Ka kgwedi ya Mmesa le ile la vouta ka bongata le voutela kopano ya setjhaba le poelano. Le voutetse ka ho kopana tumellano ya batho, hore ho thehwe mesebetsi ha mmoho, ho lwantswe bofuma le ho theha bophelo bo botle ba batho kaofela.
Ka bongata bo boholo le totobaditse hore le na le tshepo e matla mmusong wa rona mme ha e le mona re simolla Dilemo tse ding tse leshome tsa Tokoloho kgetlo la bobedi, ke mmuso ona o tla le etella pele, ke ona oo le ka o tshepang hore o tla le hlokomela hantle nakong e tlang.
Ka selemo sa 2014 re tla fokotsa bofuma ka halofo ka ntshetsopele ya moruo, tshireletso e batsi ya setjhaba, ntlafatso ya naha le ya malapa ha mmoho le theepa ya batho. Re tla fokotsa le tlhokeho ya mosebetsi ka halofo ka ho theha mesebetsi e metjha, ntshetsopele ya mahlale a boiphediso, thuso ya dikgwebo tse nyenyane, menyetla ya ho itshebetsa le mekgwa ya boiphediso ba batho e tla sebetsa ka dinako tsohle ka ho nehelana ka mahlale a hlokehang a moruo, re thehe bokgoni le ho fana ka mehlodi e hlokehang setjhabeng kaofela ho kgothaletsa batho ho iketsetsa mesebetsi ka mokgwa wa thuto.
basadi le batho ba hlokang mesebetsi le ka ho tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha dintlheng tse hlwauweng ke Kabinete ya Naha.
Ka selekane le Mmuso wa Selehae (Local Government), Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba (Public Works Programme) re tla kgothaletsa moruo wa selehae ka Thuso ya Mmasepala ya Tlhekelo (Municipal Infrastructure Grant) ka ho kopanya mesebetsi ya Mawa a di-IDP le LED a bommasepala, mme ka ho etsa jwalo re nehelane ka ditshebeletso tsa boleng bo ne ka ditshebeletso tsa boleng bo hodimo tsa mantlha.
Dikgweding tse tharo tse tlang re tla:
Thakgola Morero wa Matlo Dibakeng tseo eseng tsa diteropo (Rural Housing Plan) o tla fana ka matlo a metseng ena a sekete (1 000) karolong ya ntlha ya Thabo Mofutsanyana le Thaba Nchu.
Phethahatsa ya Morero wa Ntjhafatso ya metse ya Diteropo (Urban Renewal Plan) Mangaung le Sasolburg.
Etsa hore ho be le Mekgatlo ya setjhaba eo eseng ya mmuso e thehuweng ka batho ba tswang setjhabeng e tla kenela Ward Communities ho netefatsa hore tumellano ya setjhaba ya twantsho ya bofuma le tlhokeho ya mosebetsi e sebetsa hantle.
Lekola maano a rona a batho ba kojwana di mahetleng, mekgwa ya ho tsepamisa makgetho (billing) le taolo ya melato ho tiisa hore ba hlokang bokgoni ba ho lefella ditshebeletso ba behellwa ka thoko ka mokgwa o lokelang. Komiti ya Phethahatso (Exco Committee) e tla nehelana ka pehelo ho Lekgotla la Phethahatso (Executive Council) mabapi le phethiso ya mosebetsi ona o potlakileng nakong ya dikgwedi tse tharo.
Lekanya, le ho akofisa, bonamo le tshebetso e hlwahlwa ya phano ya ditshebeletso tsa mantlha, tsa boleng le mahala provenseng.
Ho bopa Mmuso wa Provense o Tsotellang
Re lokela ho netefatsa hore batho kaofela ba Freistata ho kenyeleditswe ka tsela e ikgethang batho ba kojwana di mahetleng le ba pepesehileng mathateng ba jwalo ka - bana, batjha, basadi, le maqheku, ha mmoho le batho ba holofetseng ba kgona ho sebedisa ditokelo tsa bona tsa molao wa motheo le ho fumana seriti se phethahetseng tsa tokolo.
Mokgatlo wa tsoseletso ya Boitshwaro (Moral Regeneration Movement) o tla matlafatswa mona provenseng ena ho netefatsa hore o matlafatsa batho hore ba ikakgele ka setotswana tumellanong ya setjhaba ya ho bopa setjhaba se tsotellang le se tsepamisitseng maikutlo bathong.
Re tla netefatsa hore basadi le bana ba sireleditswe tlhekefetsong le tlontlollong tsa mefuta yohle.
Re tla potlakisa thupelo ya bo-Mme ba hlokomelang bana le ba nkileng bana ba hlokang batswadi ho netefatsa hore re fana ka tlhokomelo ya batjha le bana ba rona.
Ho fana ka Tlhokomelo e Batsi le Thuso ho Bana ba Kenang Sekolo ba Hlokang thuso e jwalo
Selemong sena sa ditjhelete re tla etsa monyetla wa dipalangwang tse tla tsamaisa bana ba tsamayang bohole ba dikhilomitara tse 21 ho leba sekolong, le ho atolosa lenaneo la dihostele tse tla fana ka bodulo baneng ba palo e kgolwanyane.
Ho kenngwa tshebetsong Lenaneo le batsi la Phepo Dikolong (School Nutrition Programme) ho netefatsa hore bana ba sekolo bonyane ba tla fumana dijo hang ka letsatsi.
Ho tla kenngwa le tsela ya thuso ka yunifomo ya dikolo le dieta baneng ba hlokang. Morero ona o tla tlisa kuno Dikgwebong tse Nyenyane le Bohareng (Small and Medium Entrepreneurs) jwalo ka karolo ya lenaneo la rona la Matlafatso ya Moruo wa Batho ba Batsho (Black Economic Empowerment programme).
Ho tla lekolwa hape taba ya tefello tsa sekolo bakeng sa bana ba hlokang. Re tlalmehile hore re fe bana monyetla wa ho kena sekolo le ha batswadi ba hloka mesebetsi mme ba sa kgone ho iketsetsa letho.
Ntshetsopele ya Mahlale a Moruo o Sebetsang ka Ntlafalo ho feta
Re tla matlafatsa dibaka tse 4 tse seng di le teng tsa thupelo e tswelang pele (Further Education and Training) FET ka morero wa ho rarolla bothata bo teng ba ho fana ka mahlale a hlokwang ke mmaraka wa basebetsi.
Ntlafatso ya Mananeo a Boithuto (Learnerships Programmes) ke ho batla ho fana ka mahlale a hlokehang haholo ho batho ba hlokang mosebetsi le batjha ka ho qoholleha hore ba fetohe karolo ya ntshetsopele ya moruo o moholo wa NAHA. Mekutu ena ya boithuto kaofela, ha mmoho le Lenaneo le Batsi la Mesebetsi ya Setjhaba (Expanded Public Works Programme) e tla nehelana ka mehlodi e hlokehang ho atolosa menyetla ya moruo wa batjha, basadi, le batho ba hlokang mosebetsi.
Ho tla etswa sesiu sa pokello ya mahlale a batho ba qetileng dithuto makaleng a fapafapaneng .
Kgodiso ya Moruo
Moruo wa Freistata selemong sa 2014 o tla tsepamisa maikutlo haholo dilemong tse leshome tse tlang karolong tsena:
Bohahlaudi;
Phokotso ya dikhemikhale tsa petrole;
Ka selekane le balekane kaofela ba setjhaba, ba tswang lekaleng la poraevete, institjusheneng tsa setjhaba tsa baahi, re ka kgona ho bopa selekane se sebetsang ho theha mosebetsi le ho lwantsha bofuma Freistata.
Ho fihlela sena, re tla buisana le baamehi ka matla kaofela hore ba kenye letsoho ntshetsopeleng ya lenaneo la tshebetso le mmuso wa provense.Jwalo ka Mmuso wa Provense ya Freistata re itlama hore re tla phethisa seabo sa rona ho sebedisana le setjhaba le balekane ba bang, re tla phethisa seabo sa rona sa ho dula re itlhomme pele Tumellanong le Batho ho bona hore ho na le Moafrika Borwa ya ntlafetseng dilemong tse ding tse leshome tse tlang.
Mmuso wa Freistata o tsotella batho ba ona. Sa rona ke provense e tsotellang.
Tshebeletso ya Mmuso o nang le Kutlwelobohloko bathong boemong ba naha, ba provense le bathong ba selehae, ke wa bohlokwa haholo. Baemedi ba setjhaba ba lokela hore ba fihlelehe ka tsela e bonolo, mme baahi ba tsebe ditokelo tsa bona. Ho fihlela maikemisetso a ho fedisa bofuma le tlhokeho ya mesebetsi, re hloka tshebetso e hlwahlwa ya basebeletsiba setjhaba ba nang le boitelo, bokgoni ba ho finyeletsatshebeletso ya boleng bathong ba provense ena.
Re tla fothola ka metso bobodu le bomenemene.
Lefapha la Premier le tla hlophisa mokgwa wa bohokedi okgonang le o sebetsang ka bokgabane bohareng ba mmuso.
Ho fihlela mona, re tla matlafatsa Lefapha la Premier honetefatsa hore:
Le nehelane ka kgokahano e nang le bokgoni,tlhatlhobo le tlhokomelo ya katleho ya phethahatsoya leano le mananeo a mmuso.
Le fane ka pehelo kgafetsa setjhabeng le hobaamehi mabapi le mekutu e etswang ke mmusoya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Phethiso e sebetsang hantle ya diqeto tsa mmusole tsa Lekgotla la Phethahatso.
Mosebetsi ona o potlakile, haholoholo hore mmuso o be le mokgwa wa temoso e tlang esale ka nakoe tla bontsha dikgaello dife kapa dife tse tengphethahatsong ya lenaneo la rona.
Ho tlabola dilekane tsa Tumellano le Batho ho Theha Mesebetsi le ho lwantsha Bofuma.
Ntshetsopele ya Tlhekelo ya motheo
Mmuso o tla hloka ho tiisa hore batho ba bangata ba kgona ho fumana menyetla ya moruo hobane mmuso o kgothaletsa hore ditjhelete tsa setjhaba di tsetelwe mererong ya mesebetsi e boima.
Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Mebila le Dipalangwang ha mmoho le Mmuso wa Selehae le Matlo a tla nehelana ka dintlha tse batsi mabapi le ho tsetela ha mmoho le ntshetsopele ya tlhekelo ya motheo ekasitana le Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (Expanded Public works Programme).
Ntshetsopele ya Bohahlaudi
Re thabetse hore Afrika Borwa e tla amohela baeti ba tlileng papading ya Mohope wa Fifa wa Bolo ya Lefatshe ka 2010. Ho pepeneneng, hore nako ya Afrika e fihlile jwale.
Ha ho qeaqeo hore 2010 e tlisa menyetla ya metonanahadi ya moruo Matlafatsong ya Moruo wa Batho ba Batsho o pharaletseng indastring ya bohahlaudi.
Mmuso wa Provense, selekaneng sa ona le Puso ya Selehae ha mmoho le Dikgwebo tsa Poraefete, o tla netefatsa hore melemo ya Mohope wa Bolo ya Lefatshe ka 2010 e fumaneha ka ho phethahala le ho tiisa hore Matlafatso e pharaletseng ya Moruo wa Batho ba Batsho e fola molemo Mohopeng wa Bolo ya Lefatshe ho la Freyistata.
MEC ya Lefapha la Bohahlaudi, Ditaba tsa Tikoloho le Moruo, e tla okamela Lekgotla la Phethahatso la Provense le mabapi le Ntshetsopele ya Moruo le ho thehwa ha Mesebetsi ho:
Fuputsa menyetla ya Moruo ya beng ba dihlahiswa tsa bohahlaudi.
Hlahloba tshusumetso ya menyetla ya matsete bohahlauding jwalo ka kaletsa ya moruo.
Fana ka keletso matseteng a tlhekelo le ntshetsopele ya motheo, marangrang a ditsela tse tshepahalang le tse bolokehileng kahare ho provense.
Mmuso wa Freistata o tla theha Bolaodi ba Bohahlaudi ba Freistata (Free State Tourism Authority) kgweding ya Loetse e le ho tiisa hore ho na le letsholo le sebetsang hantle la ho bapatsa provense ena jwalo ka kgohedi ya bahahlaudi.
Tlhahiso e eketsehileng ya temo ke ya bohlokwa moruong ona
Keketso ya dihlahiswa tse seng di sebeditswe tse romelwang kantle tsa temo le yona ke ya bohlokwa, ha mmoho le tshireletso ya borapolasi provenseng ena kaofela.
Ho tla behellwa ka pele ntlafatso ya maemo a bophelo a basebetsi ba mapolasing. Re tla behella ka pele ditherisano tsa rona le balekane ba rona lehlakoreng lena, boramesebetsi le baetapele ba basebetsi hore ho rarollwe taba ena e potlakileng haholo.
Lefapha la Temo ha nako e ntse e tsamaya, le tla phatlalatsa lenaneo la ho netefatsa hore bohle ba kgona ho finyella le ho fola molemo Mokgweng wa Kadimo wa Temo (Agricultural Credit System) jwalo ka ha o ile wa phatlalatswa ke Presidente nakong eo a neng a etsa Puo ya Semmuso e lebang Setjhabeng.
Freistata e tshepahalang le e nang le bophelo
Phephetso eo re tjamelaneng le yona ho tsa bophelo bo botle ke taba ya ho fana ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mantlha le ho atolosa menyetla ya hore batho kaofela ba kgone ho fumana bophelo bo botle ba boleng. Ena ke phephetso e tswellang ya bophelo ba rona kaofela.
Jwalo ka mmuso, re a tlameha ho fana ka tlhokomelo ya mahala ya bophelo bo botle ba mantlha ho bana le ho maqheku. Batho ba dulang dibakeng tseo eseng tsa diteropo tsa provense ya rona, basebetsi ba mapolasi, batho ba hlokang mosebetsi ba lokela ho fola molemo mokgweng o tshepahalang le o kgonang ho fihleleha wa bophelo bo botle.
Dikgweding tse tharo tse tlang:
Re tla phatlalatsa Morero wa Ntshetsopele ya Bophelo bo botle wa Provense. Ona ke morero o tla tiisa hore re lwantsha mekgwa ya bophelo bo thibelehang ya mahloko a kang TB, malaria, diabetes, Blood Pressure (hypertension) le asthma. Ntshetsopele ya rona ya Bophelo bo Botle e tla netefatsa hore re tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha thibelong le thutong ya mokgwa wa bophelo ya mahloko thibelehang.
Re tla etsa hore lenaneo la rona la ARV le finyelle setereke se seng le se seng sa provense. Ho tla ba le sebaka seterekeng se seng le se seng. Sello sa mokudi wa pele se ile sa arabelwa ka la 15 Phupjane 2004 Sepetleleng sa Bongani motseng wa Welkom mme mafelong a selemo sena sa khalendara morero ona o tla finyeletswa sebakeng se seng le se seng sa setereke ka nngwe.
