Cultivation (Maize) (410 words)							Sesotho
Nako ho hlahloba ho teteana ha mobu
Instructions:
Folio strap: Keketso ya boleng
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi ya beileng meja fatshe
Ho fumanwe pula e pakeng tsa 600 mm le 2 000 mm mabatoweng a hlahisang poone ya lehlabula, mme ka nako tse ding pula e pakeng tsa 50 mm le 75 mm e ile ya fumanwa ka letsatsi le letsatsi e le ya maru a matsho. Boima bona bo boholo ba metsi hekthara ka nngwe bo fumanwang nakong e kgutshwane bo ka nna ba baka mobu o teteaneng, o kopaneng haholo. 
Boima bo bong ba tlatsetso, e leng ba motjhine o kotulang, diterekere le ditereilara tse kgolo le mehato ya mabidi a dithaere nakong ya kotulo mobung o teteaneng, e leng maemo a bileng teng selemong sena, ke dintho tse ka etsang hore mobu o teteane le ho feta ka moo re tlwaetseng ka teng.
Dikgomo tse jang masalla a dijothollo masimong le tsona di hatella le ho teteanya mobu haholoholo nakong ya maemo a metsi haholo ha masimo a kganngwe ke metsi. Maemo a sa tlwaelehang moo masimo a sesang ka hara metsi, ho tabola (ripping) mobu ke yona feela pheko e ka thusang hang feela pele ho jalwa kapa nakong ya ho jala. Hona ho ka thusa hore motho a kgone ho jala ka nako.
Mariha a batang haholo le pula e batang haholo dibakeng tse itseng ke tsona tse kentseng letsoho, mme tsa baka hore mebu e sesang ka hara metsi e nke nako e telele ho oma. Bohlale ke ho lekola boemo ba mobu masimong moo ho ilo jalwa poone, le ho sebedisa disebediswa tse loketseng tsa thaene (tyne), tse ka thusang ho nolofatsa mobu o tlasa makgapetla a thata, a teteaneng. Mosebetsi ona wa bohlokwa o tla thusa hore moya o kgone ho kenella mobung. Dibaktheria le di-microbes (diphedi tse nyane) di kgona ho phela feela maemong a nang le moya, e leng karolong e ka hodimo ya mobu, ya botebo ba 150 mm ho isa ho 180 mm. 
Ha re bua ka moya mobung re lekanya boteng ba moya o kenyeletsang okesijene, nitrojene le carbon dioxide mobung o lokolohileng o kopaneng le metsi. Ho sebedisa thaene ho hlokolosi haholo hobane dibaktheria di tsoha morolo, mme di roba masalla a dijothollo tsa lemo se fetileng pele ho jalwa sejothollo se setjha. Tshebetso ena ya dibaktheria e simolla nakong eo dithemphereitjhara tsa mobu di simollang ho phahama, mme ho futhumala, e leng bekeng ya ho qetela ya Phato, Loetse le ho ya kena ho Mphalane. 
Ho kgothaletswa haholo mosebetsi wa thaene le wa ho tabola mobu (ka ripper) o etswe kapele ka moo ho kgonahalang ka teng ha mobu o se o fihlelletse mothamo o hlokahalang wa mongobo. Mosebetsi o etswang ka hodima mothamo o hlokahalang wa masimo hangata o tla baka keketseho ya ho teteana ho ena le phokotseho ya hona. Molemi o tla tshwanela ho sebedisa disebediswa tsa hae hore di nepane le maemo a ikgethileng a mosebetsi wa hae haeba a latela mekgwa ya ho phetholwa ho honyane ha mobu (minimum tillage).
Tlhokomelo ya diplantere le ho beha disebediswa boemong bo lokelang mosebetsi o etswang, ke dintho tse lokelang ho phethwa maqalong a Mphalane. 
