

Calculate										Sesotho



Tseba ditjeho pele o jala 



Instructions: 

Folio strap: Tsamaiso

Byline: Tlhahisoleseding e nkilwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Selelekela tlhahisong ya soneblomo

 

Ho tshwanetse ho hopolwa hore sepheo sa temo ka kakaretso ke ho etsa phaello. Ditjhelete tse ngata di a hlokahala ho jala soneblomo, mme ditjeho tse kenellang tlhahisong ya soneblomo ke ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa tsamaisong ya temo ya dijothollo. 



Pele o jala dijothollo, ke taba ya bohlokwa ho tseba ditshenyehelo le hore tjhelete e bonahalang eka e tla kena ke e kae. Lemong sena ho bile le ho phahama ho matla ha disebediswa tsa temo mabapi le tlhahiso ya dijothollo, mme ho bohlokwa hore balemi ba je masapo a hloho hantle.

 

Phapang e tshwanetse ho etswa ho ya ka mekgahlelo e mmedi e fapaneng – ditjeho tse otlolohileng; kapa tse fetohang le tsa sehlooho kapa tse tsitsitseng.



Ditjeho tsa sehlooho

Tsena di amana le tsamaiso ya mosebetsi wa bolemi ka kakaretso – ke ditjeho tse ke keng tsa amahanngwa ka ho otloloha le ho lengwa ha sejothollo se itseng. Ditjeho tsena hangata di tswela pele ho sa kgathalatsehe nako ya selemo kapa ya sehla. Ditjeho tsena di kenyeletsa ho hlahlojwa ha dibuka, makgetho a banka, meputso ya kgwedi le kgwedi le ya nakwana, ho hulwa ha tjhelete bankeng, ditjeho tsa makoloi le tse sebediswang ho ngola (seteishenari). Ditjeho tsena di fapana haholo pakeng tsa molemi le molemi ho ya ka boholo ba polasi, botebo ba mobu le mokgwa le ditjeho tsa tsamaiso.



Ditjeho tse otlolohileng/tse fetofetohang

Ditjeho tsena ke tse amanang le ho lengwa ha dijothollo tse itseng ka ho otloloha. Ditjeho di kenyeletsa tse kang diesel, manyolo, peo, dikhemikhale, kotulo, mmaraka le mesebetsi e tshohang e entswe. Hangata, ditjeho tsena di bapiswa ho ya ka hekthara ho sa tsotellwe hore efe, le teng ho ya ka mofuta wa temo le bokgoni ba kuno ba sejothollo se rerilweng.

 

Ho hlokolosi hore ho etswe morero o nepahetseng wa ditjhelete pele ho ka jalwa sejothollo sefe kapa sefe. Ho molemo haholo ho lokisa le ho jala sebaka se senyane ka nepo e le hore o be le monyetla wa ho kotula. Dikotsi temong ya poone di phahame hoo ho se nang kelello ho itshohlometsaka feela le ho ipeha maemong a kotsi – maemo a lehodimo ha a fane ka bonnete ba taba hoo taba ya ho nka tsela e kgutshwanyane ya ho paroletsa e sa kgothaletsweng. Hangata ho teng ditjeho tse sa nahanweng ha ho rerwa taba ya ho jala sejothollo – tlase mona ke mohlala wa mekgwa ya ho phethola mobu e ka nnang ya hlokahala nakong ya tlhahiso ya dijothollo.



Mehato e hlokahalang: 

Ho ala kalaka;

Diski ya masimo;

Ho tabolwa ha masimo;

Mohoma wa tjhisele;

Mohoma;

Tokiso ya tshingwana ya peo;

Ho jala;

Ho fafatswa ha dibolayalehola le dibolayakokwanyana;

Ho alwa ha manyolo;

Ho lema;

Ho fafatswa ha tlatsetso ha dibolayalehola kapa dibolayakokwanyana;

Ho kotula; le

Teranseporoto (tsamaiso) ya dijothollo. 



Theibole ya 1: Mohlala wa ditjeho tse otlolohileng mabapi le ho lengwa ha soneblomo. (Sebedisa ditheko tsa moraorao tjena ho tseba maemo a jwale).





Foreisetata bohareng-ditjeho tsa tlhahiso tsa 2007/2008 le 2008/2009
 
 
 
 
 
 
 

 
Tekanyetso nakong ya 
 
Mphalane 2007
 
4 Hlakubele2008
 
 22 Mmesa 2008
 

 
 
 
2007/2008
 
2008/2009
 
2008/2009
 

 
 
 
 
 
 
 
 
 

 
Kuno e habilweng (ditone/ha) 
 
1,50
 
1,50
 
1,50
 

 
 
 
 
 
 
 
 
 

 
Ditjeho tse otlolohileng (R/ha) 
 
 
 
 
 
 
 

 
Peo
 
144,00
 
165,60
 
165,60
 

 
Manyolo
 
744,50
 
1 181,35
 
1 411,65
 

 
Kalaka
 
140,53
 
140,53
 
140,53
 

 
Mafura
 
439,31
 
586,41
 
719,36
 

 
Ditokiso
 
328,91
 
328,91
 
328,91
 

 
Dibolayalehola
 
132,32
 
272,00
 
272,00
 

 
Dibolayakokwanyana
 
51,72
 
54,90
 
54,90
 

 
Inshorense ya tse sebediswang
 
81,90
 
157,37
 
157,37
 

 
Difate tse tshireletsang
 
96,96
 
145,00
 
162,78
 

 
Kotulo
 
 
 
 
 
 
 

 
Inshorense ya dijothollo 
 
159,60
 
306,66
 
306,66
 

 
Tswala ditjehong tsa tlhahiso 
 
129,99
 
233,66
 
269,68
 

 
Kaofela ditjeho tse otlolohileng (R/ha) 
 
2 449,74
 
3 572,39
 
3 989,44
 

 
 
 
 
 
 
 
 
 

 
Kaofela ditjeho tsa sehlooho (R/ha) 
 
1 106,83
 
1 244,63
 
1 244,63
 

 
 
 
 
 
 
 
 
 

 
Kaofela ditjeho tsa tlhahiso pele ho mmaraka 
 
3 556,57
 
4 817,02
 
5 234,07
 

 


Theibole ya 2: Kuno e kgonahalang le tjhelete e kenang/ha dithekong tse fapaneng/tone.




 
R 3 250/t
 
R3 500/t
 
R3 750/t
 
R4 000/t
 
R4 250/t
 
R4 500/t
 

 
1,00
 
R3 250
 
R3 500
 
R3 750
 
R4 000
 
R4 250
 
R4 500
 

 
1,50
 
R4 875
 
R5 250
 
R5 625
 
R6 000
 
R6 375
 
R6 750
 

 
2,00
 
R6 500
 
R7 000
 
R7 500
 
R8 000
 
R8 500
 
R9 000
 

 


Mohatong ona, tlhahiso ya soneblomo e ntle haholo – shebisisa, o bone ha eba mohlomong o tshwanetse ho jala soneblomo ho ena le mefuta e meng ya dijothollo e hlahiswang lebatoweng la heno. 

