Crop (Wheat) 									 Sesotho
Phapantsho ya dijothollo masimong 
Instructions:
Folio strap: Phapantsho ya dijothollo
Byline: Ditaba tsena di tswa ho molemi wa nako e fetileng
Tlhahiso ya dijothollo ka mokgwa o le mong ho ya ho ile, ho ntse ho hlahiswa sejothollo se le seng, jwalo ka poone kapa koro, ho entse hore dilemong tsa bomashome a tsheletseng le tsa bomashome a supileng ho be teng bolwetse bo manganga bo tswelang pele hammoho le mathata a mahola pooneng, haholoholo haboreng e hlaha ya koro. 
Tlhaselo ya habore e hlahang tlhahisong ya koro e bakile taba ya hore ho ke ho inahanwe botjha le ho kena letsholong la ho etsa diteko tse ntjha ka mefuta e meng ya dijothollo, e molemo, e baballang tjhelete.
Soneblomo, jwalo ka sejothollo sa lehlaku le sephara, e bile sejothollo se fapantshwang le koro, e leng sejothollo sa lehlaku la jwang, mabatoweng a mangata, mme ya kgannela ntshetsopeleng ya indasteri e ntjhantjha ya temo Afrika Borwa. Mabatoweng a mangata a tlhahiso Afrika Borwa ho teng dijothollo tse ratwang haholo, tse molemo haholo, tse dumellanang le tlelaemete e leng teng. Ho feta mona, di se di ile tsa lekwa ka nako e telele. Ka dilemo, balemi ba bangata ba se ba lemohile hore phapantsho ya dijothollo masimong a bona e fupere melemo ya nako e telele lehlakoreng la ditjhelete le tshebetsong eo ba kopanang le yona ya letsatsi le letsatsi. 
Mabaka a ho fapanya dijothollo
Mabaka a mangata a bohlokwa tabeng ya ho fapanya dijothollo. Phapantsho ya dijothollo e fokotsa mathata a keketseho ya dikokwanyana, malwetse a dikokwanyana mobung, hammoho le malwetse a jarwang ke diphedi (organisms) tse runyang, tse ka hlaselang dijothollo tse jalwang selemo le selemo ho pota, e leng se bitswang diphedi tse kotsi tsa semela.
Dimela tse sa bolokeng diphedi tsena di kenyelletswa phapantshong ya dijothollo hore diphedi tsena di se be le monyetla wa ho dula mobung kapa masalleng a dimela moo di hlaselang dijothollo tse hlahlamang. Bolwetse ba dibokonyana tse ka mekotlaneng, tse fumanwang dinaweng tsa soya bo ka laolwa ka phapantsho e etswang ka poone. Mofuta wa kokwanahloko o leng teng sejothollong o tshwanetse ho tadingwa hore ho tla nka nako e fetang dihla tse pedi pele ho lengwa sejothollo sa mofuta o le mong moo. Mohlala ke ho se jale ditapole masimong a le mang nakong ya lemo tse tharo ka mora sehla sa tlhahiso ho laola eelworm, seboko se ka mekotlaneng, hammoho le tlhaselo tse ding tsa malwetse. Dijothollo tse ding tse kupetsang di ka jalwa ka sepheo sa ho hatella bolwetse bo itseng, bo teng.
Diphuputso di bontshitse hore kgolo ya metso e ka hatellwa moo ho jalwang sejothollo se le seng ho ya ho ile. Mahlaka a koro a kenyelletswang mobung a hatella tswelopele ya metso, haese ha a ka rojwa ka ho phethahala pele ho jalwa sejothollo se seng sa koro dihleng tse hlahlamang. Kgolo e kginnweng ya metso e bolela hore mobu o tla fokollwa ke matla a ho sebedisa menontsha le manyolo a tlatsetso. Bobe ba ho bola ho atileng ha koro le kgarese bo ka fokotswa ka ho jala dijothollo tsa lehlaku le sephara dilemo tse mmalwa.
Diphapantsho tse kenyelletsang tse kang dinawa, tse nang le kamano le mefuta e fapaneng ya dibaktheria tse holang ka hara metso ya dimela, di kgona ho nka nitrojene moyeng le ho e kenya semeleng. Nitrojene ena hamorao e kena mobung nakong eo semela se felang, mme e ka sebediswa ke dijothollo tse ding. 
Ho kenyeletswa ha majwang a etsang furu, mefuta ya monawa (legumes), lesere hammoho le metswako ya majwang a monawa saekeleng ya phapantsho ya dijothollo, ho ka thusa ditlhokong tsa dijo tsa mehlape polasing, mme ha thusa hape le ho bopa mobu botjha ka mora dilemo tse ngata tsa ho hlahisa dijothollo. Phokotseho ya kgoholeho ya mobu le tahlehelo ya menontsha ke menyetla e meng ya ho kenyeletsa dijothollo tsa mofuta wa furu phapantshong. Mofuta o jalwang wa dijothollo, kuno ya tsona, bongata ba metso e hlahang, karolo e kotulwang ya dijothollo, hammoho le masalla a dijothollo, kaofela ke dintlha tsa bohlokwa tse amang monono wa mobu le ho bopa le ho eketsa tse bolang (organic matter) mobung.
Tse bolang mobung le humase kapa podiswa tse seng di fetse mobung ka mora dilemo tse 20 tsa ho phetholwa ho le hong ha mobu, ho tloha ho 4% ho ya ka tlasenyana ho 2%, di ka nka lemo tse fetang tse 30 hore di boele di be teng ka ho lema makgulo. Phapantsho ya dilemo tse tsheletseng ya poone, koro, semela se fokolang (clover), hammoho le jwang ba dilemo tse pedi, ho ka qetella ka ho baballa 70% ya mobu o ka hodimo papisong le 44% ya poone e dulang e hlahiswa ho ya ho ile. Le yona phapantsho e bonolo e kang ya poone ho ya dinaweng tsa soya kapa koro ho ya ho soneblomo, e ka ba le tshwaetso e itseng ya keketseho e nyane kunong ya 10%, mme mabatoweng a batlang a omme kuno teng e ka ba 25%.
Ha keketseho e ntse e eba teng ya masalla mobung ka baka la tsamaiso e ntle ya molemi, le tsona diphedi tse nyane (micro organisms) mobung di tla eketseha. Mosebetsi o bonweng ka mahlo o bontshitse hore ho tshwanetse ho be teng bonyane phapantshong mefuta e meraro e fapaneng e le ho phahamisa boleng ba masalla saekeleng ya phapantsho. Nako eo metso e leng matla haholo ka yona e fapana haholo pakeng tsa 32% ya nako ya saekele ya poone phapantshong ho isa ho 57% ya phapantsho ho tloha dinaweng ho ya korong, le ho isa ho 76% ya phapantshong ya dilemo tse tharo tsa dinawa, koro le poone. Ho kenyeletswa ha dinawa phapantshong ke mokgwa o molemo o ntseng o eketseha ho sebediswa mebarakeng ya selehae, moo ditheko tse ntle ka kakaretso di fumanweng dilemong tse hlano tse fetileng.
Dintlha tse boletsweng hodimo mona di toboketsa ditlamorao tsa mokgwa o le mong wa ho lema, o leng kgahlanong le tlhaho, o nang le sekgahla se sebe lehlakoreng la ditjhelete nakong e telele. Molemi ya phehelletseng tekatekano mererong ya hae ya disaekele tsa dijothollo, o tla una melemo e mengata nakong e telele, ho kenyeleditswe phokotseho kotsing ya ho lahlehelwa ke tjhelete. Jwalo ka ha ba bang ba se ba ile ba kopana le mathata, hona ho bakile hore mmarakeng wa temo Afrika Borwa moo ho itshetlehilweng feela ka koro kapa poone, ba bangata ba iphumane ba lahlehetswe ke ditjhelete, ba wele putla!
Mehato ya kakaretso
Jwalo ka tataiso nahana ka mehato ena ya kakaretso ha o sebedisa disaekele tsa phapantsho ya dijothollo masimong a hao.
Latelanya dijothollo tsa dinawa le sejothollo se batlang nitrojene e ngata, se kang poone ka mora dinawa tsa soya.
Jala dijothollo tse sa sebediseng nitrojene e ngata, tse kang habore, kgarese le koro lemong sa bobedi kapa sa borarao ka mora dinawa.
Jala sejothollo se le seng sa selemo nako ya sehla se le seng feela ho fokotsa bothata ba tlhaselo e ka bang teng ya dikokwanyana, malwetse le diboko.
Se ke wa latelanya sejothollo ka mofuta o mong wa semela o ntseng o batla o tshwana, ka ha bothata ba dikokwanyana, bolwetse le diboko hangata bo arolelana pakeng tsa dijothollo tse amanang haholo.
Haeba mathata a ikgethileng a diboko a le teng dijothollong tsa mahlaku a sephara, etsa phapantsho ka dijothollo tsa mofuta wa jwang, tse kang habore le koro nako ya dilemo tse seng kae.
Sebedisa tatelano ya dijothollo tse kgothaletsang dijothollo tse phetseng hantle, mohlala ditapole di hlahlame poone.
Sebedisa disaekele tsa dijothollo tse thusang ho laola mahola. Dijothollo tse nyane di hlodisana ka matla kgahlanong le mahola, mme bongata ba tsona bo sitisa ho mela ha dipeo tsa mahola. Masimo a helwang kapa a sehwang ka motjhine a boetse a thusa hore mahola a se kgone ho hasanya peo ya ona, mme a boetse a thusa ho phetholweng ha mobu.
Fapantsha dijothollo tsa mela e teteaneng, tse kang koro, le dijothollo tse jetsweng tsa mela, tse kang soneblomo.
Ho fapantsha nako ya ho tlohela masimo a sa etswe letho saekeleng ya dijothollo ho tiisa hore ho phetholwa ha mobu masimong, ebang ka mokgwa wa sejwalejwale kapa wa sekgalekgale, ho laola mefuata e fapaneng ya mahola nakong e telele ya saekele ya phapantsho.
Sebedisa nako e teletsana ya dijothollo tsa selemo le selemo dibakeng tse leng motheong (moo ho theohelang) le mebung e hoholehang ha bonolo.
Jala sejothollo sa metso e tebileng, tse kang lesere kapa soneblomo e le karolo ya phapantsho, ka ha dijothollo tsena di kgona ho fihlella mobu o ka tlase ho fumana menontsha le metsi. Diforo tse bakilweng ke metso e shweleng di boetse di kgothaletsa ho monyela ha metsi.
Jala dijothollo tse tla siya masalla a lekaneng, tse kang poone kapa mabele ho thusa hore tse bolang di dule di le teng mobung.
Bokella dihlopha tsa masimo ho ya ka dijothollo tse itseng.
Etsa bonnete hore mekgwa ya ho phethola mobu le ya ho tlohela masimo a sa etswe letho ke e kgothaletsang kgonahalo ya ho tshwara metsi a mangata, e bang ho sebediswa mekgwa ya sejwalejwale ya ho phethola mobu kapa wa sekgalekgale.
Ela hloko ho tseba ka ditlamorao tsa dibolayalehola tse tla sebediswa dijothollong dife kapa dife, tse ka bang le tshwaetso e mpe dijothollong tse tla jalwa hamorao. Taba ena e bohlokwa ka ho fetisisa, ka ha ho se ho bile teng balemi ba bangata ba kopaneng le mathata le ba lahlehetsweng ke ditjhelete, ba bileng le tshenyehelo yohle ya dijothollo hobane ba sa ka ba batlisisa ditlamorao tsa sebolayalehola se sebedisitsweng.
O se ke wa sebedisa phapantsho ya dijothollo tsa malala a laotswe tsa Roundup ka ha ho tla qetella ho le teng keketseho a matla ya dikhemikhale saekeleng. Poone ya Roundup, e latelwang ke dinawa tsa soya tsa Roundup, tse latelwang ke poone ya Roundup, ha se mohato o lokileng. Jala dijothollo tse tla sebedisa dibolayalehola tsa sejwalejwale ho kgina saekele ena. Hona ho tla kgina kgonahalo ya mahola a manganga. 
Eba motho ya kgonang ho ikamahanya ha bonolo le dipula tsa selemo tsa lebatowa la hao, mme o be le masimo a lekaneng saekeleng tsa tlhahiso ya dijothollo e le hore o kgone ho ikamahanya le ho fetofetoha ha ditheko. Haeba disaekele tsa tlhahiso ya mariha le lehlabula di sebetsa temong e itseng, ho bonolo ebile ke ntho e potlakisang ditaba hore motho a kgone ho jala sejothollo se seng sesele, se ka kenyang tjhelete. Nako e sallang morao ya ho kena sejothollong se seng e a fokotseha, mme tshebetso e kgona ho fetela mohatong o kenyang tjhelete ha bonolo ntle le mathata.
Etsa tlhophollo e batsi ya tjhelete, eo bonyane e tla kgona ho beha leihlo le ho shebela pele tjhelete e lebelletsweng ho kena, le ditshenyehelo tse tla hlokahala nakong ya dilemo tse tharo. Tshekamelo dinaheng tse ding ke ho etsa moralo wa tjhelete e kenang le e tswang, bonyane ho shebilwe dilemo tse tharo ho isa ho tse hlano. Tse ding tsa dijothollo di ka nna tsa beha ditaba boemong ba tekano kapa tsa baka tahlehelo ya tjhelete, empa ka baka la melemo ya ho kenyeletswa ha dinawa, disaekele tsa dijothollo di sa ntse di ena le kuno nakong e telele.
Hlopholla matsete disebedisweng tsa temo tse tla o thusa ho ema senna le ho hlahisa dijothollo tseo o hopotseng ho di kenyelletsa saekeleng ya hao. Ka nako tse ding ha ho kgonahale ho tsetela, mohlala, diplantereng tsa theko e hodimo haholo, kapa ho kotuleng ho phahameng ka theko, kapa ho hlophiseng le ho hlwekiseng ho hlokahalang mabapi le boikgetho bo itseng ba dijothollo. 
Mefuta ya dijothollo
Mefuta ya sehlooho ya dijothollo tse ka sebediswang phapantshong kapa tatellanong ya dijothollo mona Afrika Borwa e kenyelletsa poone,koro, dinawa tsa soya, soneblomo, dinawa, mabele, habore, triticale (korog), lesere le dierekisi (cowpeas).
Diphapantsho tse kgonahalang
Ho teng ditswakano tse ngata haholo tse kgonahalang tsa dijothollo. Ho itswela feela ho motsamaisi wa polasi ho etsa qeto ka se kgonahalang polasing ya hae. Sebedisa ditataiso tse boletsweng hodimo mona tlasa mehato ya kakaretso ho rala dijothollo le furu e lokelang masimo a hao.
Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ho dula o hopola hore mekgwa ya ho phethola mobu ho sa jalwe letho ke ho kgothaletsa paballo ya metsi a mangata mobung ka moo ho kgonahalang. Hona mohlomong ke ntlha e kginang haholo mabatoweng a ommeng a dijothollo. E meng ya mehlalal e bontshwa theiboleng ya 1.
Theibole ya 1
Kgetho ya phapantsho
Selemo sa 1
Selemo sa 2
Selemo sa 3
Selemo sa 4
Sa pele
Koro
Poone
 Nawa tsa soya
Sa bobedi
Poone
Poone
 Nawa tsa soya
Sa boraro
Habore
Nawa tse ommeng
 Koro
Soneblomo
Sa bone
Japanese radish
Koro
 Nawa tsa soya
Koro 
Sa bohlano
Dierekisi (cowpeas)
Soneblomo
Nawa tsa soya 
Koro 
Tlhahiso ya dinawa tsa soya saekeleng e fana ka monyetla wa phapantsho hammoho le tlhahiso e eketsehileng ya poone.
Phuputso 
Phuputso phapantshong ya dijothollo le disaekeleng Amerika e bontshitse phaello kapa keketseho tlhahisong. Theibole ya 2 e bontsha papiso kunong ya poone le dinawa tsa soya tlasa tlhahiso e dulang e etswa ya dijothollo, phapantsho ya tsona le tshebediso ya mefuta e fapaneng.
Theibole ya 2
Tatellano ya dijothollo
Keketseho/peresente ya dijothollo ntle le ho kgaotsa
Poone
Ntle le ho kgaotsa – poone le poone
100%
Ntle le ho kgaotsa – pooneng ho sebediswa mabasetere a fapaneng
104%
Poone – phapantsho ya nawa tsa soya
115%
Dinawa/soya
Ntle le ho kgaotsa – dinawa/soya le dinawa/soya
100%
Ntle le ho kgaotsa dinawa/soya ho sebediswa mefuta e fapaneng
108%
Poone – dinawa/soya
108%
Theibole ya 3 e fana ka setshwantsho sa melemo ya tjhelete e ka fumanwang ka ho sebedisa phapantsho ya poone le dinawa tsa soya nakong ya lemo tse hlano, ka ho sebedisa diporeisi tsa konteraka tsa sehla se hlahlamang, mme ho ntshitswe palohare ya tshenyehelo tsa teranseporoto. Le yona taba ya ho fetola feela mefuta e sebediswang selemo le selemo e bontsha keketseho ya 8% kunong. Diporeisi tse sebediswang di eme tjena:
Poone e tshehla ka R1 460 tone ka nngwe ho ntshitswe R200 	= R1 250 tone ka nngwe
Dinawa/soya ka R3 195 tone ka nngwe ho ntshitswe R200	= R2 995 tone ka nngwe
Theibole ya 3
Sejothollo
Keketseho %
Dilemo saekeleng
Kuno/ha ka nngwe
E kenang/ha ka nngwe selemong
E kenang/ha ka nngwe lemong tse 5
Setshwantsho sa kuno 1
Poone
15%
3
3,5
R655 / ha
R1 965
Dinawa/soya
8%
2
1,8
R430 / ha
R860
Phaello saekeleng ya 5 dilemo
R2 825
Setshwantsho sa kuno 2
Poone
15%
3
5
935
R2 805
Dinawa/soya
8%
2
2
480
R960
Phaello saekeleng ya 5 dilemo
R3 765
Dipalo tse bontshitsweng theiboleng ya 3 di bontsha ka moo phaello e kgonahalang e ka bang ka teng moo ho sebediswang bonyane dijothollo tse pedi feela. Bongata bo sebediswang tshebetsong ya masimo bo thusa motho ho hlahisa hloho lehlakoreng la ditjhelete, haholoholo nakong eo diporeisi di weleng.
Boteng ba nitrojene mobung ka baka la dinawa tsa soya le ho sebediswa ha yona ke poone, bo thusa ka ho fokotsa ditshenyehelo tsa manyolo a nitrojene pooneng e hlahlamang
Kakaretso
Qala ka phapantsho e bonolo ka dijothollo tseo o di tlwaetseng, mme o qale ka phapantsho ya tse pedi ho ya ho tse ngata, mme o kenyelletsa tsa lehlaku le sephara, menawa, tsa mefuta ya majwang, mme o jala dihleng tsa mariha le lehlabula hammoho le dijothollo tsa makgulo morerong wa ho etsa dijo tsa mehlape.
