Conservation (Maize)								 Sesotho
Paballo ya mobu wa rona – re ka etsa eng?
Instructions:
Folio strap: Paballo ya mobu
Byline: Jenny Mathews, Modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Kgoholeho ya masimo a matle Afrika Borwa e ka tadingwa e le ho hloka tsebo ha batho le tshebediso e mpe ya mobu. Ke taba ya bohlokwa hore balemi ba ithute haholwanyane ka kgoholeho le taolo ya yona le ho jara boikarabelo ba ho kgutlela mekgweng ya paballo e tla tshireletsa lefatshe.
"Haeba motho a ke ke a fumana le ho sebedisa mekgwa ya ho sebetsana le mobu o tla baballa mohlodi wa bophelo, rona batho re tshwanetse ho lebella nako – le ha e ka ba hole hakae, le hoja e bonahala, mohlang rona, ha re se re sentse leruo la rona, lefatshe le tla fela ka baka la tshenyo e bakilweng ke rona" Moprofesara N.S. Shaler wa Yunibesithi ya Harvard, 1896. 
Mantswe ao a ngotswe ka 1896; kajeno re sitwa ho iphapanyetsa bothata bo leng teng. Dalai Lama o lemoha kgoholeho ya mobu e le tsietsi e tshosang, e ntseng e re nanarela e kgutsitse.
"Letswalo la dibetsa tsa nuclear le bokgoni ba motho ba ho senya tikoloho ruri di kenya letswalo. Homme ho teng diphetoho tse ding tse batlang di sa lemohuwe. Ke nahana ka ho fela ha mehlodi ya rona ya tlhaho, haholoholo kgoholeho ya mobu, mme tsena mohlomong di sa ntse di le kotsi le ho feta hobane hang ha re simolla ho utlwa ditholwana tsa tsona, nako e tla be e se e ile”. (Leqephe la 144 la the Dalai Lama's Little Book of Inner Peace: 2002, Element Books, London).
Paballo ya mobu
Kgoholeho ya mobu ke ketsahalo ya tlhaho, empa qaka ke hore tshebetso ya motho hangata e potlakisa tshenyeho ka potlako ho feta ka moo e ka beng e etsahetse ka teng ka mokgwa wa tlhaho. Ha mobu o hohola masimo kapa polasi, o hoholella le menontsha ya bohlokwa, manyolo, dibolayakokwanyana le tse bolang (organic matter). Balemi ba ke ke ba mamella tahlehelo ya ikonomi ka mokgwa o jwalo kapa sekgahla se sebe tikolohong sa ho dumella kgoholeho e jwalo kapa ho fefolwa ho jwalo ke moya.
Dithuto di bontsha hore tahlehelo ya mobu ka selemo Afrika Borwa e etsa dimilione tse 300 - 400 tsa ditone, e leng tse batlang di etsa ditone tse tharo hekthara ka nngwe. Boleng ba menontsha ya mobu le manyolo a hoholelwang lewatleng ke dinoka tsa Afrika Borwa ka selemo ke diranta tse dimilione tse hlokang palo. Mabapi le tone ka nngwe ya dihlahiswa tsa temo tse kang poone, koro, mabele le tswekere, Afrika Borwa e lahlehelwa ke palohare ya ditone tse 20 tsa mobu. Mokgatlo wa Dijo le tsa Temo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika o akanya hore tahlehelo ya lefatshe ya mobu o motle wa tlhahiso ka mokgwa wa kgoholeho ke dimilione tse hlano ho isa ho tse supileng tsa dihekthara selemo le selemo. (Enviro Facts, University of Western Cape).
Paballo ya metsi
Afrika Borwa ke naha eo halofo ya mobu wa yona e leng o sa lemeheng. Metsi a foreshe ke mohlodi wa rona wa tlhaho empa o re sehetseng meedi haholo. Boteng ba metsi hona jwale le nakong e tlang ke ntho e itshetlehileng haholo ka tlelaemete, tshebediso ya metsi le tlhokomelo le ditlwaelo tsa tshebediso ya mobu. Ka ha metsi e le sesebediswa se sa fumaneheng ha bonolo, ho bohlokwa hore balemi ba sebedise mekgwa e metle ka ho fetisisa ya ho baballa metsi ka moo ho kgonahalang ka teng. Pula e matla eo metsi a yona a theosang le masimo (metheong) e baka mangope (mapatso a tebileng bokahodimong ba masimo), e leng hape se bakang kgoholeho ya mobu. 
Temo mothakaleng
Temo mothakaleng ka kakaretso e etswa masimong a leng motheong, moo ho jalwang dijothollo teng. Ke mokgwa o sebediswang ke molemi ka ho etsa mekokotlo le diforo nakong ya ho lema le ho jala, sepheo e le ho thibela kgoholeho ya mobu o ka hoholwang le ho nkwa ke metsi ka baka la ho sekama ha masimo ho entseng motheo. Ka baka lena, ho etswa methakala e leng ho kang mekokotlo e thusang hore masimo a se hoholehe ha bonolo. Masimong a nang le methakala mela e jetsweng ha e shebe moo tshimo e sekametseng teng, empa e a tshekalla. Ho tshekalla hona ho thibela mobu o ka hoholwang ke metsi nakong tsa dipula, mme mobu o fumana sebaka sa ho monya metsi a bohlokwa.
Ona ke mokgwa o motle wa paballo:
O fokotsang lekgapetla le thata le ho fokotsa kgoholeho;
O fokotsang mobu o ka hodimo o ka hoholehang le metsi; le
O eketsang ho monyela ha metsi mobung.
Ditjeo/Ditshenyehelo
Mekgwa e meng ya paballo ya mobu e fela e ja haholo pokothong, empa kuno e eketsehileng ka baka la methakala e bolokang mobu o ka hodimo, e na le molemo o itseng kgahlanong le tahlehelo ya nako e kgutshwane ya dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo. Diphuputso di bontshitse hore tshebediso ya methakala e eketsa kuno ka 5% ho isa ho 10%, le hore ditjeo tsa mafura le metjhine di a theoha papisong le moo ho sa tsotellweng taba ya ho lema feela le moo masimo a leng metheong.
Methakala le ho se phethole mobu (no-till)
Ho lema ka ho sebedisa methakala ho kgothaletswa ke ditsebi e le o mong wa mekgwa ya ho rarolla qaka ya kgoholeho ya mobu. Bongata ba mobu o lahlehang bo laolwa ke lenaneo la ho phethola mobu le sebediswang ke molemi. Diphetho tse ntle di bonahetse moo mekgwa ya no till e sebediswang, e leng moo tahlehelo ya mobu e leng e tlase, le moo mobu o hoholwang ke metsi o leng monyane haholo. Ka mokgwa wa no till mobu ha o tshwenngwe, mme dipeo tsa dijothollo tse ntjha di jalwa mobung moo masalla le ditlhaka tsa dijothollo tsa nako e fetileng di lemelletsweng le mobu.
Ho totobetse hore mekgwa e sebediswang e tshwanetse ho ba e loketseng maemo a masimo polasing ka nngwe, mme moralo wa paballo o tshwanetse ho dumellana le sepheo sa molemi ka mong. Mekgwa ya paballo, e kang, temo ya mofuta wa methakala e fana ka monyetla wa ho tlosa metsi a mangata a sa hlokahaleng ka mokgwa o seng kotsi. Metsi ana ke a leng hodima masimo kapa tshireletsang mobu kgahlanong le meya e senyang. Le ha ho le jwalo, moralo o motle wa paballo o boetse o kenyelletsa tshebediso e ntle ya manyolo (ekaba a rekiswang mabenkeleng kapa a diphoofolo), tshwaro ya dibolayakokwanyana ka hloko, ntshetsopele ya sebaka sa bodulo sa diphoofolo tse hlaha le hlokomelo ya dibaka tse nang le metsi. Paballo e tshireletsa masimo le ho ntlafatsa tlhahiso ya ona. E boetse e eketsa boleng ba masimo.
Moralo wa methakala
Ha ho qeaqeo hore ho hlokahala botsebihadi bo itseng hammoho le bona boitsebelo (skill) ba boenjinere temong mabapi le moralo o simollang. Mona ho kenyelleditswe le ho etswa ha methakala. Ho teng dintlha tse itseng tse lokelang ho elwa hloko ha ho etswa moralo:
Mefuta ya dibaka tse hlwailweng;
Bolelele ba metheo (slopes);
Pula le ho thopothela/monyela;
Mefuta ya mobu;
Bokahodimo ba mobu le ho se batalle ho lekaneng ha masimo;
Bophara bo hlokahalang methakaleng le boholo ba sebaka pakeng tsa methakala; le
Ke eng e tla etsa moedi pakeng tsa methakala, mohlala, mekokotlo kapa makukuno, diforo kapa metjhophoro ya lekgulo le nang le jwang.
Re tshwanetse ho buisana le batshehetsi ba rona ba tswang mmusong, Lefapheng la Temo hammoho le balaodi ba katoloso. Batho bana ba tshwanetse ho thusa balemi ka tsebo le boitsebelo ka tlhokomelo ya masimo.
Mmaballi le mohlokomedi
Re le balemi re tshwanetse ho amohela boemo ba rona re le bahlokomedi ba lefatshe hammoho le mehlodi ya bohlokwa ya tlhaho. Re tshwanetse ho nahana ka seo re se nkang lefatsheng le hore se na le ditlamorao dife mehloding ya tlhaho. E mong wa balemi ba ka sehloohong wa lebatowa la Rustenburg, Karabo Phele, ha a arabela polelo e reng o lehlohonolo ka tlhahiso e phahameng ya soneblomo empa a sa kenya manyolo mobung o motsho, o nonneng, o fumanwang lebatoweng leo, o itse, "Ha o nka ho hong mobung selemo le selemo, ho sa tsotellehe hore se setle hakae, mme haeba le ka mohla ha o kgutlisetse ho hong moo, etlaba o fedisa mobu oo, mme wena kapa meloko e tla tla e tla fumana hore lefatshe le sitwa ho fana ka seo le kileng la fana ka sona”.
Qetelo
Masimo a boemo bo hodimo ka dijothollo a lahlehelwa ke mobu wa bohlokwa o ka hodimo, mme bokgoni ba ona bo a theoha. Qetello ke hore molemi o iphumana a lomahantse meno ka teko ya ho fumana ho hong masimong ao. Kgoholeho le tahlehelo ya monono wa mobu di qetella di bolaile mobu oo! Ha se tlhaho, empa ke Motho ka boyena ya fetolang naha hore e be lehwatata. Paballo ya mobu wa rona le mehlodi ya metsi di hlokolosi ho tiyeng ha ikonomi ya rona le paballehong ya batho! 
