Crop (Maize)										 Sesotho

Inshorense ya dijothollo – taolo ya ho ipeha kotsing ho tsa temo

Instructions:

Folio Strap: Inshorense

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Tlhahiso e tswetseng pele ya poone le mmaraka



Afrika Borwa ke naha eo 90% ya mobu wa yona o nkuwang e le o ommeng kapa o ommeng halofo. Temo e etswa ka ntle moo ho bulehileng, hape moo ho nosetsa ho kgonahalang, moo tlhahiso e itshetlehileng ka maemo a lehodimo – pula, kganya ya letsatsi, serame, lehlwa, sefako le meya. Ke taba ya bohlokwa hore molemi e mong le e mong a ele hloko tlelaemete le dikotsi tse ding tse ka behang tlhahiso ya hae ka mosing. 

Dikotsi tse shebaneng le tlhahiso, tse lokelang ho hlokomelwa

Ho loka ha mobu o leng teng hammoho le meralo ya motheho;

Mohato wa ho tsetela disebedisweng ho tiisa hore tlhahiso e ba ka nako;

Maemo a tlelaemete ho elwa hloko palohare ya pula e lebelletsweng, komello, pula e fetang tekano, mohatsela, serame, ketsahalo ya sefako lebatoweng le itseng la temo le ditshoso tsa hlaha, le tse ding;

Phumaneho ya tjhelete ho tshehetsa tlhahiso;

Boiphihlelo ba tsamaiso lehlakoreng la monga polasi kapa manejara;

Ho kula kapa ho tswa kotsi (ho lemala) ha mosebedisi polasing;

Dikotsi maruong, e leng tse amanang le boshodu, mollo, tahlehelo kapa tshenyo disebedisweng kapa meralong ya motheho;

Ho noha hore kuno e tla ba jwang;

Ho noha hore ditheko tsa dihlahiswa di tla ba jwang; hammoho le

Ka moo bokgoni ba mehlodi ya tlhahiso bo shejwang ka teng.



Mekgwa ya motheho ya ho sebetsana le dikotsi

Fokotsa kgonahalo ya diketsahalo tse ka bang mpe. Monyetla wa sephetho se sebe o ka fokotswa ka ho kgetha mefuta ya peo e fetang o le mong, ya sejothollo, ho atolosa tlhahiso ho ya ka ho phatlalla ha naha le ho beha poreisi ya sejothollo. 

Ho fetisetsa kotsi pele ka ho nka inshorense le ho fetisetsa pele konteraka.

Ho fokotsa kotsi ka ho fokotsa sekgahla ha eba maemo a mabe a fela a eba teng.



Inshorense jwalo ka mokgwa wa karolelano ya kotsi 

Mokgwa wa inshorense jwalo ka ho abelana dikotsi ke ho amohela ditefello tsa kgwedi le kgwedi tse loketseng ho tswa palong e hodimo ya bareki, e leng se thusang khamphani ho etsa tsoho la monna ke mokola (tiya kgahlanong le dikotsi). Khamphani ya inshorense e tla sebedisa tsebo e fumanweng mabapi le bongata ba makgetlo le sekgahla sa dikopo tse etswang, e le ho beha ditefello tsa kgwedi le kgwedi mehatong e tla dumella khamphani ho lefa dikopo ho ya ka palohare ya ditefello tsa kgwedi le kgwedi tse bokellwang, le ho siya bonyane bo itseng ka thoko mabapi le ditshenyehelo tsa tshebetso le phaello. Ka bokgutshwanyane, khamphani e nka ditefello tsa kgwedi tsa bareki kaofela e le hore e kgone ho lefa ditshenyehelo tse ka bang teng tulong e itseng.



Le ha ho le jwalo, inshorense hangata e molemo ho balemi ba shebaneng le dikotsi tse kgolo, le teng mabapi le dikotsi tse lekaneng hore di ka hloka tefello ya kgwedi le kgwedi e lekanang le, kapa eo ka ho totobala e fetang tahlehelo e lebelletsweng moo ho se nang inshorense. Dikotsi tse nyane tse ka nnang tsa jarwa hangata ha di tlasa inshorense jwalo ka tse kgolo tse ka behang boteng ba polasi kotsing kapa bona beng ba yona. Inshorense e kena maemong a tjena he. Dihlahiswa ka bobatsi ba tsona le ka ho fapana ha tsona di teng ho tlisa tshireletso dikotsing tse fapaneng tseo ho kopanwang le tsona temong ka kakaretso. 



Inshorense e ka nkuwa ho tshireletsa maemo ana a latelang



Sefako 

Ditahlehelo tsa dijothollo tse bang teng ka baka la tshenyo e otlolohileng le e bonahalang dikarolong tsa semela kapa semela kaofela ha sona, di bakwa ke sefako. Ditahlehelo tse akaretswang di kenyeletsa dipeo/karolwana tse ka hare tse welang ka ntle, dintlha tse holang tsa dimela di a senngwa, mahlaku a senngwang ke ho hlohloreha kapa ke ho kgaoha ha karolo tsa ona kapa ho kgaoha ka ho phethahala, hammoho le tshenyo ya sefako dikutung tse kokomohileng, tse kobilweng kapa tse kgaotsweng. Inshorense mabapi le sefako ka ho qolleha e bohlokwa tlhahisong ya koro hammoho le soneblomong haholoholo maemong a simollang a kgolo ya yona.



Moya

Tshenyo e tshwanang le ya sefako, jwalo ka dipeo/karolwana tse ka hare tse lahlelwang ka ntle, le mahlaku le dikutu tse kgaohang, di a tshireletswa. Jwalo ka tekolong ya tshenyo e bakwang ke sefako, tshenyo e bonahalang kapa e bakwang ke moya dikarolong tsa semela kapa dikarolong tsohle tsa semela, le yona e tshireletswa ke inshorense.



Ho tsamaiswa 

Tshenyo e hlahelang dihlahiswa ka baka la mollo nakong eo di tsamaiswang ka mora kotulo ho tloha masimong a inshorilweng, ho thulana le ho phethoha ha makoloi. Tsena tsohle di tlasa tshireletso ya inshorense. Tshireletso, le ha ho le jwalo, e fella feela sedikadikweng sa dikilometara tse 100 ho tloha moo dihlahiswa di tlohang teng.



Pula e ngata ho feta tekano 

Ke feela dijothollo tse itseng, tse kang koro le morara, tse leng tlasa tshireletso kgahlanong le tahlehelo kotulong ka baka la pula e ngata haholo nakong ya mehato ya ho butswa popehong ya dijothollo tsena.



Mollo

Tshenyo dijothollong tse itseng ka baka la mollo o sa laoleheng e tlasa tshireletso. Motho ya tshireletswang ke inshorense o tlamehile hore a be a latetse melao ya naha mabapi le dibaka tseo ho tlositsweng jwang ho tsona ka sepheo sa ho thibela ho tjha (firebreaks). 



Serame

Tahlehelo tse bang teng ka baka la serame (tshenyo ya serame), ho kenyeleditswe bofokodi ba tsamaiso ya pholene nakong eo dipalesa (stamens), mahlaku, dikutu le mahlaku di bolawang ke serame, di tlasa tshireletso. Sekgahla se qetellang se le teng kunong ya sejothollo se lekolwa ka tlhahlobo e bonahalang ya dikarolo tsa semela. Tshenyo e sa bonahaleng, jwalo ka kgolo e diehileng ka baka la serame, yona ha e a tshireletswa.

 

Tse kenang mobung

Sehlopha sa dikotsi tseo ka mehla di sa bonahaleng le ho ka lekanngwa, se kgobokanngwa tlasa tshireletso ena. Dikotsi tse akaretswang di kenyeletsa komello, ntle le dijothollo tse nosetswang ka metjhine, dikokwanyana tse sa laoleheng, sefako, moya, serame, jj. Ka mantswe a mang, ka tshireletso ya mofuta ona, molemi o tshireleditswe kgahlanong le tse sa laoleheng tsa tlhaho.



Nka fumana thuso hokae? 

Boholo ba dibanka tsa kgwebo hammoho le bahwebi ho tsa temo (agribusiness) ke baemedi ba inshorense ya dijothollo – fumana keletso mothong eo o mo tsebang, o mo tshepang. NNETEFATSA HORE O BALA MONGOLO O MOSESANYANE KONTERAKENG E LE HORE HOSANE O SE KE WA LLELA METSOTSO.

