Constitution (Maize)								Sesotho
Dithasiselletso tse hlahiswang molaotheong
Instructions:
Folio strap: Tjantjello e ikgethileng
Byline: Ditaba tsena di tswa ho Grain SA
Dithasiselletso tse hlahisitsweng molaotheong (boemedi dihlopheng tsa tshebetso, Lekgotlana la phethahatso le Seboka ka balemi ba thuthuhang) di tla tekwa sebokeng sa 2011 ka Hlakubele.
Dithasiselletso tse latelang di tla kgothaletswa molaotheong:
Dihlopha tsa boithuto (balemi bao e seng ba kgwebo) di tla kgetha baemedi ba tla di emela Dihlopheng tsa Tshebetso tse shebaneng le Ntshetsopele ya Molemi, eseng Sebokeng.
Sehlopha sa 250 Ton Club (bahwebi ba batsho) se tla kgetha baemedi ba tla se emela Sebokeng, e leng moo ditho tse nne tsa ba batsho tsa Phethahatso di tla kgethwa teng.
Sepheo ka ho romela ditho tsa 250 Ton Club Sebokeng le taba ya ho kgetha ditho tsa Phethahatso ke ho tiisa hore balemi ba bahwebi ba batho ba batsho ba ba teng Sebokeng, mme e ba ditho tsa Phethahatso, e seng batho feela bao ho ka thweng ha se balemi ba dijothollo. Hona ho tla ba dumella ho sebetsa Sehlopheng sa Tshebetso, Sebokeng le Phethahatsong, le ha ho le jwalo, ha feela ka nako tsohle e ntse e le bahlahisi ba dijothollo.
Hore ho ntshetswe pele dikgothalletso tse boletsweng hodimo mona, tlhahiso ke hore molaotheo wa jwale o lokiswe le ho fetolwa mona le mane ka mokgwa o latelang:
Dithasiselletso tse kgothalletswang molaotheong
Hore motho e be setho – kgothaletso mabapi le ho kenyelletswa molaotheong
Thasiselletso e kgothalletswang
Ditho tsa sehlopha sa boithuto
Baemedi ba babedi ba sehlopha sa boithuto ho ya ka lebatowa la tshebetso la diofisi tsa lebatowa di tla kgethwa nakong ya dikopano tsa lebatowa tsa selemo le selemo tse tshwarwang pele ho Seboka, hore ba sebetse sehlopheng sa tshebetso sa ntshetsopele ya molemi. Nako ya tshebetso ya baemedi bana ba Sehlopha sa Boithuto Sehlopheng sa Tshebetso (Working Group) e tla ba selemo, mme baemedi bana ba ka nna ba kgethwa hape mabapi le nako e hlahlamang ya tshebetso ha nako ya bona e se e fedile.
Popeho: Mabatowa a dihlopha tsa boithuto
 Phethahatso e arotse mabatowa a tlhahiso ya dijothollo ho la riphaboloke ka dihlopha tse pedi, e leng mabatowa a Botjhabela le a Bophirima, mme N1 Leboya/Borwa ke moedi pakeng tsa mabatowa ana, mme sena se tiisitswe ke Seboka. Sena se jwalo ha feela ho arolwa ha lebatowa e le taba e ka nnang ya fetolwa ke Seboka neng kapa neng ho ya ka kgothalletso ya Phethahatso, e le ho tiisa hore ho arolwa hoo ha lebatowa ke ntho e molemong wa balemi ho ya ka ditabatabelo tsa balemi ba ntseng ba thuthuha ba dijothollo ho phatlalla le naha.
Dihlopha tsa Boithuto di hlongwa ka hara lebatowa la Botjhabela le la Bophirima jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 7.7 ya molao. Sehlopha ka seng sa Boithuto se na le bonyane ditho tse 10 (leshome) tsa Sehlopha sa Boithuto, e leng tse hlahisang dijothollo lebatoweng le amehang. Setho sa Sehlopha sa Boithuto e tla ba setho sa Sehlopha se le seng feela sa Boithuto.
Popeho ya Seboka
Ntlha ya 25.3 ya molao mabapi le baromuwa ba tswang baleming ba dijothollo, e leng bahwebi ba batho ba batsho ho ya Sebokeng, ho tla etswa tlhophiso ya baromuwa ba 32 (mashome a mararo a metso e mmedi). Tumello ya baromuwa bana e ke ke ya laolwa ke tlhahiso kapa tefello ya lekgetho la thepa mabatoweng a bona. Sehlopha sa 250 Ton Club se tla kgetha selemo le selemo baromuwa ba 32 (mashome a mararo a metso e mmedi) ho ya Sebokeng. Hona ho tla etswa nakong ya dikopano pele ho Seboka. Baromuwa ba 16 (leshome le metso e tsheletseng) ba tla kgethwa lebatoweng la tshebetso la Botjhabela, ha baromuwa ba bang ba 16 (leshome le metso e tsheletseng) ba tla kgethwa lebatoweng la tshebetso la Bophirimela (jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 7.7 ya molao). Baromuwa ba kgethetsweng ho ya Sebokeng ba tlamehile ho kgotsofatsa ditlhoko tsa ho ba ditho jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 5.1.4 ya molao. 
Popeho ya Phethahatso
Ho ya ka ntlha ya 11.3 ya molao, baemedi ba 4 (ba bane) ba tla kgethwa, mme e mong le e mong wa bona o emetse ditabatabelo tsa balemi ba bahwebi ba dijothollo ba batho ba batsho hammoho le dihlopha tsa boithuto mabatoweng a tshebetso a Botjhabela le a Bophirimela (jwalo ka ha ho boletswe ntlheng ya 7.7 ya molao). Ditho tse 2 (pedi) tsa lebatowa la tshebetso la Botjhabela le tse 2 (pedi) tsa lebatowa la tshebetso la Bophirimela di tla kgethwa nakong ya Seboka ke baromuwa ba mabatowa ana a tsbebetso a amehang, mme bakgethi ba tla kgetha ka mokgwa wa dipampiri tsa lekunutu (ballot papers). Setho se le seng sa lebatowa la tshebetso la Botjhabela le se le seng sa lebatowa la tshebetso la Bophirimela di tla kgethwa selemo le selemo. Ditho tsena tse 4 (nne) tsa Phethahatso e tla ba ditho ho ya ka boemo ba bona (ex officio) Sehlopheng sa Tshebetso sa ntshetsopele ya molemi.
Tse hlokahalang dithong tsa Phethahatso 
Ntlha ya 13.3, mabapi le ditho tse boletsweng ntlheng ya 11.2 le ya 11.3 ya molao, ho ya ka boipolelo ba bona bo ngotsweng, ba tla iphumanela karolo e kgolo ya tjhelete e kenang ya temo e le e tswang tlhahisong ya dijothollo le ho mmarakwa ha tsona. 
Ela hloko: Ka hoo, kgothaletso ke hore tlhoko e boletsweng ho 13.3 e tla ama ka bobedi bahwebi hammoho le balemi ba bahwebi ba batho ba batsho ba leng Phethahatsong. Dintlha tsohle mabapi le tokelo ya ditho Phethahatsong di tla dula di bolokilwe jwalo.
Katoloso ya mekga ya botho
5.1.4 Ditho tsa 250 Ton Club (balemi ba bahwebi ba batho ba batsho). 
Ditho tsa 250 Ton Club tse:
5.1.4.1 Hlahisang dijothollo mabapi le ho di maraka;
5.1.4.2 Lefang tjhelete e boletsweng ya botho hammoho le lekgetho la thepa ho GSA; le 
5.1.4.3 Tshehetsang sepheo sa GSA di tla dumellwa ho ba ditho tsa GSA.
Botho bo tla fumanwa ho ya ka mokgwa o hlalositsweng Melawaneng (regulations). Baromuwa ba 250 Ton Club ba yang Sebokeng ba tla ba le tokelo ya ho kgetha (vouta). 
5.2 Setho se boletsweng ntlheng ya 5.1.1, 5.1.2, 5.1.3 le 5.1.4 ya molao se tla dula e le setho sa GSA ho o le mong wa mekga ya botho e boletsweng ntlheng ya 5.1 ya molao.
