Crop (Maize)									Sesotho
Bohlokwa ba tekanyetso tsa sejothollo 
Instructions:
Folio strap: Tekanyetso tsa sejothollo
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Komiti ya Naha ya ditekanyetso tsa Sejothollo e fana ka dipalo mehatong e fapaneng ya dihla tsa ho hola ha dijothollo, e leng se fanang ka ditekanyetso tsa sejothollo masimong nakong ya mohato oo. Ditekanyetso tsena di bohlokwa qetong ya hore theko ya sejothollo seo e tla ba bokae.
Ditekanyetso tsa sejothollo ke eng? 
Grain SA e utlwisisa hore tekanyetso ya sejothollo ke taba e boima haholo. Maikutlo a hlakileng a tshwanetse ho tsepamiswa hodima seabo le mosebetsi wa Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo pele ho ka hlahiswa diphetoho tse ka nnang tsa tswela pele ho ba le sekgahla se sebe ho balemi.
Ho hopolwe hore Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo e etsa tekanyetso sejothollong sohle, e seng feela ho se rekiswang mmarakeng. Ho feta mona, ha ho kgonahale ho ka tseba ho nama ha karolo e jalwang hammoho le kuno e tla lebellwa – e dula e le tekanyetso. Boleng ba tekanyetso bo ka ba botle jwalo ka bao ba re tlisetsang ditaba. Mohlodi o moholo wa ditaba tsa bohlokwa e tla nne e be balemi ka bobona.
Ke bomang Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo (CEC)? 
Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo e bopilwe ka ba latelang:
Balemi ba ka bang 3 000 ba tshwarahaneng matsoho, ba romellang ditaba tsa bona komiting kgwedi le kgwedi. 
Diinstitushene tse tsejwang ka la Spatial Intel le Geoterra Image ba bolelang sebaka se jetsweng sejothollo, mme ba sebedisa ditshwantsho ka sathalaete.
Institjhute ya dijothollo ya ARC hammoho le institjhute ya Dijothollo tse Nyane, e leng tse sebetsang ka dipalopalo (statistics) le ntle le leeme ka tshebedisano le balemi. 
Baemedi ba Mafapha la Provense a Temo, ba fanang ka tsebiso mabapi le boemo mabatoweng a tlhahiso. 
Ba Agribusiness ba iketsetsang ditekanyetso tsa bona tsa dijothollo mabatoweng a bona. Ditaba tsena di fetisetswa Komiting ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo, empa mabatowa a bona a lekantsweng, a jetsweng, ha a sebediswe ditekanyetsong tsa bona. 
Bolaodi ba Dipalopalo tsa Temo (Directorate of Agricultural Statistics), ba Lefapha la Naha la Temo ba bokellang ditaba, ba hlahlobisang dintlha, le ho etsa ditekanyetso tsa semolao. 
Dipotso tsa bohlokwa ke tsena:
Haeba Komiti (CEC) e tlohela ho etsa ditekanyetso, na ho ke ke ha eba teng ditekanyetso tsa naha tse etsuwang? Karabo mona ke tjhe, hobane mekgatlo e meng e tla etsa ditekanyetso, mme ho ke ke ha hlaka hantle hore ke ditekanyetso tsa mang tse nepahetseng.
Na Komiti e ikemetse ka boyona kapa e laolwa ke ba kentseng letsoho indastering? Ho boima hore motho a le mong a ka laola Komiti hobane ho teng ba kentseng letsoho, ba ikemetseng, bao kaofela ha bona ba ikentseng kgokanyana-phiri ho fihlella nnete e le nngwe ya ditaba. 
Maikutlo a Grain SA ke afe?
Grain SA e dumela hore:
Tekanyetso e ikemetseng, e nepahetseng, e etswang ka nako, ya sejothollo, e a hlokahala mabapi le tshebetso e tswileng matsoho ya mebaraka ya dijothollo. 
Balemi, Komiti ya Naha ya Ditekanyetso tsa Sejothollo hammoho le ba bang ba kentseng letsoho, ba tshwanetse ho sebetsa mmoho ho fihlella sena. 
Ditho tsa Grain SA le balemi ba bang bohle, le bohle ba kenyang letsoho, ba tshwanetse ho kgothaletswa ho nna ba fana kgafetsa le ka dinako tsohle ka ditaba tse nepahetseng. 
