Barley (Wheat)									Sesotho
Kotulo ya kgarese sekemeng sa nosetso sa Taung
Folio strap: Kotulo ya kgarese
Byline: Johannes Kokome, Manejara wa tlhahiso ya kgarese Thitelong ya Afrika Borwa Taung
2010 e bile selemo sa diphephetso mabapi le ho jalwa ha Kgarese Sekemeng sa Nosetso sa Taung. Diphephetso tse fapaneng ho ile ha kopanwa le tsona, hara tse ding, ho kenngwa ha mefuta ya sepiriti, serame le mohatsela tse bileng teng ho fihlela ka Loetse, dipula tse neleng, sefako le ho phetholwa ho honyane ha mobu.
Ho kenngwa ha sepiriti, mofuta o motjha Sekemeng sa Nosetso Taung, e bile phephetso e kgolo. Sepiriti se iponahaditse hore ke mofuta o hlahisang ditone tse hodimo haholo. Nalaneng ya ho jalwa ha kgarese Taung, sepiriti ke mofuta wa pele o hlahisitseng ditone tse hlahisitsweng selemong se ka pele. Ho bile teng masimo a kgonneng ho hlahisa 7,9 ditone hekthara ka nngwe. Ha e ne e se ka baka la diphephetso tse boletsweng, sepiriti se ka be se bontshitse molemo wa sona. Bothata e bile ho sefuwa le nitrojene tse neng di se maemong a SABM. Hona ho bontshitse kgatelopele ditoneng tsa kgarese haesale se kenngwa Sekemeng sa Nosetso Taung ka 1981.
2010 e bile selemo se ileng sa hlaselwa ke serame/lehlwa. Mohatsela le serame di nnile tsa tswela pele ho fihlela ka Mphalane. Hona ho bolela hore serame se amme kgarese mehatong e fapaneng, ho tloha mohatong wa ho etsa dikotola, wa ho etsa dipalesa, ho fihlela ha e se e batla e butswitse. Hona ho amme kgarese hampe. Maemo a tlelaemete a bohlokwa haholo ho jalweng ha kgarese. Ho bile teng 1, 129 ditone, tseo ho tsona nitrojene e bileng tlasa 1,35, e leng e bileng maemong a amohelehang a SABM. Selemong se fetileng 33 ditone di ile tsa rekiswa e le tse sefuweng. 
Pula e ngata haholo e ka ama boleng ba kgarese. Nakong ya kotulo ka 2010 e bile hape nako ya dipula tsa hlabula. Kotulo ya kgarese e simollotse ka Pudungwana 8 le ka Pudungwana 12, dipula tsa hlabula tsa qala ho na. Ka nako eo, kgarese e nyane e ile ya kotulwa. Masimo a neng a sa kotulwa a ile a tshwarwa ke dipula, mme a kopana le ho bitswang “ho mela pele ho nako” (pre-germination). Le ha ho le jwalo, SABMe ile ya etsa diphuputso mabapi le ka moo bona hammoho le balemi ba ka thusanang ka teng le ka moo ba ka sebedisang kgarese ena molemong wa bona ka teng.
Tlhaselo ya serame e ka fokotsa tlhahiso le kotulo. Dihekthara tse ka bang 140 di ile tsa angwa ke serame. Serame se ile sa hlasela makgetlo a mararo a latelanang. Ho ya ka dikhamphane tsa inshorense, tshenyo e bile pakeng tsa diperesente tse hlano le mashome a mane. Hona ho bontsha mohato wa tshenyo le hore o bile jwang kunong. Masimo a tsejwang a hlahisa ditone tse pakeng tsa tse tsheletseng le tse supileng hekthara ka nngwe, a kgonne feela ho hlahisa ditone tse 4,9 hekthara ka nngwe. 
Ho bile bohlokwa ho fumana ditsela tsa ho fokotsa ditjeo tsa disebediswa ka baka la maemo a infoleishene. Ka baka lena, ho bile molemo ho sebedisa mokgwa wa ho phetholwa ho honyane ha mobu. Mokgwa ona ke wa phokotso ya disebediswa tsa ho lema - o tswela pele ka mesebetsi e mengata ka nako e le nngwe. Ka mokgwa ona o ka kgaola, wa jala le ho kenya manyolo ka nako e le nngwe. Ho sebedisa mokgwa ona ho a kgonahala ho hlahisa 6,8 ditone hekthara ka nngwe dihekthareng tse lekgolo le mashome a mabedi. 
Selemong sena, balemi ba shebane le diphephetso tse ngata tseo ba ithutileng tse ngata ho tsona. Kotulong, ditone tse 3 688 e bile tsa furu. 
