Assets (Maize) 							SESOTHO



Tsa boleng le tsa merwalo – o di ruile kapa di fetohile morwalo?



Instructions:

Folio Strap: Keketso ya boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 



Jwalo ka rakgwebo le mohlahisi, o tlamehile ho ba le statemente se hlakileng sa thepa ya hao ya boleng le thepa ya tsa merwalo. O ruile dife, mme tseo e leng morwalo ke dife?



Bolemi ke kgwebo, mme bolemi ka dijothollo bo kenyeletsa ditjhelete tse ngata.

Hangata mohlahisi o tlameha ho etsa kadimo ya tse ding kapa ya tsohle tse sebediswang mobung.

Mekgatlo e adimisanang e tlamehile ho ba le setshwantsho se phethahetseng sa kgwebo tsa bahlahisi – e tlamehile ho tseba dintlha tse nepahetseng tsa thepa yohle e nang le boleng (boleng bo etswe ka mokgwa o kgodisang) hammoho le yohle eo e leng morwalo. Hangata bahlahisi ba tshaba ho totobatsa dintlha tsena, empa mekgatlo e adimanang ka tjhelete e kgona ho fihlella direkoto kaofela tsa ditjhelete (jwalo ka ha ho boletswe Molaong wa Credit), mme ha o sa bolele nnete yohle, mekgatlo ena e tla iphumanela dintlha tsena, mme ka hoo, o tla be o lahlehetswe ke seriti sa hao hammoho le monyetla o kgonahalang wa ho adingwa tjhelete.

Ha eba o tshwanela ho ba sehwai sa mmakgonthe o tlamehile ho ema hantle lehlakoreng la dikadimo tsohle tsa hao – totobatsa setshwantsho sohle sa maemo a ditaba, mme o dumelle bao ba nang le tsebo e hlokahalang ya ditjhelete ho o thusa.



Registara ya Thepa ya boleng le Morwalo wa Thepa 



Thepa ya boleng

 
 

 
Mobu
 

 

 

 
 
 

 
Diterekere le disebediswa tsa masimong
 

 

 

 

 

 
Mehlape
 

 

 

 

 

 
Ba kolotwang 
 

 

 

 

 

 
 KAOFELA THEPA YA BOLENG


 

 

 


Merwalo

 
 

 
Merwalo ya nako e telele 
 
 
 

 

 
 
 

 
Merwalo ya nako e mahareng
 
 
 

 

 
 
 

 
Agribusiness
 

 

 

 

 

 
Akhaonto ya Banka 
 

 

 

 

 

 
KAOFELA MERWALO


 

 

 


 



