Commercial 2 (Maize)								Sesotho



Kgwebo ka mekgwa efe kapa efe!



Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA.

Photos: Commercial 055

Caption: 	Kopana le bahwebi ba fumaneng kgau:

Nico Vermaak (Grain SA), Basie Ntsimane, Boy Mokoena, Karabo Peele, Paul Morule, Job Metswamere, Thando Lolwane, Jane McPherson (Grain SA), Dr Kobus Laubscher (GrainSA), Moss Malo,Lepati Macaphasa, Jenny Mathews (Modulasetulo wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi : Sehlopha se sebetsang mmoho).

Qotso e dumang ditsebeng: “Hara rona ha ho ya tsebang bokamoso…Taba ya bohlokwa ke ho sebedisa kajeno ka bohlale le hantle, le ho shebana le hosasa ka mafolofolo le thabo, le ka tiisetso ya hore re tla lekana le seo hosasa ho re tlisetsang sona.” Pollock 	



Ka la 25 Loetse 2008 moketjaneng o neng o tshwaretswe NAMPO Park haufi le Bothaville, Lenaneo la rona la Ntshetsopele ya Molemi le ketekile kgato e fihlelletsweng – bahlahisi ba 9 ba fumane kgau lenaneong la rona.



Maemong a rona a Afrika Borwa, re na le seo esale re se nka e le bahwebi ba “basweu”, mme bahwebi ba batsho bona ba tsejwa e le ba ntseng ba ‘thuthuha’, ‘ba hlahisang ho ba lekaneng feela’, ‘ba tshebetso e nyane’ kapa ‘ba ntseng ba tswela pele’. Re ikutlwile hore nako e fihlile jwale ya ho thoholetsa bahwebi bano bao e seng e le ba mmakgonthe le hoja re ena le mathata a mangata ao re lokelang ho sebetsana le ona ha nako e ntse e eya.



Ho thwe, ‘Mathata a bontsha seo banna ba leng sona’, mme bahwebi bao re ba thoholetsang ka la 25 Loetse 2008 ba re kgodisitse hore ruri ke banna. Ba kopane le mathata ana a latelang hara a mang:



Phaello e tlase tlhahisong ya dijothollo.

Ditaba tse amanang le mobu.

Mekgwa e fapaneng ya kgirisetso ntle le tshireletso.

Kabo ya mobu le puseletso ya mobu.

Mokgwa wa setjhaba wa kgirisetso mmoho le tlhokeho ya tiisetso le mathata a 

	shebaneng le bahwebi.

Maemo a fokolang a mobu mabapi le phosphate le ditlhoko tsa kalaka.

Ditjeo tse phahameng tsa metjhine le tlhokomelo ya yona.

Ho rarahana ha mekgwa ya / le bothata ba ho bulwa ha mebaraka .

Leqeme la kadimo ya ditjhelete le tlhahiso.

Leqeme la tlhahisoleseding e lekaneng, tsebo le tshehetso.



Bahwebi bana ba tla o bolella hore ha ba a tsamaya tsela ena ba le bang – ba thusitswe le ho tshehetswa ke batho ba fapaneng ba nang le seabo indastering ya temo:



Basebeletsi ba Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA;

Dibanka; le

Ba Agribusiness – haholoholo MGK, NWK, VKB le OVK.



Ha re bolela hore bahwebi bana ba fihlelletse boemo ba “Mohwebi wa Mmakgonthe’ re bolela eng? Ba fihlelletse eng? Tse latelang:



Kgirisetso e tiileng ya mobu.

Tshebediso e tiileng ya mobu.

Diterekere, disebediswa tsa temo, tse hlokahalang temong le metjhine.

Mebaraka.

Dikadimo le tjhelete.

Tsamaiso ya polasi ka kakaretso hammoho le kgwebo.



Re rolela ba latelang kgaebana:

Karabo Peele, Thando Lolwane, Paul Morule, Job Metswamere, Labious Manoto, Boy Mokoena, Lepati Macaphasa, Basie Ntsimane le Moss Malo. Ba fihleletse sena ka talenta, ho sebetsa ka matla, tsebo, boitelo le boinehelo – ha ho tsela e paroletsang, mme ha o batla ho fihlella seo ba se fihlelletseng, ‘se ke wa lahla tshepo!’ 

