Activities (Maize)								SESOTHO



Mesebetsi ya polasi – o leka ho etsa eng?



Instructions: 

Folio Strap: Tsamaiso

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 



Mohlomong mabaka a mangata hobaneng o batla ho sebedisa masimo ao o nang le ona. Takatso ya hao ya bolemi e ka nna ya eba takatso ya:



Ho hlahisa dijo tsa ba lelapa;

Ho kenya tjhelete; le

Ho sebedisa mobu o fumanehang wa temo.



Bolemi bo fupere tlhahiso ya dijo le tshwele. Hore o be sehwai se atlehileng, ho tla hlokahala kutlwisiso e ntle ya dimela, diphoofolo, metjhine le tsamaiso.



Dimela 

Dikarolo tse fapaneng tsa dimela di ka sebediswa molemong wa kgwebo – metso (jwalo ka dihweteng), mahlaku (jwalo ka khabetjheng), tholwana (perekisi) kapa peo (pooneng). Dimela di ka nna tsa sebediswa ka ho otloloha ke batho kapa diphoofolo, kapa dihlahiswa di ka nna tsa sebetswa ka metjhine tsa nka sebopeho se seng. Ho teng mefuta e fapaneng ya dijothollo tsa dimela e ka hlahiswang ka sepheo sa kgwebo: 

Dijothollo, mohlala, poone, soneblomo, mabale, matokomane le dinawa tsa soya;

Meroho, mohlala, ditapole, tamati, dihwete, eie le bete;

Ditholwana, mohlala, citrus – dilamune, dilemone le dinareki;

Ditholwana tsa deciduous – diapole, ditjheri, diperekisi le diapolekose;

Makgulo, mohlala, Eragrostis, Smutsvingergras, Lesere le Seradella;

Tse nowang, mohlala, tee le kofi;

Tshwele, mohlala, khotone le flax; le

Kwae.



Motheong, dimela di hloka mobu, metsi, motjheso, kganya le menontsha hore di hole. Nakong ya mohato wa kgolo, dimela di na le metso, dikutu le mahlaku. Tsena di sebetsa jwalo ka feme ho thusa semela ho hlahisa peo (mabapi le boikatiso).



Diphoofolo

Mefuta e fapaneng ya diphoofolo e bolokilwe e le mohlodi wa:

Lebese (dipodi tsa lebese kapa kgomo tsa lebese);

Nama (kgomo tsa nama, dinku le dipodi tsa nama, tse beswang);

Tshwele (nku tsa boya, dipodi tsa Angora);

Matlalo le matlalo pele a suuwa) nku tsa Karakule);

Mahe (kgoho tse behelang); le

Tse panwang (dipere, ditonki le dipholo).



Ruri diphoofolo di sebetsa jwalo ka fekteri e nyane, ka ho fetola tseo di di jang (tseo hangata di hlahiswang polasing) ho di fetolela ho tseo di boloketsweng hona (nama,lebese, boya, j.j.). Motheong, boholo ba mosebetsi wa polasing bo tshwanetse ho shebana le tlhahiso ya dijo tsa phoofolo (mohlala, molemi ya sebetsang ka nama ya kgomo a ka tadingwa e le mohlahisi wa jwang, hobane ntle ho jwang, o sitwa ho hlahisa nama ya kgomo eo a ka e rekisang).



A itshetlehile ka dintlha tse fapaneng jwalo ka mofuta wa bohwebi ba hae, tlelaemete, tseo a ikgethelang tsona, mmaraka wa selehae, j.j., molemi o tlamehile ho etsa qeto mabapi le hore ke diphoofolo dife tseo a batlang ho ba le tsona. Kgetho ya hae e kenyelletsa:

Dikgomo – lebese, nama kapa ka bobedi;

Dinku – nama, boya kapa ka bobedi;

Dipodi – lebese, Angora kapa boer-goat;

Dikgoho – tse behelang kapa tse beswang; le

Dipere le ditonki – haholoholo mabapile ho panwa.



Metjhine

Ho etsa mosebetsi kaofela wa polasing ka matsoho e ka ba taba e boima, e kgathatsang. Mesebetsi ya metjhine e reretswe ho eketsa bokgoni – ho etsa dintho ka potlako le ka mokgwa o hlwahlwa.



Mohlodi wa matla a ho hula e ka ba dipholo, dipere kapa diterekere. Tsena di ka sebedisetswa ho hula disebediswa nakong ya ho phethola mobu, ho jala dimela, ho laola mahola, ho kotula dijothollo kapa teranseporoto. Kgetho ya tse hulang e tla laolwa feela ke tseo molemi a nang le tsona hammoho le boholo le mofuta wa masimo ao a a sebetsang.



Tsamaiso 

Tsamaiso e ka hlaloswa e le ho kopanngwa ha mehlodi kaofela eo molemi a nang le yona (masimo, dimela,diphoofolo, metjhine le tjhelete) e le hore a fihlelle sepheo sa tlhahiso ya dijo, ya tjhelete kapa tshebediso ya masimo. 



Hore bohwebi bo kgone ho tswela pele, mehlodi kaofela e tshwanetse ho sebediswa ka matla – tsena di kenyelletsa tjhelete, batho, masimo, dimela, diphoofolo, metjhine le mebaraka.



Tsamaiso ditjheleteng le ho bolokwa ha direkoto ke ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa tsamaisong ya bolemi, mme sena se tshwanetse ho etswa kgafetsa le ka hloko e kgolo. Ha eba o sa etse phaello temong ya hao, sena se bolela hore o ka nna wa sitwa ho tswela pele ka bolemi nako e telele, ntle le ha eba o na le mehlodi e meng ya tjhelete eo o ka tshehetsang temo ya hao ka yona.



Ako iphe nako ya ho thuisa dipotso tse tlase mona – Ipotse potso ka nngwe, mme o ikarabe ka nnete. Ha eba o sa hlakelwa ke seo o lekang ho se fihlella, menyetla e teng ke ya hore o ka iphumana o le ka mosing – ha o sa tsebe moo o yang, o tla sitwa ho fihla moo o rerileng ho fihla!



Tse lokelang ho elwa hloko 

Tse latelang mona di lokela ho elwa hloko pele ho etswa qeto ya hore ke dijothollo dife tse lokelang ho jalwa, ke diphoofolo dife tse lokelang ho ruuwa kapa ke dife tse ka etswang mmoho.



Tse lebelletsweng ke molemi

Hobaneng o le molemi?

Na polasi ke yona feela mohlodi wa hao wa tjhelete?

Ke batho ba bakae ba tla tshwanela ho dula polasing?

Na ke wena ya tla etsa mosebetsi kaofela?

Na tse hlahiswang di tla sebedisetswa wena feela kapa di tla rekiswa?

Na o na le takatso e itseng ya tlhaho mabapi le mosebetsi/morero o itseng?

Ke phaello efe eo o tla e labella boleming ba hao?

Na o hloka kwetliso e le ho ntlafatsa tsebo le bokgoni bo amanang le bolemi?



Kgiro ya masimo

Hobaneng ha kgiro e tshireletsehileng ya mobu e le bohlokwa?

Na o na le katamelo ya semolao masimong?

O ka fumana masimo jwang?

Na ke masimo a hao?

Na o setho sa sehlopha se ruileng masimo?

Ha eba o setho sa sehlopha, sehlopha se ngodisitswe e le sa eng?

Na o na le molaotheo / lengolo le tiisitsweng (trust deed) le laolang kamano pakeng tsa ditho tsa sehlopha?

Na ho teng ditho tsa sehlopha tse seng di sa kena boleming?

Ho etsahala eng ha ditho tseo tse seng di sa etse letho di kgutlela boleming?

Na o na le tumello ya ho sebedisa masimo a setjhaba?

Na o na le tumello ya semolao ya kgirisetso?

Nako ya kgirisetso ke e kae?



Boholo ba masimo

Ke dihekthara tse kae tseo o ka di sebedisang? 

Ke dihekthara tse kae tsa makgulo a tlhaho?

Ke dihekthara tse kae tsa makgulo a kgethilweng?

Ke dihekthara tse kae tsa mobu o ka lengwang?

Ke dihekthara tse kae tsa mobu o nosetswang?

Bokgoni kaofela bo ka jarwang ke polasi ke bo bokae?



Ho fumana masimo

Na masimo a ka fihlellwa ha bonolo ka tsela?

Ha eba o hlahisa ntho e boima (dijothollo kapa meroho e mengata), na dilori (makoloi) a tla kgona ho tsamaisa thepa? 

Na masimo a haufi le sebaka sa bodulo moo boshodu e ka nnang ya eba qaka?

Na masimo a tshireleditswe hantle ka terata?



Mefuta ya mobu

O na le mefuta efe ya mobu?

Bongata ba letsopa ke bo bokae/

Botebo ba mobu ke bofe?

Motheo (ho sekama) wa mobu ke ojwang?



Pula

O lebelletse pula e kae selemong?

O lebelletse pula neng?

Ke kgweding dife moo hangata e leng komello?



Themphereitjhara

Na sebaka sa hao se ba le serame mariha?

O lebelletse serame sa pele sa selemo neng?

O tla lebella seramo sa ho qetela sa selemo neng?



Ho fumana metjhining

Na o na le diterekere le disebediswa?

Na o ka hira terekere le disebediswa ha eba ha o na tsona?

Na sesebediswa seo o hopotseng ho se hira se ka fumaneha ha o se hloka, kapa o tla ema moleng ha sehla se ntse se tsamaya?

Ho hira sesebediswa ho tla ja bokae?



Ho fumana mebarakeng

Na o na le mmaraka wa sehlahiswa seo o hopotseng ho se hlahisa?

Ke bomang bareki ba sehlahiswa sa hao?

Na o na le kgokahano le bareki?

Theko ya jwale ke bokae ya sehlahiswa seo o hopotseng ho se hlahisa?

Dihlahiswa tsa hao o tla di fihlisa jwang mmarakeng?

Na o utlwisisa boemo ba boleng ba tseo o batlang ho di hlahisa?

Na o na le boiphihlelo ka dikonteraka tsa mmaraka?



Metsi a ho nosetsa

Na o na le metsi a ka sebediswang ho nosetsa?

Na o se o ingodisitse le lekgotla la selehae la metsi hore o kgone ho sebedisa metsi?

Ke metsi a makae ao o ka a sebedisang?

O ingodisitse ho nosetsa boholo bo bokae ba masimo?

Ha eba o sebedisa metsi a boro, na boro ya hao e ngodisitswe?

Mothamo wa boro ya hao ke o mokae?

Ditlhoko tsa metsi tsa dijothollo tseo o di hlahisang ke dife?



Mehlodi ya tjhelete

O rerile ho jala eng?

Na o tseba hore ditjeo tse otlolohileng hekthara ka nngwe e tla ba bokae (diesel, peo, manyolo, dibolayalehola, dibolayakokwanyana, inshorense ya dijothollo)?

Na o tseba hore ditjeo tsa sehlooho ke bokae ka selemo (motlakase, tswala, meputso le ditefo tsa nakwana, ditokiso, tlhokomelo, j.j.)?

Na o tshwere tjhelete e ka nnang ya batlahala?

Na o entse kopo ya tjhelete ya kadimo?

Tswala tjheleteng ya kadimo ke bokae?

Tjhelete e tla fumaneha neng?

Ho ya ka palohare ya kuno, na o tla kgona ho etsa phaello?

O tla kgona ho qhoba jwang ho fihlela dijothollo di kotulwa?



Teranseporoto

Na o na le teranseporoto ya ho tlisa thepa ya hao polasing?

Na o na le teranseporoto ya ho isa dihlahiswa mmarakeng ho tloha polasing?

Ditjeo tsa teranseporoto ke bokae?

Na o kenyelleditse ditjeo tsena moralong/morerong wa hao?



Tse sebediswang mobung

Na o tseba hore ke disebediswa dife tse hlokahalang ho hlahisa dihlahiswa?

Disebediswa tsena o ka di reka hokae?

O tla tsamaisa disebediswa tsena jwang ka teranseporoto?

Theko ya dihlahiswa tsena ke bokae papisong le bafepedi (suppliers) ba bang?

Na o tseba hore ke bongata bo bokae ba sesebediswa ka seng boo o tla bo hloka?

Na o hlophisitse ditaba tsa hao hantle?



Bohaufi le lehae

O dula bohole bo bokae le masimo ao o a sebetsang?

Ke kgafetsa hakae o tla kgona ho finyella masimong?

Na ho tla ba teng motho ya ikarabellang polasing ka nako tsohle?

Ho tla o ja bokae ho ya le ho kgutla polasing?



Boteng ba setoro sa dijothollo

Hang ha dijothollo di kotutswe, di tla bolokwa hokae?

Sebaka sena sa polokelo se tla o ja bokae?

Ke dijothollo tsa mothamo ofe wa mongobo tse ka bolokwang setorong?

O tla omisa dijothollo hokae hore di be mothamong o nepahetseng wa mongobo?

Na o rerile ho rekisa dijothollo hanghang kapa na o rerile ho di boloka setorong ho fihlela ha theko ya tsona e nepahetse? 



Ditshebeletso tsa tshehetso

Na o na le katamelo tshehetsong ya diofisiri tsa katoloso tsa Lefapha la Temo?

Ke bafe batho ba bang ba ka o thusang?

Na o na le konteraka le balemi ba bahwebi ba selehae ba ka nnang ba thahasella ho o thusa le ho o tshehetsa?



Ditlwaelo ka kakaretso tsa selehae temong

Ke ditlwaelo dife tsa temo tse etswang ke balemi ba bahwebi ba selehae?

Na o itlamahantse le balemi ba selehae moo le ka buisanang ka taba tsa sehlooho?



Kgonahalo ya keketso ya boleng

Na ho na le kgonahalo ya hore o ka eketsa boleng dihlahisweng tsa hao?

















 





























