matle ka ho fetisisa ke menyabuketso ya molemi masimong”. Bolemi bo sebetsana le dintho tse phelang, mme di hloka ho elwa hloko ka mehla.



Na o dula polasing?
 

 

 
Ho seng jwalo, o bohole bo bokae le polasi?
 

 

 
 

