Cultivar									Sesotho

Kgetho ya mofuta wa peo korong



Instructions:

Folio Strap: Kgetho ya mofuta wa peo

Byline: Ditaba tsena di nkilwe le ho hlophiswa di etswa bukanang ya tataiso, Ditataiso tlhahisong ya dijothollo tse nyane lebatoweng la dipula tsa hlabula, ya ARC-Small Grains



Kgetho ya mofuta wa peo ke qeto ya bohlokwa tlhahisong, mme ha beba e rerilwe ka nepo, e ka phehisa phokotsehong ya ho beha kuno kotsing le ho phahamisa boemo ba yona. Nakong ya jwale, mefuta e mengata ya peo e a fumaneha, e leng e fapanenang ka bokgoni ba ho ikamahanya le maemo, bokgoni ba ho hlahisa kuno, matshwao a amanang le mobu hammoho le kamano ya yona le malwetse.



Ho bohlokwa hore molemi ho tseba botle le bofokodi ba mofuta ka mong wa peo. Dintlha tse mmalwa tse lokelang ho elwa hloko ke tse latelang:

Jala mefuta e seng mekae e fapaneng ya peo e le ho atolosa kotsi (risk) ya komello le bolwetse.

Nakong ya sehla se le seng, o se ke wa kenya peo e nngwe e ntjha bakeng sa e seng e lekilwe le ho behwa tekong – empa o ka mpa wa jala sebakeng se senyane mofuta o motjha wa peo pela mofuta o tsejwang, e le ho ka tseba matla le bofokodi ba mofuta ona tikolohong e ikgethileng ya hao.

Kgetha mofuta wa peo o loketseng maemo a ikgethileng a hao – maemo a hao, ha a tshwane le a e mong, mme ka hoo, o tshwanetse ho iphumanela se o lokelang hantle ka ho fetisisa.



Dintlha tse lokelang ho elwa hloko kgethong ya mofuta wa peo

Bokgoni ba kuno: Ho bohlokwa tlasa maemo a komello hore mohlahisi a tsebe bokgoni ba kuno (hopola hore ho yena sena se laolwa ke bokgoni ba hao ba tsamaiso, botebo ba mobu, mofuta wa mobu, botebo bo hlileng bo fihlellwang, pula, matsatsi a lebelletsweng a serame, mohato wa motjheso le dinako tsa komello). Mefuta e itseng ya peo e sebetsa hantle tlasa maemo a phahameng a kuno, ha e meng yona e sebetsa hantle tlasa maemo a tlase a kuno.

Tlhophiso (grading) le boleng: Ho kereitwa ha dijothollo tse kotutsweng ho na le tshwaetso poreising eo molemi a tlang ho e fumana. Kereiti e laolwa ke mothamo wa protheine wa sejothollo, bongata ba hectolithara hammoho le ho theoha ha dipalo. Tsena kaofela ke dintlha tse sethekgenike tse nang le sekgahla bolenng ba ho silwa le ho bakweng ha koro. Hopola hore dithemphereitjhara tse tswileng taolong le pula e nelang dijothollo tse butswang di tla tshwaetsa boima (hectolitre mass), mme ka hoo, le yona poreisi – ke taba ya bohlokwa ho tseba hore ke mefuta efe eo dikereiti tsa yona di sa fetoheng tlasa maemo ana a boima.

Poreisi ya peo: Ditjeo tsa ho hlahisa dijothollo di phahame. Moo bokgoni ba kuno bo leng tlase, e ke ke ya eba bohlale ho jala peo e phahameng haholo ka theko.

Matla a lehlaka: Ntlha ena ka ho qolleha e bohlokwa moo bokgoni ba kuno bo phahameng, mme moo maemo a leng tlasa nosetso (metsi). Sejothollo se ka hola ka sekgahla se seholo, mme sa hlahisa ditsebe tse kgolo, tse boima – nakong tsa meya e mangata le dipula tse ngata, semela se ka nna sa kgangwa ke metsi, sa wa, mme sena se ka qetella ka tahlehelo tse phashameng nakong ya kotulo.

Boemo ba ho mamella aluminiamo: Mehato e phahameng ya aluminiamo e amana le pH e tlase ya mobu. Ho teng mefuta e itseng ya dipeo e batlang e ena le mamello maemong ana. Tharollo ya nako e telele ke ho lokisa pH ya mobu ka ho sebedisa lenaneo la kalaka, empa mabapi le nako e kgutshwane, sebedisa mofuta wa peo e mamellang haholo mehato e tlase ho e lebelletsweng ya aluminiamo.

Sehla sa ho hola: Pula, dithemphereitjhara, matsatsi a serame sa pele le sa ho qetela, jwalojwalo, kaofela ke dintlha tse tlamehileng ho elwa hloko ha ho kgethwa mofuta o loketseng wa peo. Tseba sebaka seo o leng ho sona, o etse bonnete hore o kgethile mofuta wa peo o nang le bokgoni bo botle ka ho fetisisa mabapi le maemo a hao.



Jwalo ka molemi, ho lema koro Foreisetata e ka Botjhabela, o karolo ya setjhaba se seholo seo nakong e fetileng esale se ntse se etsa sena dilemong tse mashome tse fetileng. Balemi ba bahwebi, bao e leng baahisani ba hao, ba tshwanetse hore ebe kgale ba etsa dintho tse ngata, tse nepahetseng, hore ebe ba ntse ba le kgwebong ena – leka pele ho botsa seo e leng tlwaelo lebatoweng leo o leng ho lona pele o hlaha ka ntho e nngwe e ntjha. Hangata ho teng mabaka a utlwahalang haholo ao balemi ba etsang dintho ka baka la ona dibakeng tseo ba leng ho tsona. Ha o se o entse jwalo, o lekile mekgwa yohle, o behile dintho tekong, e tla be e le hona o ka simollang ho nahana ka mekgwa e metjha. 

