

Education (Maize) 								SESOTHO



Thuto le boiphihlelo di kgema mmoho



Instructions:

Folio Strap: Keketso ya boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 



Ba bang ba balemi ba atlehileng ka ho fetisisa ba na le thuto e nyane – empa ba na le boiphihlelo bo bongata, mme ba rata seo ba se etsang. Bolemi ke bophelo ba bona.



Bolemi ke bonono, ke saense, mme ke tsela ya ho phela. Bolemi bo kenyelleditse tumelo – ha se hangata o nang le taolo, ka ha bolemi bo etswa kantle moo motho a leng mohaung wa maemo a lehodimo.



Saense ya bolemi e tswetse pele haholo, mme e rarahane haholo – ho tsejwa haholo ka ntlha e nyane ka ho fetisisa ya bolemi. Seo o tshwanetseng ho se etsa ke ho fumana thuso le keletso ho batho bana ba rutehileng haholo – o molemi ya keneng tshebetsong. Mohlala, ho etsa tlhophollo ya disampole tsa mobu ke mosebetsi o sethekgenike haholo. Ha o a tlameha ho kgona ho etsa tlhophollo ka bowena – seo o tshwanetseng ho se etsa ke ho nka disampole nako le nako, ho fumana tlhophollo le ho nka keletso ya rasaense ya tshepahalang. Eba he o sebedisa lenaneo le kgothalleditsweng la manyolo dijothollong tsa hao. Etsa bonnete hore o fumana keletso ya sebele, mme o a e sebedisa – le ha ho le jwalo, ke leihlo la hao le boiphihlelo ba hao tse tla tlisa katleho dijothollong tsa hao.



Sebedisa monyetla o mong le o mong o ka bang teng ho fumana kwetliso bathong ba nang le tsebo le boiphihlelo temong. Ruri o sitwa ho ithuta ka temo bukeng. Ka hoo, etsa bonnete hore o kwetliswa ke motho ya hlileng a tsebang ditaba tsa hae. Ha o rala lenane la hore wena o mang, kenyelletsa dintlha tse theiboleng e tlase mona, empa o se tshwenyehe ka mangolo a hao a thuto – sena ha se tsohle, mme ha se qetello ya tsohle mabapi le katleho ya hao.



Tsa sekolo



Sehlopha se phahameng se fihlelletsweng
 

 

 
Thuto ka mora materike 
 

 

 






Kamano le Grain SA



Lebitso la sehlopha sa boithuto
 

 

 
Dithuto tseo o bileng ho tsona
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 


Boiphihlelo temong



Mosebeletsi polasing
 

 

 
Mohlahisi ya ikemetseng
 

 

 
Dijothollo
 

 

 
Dikgomo tsa nama
 

 

 


 



 



