Demand									Sesotho



Ho thiba sekgeo leqemeng la dijo tsa diphoofolo



Instructions:

Folio Strap: Theknoloji e Ntjha

Byline: Wessel Lemmer, moikonomi ya ka sehloohong, Grain SA



Grabber: Mabapi le Afrika, ntshetsopele ya lefatshe ya bio-fuel e bopa menyetla e tiisang bohlokwa ba merero ya ntshetsopele ikonoming. Bahwebi nakong e tlang ba ka nna ba kena mesebetsing ena, mme ka hoo, ba phahamisa maemo a bophelo a batho ha nako e ntse e eja babedi.



Intro: Ha eba dinaha tse ka leboya ho lefatshe di hlile di eme di tiile tabeng ya ho kenngwa ha bio-fuels, di tshwanetse ho beha maikutlo a tsona ntshetsopeleng ya menyetla ena dikarolong tse ka borwa tsa lefatshe. Ho feta mona, ho lebelletswe hore tlhoko ya lefatshe ya dijothollo le dipeo tseo oli e fumanwang ho tsona (oilseeds) e tla menahana habedi nakong ya dilemo tse 20 ho isa ho tse 30 tse tlang.



Hore ho fihlellwe phepo ya diphoofolo le tlhoko ya mafura (fuel) nakong e tlang, Yuropo e tshwanetse ho nahana ka bokgoni ba tlhaho bo leng teng lebatoweng la Afrika, la Sub-Sahara. Boteng ba mehlodi ya tlhaho bo tla fana ka bokgoni dinaheng tsa Afrika mabapi le ho hlahisa dijo tsa diphoofolo ka ditjeo tse tlase yunite ka nngwe. Menyetla ena ya ditjeo e kgonahala feela ka baka la maemo a matle a tlelaemete le a mobu, haholoholo dinaheng tse kang Angola, Mozambique le Zambia. Le ha ho le jwalo, metjha ya mmaraka o lokolohileng e tshwanetse ho hlomphuwa ke dinaha tsa Sub-Sahara ha di kena ditabeng tsa matsete, mohlala, ka ho hlompha ditokelo tsa thepa kapa maruo.



E le ho phahamisa tshebetso ya ikonomi, le ho laola mehlodi hore e ntshetse pele ikonomi, re tlamehile hore re kgone ho fapanyetsana ka mehlodi mabapi le ho fihlella tshebetso e hlwahlwa ya ikonomi. Ke feela ha re ka fihlella seo, re ka kgonang ho kenya bokgoni bo hlokahalang ikonoming ya mabatowa a Sub-Sahara. Afrika Borwa ke naha e itlhommeng pele dinaheng tsa Sub-Sahara, moo metjha ya mmaraka e lokolohileng e hlomphuwang. Sub-Sahara e hloka Afrika Borwa hore e kgone ho bontsha lefatshe kaofela hore re kgona ho tshehetsa tikoloho e tsitsitseng le matsete a matle, e leng tse kgannelang ntshetsopeleng ya ikonomi. Ha eba Afrika Borwa e hloleha ho kgodisa dinaha tse ka leboya lefatsheng mabapi le bokgoni ba ho ntshetsa pele metheo ya sehlooho (infrastructure) hammoho le mafolofolo a tswalwang ke mehlodi ya rona, re tla sitisa dinaha tse ding tsa Sub-Sahara hore di fihlelle molemo wa ntshetsopele tsa hajwale tsa bio-fuel. 



Mabapi le Arika, ntshetsopele tsa bio-fuel lefatsheng lohle di bopa menyetla e tiisang ruri ho hahamallwa ha ntshetsopele ya ikonomi. Nakong e tlang, bahwebi ba ka nna ba kena tshebetsong tsena tsa ikonomi, mme ka hoo, ba phahamisa le ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ha nako e ntse e tsamaya. Eseng feela ho kena kgwebong ka sepheo sa ho fumana dijo, kapa ho itlhahisetsa dijo tseo ba di sebedisang, empa ho ba le tjhelete ya tlatsetso eo ba ka e sebedisang mabapi le dintho tsa bona tsa monyaka.



Hobaneng ha re dumella monyetla ona o bohlokwa hakana wa ntshetsopele hore o fete feela? Afrika Borwa e na le boikarabelo mabapi le ntshetsopele ya Afrika yohle. Ka ho tshehetsa ntshetsopele ya indasteri ya bio-fuel Afrika Borwa, re tla be re matlafatsa tshireletso le paballo ya dijo. Bahlahisi ba Afrika Borwa ba hlahisitse bokgoni hammoho le dihlahiswa tse fetang tekano, empa ba hloka mmaraka wa dihlahiswa tsa bona. Ntshetsopele ya indasteri ya bio-fuel e ka nna ya tshehetsa ntshetsopele ya mmaraka o hlileng o leng moholo wa dihlahiswa. Tshebetsong ena, re tla be re bopa tsebo e hlokolotsi ya ho romella ka ntle dihlahiswa ho Afrika yohle. Ditjeo tsa ho hlahisa indasteri ke tse ntseng di eketseha lefatsheng lohle, mme ka baka leo, tlhoko ya tikoloho e kenyeletsang thahasello ya diprojeke tsa ntshetsopele ya bio-fuel, e fihlile. Ka hoo, naha ya rona e hloka ponelopele e hlakileng ya bokamoso le nnetefatso ya mehato e nepahetseng, e tshwanetseng ho latelwa.



Ho la Amerika, tshusumetso e matla ntshetsopeleng ya bio-fuel tshimolohong, e bile bothata ba mapolasing (tlhahiso e fetang tekano) hammoho le ho nkelwa sebaka ha MTBE ke bio-ethanol. Se susumetsang ntshetsopele ya bio-fuel Afrika Borwa ke eng? Na ke taba e amanang le tikoloho kapa monyetla wa ho ntshetsa pele ikonomi tsa rona tsa mahaeng? Ho ya ka ditjeo tsa ntseng di phahama tsa dijo – re motjheng wa ho bona phetoho e kgolo ya popeho, eo re sa tshwanelang ho e nka ka phoso hore ke infoleishene e tlotseng meedi. Ka bomadimabe, sena se etsahala nakong eo maqheka a rona ka bio-fuel a hlokang tumello ya ho tjhaelwa monwana ke mmuso, ha re iphumana re le haufi le dikgetho. Ka baka lena, re kopana le maemo a tsieleho hara ba etsang melao mabapi le se lokelang ho latelwa mabapi le ntshetsopele ya bio-fuel Sub-Sahara ya Afrika. Ho bohlokwa, le ha ho le jwalo, ho shebela dintho nakong e telele, e tlang, mabapi le dikotsi tse shebaneng le ntshetsopele tsena le hore re se susumetswe ke ditaba tse ka tadingwang di re beha ka mosing nakong e kgutshwane feela.



Grain SA e sheba ntshetsopele ya bio-fuel e le monyetla wa mmuso wa ho bopa maemo a matle a matsete, le ho ema morao ho bona ka moo tikoloho ya mmaraka o lokolohileng e ntshetsang pele ka teng indasteri ena ka bolokolohi ntle le tshitiso ya letho, e kang taba ya laesense, melawana hammoho le dikgothaletso tse mabapi le tshebediso ya dijo tsa diphoofolo.



Ho ya ka ntshetsopele ya dimela, re tshwanetse ho ela hloko hore monyetla ona o se ke wa shebana feela le tswekere e le mohlodi wa dijo tsa diphoofolo, kapa hona maemo Afrika Borwa a bapiswe le a dinaha tse ding tsa mabatowa a ka leboya, ntle le hore taba ena a hlaloswe hantle. Dimmaraka tse ngata tsa bio-ethanol di fumanwa haufi le dibaka tse hlahisang poone le mabele, e leng tse ka leboya tsa naha ya rona, hammoho le mabatowa a dipula tsa mariha, moo dijothollo tse kang koro ya boemo bo tlase le harese (barley), di tla kgona ho tshehetsa ntshetsopele ya bio-fuel ka tlhahiso ya dijo tse nepahetseng tsa diphoofolo.



Ka bokgutshwanyane, hore re kgone ho thiba sekgeo tlhokong ya phano ya dijo tsa diphoofolo, re hloka tse ka re fang tjheseho e lekaneng ho fana ka kuno e ntle ho ba amehang. Ha eba ho kgonahala hore bio-fuel di ntshetswe pele ka bolokolohi maemong a kginnweng a tikoloho, re dumela hore phano tlhahisong ya bio-fuel e tla hle e kgothaletse tlhahiso ho tsa temo, mme ka hoo, e fedise phokotseho tlhahisong ya dijothollo le dipeo tsa oli. Seo re ka mpang ra se etsa ke ho matlafatsa menyetla ya ntshetsopele temong, e leng se molemong wa baahi ba mahaeng.



Lefatshe le tshwanetse ho ela hloko hore Afrika Borwa e na le bokgoni ba ho tshehetsa ntshetsopele ya bio-fuel Sub-Sahara ya Afrika, eseng feela ka ho tshehetsa maano a rona a ASGISA, empa le ona a NEPAD ha re fuputsa bokamoso bo botle ba meloko e tlang. 

