Consumption (Maize) 							SESOTHO

Tshebediso ya metsi - e ama ho nosetsa jwang?

Instructions:

Folio Strap: Irrigation

Byline: Ditaba di nkilwe Tlhahisong ya poone bukaneng ya tataiso ya Nosetso



Bongata ba metsi a sebediswang hammoho le ditlhoko di tswa Lefapheng la Ditaba tsa Metsi le Meru. Dipalopalo tsa selemo sa 2000 mabapi le basebedisi ba sehlooho ba metsi Afrika Borwa di bontshwa tlase mona. Tshebediso ya metsi e hlahiswa ka dimilione tsa cubic meters ka selemo.



Karolo ya basebedisi
 
Tshebediso
 
Diperesente (%)
 

 
Masepala le ba lehae
 
3 220
 
14,4
 

 
Indasteri
 
2 043
 
9,1
 

 
Merafo
 
582
 
2,6
 

 
Tlhahiso ya matla
 
779
 
3,5
 

 
Nosetso
 
10 974
 
48,9
 

 
Metsi a diphoofolo
 
316
 
1,4
 

 
Paballo ya tlhaho
 
187
 
0,8
 

 
Meru
 
1 570
 
7,0
 

 
Ditoloho le tse phelang
 
2 787
 
12,3
 

 
KAOFELA
 
22 438
 
100,0
 

 


Ho a totobala hore tshebediso ya metsi temong e batla e nka halofo ya mehlodi e leng teng ya metsi. Ka ho eketseha ha batho ka ho fetang dimilione tse 47 ho teng kgonahalo ya hore karolo ena e ka nna ya eba tlasa kgatello e eketsehang ya ho sebedisa metsi ho ipapisitswe le molao hammoho le mesebetsi ya tlhahiso feela. Ho akanngwa hore mehlodi ya metsi Afrika Borwa e nnile ya ntshetswa pele ka hohle ka moo ho kgonahalang le hore ntshetsopele e fetang ena e tla ba taba e boima haholo.



Ho nama ha nosetso le kgonahalo ya yona 

Dihekthara tse ka bang dimilione tse 1,3 tsa mobu wa temo Afrika Borwa hajwale di a nosetswa, ha dihekthara tse ding tse 233 600 ho feta moo di ena le bokgoni ba ho ntshetswa pele. Ho lekanngwa hore ka baka la tlhokeho ya metsi feela, dihekthara tse 178 000 tsa tsena di tla ntshetswa pele nakong e tlang. Tlhahiso ya poone ya ditone tse ka bang 660 000 dihekthareng tse 110 000 tsa mobu o nosetswang, e etsa diperesentse tse 10 tsa dijothollo tsa naha tse leng tlasa nosetso. 



