

Calibration (Maize)									SESOTHO

Plantere e ka etswa metwa ya ho lekanya jwang?

Instructions:

Folio Strap: Metjhine

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe thutong ya Temo ya Konteraka



Mehato e latelang e tshwanetse ho nkuwa ha ho etswa metwa ya ho lekanya/metha plantereng:



Hlwaya dikarolo kaofela tsa plantere tse ka sothwang/tiiswa/lokollwa, tse lokelang ho ba le metwa ya ho lekanya (disprokete, e leng mabidi a nang le meno, di-gear le dipoleiti).

Fumana seo plantere e se etsang hajwale mabapi le peo le manyolo ho ya ka moo e setilweng ka teng hajwale.

Metha bolelele pakeng tsa dikarolwana tsa plantere e le hore o tsebe bophara ba mola – sena se tla o fa bokgoni ba ho ka tseba palo ya mela hekthareng ka nngwe. (Mohlala, ha eba sebaka se mahareng a mela e le 0,9 m, ho le teng 100 m bophareng ba hekthara e le nngwe. 100 m/0,9 m = 111 mela hekthareng ka nngwe).

Tshwaya sebaka sa 10 m.

Etsa bonnete hore ho teng peo le manyolo ka hara dihopper (etsa bonnete hore boholo ba peo ya ho metha e tlilo sebediswa ke bo loketseng dipoleiti tse kgethilweng – ke peo e le nngwe feela e tshwanetseng ho feta lesobeng la poleiti ka nako e le nngwe).

Tlamella mokotlana wa polasetike molomong wa peipi e tsamaisang manyolo e le hore o tshware manyolo a tla methwa hamorao.

Etsa hore terekere le plantere e tsamaye sebaka sa 10 m jwalo ka hoja ho lengwa (ka mantswe a mang, lebidi le tsamaisang la plantere le kenngwe tshebetsong le hoja dikarolwana tse amanang le mobu tsona di tla ba ka hodima mobu).

Peo:

Bala palo ya dipeo tse tswileng karolong ya 10 m.

Atisa sena ka 10 ho fumana seo o ka beng o se fihlelletse ho 100 m (o ntse o hopola hore hekthara ke 100 m x 100 m).

Jwale atisa palo eo ka palo ya mela ho 100 m (mohlaleng wa rona, mela e bile 0,9 m bophara, e leng se bolelang hore mela e bile 111 ho 100 m).

Mohlala, ho teng 100 g (0,1 kg) sebakeng se etsang 10 m. Sena se lekana le 1 000 g (1 kg) ho 100 m. Mela e 111 hekthareng x 1 000 = 1 110 g hekthara ka nngwe / 111 kg hekthara ka nngwe).

Ha eba karabo eo o e fumanang e le kgolo ho eo o e batlang, sotha di-sprokete (mabidi a meno) plantereng e le hore shafte e bidikolosang poleiti e potoloha butlenyana (kapa ho fetola maemo, ha eba o batla kilograma tse ngatanyana). 

Pheta tshebetso ena makgetlo a mangatanyana ho fihlela o fihlella sephetho seo o se batlang. 

Manyolo

Beha sekaleng ho fumana boima ba manyolo a bokelletsweng mokotleng sebaka sa 10 m.

Atisa sena ka 10 ho fumana seo o neng o tla se fumana ho 100 m (o ntse o hopola hore hekthare ke 100 m x 100 m)

Jwale atisa palo eo ka palo ya mela ho 100 m (mohlaleng wa rona, mela e bile 0,9 m bophara, e leng se bolelang hore mela e bile 111 ho 100 m).

Mohlala, ho teng 100 g (0,1 kg) sebakeng se etsang 10 m. Sena se lekana le 1 000 grams (1 kg) ho 100 m. Mela e 111 hekthareng, x 1 000 = 1110 grams hekthare ka nngwe / 111 kg hekthare ka nngwe.

Ha eba karabo eo o e fumanang e le kgolo ho eo o e batlang, lokisa disprokete plantareng e le hore shafte e bidikolosang poleiti e bidikolohe butlenyana. (Kapa ho fapana le hoo, ha eba o batla kilograma tse ngatanyana).

Pheta tshebetso ena makgetlo a mangatanyana ho fihlela o fihlella sephetho seo o se batlang. 





