Chemical (Maize)								SESOTHO



Taolo ya mahola le dikokwanyana ka dikhemikhale



Instructions:

Folio Strap: Taolo ya mahola le dikokwanyana

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Tlhahiso e phahameng ya poone le mmaraka

Photos: Use chemical photos

Table 1 (photo 2)



Dibolayalehola ke disebediswa tse molemo mananeong a mangata a taolo ya lehola. Di tshwanetse ho sebediswa e le tlatsetso mekgweng e meng kapa disebedisweng tse ding.



Disebediswa tsena tse ding di kenyeletsa mekgwa e hlwahlwa ya temo, e kang manyolo a nepahetseng le kalaka, ho fa dimela ho hola ka mafolofolo, phapantsho ya dijalo le temo e nepahetseng, e leng tse hlokahalang ho fihlella lenaneo le phethahetseng la taolo ya mahola hammoho le temo ka metjhine. Tse latelang ke ditlhaloso tsa mantswe ao o tla kopana le ona ha o sebetsana le mahola.



Pele-ho-jalwa-ha pele (Early pre-plant)

Sebolayalehola se sebediswa mobung ha ho se ho lenngwe ka motjhine, empa nakonyana e itseng pele sejalo se jalwa. Ka tlwaelo se tswakwa le mobunyana o seng mokae ka ho sebedisa disebediswa tse fapaneng tsa ho tswakanya.



Tswakanyo pele ho jalwa (Pre-plant incorporated)

Sebolayalehola se sebediswa mobung ha ho se ho lenngwe ka motjhine le ha ho se ho lokisitswe tshingwana ya peo, empa pele ho jalwa, mme se tswakanngwa le mobu o ka hodimo ka ho sebedisa disebediswa tse fapaneng tsa ho tswakanya.



Pele peo e hlaha (Pre-emergence)

Sebolayalehola se sebediswa ha semela se se se jetswe empa pele se hlaha mobung. Mongobo wa mobu, pulanyana e bobebe, kapa ho phetholwa ho sa tebang, di ka nna tsa hlokahala ho fihlella taolo e ntle ya lehola ka dibolayalehola tse ngata tse sebediswang pele peo e hlaha mobung.



Ha peo e hlahisitse lehaba (Post-emergence)

Sebolayalehola se sebediswa mahabeng a lehola ha sejothollo (semela) se se se hlahile mobung.



Sesebetsa-ka-hodimo (Surfactant)

Sena ke sesebediswa se sebetsang ka hodima mobu, se fokotsang tsitsipano ka hodima mobu, mme ka hoo, se dumella motswako o alehileng le o phatlalletseng ka ho lekana mahlakung a semela le mobung. Mantswe a mangata a hlalosa le ho supa tshebetso tse ikgethileng, tse ka hodima mobu, tse kang, sethusi (adjuvant), sehlatswi (detergent), senolofatsi (emulsifier), seadi (spreader), sekgomaretsi (sticker) le semetsifatsi (wetting agent).



Boholo ba dibolayalehola bo kgothaletswang le ho sebediswa temong, bo na le meedi e itseng. Ka sekgahla se kgothaletswang sa tshebediso, dibolayalehola di kgetha ho lematsa mahola empa di ke ke tsa lematsa haholo dimela tseo mahola a leng ho tsona. Ka ho sebedisa boholo ba dibolayalehola tsena tse kgethang, o tshwanetse ho latela ka hloko ditaelo tsa sekgahla sa tshebediso hobane sekgahla se phahameng se ka nna sa lematsa kapa ho bolaya dimela (dijothollo). O tshwanetse ho jara boikarabelo ha eba o sebedisa sebolayalehola ka mokgwa o fapaneng le o laetsweng leiboleng ya sona. Bala leibole setshelong, mme o latele ditaelo tse moo.



Nepahalo e hlokahalang tshebedisong ya dibolayalehola e hlokolosi ho feta mesebetsi e meng e mengata ya polasing. Dintlha di tharo tse laolang sekgahla sa tshebediso: kgatello (pressure), boholo ba molongwana (nozzle), le lebelo mobung.



Sekgahla se kgothaletswang sa tshebediso ya dibolayalehola se fapana ho ya ka boamo ba mobu (mahwashe, mahareng le bosesanyane) le boteng ba tse bolang (organic matter). Sekgahla se tlase sa dibolayalehola se sebediswa haholo mebung e mahwashe e nang le tse bolang tse seng ngata. Sekgahla se phahameng ka kakaretso se sebetsa mebung e mesesanyane (e phofo), e nang le tse ngata tse bolang. Sheba leibole mabapi le sekgahla se nepahetseng mabapi le mobu wa hao.



Tswelopele ya Mahola a lwantsanang le Dibolayalehola 

Palo ya mahola a lwantshanang le sebolayalehola e ka nna ya bakwa ke phetapheto ya tshebediso ya sebolayalehola moo ho sebediswang mokgwa o le mong feela wa tshebetso. Phapantsho ya dimela, phapantsho ya dibolayalehola kapa dibolayalehola tsa motswako wa tanka, ka mekgwa e fapaneng ya tshebetso, ho tla thusa ho fokotsa boteng ba mahola a lwantshanang le dibolayalehola.



Ditlhoko ke tse sa batleng pula ka mora tshebediso ya dibolayalehola tsa hoba peo e mele (hlahe). Hopola hore ha sebolayalehola se sebedisitswe ho be teng nako eo pula e sa neng ka yona. Ha eba pula e ka na nakong ena, keletso ke hore o boele hape o fafatse ho nnetefatsa hore khemikhale e hlaotse bothata ba lehola. Mehlala ke ena: 2, 4 – D amine 6 - 8 dihora; 2, 4 – D ester 1 - 2 dihore; Atrazine 4 dihora; Basagran 8 dihora.



Nako e hlokolosi Taolong ya Lehola

Nako e hlokolosi ya taolo ya mahola ke mohopolo o bohlokwa mekgweng e kopanetsweng ya Taolo ya Mahola. Nako ena e hlalositswe e le nako ya kgefutso saekeleng ya bophelo ba sejothollo, e leng e tshwanetseng ho hloka mahola hore ho qojwe tahlehelo kunong.



Mohopolo ona o thusa ho laola nako e hlwahlwa ka ho fetisisa ya tshebediso ya sebolayalehola sa ha peo e se e hlahile, mme o boetse o fokotsa tlwaelo ya dibolayalehola tsa nako e telele ya sehla le tshebediso ya morao e sa hlokahaleng ya dibolayalehola. Dinako tse hlokolosi di hlaloswa ho ipapisitswe le mohato wa ho hola ha sejothollo, ho shebilwe mobu, maemo a lehodimo le phapano e bang teng nakong tsa sehla. Nako e hlokolosi e theilwe tahlehelong ya kuno e tlase ho 5% ka baka la tshitiso e bakwang ke lehola. Sejothollo se tshwanetse ho hloka lehola nakong ya mehato ena e le ho thibela tahlehelo e fetang 5% kunong. Ha eba mahola a nnile a laolwa nakong yohle e hlokolosi, mahola a tla hlaha hamorao a ke ke a ama kuno.



Nako e hlokolosi e ka fapana ho itshetlehilwe ka maemo a lehodimo le maemo a ho hola. Phuputso e entsweng ka poone le dinawa tsa soya e bontshitse hore nako e hlokolosi e ka nna ya fapana ho ya ka mofuta wa mobu le mekgwa ya ho phethola mobu le moo qetello ya nako e hlokolosi e ka nnang ya atoloswa hanyenyane hamorao mebung e letsopa kapa ha ho sebediswa mekgwa ya temo ya ho se phethole mobu.



Poone

Nako e hlokolosi e atoloswa ho tloha mohatong wa 3 - 8 wa lehaba (4 - 10 mohato wa kgolo ya lehlaku moo ntlha e supileng sedikadikweng, kapa V2 - V6 mehatong ya mahaba). Taolo e ntle ya lehola e tshwanetse ho dula e le teng nakong yohle e hlokolosi. Poone e dulang e se na lehola matsatsi a ka bang 34 hoba ho jalwe kapa ho fihlela mehatong ya 6 - 8 ya lehlaku (8 - 10) ntlha tsa lehlaku e bile le tahlehelo ya kuno ya 0 - 5% tlasa maemo a boima a kgatello ya lehola.



Mehato ya ikonomi 

Mehato ya ikonomi maholeng e thusa ho tseba hore na ho teteana le ho tshwenngwa ho hongata hakae hore ho ka nkuwa mehato ya taolo, mohlala, ha eba tahlehelo ya kuno e qobilweng e feta ditshenyehelo tsa ho laola mahola. Nako eo mahola a hlahang a ipapisitse le dimela ke yona ntlha e supang tahlehelo ya kuno. Mahola a hlahang ka nako eo sejothollo se hlahang ka yona a baka tahlehelo e kgolo ho feta ya mahola a bang teng hamorao ha peo e se e metse. Mohlala, dithuto tsa mehato ya ikonomi tse entsweng ka red root pigwood, ragweed le barnyard-grass, di fumane hore nako ya ho hlaha ha mahola papisong le mohato wa sejothollo e bohlokwa haholo ho feta ho teteana ha lehola ha ho sekwasekwa mekgwa ya taolo ya mahola. Tahlehelo ya kuno e itshetlehile nakong ya ho hlaha ha peo ya mahola. Theibole 1 e etsa ditekanyetso tsa boholo ba tahlehelo ya kuno bo amanang le mahola a itseng a hlahang pooneng le dinaweng tsa soya.



Tahlehelo ya diperesente pooneng ka baka la palo e tsejwang ya mahola a lehlaku le sephara a selemo le selemo, a ileng a hlaha mmoho le sejothollo, mme a ile a tlohellwa feela a sa laolwe. Phuputso e entsweng Amerika e ka nna ya sebediswa le mona Aforika Borwa e le sesupo sa tahlehelo e ka bang teng. Hlwaya mahlaku a sephara masimong a hao lenaneng la mahola a tlwaelehileng Aforika Borwa. 























