

Challenges (Maize)								SESOTHO



Diphephetso tse shebaneng le balemi ba thuthuhang



Instructions:

Folio Strap: Ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Bolemi ha esale e le mosebetsi o fupereng ho sebetsa ka thata. Ho ka thwe balemi ha ba tshabe ho sebetsa ka thata. Le ha ho le jwalo, matsatsing a kajeno bohwai ka dijothollo bo lebelletse ho hong ho feta taba ya ho sebetsa ka thata feela. 



Re se re hlwaile dintlha tse itseng tse kginang tswelopele. Ke tsena tse latelang:



Ho hloka mosola tlhahisong ya dijothollo 

Ha o simolla ka ntho e nngwe le e nngwe e ntjha, nako e ba teng eo ka yona o sa sebetseng hantle – ho jwalo le ka balemi. Ha ho ka moo diphoso di ka qojwang ka teng. Hajwale, ditjeo tse phahameng tsa tse sebediswang mobung, hammoho le ditheko tse tlase tse fumanwang thekisong ya dijothollo, ha ho ka moo diphoso di ka qojwang ka teng. Balemi, ha eba ba hlile ba tswela pele, ba etsa phaello e nyane, mme ka hoo, ba sitwa ho reka diterekere le disebediswa tse ding tsa temo. Ba tswela pele jwalo ka tjhelete e adimilweng. Taba ena e kotsi, e bile e ja tjhelete. Ho adingwa tjhelete, balemi ba tshwanetse ho nka inshorense ya dikotsi tse ka hlahang, mme sena se fokotsa phaello ya bona. 



Ho hloka tsebo, bokgoni le boiphihlelo

Bolemi ke taba e batsi haholo, mme ka hoo, o tshwanetse ho utlwisisa ditaba tse ngata tse fapaneng. Tsebo feela ya bukeng ha e a lekana – balemi ba nka dilemo ho ithuta le ho ba le boiphihlelo. Maemong a mona Afrika Borwa, balemi ba thuthuhang hangata ke ba batjha papading ena, mme melao e laolang papadi ena e rarahane – tshebetso e ntle e hloka hore motho a be a eme hantle! Ka ha phaello e le tlasa kgatello, ha ho ka moo diphoso di ka qojwang ka teng. O tla ba le boiphihlelo jwang, mme ke mang ya tla o thusa ha o wela fatshe?



Bosiyo ba tjhelete ya tlhahiso

Balemi ba thuthuhang ba dula ba kopana le bothata ba ho adingwa tjhelete. Sena se bakwa ke ntlha tse pedi tseo re buileng ka tsona; monyetla wa phaello o monyane, mme le dikotsi di ngata haholo. Re tshwanetse ho utlwisisa hore ba adimanang ka tjhelete ha ba lahlehelwe ke tjhelete – ba tlamehile ho tsetela ka bohlale tjhelete ya molemi ya thuswang. Mothating ona, re itshetlehile haholo ka tshehetso ya Land Bank mabapi le tjhelete e adingwang – ke boikemisetso ba bona ho adimana ka tjhelete ho balemi ba ntseng ba thuthuha. Le ha ho le jwalo, Land Bank e tlamehile ho fokotsa maemo a ka bang kotsi – ka baka lena ho hlokahala setswalle se setle pakeng tsa Land Bank le lenaneo la rona.



Bosiyo ba diterekere le disebediswa tse lekaneng

Dilemo tse ngata tsa phaello e nyane di bakile ho nyehla ha maemo a diterekere le disebediswa tse ding tsa temo – o tlamehile ho etsa tjhelete e le hore o kgone ho fumana metjhine. 



Phephetso ya mobu le phumano ya ona

Ho teng balemi ba nang le masimo moo ba ka hlahisang dijothollo tsa bona teng, empa masimo ao ha a na molemo wa letho (ka bakala ditjeo tsa tse sebediswang mobung/ditheko tsa dihlahiswa/bokgoni ba masimo). Ho teng ba bang ba nang le masimo a matle, a ke keng a tshireletswa ka terata, mme ka hoo, a sitwa ho sebetswa ka katleho. Ho teng ba bang ba tshwanelang ho fumana kalaka e ngata hore ba lokise mobu wa bona. Ba bang ba balemi ba nang le bokgoni ba sitwa ho fumana masimo ka thuso ya ba ditaba tsa mobu (taba ena e tla buuwa ka nako e nngwe). Ho teng mathata a mangata a amanang le mobu – e leng tsohle tse thatafatsanang tswelopele ya molemi.



Ka baka la diphephetso tse boletsweng mona, re atamela tswelopele ya molemi ka leihlo la diprojeke tse fapaneng hammoho le mananeo a fapaneng. Re thusa molemi ka tsela tse latelang:

Ka ho ikopanya le yena ka seqo – dihlopha tsa boithuto, diteko tsa dipontsho, matsatsi a balemi, tlhodisano ya molemi wa selemo, le ka lenaneo la boemo bo phahameng la molemi;

Dithuto tsa kwetliso;

Mekgwa e ngotsweng ya phatlalatso; le

Radio.

