Congress (Maize)									Sesotho
Dibokana tse ngata tsa selemo sena
Instructions:
Folio strap: Seboka
Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Selemo le selemo, Grain SA e tshwara Seboka sa selemo Bothaville kgweding ya Hlakubele. Lemong sena, matsatsi a Seboka ke la 9 le la 10 kgweding ya Hlakubele.
Ditlhophisong tsa Seboka, re tla tshwara diboka tse nyane (dibokana) tsa ditho tsa dihlopha tsa boithuto tsa Grain SA – dikopano tsa mabatowa tse tshwarwang di tshwarelwa ditho tsa bahwebi tsa Grain SA. Nakong e fetileng, re ile ra tshwara dikopano tse nne feela tsa balemi ba ntseng ba thuthuha, empa re lemohile hore ka nako e nngwe balemi ba kopana le bothata ba ho nka maeto a malelele ho ya dikopanong. 
Jwalo ka setho se lefileng ditshwanelo sa sehlopha sa boithuto sa Grain SA, o memelwa kopanong e tla ba lebatoweng la hao, e hlophisitsweng ke mohokahanyi wa provense ya thusang sehlopha sa hao sa boithuto. 
Dikopano di hlophisitswe ka mokgwa ona, (o tla tsebiswa sebaka hamorao).
Table 1:
Provense
Tulo
Letsatsi
Eastern Cape – Ian Househam
Kokstad
1 February 2011
Eastern Cape – Lawrence Luthango
Mthatha
2 February 2011
Foreisetata – Johan Kriel
Senekal
11 February 2011
Gauteng/Mpumalanga – Daan Bosman 
Bronkhorstspruit
16 February 2011
North West – Tonie Loots
Zeerust
24 February 2011
KZN – Jurie Mentz
Vryheid
24 February 2011
Re kopa haholo hore o be teng dikopanong tsena le ho nahana haholo ka dipotso tse latelang: 
Ke sefe seo o tshwanetseng ho se etsetswa ke Grain SA, mokgatlo wa hao wa thepa, jwalo ka ha o le molemi? 
Na Grain SA e ikemiseditse bokamoso?
Dikopanong tse nyane tsa seboka (dibokana), balemi ba hlophisetswa Seboka, mme ditho tsa dihlopha tsa boithuto di fuwa sebaka sa ho kgetha baemedi ba tsona ba yang Sebokeng. Nakong e fetileng re ile ra leka ho arola dihlopha tsa boithuto ho ya ka Leboya, Borwa, Botjhabela le Bophirimela, empa hona ho bile le mathata ka ha meedi e sa hlaka hantle. Ho nolofatsa dintho, re qetile ka hore ho tshwarwe kopano lebatoweng la e mong le e mong wa bahokahanyi ba provense. Baromuwa ba 32 ba yang Sebokeng ba tla dumellwa (ke molaotheo wa Grain SA) ho ya Sebokeng se tla tshwarwa Bothaville ka la 9 le la 10 kgweding ya Hlakubele. Hara baromuwa bana ba 32 ba yang Sebokeng, baemedi ba bane ba tla kgethwa ho ba ditho tsa Komiti ya Phethahatso ya Grain SA. Ditabeng tse ngotsweng leqepheng la bohlano, o tla bala ka dikgothaletso tse tla lokela ho etswa molaotheong. 
Ho ya ka boiphihlelo ba rona, re lemohile hore bao ba ileng ba kgethelwa ho ba tsamaisong ya Phethahatso ha e ka ya eba ditho tse feletseng tsa balemi ba dijothollo, mme ha ba ka ba kgona ho fihlella se lebelletsweng ho bona nakong ya dikopano. Re tshepa hore balemi ba tla dumellana hore ho etswe phetoho molaotheong jwalo ka ha ho entswe ditlhlahiso e le ho tiisa hore balemi ba ntseng ba thuthuha ba kgetha baemedi ba sebele ba ka sebetsang Komiting ya Phethahatso. Ditho tsena tsa Komiti di tlamehile ho utlwisisa lefapha la kgwebo la dijothollo hore di kgone ho kenya letsoho dipuisanong le ho thehweng ha maano. 
