Bio-ethanol									Sesotho

Bio ethanol – ho etsahala eng sedikadikweng sa dipolotike?



Instructions:

Folio Strap: Bio ethanol

Byline: Jenny Matthews, modulasetulo wa lenaneo la ntshetsopele ya molemi la Grain SA



Ha eba o ne o ntse o etse hloko ntshetsopele ya moralo wa tshebetso e shebaneng le dipuisano mabapi le biofuels (mafura a entsweng ka dimela), o tla tseba hore ho teng pelaelo mabapi le tshebediso ya poone, mohlodi wa bohlokwa wa dijo, tsebedisong ya yona ho etsa mafura! Ka nako e le nngwe ho teng maikutlo a tswalwang ke dipatlisiso tsa ba bang ba dumelang hore poone indastering ya ethanol e ka nna ya ba le sekgahla se setle tshireletsong ya dijo.



Balemi ba poone ba shebane le ho fetofetoha ho matla tjheleteng e lefuwang dihlahiswa tsa bona, e leng se itshetlehileng tabeng ya hore kotulo ya bona e tla ba e atlehileng kapa tjhe. E bile nakong ya tlhahiso e phahameng ya poone moo theko ya poone e ileng ya theoha haholo dihleng tse pedi tse fetileng, mme sena se ile sa thefula bahlahisi hoo ba ileng ba simolla ho batlana le mebaraka e metjha ya dijothollo tsa bona.



Wessel Lemmer, moikonomi ya ka sehloohong wa Grain SA o boletse hore Afrika Borwa e hlahisa ditone tsa dimilione tse 8,6 tsa poone ka selemo, le hoja e na le bokgoni ba ho hlahisa ditone tsa dimilione tse 12. Ke dihekthara tse fetang milione tsa mobu o ituletseng feela, ka baka la mebaraka e fokolang nakong ya dilemo tse mashome a mabedi tse fetileng. Balemi ba ile ba tlameha ho mamella ditjeo tse phahamang ka sekgahla mabapi le tseo ba di sebedisang masimong kgahlanong le theko e sa tsitsang, e fetofetohang, ya poone, e leng e bakang hore tlhahiso ya poone e fetohe tshebetso e sa tshireletsehang. “Ha eba re ena le mmaraka wa ditone tsa dimilione tse tharo tse ka kgonehang,” o bontshitse jwalo, “re etsa diphehiso tse kgolohadi kgolong ya ikonomi naheng ena.”



Empa ho sa boetse ho teng ba bang ba tshabang ho sebedisa poone e le mohlodi o o le mong feela o ka sebediswang wa eneji, ba bonang sena e le mokgwa o ka nnang wa phahamisa ditheko tsa dijo tse jewang haholo letsatsi le letsatsi, le ho beha tshireletso ya dijo ka mosing setjhabeng se itshetlehileng ka poone jwalo ka dijo tsa motheo bathong ba sona. Nakong ya Phupu 2007, letona la Saense le Theknoloji, Mosibudi Mangena, o boletse hore basebetsi ba mmuso ba ile ba qalella ho ipelaetsa ka bohlale ba ho sebedisa poone e le mohlodi wa sehlooho wa eneji e ntjhafatswang. Tse ding tsa dipotso tse botsitsweng e bile: “Ha re kena tlhahisong ya ethanol ka tswekere le poone, sena se tla bolela eng mabapi le tshireletso dijong?” o boletse jwalo.



Kgweding ya Phato, mmusisi wa banka ya bohareng ya Afrika Borwa, Tito Mboweni, o entse tlhokomediso ya hore tshekamelo ya lefatshe ya ho sebedisa poone e le mohlodi wa ethanol e bakile hore ditheko tsa poone di phahame haholo. O eleditse mmuso hore le hoja re lemoha bohlokwa ba ho hlahisa mafura a biofuel, ho tshwenyeha ha hae ke poone-ho-etsa-ethanol, mme a ikutlwa hore tsela e tshwanetseng ho latelwa ke ya tswekere-ho-etsa-ethanol.



Grain SA hammoho le ba Chamber ya Agribusiness, ba Khansele ya Mmaraka wa Naha ho tsa Temo hammoho le baemedi ba Mokgatlo wa Biofuels wa Afrika Borwa, kapa SA Biofuels Association (SABA), ba ile ba kopana le Monghadi Mboweni moo ba ileng ba teka raporoto e bontshang tshwaetso e ntle eo poone-ho-etsa-ethanol e ka bang le yona tlhahisong ya poone le tshireletsong ya dijo.



Andrew Makenete, mopresidente wa SABA, o dumela hore indasteri ya biofuels e fana ka menyetla ho ya ka mabaka a mangata. E tla hohela matsete dibakeng tsa mahaeng le ho kgothaletsa ntshetsopele e batlehang haholo ya temo, e tla ba le sekgahla se setle baleming ba ntseng ba thuthuha naheng ena. SABA e dumellana le Afrika Borwa mabapi le mokgwa wa pokello ya dijo tse ngata tsa diphoofolo o tla kenyeletsa eseng feela poone empa le lehlaka la mmoba, bete ya tswekere (sugar beet), mabele a tswekere le a dijothollo, hara tse ding.



Polelo e nngwe e tshehetsang indasteri ya poone-ho-etsa-ethanol ke ya Kobus Lindeque, MD wa Monsanto boemeding ba Afrika e lebatoweng la Sahara e tlase. O dumela hore projeke efe kapa efe ya poone-ho-etsa-ethanol ka tlhoko e kgolo ya yona ya poone e tla fana ka monyetla o phethahetseng wa hore mmuso o behe balemi ba batsho mapolasing e le karolo ya leano la ntjhafatso ya naha.



Ka mora tiehiso e telele, mmuso o phatlaladitse Leqheka la ona la Biofuels e sa le pele kgweding ya Tshitwe 2007. Mona ho latela tse ding tsa diqotso:

“Phetoho e kgolo leqhekeng la ho thakgola ke ho amohela ponelopele ya nako e kgutshwane (dilemo tse 5 tsa teko) ho fihlella 2% ya mehato ya ho kenella ha biofuel phepelong ya mafura a metsi (sephalli) boemong ba naha, kapa dilithara tse dimilione tse 400 ka selemo. Tebello e se e hlahlobisitswe hape ho tloha diperesenteng tse 4,5, e leng tse neng di lebelletswe tshimolohong tokomaneng ya moralo. Dijothollo tse latelang ke tseo ho entsweng tlhahiso ka tsona mabapi le tlhahiso ya biofuels naheng: mabapi le bio-ethanol ke lehlaka la tswekere le bete ya tswekere (sugar beet), mme bakeng sa biodiesel ke soneblomo, canola le dinawa tsa soya. Ho teelwa ka thoko ha dijothollo tse ding tse kang poone le Jatropha ho etswa ka baka la tshabo mabapi le tshireletso ya dijo. Phuputso e tswelang pele e sa hlokahala ho beha tekong tshebediso ya tsena naheng ya rona.



“Palo ya batsetedi ba bangata e se e hlahisitse thahasello ntshetsopeleng ya biofuels. Beng ba indasteri ya tswekere ba se ntse ba hlahisa bio-ethanol mabapi le mebaraka e romellang ka ntle dihlahiswa tsa alkhohol, mme ba ntshetsa pele mafura a ethanol dinaheng tsa boahelani. Bahlahisi ba bang ba poone, tshebedisanong le batsetedi ba poraevete, ba se ba hlahisitse maikemisetso a bona a ho aha ditsha tsa tlhahiso ya ethanol e etswang ka poone. Sena se ile sa kgikgiritsa ka baka la ho se be le bonnete bo hlakileng mabapi le melawana hammoho le tse ka ba fang mafolofolo, hape le ka baka la ho phahama ho hoholo ha ha theko ya poone ya lehae le ya matjhaba. Ho phahama ha theko ya poone ho bile teng haholoholo ka baka la U.S.A. e hlahisang diperesente tse batlang di etsa 50 tsa poone ya lefatshe, e leng moo e sebedisang 25% ya dijothollo tsa yona ho etsa ethanol, hammoho le phokotsehong e yang butlebutle tshehetsong ya tsa temo tse romellwang ka ntle. Ditheko tsa poone tsa matjhaba di a eketseha, mme tlhokeho ya dijo tsa motheo tse jewang ke batho ba bangata Mexico, tse neng di hokahane ka ho otloloha le matsete a biofuels, di entse hore Afrika Borwa e qhelele ka thoko poone mehatong ya yona ya mathomo ntshetsopeleng ya biofuels”.



Ka kakaretso, mmuso o hlahisitse ho tshwenyeha ha ona mabapi le tshireletso ya dijo ha o ne o etsa phatlalatso ya qeto ya ona ho tlosa poone lenaneng la dijothollo tse ka sebediswang mehatong e simollang ya maqheka ao e sa leng a lebelletswe a biofuels, empa leqheka la jwale ke le ntseng le kgothalletsa tlhahiso ya biofuels ka 2013.



Letona Lulu Xingwana, le ile la mema ba Grain SA, mme ka mora moo ho ile ha phatlalatswa taba ena e latelang:



Mamati a ntse a butswe mabapi le tlhahiso ya ethanol e tswang pooneng 

Ka baka la memo e tswang letoneng la Temo le Ditaba tsa Naha, mofumahatsana Lulu Xingwana, puisano e bile teng ka Labone la la 13 Tshitwe 2007, pakeng tsa lefapha la hae, Grain SA, Agri SA le NAFU. Puisano e ile ya beha maikutlo qetong ya Khabinete ya ho qhelela ka tholo poone leqhekeng la indasteri ya tlhahiso ya biofuels. O ile a tsebisa kopano hore qeto ya khabinete e ne e theilwe ho tshwenyeheng ha yona hore ho ke ke ha eba teng poone e lekaneng e tla sebediswa ho fepela indasteri ya biofuels, e leng se ka behang tshireletso ya dijo ka mosing.



O tswetse pele a re ha se sepheo sa khabinete ho teela poone ka thoko ha eba e ka hlahiswa e le ngata ho feta ditlhoko tsa naha, le hore ho sa ntse ho ena le kgonahalo ya ho tswela pele ka dipuisano mabapi le sena le letona la Diminerale le Eneji, mofumahatsana Buyelwa Sonjica hammoho le khabinete. Dipatlisiso tsa tlatsetso tsa komiti e kgethilweng mabapi le biofuels di tiisitse maikutlo a khabinete, ha feela Afrika Borwa e ka hlahisa poone e ngata ho feta ditlhoko tsa naha.



Ho ntshetsa pele tshebetso mohatong ona, ke boikarabelo ba indasteri ho hlahisa poone e ngata e le ho teka pela letona mabaka a hlokahalang ho ka kgodisa khabinete ho kenyeletsa poone leqhekeng la indasteri ya biofuels. Lebaka le bohlokwa ka ho fetisisa le tshwanetseng ho totobatswa ke hore ho thehwa ha mebaraka e metjha ya tlhahiso e fetang ditlhoko tse teng hajwale, ho tla ba le sekgahla se setle mabapi le tshireletso ya dijo. 







 

