

Competition (Maize)								 SESOTHO



Tlhodisano ya molemi wa selemo e a matlafala



Instructions:

Folio Strap: Molemi wa selemo

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Ka bomadimabe, lemong tse sa tswa feta, temo ha e ka ya thahasellwa ke batjha ba Afrika Borwa e le kgetho ya mosebetsi wa motho. Ho boetse ho na le kgopolo ya hore ha ho bahwebi ba batho ba batsho ba atlehang mosebetsing ona. Ka tlhodisano ena, re bontsha batho hore ho teng balemi ba batsho ba atlehang, le hore batho ba sebetsang ka matla ba a atleha. 



Moketehadi moo Molemi wa Selemo a phatlalatswang teng o bile nakong ya dipehelo, le hoja bahlodi ba ile ba hlwauwa nakong e fetileng. Mong. Samuel Moloi wa Fouriesburg, Mong. Isak Khuto wa Ficksburg le Mong. Labious Manoto wa Mooifontein e bile bona ba hlwaetsweng tlhodisano. Mohlodi e bile Labious Manoto wa Mooifontein ya bileng setho sa lenaneo lena la ntshetsopele dilemong tse ngata. (hantlentle ke setho sa 1 000 ton club, mme o “phethile” lenaneong la rona). Lemong sena, ka hoo, re tswetse pele ka tlhodisano jwalo ka dilemong tse fetileng. Ba hlwailweng e le Balemi ba Thuthuhang ba Selemo e bile ba supileng: Mong. Philip Xaba wa Bothaville, Mong. Lungile Malo wa Delareyville, Mong. Simon Mazwi wa Makouspan, Mong. Shimi Mokoka wa Vanderbiljpark, Ms Nolundi Msengana wa Vanderbiljpark, Mong. William Matasane wa Senekal le Mong. Samuel Moloi wa Fouriesburg.



Ditho tsa bahlahlobi nakong ya Phupjane lemong sena e bile Mong. Karabo Peele wa Maize Trust, Mong. Andre Smit wa Land Bank, Mong. Dirk van Rensburg (setho se phomotseng sa komiti ya Phethahatso ya Grain SA), Mong. Jabulani Zitha le Mofum. Jenny Mathews (ditho tsa komiti ya Phethahatso ya Grain SA le sehlopha se sebetsang Ntshetsopeleng ya Molemi), hammoho le ditho tse tharo tsa basebeletsi ba lenaneno (Jane McPherson, Willie Kotzé le Danie van den Berg). Ba iketetseng tlhodisano ba etswa Foreisetata ba ne ba amehile haholo, mme ba bararo ba ileng ba kgethelwa ho kenela tlhodisano ban e ba etsa Foreisetata. Lena e bile kgetlo la pele nalaneng ya ketsahalo ena hore ho be siyo ya kgethetsweng ho kenela tlhodisano a etswa North West. Jwalo ka ha ho tlalehilwe lengolong la Tshitwe la Pula/Imvula, mohlodi wa 2009 wa Molemi ya Thuthuhang wa Selemo wa Grain SA ke Samuel Moloi wa Fouriesburg.



Re ile ra tshwara tlhodisano ya Molemi-e-Monyane wa Selemo kgetlo la pele lemong sena – Mpumalanga le Eastern Cape. Lebatowa ka leng le bile le ba bahlano ba iketang. Tlhodisano ena e ile ya hlahlojwa bekeng e le nngwe jwalo ka tlhodisano e nngwe. Re hlokometse ka nako e telele tlhoko ya ho fa balemi ba sebeditseng hantle moputso le hoja ba sebeditse sekotwaneng se senyane sa masimo. Re tshepa hore re tla kenya thahasello bathong ba bangata ho simolla masimong le ha a ka ba manyane hakae, ho ntlafatsa tlhase ya bokgoni hore ba kgone ho ba maemong a ho eketsa boholo ba mosebetsi wa bona. 



