Communicate (Maize) 							SESOTHO

Ho buisana le molemi

Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA



Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le dula le hahamalla ho buisana le wena – molemi. Mekgwa e fapaneng e a sebediswa, e kang lengolo la ditaba la Pula Imvula, dikgaso tsa radio, DVD, difolakga tse phuthollwang, diphostara le maqetshwana a ditaba, sepheo e le ho fihlella molemi.

Pula Imvula

Re hlophisa le ho hasanya mangolo a kgwedi le kgwedi ka bobedi (maqephe a 8 mmoho le ditshwantsho ka mebala ya tsona), dipuong tse supileng – Senyesemane, Seburu, Sesotho, Setswana, Sesotho sa Leboya, Sexhotsa le Sezulu.



Pula Imvula ke projeke e tswelang pele e nang le saekele ya tlhahiso – diartikele (mangolo) tse simollang di hlophiswa ka Senyesemane, mme ebe di romelwa setsing sa tshebetso moo ho ngolwa ha yona ka Senyesemane ho phethelwang teng. Diartikele di behwa sebopehong se nepahetseng mabapi le mosebetsi wa ho di fetolela, mme tsena he di romellwa ka ntle ho bafetoledi. Tsena di kgutlisetswa setsing sa tshebetso hore dipuo tse ding le tsona di kgone ho kenyeletswa. Ha tsena tsohle di se di tjhaetswe monwana, di romellwa kgatisong le ho romellwa ka ntle e le thepa e kgolo. Saekele ena e nka nako e ka etsang kgwedi tse pedi ho phethahatsa mosebetsi ona.



Selemong sena re atolositse Pula Imvula ho kenyeletsa dijothollo tse tseng – re na le keketso ya maqephe a mane ya kgweditharo kgweding ya Tshitwe, Hlakubele, Phupjane le Loetse mabapi le Tlhahiso ya Koro Foreisetata Botjhabela, e tshehetswang ka ditjhelete ke ba (Truste ya Diseriele tsa Mariha) Winter Cereals Trust. Hape le maqephe a mane a tlatsetso a kgweditharo ka Pherekgong, Mmesa, Phupu le Phato mabapi le tlhahiso ya Soneblomo, e tshehetswang ka ditjhelete ke ba Truste ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine (Oil and Prothein Seeds Development Trust).



Maqetshwana le diphoustara tsa ditaba

Ho hasanya ditaba tsa indasteri hore di fihlelle bohle ba nang le thahasello le ba keneng ka setotswana lenaneong – ho teng diofisiri tse ngata tsa bahlahisi le ba katoloso ka ntle mane, ba tshwanetseng ho tseba ka lenaneno, hore le kenyeleditse eng, le hore ba ka ikopanya le mang ho ka tseba haholwanyane. (Maqetshwana ana a tshwanetse ho fumaneha ka dipuo tse supileng).



Maqetshwana a ditaba a hlophisitswe le ho menahanngwa habedi ka dipuo tse supileng (Senyesemane, Seburu, Sixhotsa, Sezulu, Sesotho, Setswana le Sesotho sa Leboya). Dikopi tsa lengolo lena di filwe diofisiri kaofela tsa provense, mme di boetse di fuwa bohle ba nang le thahasello. Maqetshwana ana a ne a fumaneha NAMPO, mme a tla tswela pele ho sebediswa selemo kaofela.



DVD

DVD ya metsotso e robedi mabapi le lenaneo e se e entswe le ho sebediswa hantle haholo nakong ya selemo. Nakong ya NAMPO, re ile ra mema “metswalle ya lenaneo” ho tla boha ditshwantsho tsa pele, mme e bontshitse thahasello e babatsehang haholo. Dikopi tsa DVD di filwe bahokahanyi kaofela ba ntshetsopele provenseng hammoho le bakwetlisi, mme di bohuwa neng kapa neng ha nako e le teng. Kopanong e nngwe ya sehlopha sa boithuto Foreisetata, Johan Kriel o ile a bontsha DVD, mme bahlahisi (balemi) ba kopa ho e bontshwa makgetlo a mararo – ba ne ba hloletswe ho bona ho nama ha lenaneo.



Diphoustara tse menollwang

Diphoustara tse menollwang hajwale di sa ntse di etswa, mme di tla sebediswa ke Manejara e mong le e mong wa Provense dikopanong tsa dihlopha tsa boithuto le matsatsing a balemi.



Dikgaso tsa radio

Re sebedisa kgaso ya beke le beke ya radio diteisheneng tse nne tsa radio e le ho fetisetsa ditaba tsa indasteri ho momamedi e mong le e mong.



