Congress (Maize)									Sesotho
 Ditletlebo sebokeng 
Folio strap: Seboka 
Byline: Ilana Koegelenberg, Motshehetsi wa Grain SA
Monghadi Jan Botha wa Thaba’Patchoa o hlahisitse ditletlebo tse ngata lebitsong la balemi ba ntseng ba thuthuha nakong ya seboka sa selemo le selemo sa Grain SA ka la 9 Hlakubele 2011. O ile a tsepamisa maikutlo haholoholo diphephetsong tse shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha hammoho le ho sitwa ha mmuso ho ba thusa. 
“Re le balemi ba batsho, re shebane le diphephetso di le ding le balemi ba bahwebi, mme hangata diphephetso tsena di re kgahlapetsa haholo le ho feta hobane ha re na moo re ka balehelang teng,” o boletse jwalo Jan pele a tswela pele ho fana ka mehlala ya mathata ao ho shebanweng le ona, le ka moo mmuso o hlolehileng ka teng ho ba thusa. 
Tletlebo ya pele eo a e hlahisitseng e bile mohato o tlase wa pH ya mobu. A supa ka moo selemong se fetileng DAFF Foreisetata e ileng ya tshepisa ka teng ho thusa balemi ka kalaka. Mmapa ya GPS e ile ya etswa, disampole tsa mobu tsa nkwa, dikgothalletso tsa etswa, ha etswa diqeto ka bongata ba kalaka, mme le tjhelete e bile teng ditekanyetsong. Tsena tsohle di ne di se di entswe ka Motsheanong, empa le jwale kalaka ha e eso ho tshelwe masimong. “Sena se amme dijothollo tsa lehlabula tsa ngwahola, mme se tla boela se ama koro ya monongwaha,” o boletse jwalo, Jan.
Boemo bo fokolang ba disebediswa tsa temo le diterekere e bile tletlebo ya bobedi. O buile hape ka moo Grain SA e ileng ya etsa tekolo e phethahetseng ya diterekere le metjhine ya balemi ba 42 ba Foreisetata, mme a kopa DAFF ho thusa balemi ka dimilione tse R2,5 tsa ditokiso. Tsena di ne di le malala-a-laotswe ka la 12 Hlakubele 2010, empa ho fihlela lena ha ho nko ho tswa lemina.
Tletlebo e latelang ya hae e bile methakala e senyehileng le diforo tsa metsi. “DAFF e na le lenaneo la Tlhokomelo ya Naha le etsang mosebetsi o motle, empa ditekanyetso tsa lona di nyane haholo, mme le mobu o ntse o hoholwa ka potlako ho feta ka moo ho ka sebetswang ka teng.”
A boela a ama boemo bo bobe ba mebila ya naha ya rona, le tshwaetso e mpe ya yona baleming, pele a kena bothateng ba ho fudisa ho fetang tekano. “Ho fudisa ho feta tekano ho tshwanetse ho laolwa ke DAFF ka lenaneo le nnileng la tsejwa e le bodem beskerming,” Jan a hlahisa jwalo. 
Ho hloleha ha bommasepala ho laola masimo a kopanetsweng e bile taba e lenaneng la hae, e kenyelletsang le mathata a ho fumana kadimo ya tjhelete ya tlhahiso. Jan a bolela hore ngwahola e bile feela 25% ya masimo a balemi ba batsho a ileng a kgona ho lengwa hobane balemi bana ba sitilwe ho adingwa tjhelete. Phaello ke e nyane haholo hore e ka tshehetsa taba ya kadimo ya tjhelete. Grain SA e entse lenaneo la meralo ya kgwebo ya balemi ba 152 ba neng ba ratile ho jala dijothollo tsa hlabula. Balemi ba ne ba hloka thuso ya nakwana hore sena se kgonahale, empa ho bonahala ha mmuso o sa ka wa etsa qeto efe kapa efe mabapi le taba ena. “Dihekthara tse 27 000 tsa mobu di ne di tshwanetse hore ebe di jetswe ke balemi bana ba batsho – mmuso ha o a etsa letho ho ba thusa, empa o itlatlarietsa ka ho re o tshwenyehile ka tshireletso ya dijo.” 
Jan o boetse a tletleba ka diofisiri tsa katoloso tse hlolehang ho thusa balemi. “Ha ba na boiphihlelo ba letho ba mosebetsi wa temo, mme ba bangata ha ba tle le ho tla mapolasing.”
Mohlala wa ho qetela wa ho hloleha ha mmuso mabapi le tharollo ya ditletlebo tsa balemi e bile taba ya Lefapha la Ditaba tsa Naha ya ho fana ka mobu ho batho bao e seng balemi. “Balemi ba sebele ba tswela pele ho sokolana le mobu oo e seng wa bona, ha mobu wona o fuwa batho ba sitwang ho o sebedisa.”
Monghadi Jan Botha o phethetse ka ho etsa thapedi ho Modulasetulo wa Seboka ho fetisetsa molaetsa wa bona ho ba baholo ba mmuso. “Ba hloleha ho thusa balemi ba batsho, mme re tla sitwa ho fetola lefapha lena ha feela mmuso o ntse o sa phethise tseo o lokelang ho di etsetsa batho.” O phethetse jwalo.
