Difference (Maize)									Sesotho
Poone e tshweu le e tshehla – phapang ke efe?
Instructions:
Folio strap: Poone
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Use pictures of white maize and yellow maize
Ka tlhaho le ka popeho poone e tshweu e tshwana haholo le e tshehla, le hoja phapang e le teng ha e shejwa ka mahlo ka baka la bosiyo ba tse fanang ka mmala, e leng ole ya carotene karolong e hare ya thootse ya poone, e leng e fanang ka mmala o mosehla pooneng. Maemo a tlhahiso le a temo wona a ntse a itshwanela feela. 
Poone e tshweu ke sehlahiswa seo bohlokwa ba sona bo leng tlase haholo lefatsheng le tswetseng pele. Mohlala, mane United States, e leng moo ho hlahiswang poone e ngata ka ho fetisisa lefatsheng, ho lengwa ha poone e tshweu ho ka tlase ho peresente e le nngwe tlhahisong ya poone yohle ya selehae, eo haholoholo e hlahiswang tlasa mekgwa ya temo ya konteraka ka baka la ho fokola ha mmaraka ka kakaretso. 
Ho fihlela morao tjena, ho nnile ha eba teng kgopolo ya sekgalekgale ya hore poone e tshehla e loketse feela diphoofolo, eseng batho. Ena e bile taba e nnileng ya ba le tshwaetso e kgolo tlhahisong ya mefuta ya poone le mekgweng ya mebaraka ya poone. Poone e tshehla le phofo e tshehla ho ne ho nkuwa hore di na le molemo o monyane kapa ho hang ha di hloke ho sebediswa ke batho, mme ka hoo ha di a ka tsa fumaneha habonolo. Bosiyo ba poone e tshehla le phofo e tshehla bo entse hore ditjeo tsa dijo di phahame, ka ha mebarakeng ya lefatshe poreisi ya poone e tshehla e bile tlase ho feta ya e tshweu. Mmaraka wa lefatshe wa poone e tshehla o namme haholo, mme o tsitsitse haholo ho feta mmaraka wa poone e tshweu. Hona ho etsa hore e be mohlodi o tshepahalang haholo wa phepelo, haholoholo nakong tsa komello. 
Na o kile wa leka ho ja phofo ya poone e tshehla? Ke taba e makatsang ho lemoha hore re nnile ra ba le kgopolo e fosahetseng mabapi le tshebediso ya poone e tshehla. Ho a makatsa ruri, hobane mona Afrika Borwa kajeno, re hlahisa poone e ngata haholo e tshweu le e nyane haholo e tshehla – mohlomong re tshwanetse ho bula dikelello tsa rona, re ke re shebe poone e tshehla, hore ha re ka fellwa ke poone e tshweu re tsebe ho ja poone e tshehla! 
