Challenges (Maize)									English
Diphephetso tsa ditjhelete tsamaisong ya temo
Folio strap: Tsamaiso
Byline: Ditaba tsena di tsa bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya temo ho etsa phaello ka Marius Greyling
Hore temo e be kgwebo e nang le phaello, e tshwanetse ho simolla ka ho fana ka dihlahiswa tse batlwang ke bareki. Ka mora moo, ho ba le botsitso ba phaello temong, tsamaiso ya kgwebo ya temo e tshwanetse ho dula e ntlafatswa ho ya ho ile.
Ditlhoko tsa batho 
Haesale ho tloha popong ya motho, motho esale a hloka ho hong hore a phele. Dijo haesale e le tlhoko ya sehlooho, hammoho le diaparo le tshireletso. Qalehong, motho o ne a ntse a ikgotsofaletsa ditlhoko tsa hae ka ho tsoma, ho kotula dijothollo tsa hae dimeleng tse hlaha, a iketsetsa diaparo tsa hae, le ho ipata mahaheng. 
Ha motho a ntse a tswela pele, ditlhoko le tsona di nnile tsa tswela pele ho fihlela maemong a phahameng a kajeno. Motho o bile o tlohile boemong ba ho itlhokomela, mme o ile boemong ba ho reka ditlhoko tse nagata. Ka kakaretso, ho ya ka maemo a kajeno a sejwalejwale, dikgwebo ke tsona tse fanang ka ditlhoko tsa motho phapanyetsanong le tjhelete.
Ka hoo, kajeno re hloka tjhelete ho fapanyetsana le ditlhoko tsa rona. Jwalo ka batho, re ka fumana tjhelete ka ho sebeletsa tjhelete ya rona e kenang. Ke taba ya hore o a itshebeletsa kapa o sebeletsa motho e mong. Haeba o kgetha mokgwa wa ho itshebeletsa, jwalo ka ha o kganna kgwebo ya temo, kgwebo ya hao e tshwanetse ho ba e tiileng ditjheleteng. Temong ya mehleng ya kgale, ho kgonahala feela haeba kgwebo ya hao e fana ka dihlahiswa tseo batho ba di hlokang hore monga thepa a kgone ho ba le tjhelete e kenang.
Ke ha feela ha kgwebo e etsa phaello monga yona a ka kgonang ho ba le tjhelete e kenang (moputso). Haeba tahlehelo e le teng, ha ho moputso o kenang.
Tjhelete e kenang le e tswang
“Ditlhoko” tseo dikgwebo di nang le tsona di “rekisetswa” bareki. Tjhelete e fumanwang phapanyetsanong ke yona e kenang ya kgwebo. 
Nakong ya tlhahiso ya ditlhoko, kgwebo e ba le ditshenyehelo tse itseng. Ditshenyehelo tsena di arolwa ka mekgwa ena e latelang:
Ditjeo tsa tlhahiso – peo, manyolo, dibolayakokwanyana tsa peo, meriana, kotulo le ditjeo tsa 
mmaraka.
Ditjeo tse ka hodimo – ditjeo tsa banka, tsa ofisi, tsa dibuka – le tsa makoloi.
Ditjeo tse tsitsitseng – dilaesense tsa makoloi, meputso ya basebetsi ba dinako tsohle, ho theoha ha boleng ba thepa, le ditjeo tsa inshorense. 
Ditjeo tsa ka ntle – tswala dikadimong, meputso ya manejara le rente ya ho hira masimo. 
Ditjeo kaofela ke ditshenyehelo ha di se di kopane. 
Phaello/tahlehelo
Phaello e lekana le tjhelete e kenang ha ho tloswa e tswileng.
E KENANG – E TSWILENG = PHAELLO/TAHLEHELO(I - E = P/L)
Kapa ho ya ka puo ya temo:
E KENANG – E TSWANG/DITSHENYEHELO = YOHLE E KENANG – DITSHENYEHELO TSE KA HODIMO & DITJEO TSE TSITSITSENG = E KENANG YA POLASI – DITJEO TSA KA NTLE = PHAELLO YA POLASI 
Baamohedi ba ditheko le diphephetso
Mosebetsing wa motheo, balemi ke baamohedi ba ditheko ho ya ka tjhelete e kenang le tjhelete tsa ditshenyeheo. Ka bobedi, e kenang le e tswang, di a eketseha ha nako e ntse e tsamaya, le hoja sena se etsahala mehatong e fapaneng. Nnete ke hore, J. Willemse o tlalehile ho Landbouweekblad ya 26 Hlakubele 2010 hore ka 2009, ha ho shejwa indasteri kaofela ya temo, tjhelete e kenang e eketsehile feela ka 2,6% selemong, ha e tswileng yona e eketsehile ka 8%. Diperesente tsena di fapana selemo le selemo, empa di baka se bitswang ho kgangwa ha ditheko. Ha ho shejwa dilemong tse ngata tse fetileng, ho kgangwa hona ha ditheko ho ka bontshwa setshwantshong sa 1. (Lenane la mehlodi: Willemse, J. 2010, Resessie sweepslag knyp Landbou. Landbouweekblad: 26 Hlakubele 2010).
Setshwantsho 1: Phaello, tahlehelo le ntlha ya tekatekano
 0+											 Ditjeo
									 Tahlehelo
								 			E kenang
R								 
 	Phaello
Ntlha ya tekatekano
 0 
Dilemo (Nako)
Haeba dintho di dula di le ka moo di etswang ka teng temong, di sa fetohe selemo le selemo, sekgeo pakeng tsa e kenang le e tswang se tla kwaleha, mme ho dula ho ntse ho eba boima ho etsa phaello. Leihlong la tsa ditjhelete, ho a hlokahala hore tsamaiso ya kgwebo ya polasi e tshwanetse ho dula e ntlafala ka nako tsohle hore katleho e fihlellwe ditjheleteng.
Hona ho ka etswa ka ho hlokomela ka dinako tsohle ho ntlafatsa tsamaiso ya dibaka tsohle tsa tsamaiso kgwebong ya temo. Sepheo e tshwanetse ho tsitlallela hore tjhelete e kenang e fete ya ditshenyehelo nakong e telele, jwalo ka ha bo bonahala setshwantshong sa 2. 
Setshwantsho sa 2: Phephetso
 0+ 
											E kenang
R								 
Phaello	Ditshenyehelo
 0 
Dilemo (Nako)
Ha se mosebetsi o bonolo hore manejara wa polasi a be le tshwaetso e ntle ha a sheba dintlha tse itseng tse leng ka nqane ho matla a hae. Ena ke phephetso e kgolo e shebaneng le manejara wa polasi. Re ka re motho o tshwanetse ka dinako tsohle ho sheba sekgahla sa ditjhelete mabapi le tjhelete e kenang le e tswang nthong e nngwe le e nngwe e etswang kapa e sa etswang kgwebong.
Qetelo
Qetellong, hore phaello e be teng, kgwebo ya polasi e tshwanetse ho qala ka ho fa bareki seo ba se hlokang. Ka mora moo, hore phaello e dule e tsitsitse, tsmaiso ya kgwebo ya polasi e tshwanetse ho dula e ntlafala ka dinako tsohle.
