Access (Maize) 									SESOTHO

Ho fumana masimo le kgirisetso masimo

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Boholo ba bolemi bo kenyeletsa tshebediso ya masimo. Mona Afrika Borwa re na le ditlhophiso tse ngata tse fapaneng tsa kgirisetso ya masimo. Mokgwa o mong le o mong o na le tse ntle tsa ona le tse mpe tsa ona. Ha ho hlokolosi ho ba le mokgwa o le mong feela, empa ho bohlokwa ho tseba le ho utlwisisa mokgwa oo o sebetsang ka ona.

E nngwe ya dintho tse bohlokwa ka ho fetisisa ke ho ba le mmapa wa polasi, ka ha mona ke moo o simollang merero ya hao teng. Ha eba o sitwa ho fumana mmapa (jwalo ka ha ho etsahala masimong a setjhaba a kopanetsweng), o ka fumana motho ya ka o etsetsang ditekanyetso (GPS) tsa masimo a hao, e leng se tla bontsha ka nepahalo moo polasi ya hao e leng teng hammoho le boholo (size) bo nepahetseng ba yona. Hopola hore ho bohlokwa ho tseba boholo ba yona hobane ditekanyetso tsohle tseo o tla di etsa di itshetlehile ka palo ya dihekthara tsa yona.

E nngwe ya ditaba tse kgolo mabapi le ditlhophiso tsa kgirisetso ya masimo ke ya ho adima tjhelete, e leng se tla hloka tshireletso (security) e itseng. Ha eba o se na thaetlele deed (lengolo le tiisang hore o monga thepa), o sitwa ho sebedisa masimo e le tshireletso. Sena se ka tadingwa e le ho kgutlela morao, empa ha o tlamahanya thepa ya hao, mme o e ngodisa ka mokgatlo o adimanang ka tjhelete, o ka adingwa tjhelete, empa ha ho etsahala hore ka baka lefe kapa lefe, o hlolehe ho lefa molato wa hao wa kadimo ena – mokgatlo o tla rekisa thepa ya hao hore o kgone ho fumana tjhelete e saletseng morao ya molato. Ona ke mokgwa o utlwahalang mmarakeng o lokolohileng wa ikonomi, mokgweng wa bokapitale (o sebetsang lefatshe lohle). Empa wena jwalo ka molemi ya ntseng a thuthuha, o tshwanetse ho ba molemi ya sa ipeheng kotsing ka dintho tse ngata. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore o qale hanyane ntle le ho adima tjhelete e ngata haholo – hore ha eba dintho di sa tsamaye hantle, o se ke wa lahlehelwa ke tsohle tsa hao. Mokgweng wa setjhaba wa kopanelo ya masimo, moo baetapele ba setso ba laolang mobu, o ka simolla ka sekotwana sa masimo seo o se filweng ke morena, e le hore ha o ntse o tswela pele o kgona ho “hira” masimo a baahelani ba hao ba sa tsotelleng taba ya bolemi. Hopola hore ha se bohle bao e leng balemi, kapa ba batlang ho ba balemi. Re na le mehlala e mengata ya balemi ba atlehileng kgwebong ena, ba sebetsang masimong a setjhaba empa ba se na le ha e le hekthara e le nngwe ya bona.

Kgirisetso ya mobu 

Thaetlele deed (Bopaki hore thepa ke ya hao)
 

 

 
Tumello ho ba mobung wa setjhaba?
 

 

 
Tumellano ya semolao ya kgirisetso?
 

 

 
Mokgwa wa PLAS wa Ditaba tsa Mobu
 

 

 
Mobu wa bohle (wa Mmasepala)
 

 

 


Dibaka tse itseng di loketse mefuta e itseng ya bolemi. Pula, matsatsi a pele le a ho qetela a serame se lebelletsweng, hammoho le botebo ba mobu, ke tsona tse laolang sena. Ho boetse ho bohlokwa ho tseba hore na masimo a kgona ho ka nosetswa kapa tjhe – hopola hore bolemi ba moo ho tshwanetseng ho nosetswa bo batla tsamaiso e tebileng, e mosebetsi o mongata, empa e batla e se kotsi hakaalo hobane o ka nna wa nosetsa dijothollo neng kapa neng ha ho hlokahala. Mabapi le mefuta e meng ya bolemi, phumano ya motlakase e bohlokwa. Ditshenyehelo tsa ho tshireletsa (ka lebota kapa tereta) di phahame haholo – ha o sitwa ho tlosa diphoofolo tsa hao masimong a hao, o tla sitwa ho ba molemi ya atlehileng wa dijothollo.

Setereke
 

 

 
Toropo e haufi
 

 

 
Boholo kaofela ba polasi (hekthara)
 

 

 
Lebitso la polasi
 

 

 
Eskom (nomoro ya ntlha)
 

 

 
Boholo ba transfomara
 

 

 
Ho nosetsa (hekthara)
 

 

 
Bokgoni ba setereke ba ho jara makgulo (hekthara)
 

 

 
Pula selemong (mm)
 

 

 
Themphereitjhara e tlasetlase le e hodimodimo
 

 

 
Letsatsi la serame sa pele
 

 

 
Letsatsi la serame sa ho qetela
 

 

 
Tshireletso (fencing) – (hlalosa ha eba masimo le dikampo di tshireleditswe, le boemo ba tshireletso eo) 
 

 

 


Dintlha tsohle tsa masimo

Mmapa wa polasi – nnetefatsa hore o na le mmapa wa polasi, mme o itlwaetse hantle hore Leboya, Borwa, Botjhabela le Bophirimela, di hokae.

Ho bohlokwa ho bona hore masimo a mang le a mang le kampo e nngwe le e nngwe di/a na le dinomoro (Tsena di tla sebediswa hamorao mabapi le ho sampolwa ha mobu le tshebediso ya masimo).

Hlahloba boholo ba masimo a mang le a mang le kapo ka nngwe (hape, sena se bohlokwa mabapi le morero wa tshebediso ya masimo le ho etsa ditekanyetso). Ha eba dintlha tsena di sa hlahelle mmapeng, o tla tlameha ho di fumana.

Mmapa masimong a setjhaba ha se ntho e fumanehang ka mehla. Ha eba o sebetsa masimong a setjhaba, mmapa wa GPS o a hlokahala ka ha o fana ka dinomoro tse thusang ho supa ka nepo.



Mobu o lemehang

Lebitso la polasi
 
Nomoro ya polasi
 
Boholo
 
Mofuta wa mobu
 
Botebo ba mobu
 
Boemo (ba jwale le ba sejothollo masimong)
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 


Dinoutshe:

 Ho teng mekgwa e fapaneng ya ho tseba boholo ba polasi/masimo – o ka hwanta ho e potoloha o ntse o bala mehato ya maoto, o ka sebedisa lebidi le lekanyang kapa wa sebedisa mokgwa wa lebidi la terekere, empa mokgwa o nepahetseng ka ho fetisisa ke wa GPS.

 Mofuta wa mobu o amana le letsopa, selokwe kapa lehlabathe la mobu.

 Botebo ba mobu ke ho etsa teko mehatong e fapaneng e ka nnang ya thiba ho nama ha metso – sena se ka laolwa ke ho sebedisa “soil auger”(motjhine o tjhekang) kapa ho tjheka mokoti wa profaele (mehato e fapaneng ya mobu).

 Ho a hlokahala ho tseba boemo ba jwale ba masimo ka ha sena se tla tshwaetsa mokgwa wa ho sebedisa mobu ona nakong e tlang.

 Ho tla nne ho dule ho ena le mobu o senyehang feela – sena se kenyeletsa ditsela, kgaketla tse omelletseng tsa mobu hammoho le mobu oo moaho o leng hodima ona.



Sampole tsa mobu (mobung o lemehang)

Ho hlokolosi hore sampole tsa mobu di nkuwe bonyane lemong tse ding le tse ding tse pedi. Manyolo ke e nngwe ya ditshenyehelo tsa sehlooho tlhahisong ya dijothollo, mme ka hoo, ho tshwanetse ho sebediswa manyolo a nepahetseng masimong ohle.

Molemi a ka nna a tshwanela ho lefella ho sampolwa ha mobu. Ena ke tjhelete e sebediswang hantle ruri.

O tshwanetse ho sebedisa mekgwa e nepahetseng ha o nka disampole tsa mobu.

O tshwanetse ho nka disampole tsa mobu o ka hodimo le o ka tlase.

Sampole ka nngwe e tshwanetse ho tshwauwa ka ho hlaka, kas lebitso le aterese ya molemi, lebitso la polasi, hammoho le nomoro ya masimo (Sena se ka ba le ditlamorao tse mpe haholo ha se sa etswe ka nepo).

Disampole di tshwanetse ho romellwa mabapi le ho ya manollwa – diinstitushene tse latelang din a le dilaboratori:

ARC (Glen, Cedara, Dohne, Soil, Water and Climate, Pretoria, Small Grain Centre, Bethelehem); hammoho le

Omnia (hammoho le dikhamphane tse ding tsa manyolo).

Hopola ho kopa hore ho shejwe hore mobu o na le letsopa le lekae.

Kopa kgothaletso ya manyolo ka yona nako eo. Dintlha tse latelang di tshwanetse ho fumanwa:

Sejothollo se tshwanetseng ho jalwa masimong; le

Kuno e habilweng ka sejothollo seo.





Naha ya tlhaho le makgulo a hlwailweng



Lebitso la polasi
 
Nomoro ya kampo
 
 Boholo
 
Mofuta wa makgulo
 
Bokgoni ba ho jara
 
Boemo (ba jwale ba makgulo)
 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 

 


Ho nosetsa le ditokelo tsa metsi

Ho nosetsa (dihekthara)
 

 

 
Mofuta wa ho nosetsa
 
Solid set
 

 

 
Draglines
 

 

 
Centre pivot
 

 

 
E meng
 

 
Mohlodi wa metsi
 

 

 
Boholoi ba mokoti o borilweng
 

 

 
Ngodisitswe le lekgotla la metsi
 

 

 
O ka sebedisa metsi a makae?
 

 

 
Makgetho a lefiswang masimong
 

 

 


