Economy (Maize) (685 words)								Sesotho
Balemi ke mokokotlo wa setjhaba sa rona
Instructions:
Folio strap: Keketso ya boleng
Byline: Jenny Mathews, modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Grabber: Na molemi o phethola mobu ka mehla empa a sa jale? Na o dula a ntse a haraka mobu empa a sa jale letho? Na qetellong ha a jale mefuta ya hae e mengata ya dijothollo, o mong le o mong karolwaneng ya ona ya masimo? O tseba hantle seo a tshwanetseng ho se etsa hobane Modimo o entse hore a bone le ho utlwisisa...Morena ya Matla ohle ke mosuwe ya makatsang, ya fang molemi bohlale. Esaia 28 temana ya 23 ho isa ho 29.
Temo e bile mosebetsi wa pele lefatsheng, mme e bile taelo e tswang ho Modimo. E bohlokwa bophelong. Ka hoo, ho bohlokwa hore rona balemi re shebe mosebetsi wa rona e le wa bohlokwa haholo, o hlokahalang. 
Ha re a tshwanela ho tsepamisa maikutlo feela tabeng ya ho etsa tjhelete le ho eketsa tlhahiso, empa re ka mpa ra tsepamisa maikutlo tabeng ya ho hlahisa dijothollo tsa boleng le dijo tse tla nontsha bophelo le bophelo bo botle bo hlokwang ke batho ba bang.
Balemi ba kenya letsoho jwang ikonoming?
Ba kenya letsoho haholo ikonoming le ditekanyetsong tsa naha.
Balemi hammoho ke beng ba mosebetsi ba hlahileng ka mahetla naheng ya rona maemong ana a phahameng a ho hloka mosebetsi.
Balemi ba hlahisa dijo tsa boleng bo phahameng le tse loketseng mmele ya rona, mme ba kenya letsoho tshireletsong ya dijo tsa naha.
Balemi naheng yohle ba etsa matsete a totobetseng ditjhabeng tsa selehae, mme ba bohlokwa ho tsosa morolo wa ikonomi ya metse ya bona le ya setjhaba.
Jwalo ka bahlokomedi ba naha, balemi ba sebetsa ka thata ho tshireletsa mobu, moya, metsi le batho le diphoofolo ho tiisa hore mobu o tla kgona ho hlahisa dijo tsa meloko e tlang.
Molemi o a ikgona, o a hlahisa, o ikemetse, o sebetsa ka thata, o shebile setjhaba, mme o na le boikarabelo. Molemi o hlahisa poone, soneblomo le tswekere, e leng tse tswang kganyeng ya letsatsi!
Ka bomadimabe, balemi, jwalo ka dikgwebo tse ding tse ngata, ba hloriswa ke maemo a putlameng a ikonomi moruong.
Ka ditjeo tse ntseng di phahama ho ya ho ile, le ditheko tsa dihlahiswa tsa bona tsa temo tse ntseng di theoha jwale, balemi ba bangata le barui ba mehlape ba tla shebana le boima kapa ba tla hloleha ho hang ho lefa ditefello tsa bona tsa kadimo ya tjhelete tse behetsweng dinako tse itseng tsa tefello. 
Ka nako e le nngwe, tumello ya nako e telele ya ho nka dintho sekoloto seo ba ka kgonang ho se lefa, e lerootho, mme hona ho beha kgwebo ya molemi ka mosing. 
Nnete e babang ke ya hore balemi, hore ba kgone ho tswela pele, ba qobelleha ho kadima tjhelete – ho lefella peo le ho fepa mehlape hammoho le dikenngwamobung tse ding hore lethonyana le be teng masimong. 
Empa ka baka la ho hloka botsitso dithekong tsa mebaraka mabapi le dihlahiswa tsa bona le dikotsi tse amanang le maemo a lehodimo, tshireletso ya ho tsetelwa ha mathomong, ha se ntho e ka tiiswang. Ba adimanang ka ditjhelete le bona ba se ba hlokometse dintho haholo hoo tjhelete e seng e sa tswe ha bonolo matsohong a bona. Ke boo bothata!
Qetellong re tlamehile ho tswela pele ka ho kopa mmuso wa jwale hore o thuse balemi ka dikadimo tse ntle, tse hlophisitsweng hantle, tse baballehileng, tsa ditjehelete mabapi le tlhahiso.
Ditheko tse seng ntle tsa mebaraka tsa dijothollo tse hlahiswang hammoho le ditjeo tsa tlhahiso tse ntseng di phahama ho kenyeleditswe le manyolo, peo, dijo tsa mehlape le dikenngwamobung tse ding, di tla tswela pele ho beha molemi ka mosing lehlakoreng la ditjhelete ka ha ba se na matla a letho taolong ya tlhoko le phepelo ya dihlahiswa tsa bona. Ha ditheko tsa mmaraka tsa tlhahiso ya molemi di theoha, hona ho bonahala dithekong tsa dijo dirakeng tsa mabenkele – hona ho tlisa pelaelo yah ore bareki ba dijothollo hammoho le ba bang ba una molemi ka matsoho a balemi le bareki.
Afrika Borwa e tla ameha jwang?
Ha balemi ba lahlehelwa ke kgwebo ya bona le malapa a bona, mme balemi ba batjha ba sitwa ho kena indastering ena, hona ho tla ama Maafrika Borwa. Balemi ke mokokotlo wa setjhaba, ke mohato wa pele wa ho nyoloha thaba ena ya ikonomi. Ha mapolasi a hloleha, dikgebo tse kgolo tsa metse ya rona le tsona di tla hloleha. Phapang ya sena e sa ntse e le nnete – ha mapolasi a tswela pele, dikgwebo tse kgolo tsa metse ya rona le tsona di tla tswela pele, mme le batho ba selehae bat la tswela pele. 
Balemi ba bopa leruo la nnete, ba hlahisa boleng ba sebele, sehlahiswa se hlahang peong le kganyeng ya letsatsi se re matlafatsa mmeleng le ikonoming. Ka ho tshehetsa malapa a fapaneng ka mokgwa o phatlaletseng, temo e hlokahala haholo ho fana ka botsitso le matla naheng ya rona. Ha re lahlehelwa le ke molemi a le mong feela kappa re thatafaletsa molemi e motjha ho kena indastering ena le ho fumana mobu, eba re beha tikoloho ya rona, tshireletso ya rona ya dijo le ikonomi ya rona ya selehae kotsing.
