Business (Maize) 									SESOTHO

Se hlokahalang ho kganna kgwebo

Instructions:

Folio Strap: Tsamaiso

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso, Tsamaiso ya Temo mabapi le Phaello, e ngotsweng ke Marius Greyling.



Ho bokella lenane la tse hlokahalang mabapi le ho kganna kgwebo e ne e tla ba taba e batsi haholo ya lenane le fapaneng haholo. Ditlhoko kapa mehlodi ke dintho tse susumetswang ke dintlha tse kang mofuta wa kgwebo, boholo, nako, jj.

Kgwebo ya temo yona e tla kenyeletsa ditlhoko tse kang masimo, makgulo, matlo, ntlo eo ho sebeletswang ho yona, moo ho hamelwang teng, disebediswa tsa ho nosetsa, makoloi, metjhine, diterekere, dithuluse tsa ho sebetsa, mosebetsi kapa basebetsi, tjhelete le bomanejara. Ka kakaretso, mehlodi ena e hlokahalang e ka behwa tlasa dihloho tse kang tsamaiso, naha, tjhelete ya ho simolla (capital) le mosebetsi.

Mehlodi e boletsweng (e boetse e tsejwa e le “dintlha tsa tlhahiso”) ke tsena:

Naha – e kenyeletsa masimo, thota, makgulo, meaho hammoho le tse ding tse hlonngweng jwalo ka masaka, dikiri (ditshireletsi), matlo a diphoofolo le terata e potapotileng (fence).

Tjhelete ya ho simolla – e leng tjhelete e bonwang ka mahlo hammoho le maruo a mang a kang makoloi, diterekere, dinku le dikgomo.

Mosebetsi – e leng batho ba sebetsang polasing tlasa ditaelo tsa manejara/monga polasi.

Tsamaiso – motho kapa batho ba etsang diqeto mabapi le tsamaiso ya kgwebo.



Ntle le mosebetsi (ka ha o sitwa ho ba thepa ya kgwebo), dintlha tse ding tsa tlhahiso le tsohle tse kenyelletswang moo, e ka nna ya eba thepa ya kgwebo, kapa di ka adingwa kapa tsa hirwa ho ba bang. Ha naha, tjhelete ya ho simolla hammoho le tsamaiso, di adingwa kapa di hiriswa, dintlha tsa tlhahiso di nkuwa e le dintlha tsa ka ntle. Ntlha ke ya e mong osele kapa ba bang basele. E mong osele kapa monga thepa o tshwanetse ho lefuwa mabapi le ntlha ya hae e sebedisitsweng – ka mantswe a mang, ho teng tjeo kapa tshenyehelo e amehang. Ditshenyehelo di bitswa ditshenyehelo/ditjeo tsa dintlha tse ka ntle, mme ka ho qolleha di bitswa:

Tse hirwang – ditefello tsa ho sebedisa masimo a ka ntle hammoho le thepa e nngwe;

Tswala – ditefello tsa ho sebedisa tjhelete e ka ntle kapa e adimilweng; hammoho le

Moputso – ditefello tsa ho sebedisa tsamaiso ya ka ntle.



Ela hloko hore mosebetsi, le hoja o ke ke wa tadingwa e le wa kgwebo, ha o tadingwe e le ntlha ya ka ntle. Ka baka lena, ditjeo tse kenyeletswang e le ditefello tsa mosebetsi – meputso hammoho le tsohle tse kenyeletswang ha se ditshenyehelo tsa ntlha ya ka ntle. Mosebetsi o tadingwa e le ditshenyehelo tse tlwaelehileng tsa tlhahiso ka kakaretso. Mosebeletsi o fana ka bokgoni ba seo a ka se etsang ka matsoho kapa kwetliso kapa tsebo. Tsena ke tseo a di tlisang kgwebong, mme o lefuwa mabapi le tsona. 

