MOLAO WA PUO WA TOROPO YA TSHWANE
Phato 2007
DIQOTSO TSE KGOTHALEDITSENG NTSHETSOPELE YA MOLAO ONA WA PUO
Batho bohle ba tla ba le ditokelo tse lekanang ho sebedisa puo ya bona le ho ntshetsa setso le meetlo ya baholo ba bona pele.
Molao wa dipuo tsohle ke karolo ya bohlokwa ya phetoho ya Afrika Borwa ho ya ho demokrasi e amohelang ho nka karolo ka botlalo. Batho ba ke ke ba lebellwa ho phetha ho ya ka melao ha ba sa kgone ho e utlwisisa.
Ha a botswa hore hobaneng a batlile hore The Long Walk to Freedom e fetolelwe dipuong kaofela tse leshome le motso o mong tsa semmuso tsa Afrika Borwa, MoPresidente ya hlomphehang wa mehleng Nelson Mandela o itse, ke a qotsa: "Buka ena e fetoletswe dipuong kaofela tsa lefatshe. Nka ya sebakeng sefe kapa sefe lefatsheng mme pale ya ka e ka fumanwa ka puo eo. Mona ke teng ka Sekgowa feela. Ke batla ho ba karolo ya dipuo kaofela tsa naha ya ka. Puo ya motho ha e a tshwanela ho ba moshwella. Ke kahoo ke kgollwang ho phetolelo: hore re kgone ho phela mmoho".
DIKAHARE
Leqephe
Selelekela le Tshetleho 1
Ditlhaloso 1
Moelelo ho ya ka molao 2
Maikemisetso 3
Melawana e tataisang 4
Boholo ba tshebediso 4
Profaele ya puo ya of Tshwane 4
Dipalo tsa Palo ya Batho 5
Dipatlisiso le dihlahlobo tsa puo tsa ka hare le ka ntle 5
Dikgothaletso tsa molao 6
Dipuo tsa semmuso tsa Tshwane 6
Kgokahano eo ho buuwang ka yona ka hare 6
Kgokahano eo ho buuwang ka yona le ba ka ntle 7
Kgokahano eo ho ngollanwang ka yona ka hare 7
Kgokahano eo ho ngollanwang ka yona le ba ka ntle 8
Matshwao a Lekgotla la Motse 8
Batho ba nang le bofokodi puong 9
Kwetliso ho Lekgotla la Motse 9
Mokgwa wa ho Kenya tshebetsong 9
Kaho ya bokgoni 10
Dipopeho tsa puo 10
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo 10
Barati ba bang ba puo 11
Hlahlobo ya molao 11
SELELEKELA LE TSHETLEHO
Pele ho 1994, Sekgowa le Seburu e ne e le tsona feela dipuo tsa semmuso pusong ya selehae dibakeng tseo jwale e leng karolo ya Lekgotla le Leholo la Motse la Toropo ya Tshwane. Puso e ntjha e theilweng ka 1994 e tlisitse Molao wa Ditshebetso tsa Lekgotla la Motse wa 2000 (Molao wa 32 wa selemo sa 2000), o hatellang ho nka karolo hwa setjhaba pusong ya selehae. Ho totobetse hore hore Lekgotla la Motse le fihlelle hore setjhaba se nke karolo ka ho phethahala, le tla tlameha ho sebeletsa baahi ba lona ka puo eo ba e utlwisisang ho feta.
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo ya Lekgotla la Motse e arabetse pitso ya dipuo tse fapaneng ka ho ntshetsa Molao wa Puo wa Tshwane pele, o ikemiseditseng ho rarolla ho sa lekalekane hwa dipuo mehleng ya kgale. Molao o theilwe ho tswa Moralong wa Molao wa Puo wa Naha o ntsheditsweng pele ke Tshebeletso ya Puo ya Naha ya Lefapha la Bonono le Setso. Moralo ona o bolela hore, hara dintho tse ding, maemo a puo a provense le a lehae a tlameha ho elwa hloko ha melao ya puo e ntshetswapele ke dipuso tsa provense le tsa selehae.
Kahoo Molao wa Puo wa Tshwane o ikemiseditse ho fana ka ditataiso tsa hore Lekgotla la Motse le tshwanela ho kenya jwang tshebediso ya dipuo kaofela tshebetsong, ditsweletsong tsa lona tsa kgokahano ho netefatsa hore baahi kaofela ba kgona ho fumana tlhahisoleseding le ditshebeletso tsa lekgotla la motse ka puo eo ba e utlwisisang ho feta.
DITLHALOSO
Molaong ona, kantle le ha tshebediso e bontsha ka tsela e itseng esele-
Molaotheo" o bolela Molaotheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa wa 1996;
Lekgotla" le bolela Lekgotla la Motse;
tshebediso e lekalekanang" e bolela tshebediso ya puo e hlokang leeme, mme e bile e lekana;
tshebediseho ya dipuo tsohle" e bolela kgetho ya (di)puo e itseng maemong a itseng, e fumantshwang ke moelelo wa ka moo puo e sebediswang ka teng, k.h.r tshebediso, bamamedi le molaetsa oo e sebedisetswang ona;
toloko" e bolela motho ya fetisang kapa ya tolokang puo ho tloha puong/lelemeng le leng ho ya ho le leng;
ho toloka", ho ipapisitswe ho puo e buuwang ka molomo, ho bolela ho fetiswa ha dipuo ka puo/leleme le leng ho ya ho dipuo tsa puo/leleme le leng mme, ho ipapisitswe ho dipuo tse buuwang ka matsoho, ho bolela ho fetiswa ha matshwao/ditshupo tsa puo ya matsoho ho ya ho puo e buuwang le ho buseletsa, ka "ho toloka" ho e na le moelelo o tsamaelanang;
puo ya poloko" e bolela puo ya semmuso e kgethilweng ho boloka diketsahalo kapa ho boloka ditsamaiso tsa Lekgotla la Motse;
ditokelo tsa puo" di bolela melao e fumantshang maemo ao baahi ba ka etsang dikgetho tsa puo;
ho toloka ha kgokahano" ho bolela tsweletso eo toloko e tolokang ho tswa puong e nngwe ho ya ho e nngwe le ho kgutlela morao, hangata tolokong e kgutshwane e latellanang, maemong ao-
mosebeletsi wa Lekgotla la Motse a sa utlwisising puo ya mosebeletsi e mong kapa basebeletsi ba bang ba Lekgotla la Motse (basebeletsi ba ka fihlang ho leshome ba ka ameha); mohl. dingangisanong tsa mosebetsi kapa dikgalemong tsa boitshwaro mosebetsing, kapa mosebeletsi wa Lekgotla la Motse a sa utlwisising puo ya mosebeletswa wa Lekgotla la Motse kapa moahi wa Tshwane (basebeletswa kapa baahi ba ka fihlang ho leshome ba ka ameha), mohl. dipuisanong pakeng tsa basebetsi ba tlliniki le bakudi, pakeng tsa batshwaraditjhelete le bareki dibakeng tsa ho lefa, kapa pakeng tsa basebeletsi ba mmuso le setjhaba dibokeng tsa tlhahisoleseding tsa setjhaba;
tshebediso ya dipuo tsohle" e bolela tshebediso ya dipuo tse tharo kapa ho feta ke motho kapa sehlopha sa batho;
Lekgotla la Motse" le bolela Lekgotla la Motse la Toropo ya Tshwane le theilweng ke Tsebiso ya 6770 ya Provense ya Gauteng ya la 1 Mphalane 2000;
puo ya semmuso" e bolela puo e sebediswang mmusong, thutong, kgwebong le dikgasong tsa ditaba;
thuto ya mareo" e bolela mareo a amohelehileng a qapilweng bakeng sa thuto e itseng;
phetolelo" e bolela phetolo ya sengolwa ho tloha puong e nngwe ho ya ho e nngwe, ka "ho fetolela" ho e na le moelelo o tsamaelanang; mme puo e sebetsang" e bolela puo ya semmuso e kgethilweng ke Lekgotla la Motse e le puo e sebedisehang ho feta ho ka sebediswa ketsahalong e itseng ya setjhaba.
MOELELO HO YA KA MOLAO
Dikarolo tsa 6 le 9 tsa Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa ya 1996
Karolo ya 1.2.4 ya Moralo wa ho kenya Tshebetsong: Moralo wa Molao wa Puo wa Setjhaba wa 2003, e bolelang hore puso ya selehae e tla fumana puo e sebediswang le kgetho ya ditjhaba tsa yona ka hare ho moralo wa molao wa puo wa provense. Ha ho fumanwa puo e sebediswang le kgetho ya ditjhaba, mebuso ya selehae e tlameha, dipuisanong tse akaretsang le ditjhaba tsa yona, ho ntshetsapele, phatlalatsa le ho kenya molao wa tshebediso ya dipuo tsohle tshebetsong.
Karolo ya 3 ya Moralo wa Molao wa Puo wa Mmuso wa Provense wa Gauteng (Phato 2005), e hlahisang maikemisetso a moralo wa molao, hara oona maikemisetso a latelang:
c Ho bebofatsa phumantsho e lekanang ho ditshebeletso tsa mmuso le tlhahisoleseding provenseng hammoho le ho nka karolo ditsweletsong tsa mmuso"
d Ho tshehetsa, ntshetsapele le ho sustain tshebediso ya dipuo tsohle ka hare ho mafapha a mmuso wa provense le wa selehae le dikgokahanong tsa oona hammoho le puisano le setjhaba"
f Ho tshireletsa diphapang tsa puo le ho tshehetsa ntshetsopele ya tlhompho bakeng sa tshebediso ya dipuo tsohle hammoho le ho ba ntho e le nngwe"
Molao wa 2000 wa ho Tshehetsa Ntshetsopele ya Phumantsho ya Tlhahisoleseding (Molao wa 2 wa 2000)
Pampiri ya Raporoto ya Mmuso ka ho Fetolwa ha Phumantsho ya Tshebeletso ya Setjhaba. (Pampiri ya Raporoto ya Mmuso ya Batho Pele), ya 1997
MAIKEMISETSO
Molao ona o tsamaisana le diphumantsho tsa molaotheo tshebedisong ya dipuo tsohle, hammoho le matshwao a bohlokwa a bontshang katleho ya Lekgotla la Motse. Molao o ikemiseditse ho netefatsa hore-
phetolelo ya ditokelo tsa puo e kentsweng ka hloko Molaotheong ho ba mokgwa o utlwisisehang ka bokgabane tshebedisong ya dipuo tsohle Lekgotleng la Motse;
tshehetso ya ntshetsopele ya tshebediso e lekanang ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse;
pebofatso ya phumantsho e lekanang ho ditshebeletso tsa lekgotla la motse hammoho le tlhahisoleseding;
tharollo ya ho sa lekane hwa dipuo hwa mehleng e fetileng ho tswetseng ntshetsopele e seng maemong a hodimo hwa dipuo tsa Batho Batsho;
tshireletso ya phapano ya puo le tshehetso ya ntshetsopele ya tlhompho bakeng sa tshebediso ya dipuo tsohle hammoho le phapano ya ho ba ntho e le nngwe; le tshebediso ya ho bua dipuo tsohle bakeng sa tsamaiso le ditsweletso tsa kgokahano tse kgabane ka hare ho Lekgotla la Motse.
MELAWANA E TATAISANG
Molao o tshetlehilwe melawaneng e latelang:
Ditokelo tsa puo Ho tshehetsa ntshetsopele ya tlhompho bakeng sa ditokelo tsa puo tsa baahi jwaloka ha di kentswe ka hloko Molaotheong.
Tekano ya puo Ho netefatsa tshwaro e lekanang ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Tharollo Ho ntlafatsa maemo le karolo e bapalwang ke dipuo tse neng di hatelletswe mehleng ya pele.
Ho shebana le ditlhoko tsa batho Ho shebana le ditlhoko, ditabatabelo le ditakatso tsa ditjhaba tsa puo e itseng ka moya wa Batho Pele.
Dikgwebisano Ho sebedisana mmoho le mekgatlo ya puo ya setjhaba le ya poraevete ho tshehetsa ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsohle.
Puso e loketseng/ntle Ho sebedisa dipuo kaofela tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse ho netefatsa puso ya selehae e bonaletsang, e arabellang ditlhoko tsa puo tsa maloko a yona.
Ho nka karolo Ho etsa hore basebeletsi ba lekgotla la motse, hammoho le baahi ba Tshwane ba kgone ho nka karolo ditsweletsong tsa ho etsa diqeto.
BOHOLO BA TSHEBEDISO
Molao ona o sebetsa ho basebeletsi ba Lekgotla la Motse le baahi ba Tshwane hammoho le ho kopo efe kapa efe ho Lekgotla la Motse ka tshebediso ya puo le ditshebetso tsa puo.
PROFAELE YA PUO YA TSHWANE
Ho fumana dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, Dipalo tsa Palo ya Batho ya 2001 le dipehelo ka dipatlisiso tsa ka ntle le ka hare di ile tsa sebediswa.
Dipalo tsa Palo ya batho
Tafole e latelang, e nkilweng Palong ya Batho ya 2001, e fana ka pontsho ya ho nama ha dipuo tsa lapeng ka hare ho Tshwane.
Puo Palo ya dibui ho ya ka persente
Sekgowa 6,54
Setebele 4,94
Seqhotsa 1,91
E nngwe 0,83
Palo ya batho ya 2001 ka lekgotla la motse: Pehelo ya Komiti ya Dipalopalo ho Lekgotla la Afrika Borwa la Dipalopalo ka Palo ya batho ya 2001(e hlahisitswe hape ho http://www.statssa.gov.za)
Profaele ya puo ya lapeng ya Tshwane e bontsha hore puo ya lapeng e sebediswang ho feta ke Sepedi (Sesotho sa Leboya), se latelwe ke Seburu, Setswana, Setsonga, Sezulu le Sekgowa. Ho hlakile hore ha ho na puo ya lapeng e le nngwe e hatellang tse ding Tshwane, empa maemo a tshebediso ya dipuo tsohle ao dipuo tsena tse tsheletseng di arabella 84,68% ya baahi.
Dipatlisiso le dihlahlobo tsa puo tsa ka hare le ka ntle
Ho raleng ha molao wa puo wa Lekgotla la Motse, tshebediso ya puo, ditlhoko le dikgetho tsa setjhaba sa Gauteng le tsona di ile tsa nkelwa hlohong. Tlhahisoleseding ya Gauteng e fumanwe diphethong tsa hlahlobo ya puo le kgokahano ya provense ya 2004 e kentsweng/hatisitsweng ho Towards a Functional and Cost-effective Language Policy bakeng sa Gauteng. Hlahlobo e entswe ke Mokgatlo wa Sarah Slabbert bakeng sa Lefapha la Dipapadi, Bonono, Setso le Boithabiso la Gauteng. Hlahlobo e bontshitse hore basebeletsi ba bangata ba mmuso dibakeng tsa ho fana ka tshebeletso ba kgona ho buisana le setjhaba ka dipuo tse ngata ho feta Sekgowa le Seburu feela. Hlahlobo e bontshitse le hore bongata ba setjhaba kapa bareki/basebeletswa ba kgetha ho sebedisa dipuo tsa selehae ho fumana ditshebeletso tsa mmuso. Ho ya ka dihlahlobo, kgetho ya puo sepetleleng se seng sa provense e ne e le e latelang:
Dipuo tsa Batho Batsho: 58,5%
Sekgowa: 36,8%
Diphetho tsa hlahlobo di totobatsa tlhoko ya bohlokwa bakeng sa ditshebeletso tsa phetolelo le ho toloka ho netefatsa hore basebeletswa ba thuswa ka dipuo tsa bona tsa lapeng.
DIKGOTHALETSO TSA MOLAO
Dikgothaletso tse latelang di entswe mabapi le tshebediso ya puo Lekgotleng la Motse:
Dipuo tsa semmuso tsa Tshwane
Ho ipapisitswe le dipalo tsa Palo ya Batho ya 2001 tshebedisong ya puo le dikgetho tsa baahi ba Tshwane ha mmoho le dikgetho tsa provense tse hlahisitsweng moralong wa Molao wa Puo wa Mmuso wa Provense ya Gauteng wa (30 Motsheanong 2004), ho kgothaleditswe hore Lekgotla la Motse le amohele dipuo tse tsheletseng tse latelang e le dipuo tsa semmuso:
Sekgowa
Lekgotla la Motse le tlameha le ho etsa matsapa a mang le a mang ho sebedisa dipuo tse ding tsa semmuso tsa Riphabliki ya Afrika Borwa, ho kenyeletsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa, ha ho na le kopo. Lekgotla la Motse le tlameha, ho feta moo, ho fana ka ditokomane tsa Braille bakeng sa ketsahalo e itseng ya kgokahano moo ho tshwanelehang.
Le ha ho le jwalo, ho tlameha ho elellwa hore dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse di tla shejwa hape ho ipapisitswe le diphetho tsa hlahlobo kapa dipatlisiso tsa puo le kgokahano ya Tshwane ka bophara tse tlang ho etswa nakong e tlang.
Kgokahano eo ho buisanwang ka yona ka hare
Puo efe kapa efe ya semmuso ya Lekgotla la Motse e ka sebediswa dikgokahanong tse buuwang ka hare ho lefapha le mafapheng a mang, ha feela e le hore bohle ba leng ketsahalong ya kgokahano ba utlwisisa (di)puo e buuwang.
Sekgowa se kgothaletswa e le puo e sebetsang kgokahanong e buuwang ka hare ho lefapha le mafapheng a mang. Puo e nngwe ya semmuso ya Lekgotla la Motse e ka sebediswa, ha feela e utlwisiswa ke maloko oohle a leng ketsahalong ya kgokahano.
Puo efe kapa efe ya semmuso ya Lekgotla la Motse e ka sebediswa dingangisanong dife kapa dife kapa ditsamaisong tsa Lekgotla. Kahoo Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka tshebeletso ya ho toloka hong le sebui ho tswa le ho ya dipuong tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Ka kakaretso, dikopano tsa kgalemo, dipuisano tsa kopo ya mosebetsi le ditekolo tsa katleho mosebetsing ka hare ho Lekgotla la Motse di tla etswa ka Sekgowa, ha feela e le hore ditshebeletso tsa phetolelo le ho toloka di a tholahala bakeng sa bao ba sa kgoneng ho bua kapa ho utlwisisa Sekgowa.
Kgokahano eo ho buisanwang ka yona le ba ka ntle
Lekgotla la Motse le tlameha, kgokahanong ya lona e buuwang, ho etsa ka hohle hore le thuse basebeletswa ba lona kaofela ka puo ya kgetho ya bona.
Ha basebetsi ba sa fumanehe sebakeng sa tlhokomelo ya basebeletswa, sebakeng sa tefo, tlliniking kapa sebakeng se seng sa setjhaba sa Lekgotla la Motse ho thusa basebeletswa ka ho bua ka puo ya kgetho ya bona, ditoloko tsa kgokahano di tlameha ho sebediswa ho ba thusa. Moo ho hlokahalang, matsapa a mang le a mang a tlameha ho etswa ho sebedisa ditshebeletso tsa ho toloka (ho latelanang, ho toloka hong le sebui, mohala le ho sebela) moo ho tshwanelehang.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano haeba tlhahisoleseding kapa mokgwa o bohlokwa o tshwanela ho fetisetswa ho dihlopha kapa baahi ba dipuo tsohle ka molomo diketsahalong tsa setjhaba tse hlophisitsweng ke Lekgotla la Motse, mohl.diindaba kapa dipitso tsa maphelo tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano.
Kgokahano eo ho ngollanwang ka yona ka hare
Ho tshehetsa ntshetsopele ya tshebetso e kgabane, Sekgowa se tlameha ho ba puo ya tshebetso ya Lekgotla la Motse, mme diphetolelo ka dipuo tse ding tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse di tla fumantshwa ha di kotjwa.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditshebeletso tsa phetolelo ha ho na le kopo bakeng sa kgokahano eo ho ngollanwang ka yona ka hare ho lefapha le mafapheng a ka ntle.
Ditshebeletso tsa phetolelo di tlameha ho fumantshwa ha ho na le kopo ho fetolela tshisinyo e hlahiswang dikopanong tsa Lekgotla ho puo efe kapa efe ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Melao ya Lekgotla la Motse, ditsamaiso, maemo a mosebetsi, ditsebiso tsa tlhahisoleseding e bohlokwa ya tshebediso ya botho, tlhahisoleseding ya bophelo le tshireletso hammoho le ditokomane tse ding tsa mokgwatshebetso di tlameha ho fumantshwa ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano tse sebedisang dipuo tsohle ho tswa hara basebetsi ba lona ho thusa basebetsi ba sa balang ho fumana tlhahisoleseding ho lekgotla la motse. Kgokahano ya ho toloka e tlameha ho bonwa e le mokgwa wa ho tshehetsa kgokahano e ngotsweng.
Le ha ho se mosebeletsi wa Lekgotla la Motse ya ka thibelwang ho sebedisa puo ya semmuso ya kgetho ya hae ka nako efe kapa efe, ditokomane tsohle tsa lekgotla la motse tse hlokang ho bolokwa di tlameha, bakeng sa mabaka a tsamaiso e sebedisehang, ho fumaneha ka puo ya mantlha/sethato mme Sekgowa e le puo ya ho boloka.
Tshebediso ya puo e bolata ditokomaneng tsa ka hare tsa lekgotla la motse e tlameha ho kgothaletswa ho bebofatsa kutlwisiso le ho ntlafatsa kgokahano..
Kgokahano eo ho ngollanwang ka yona le ba ka ntle
Ditsebiso tsohle tsa semmuso, dipolelo, ditefo, melao ya bobedi, ditsamaiso, melao, dipapatso, jj, tse ntshitsweng kapa tse phatlaladitsweng ke lekgotla la Motse bakeng sa tshebediso ya setjhaba di tlameha ho fumantshwa ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, moo ho tshwanelehang ebile ho e na le kgonahalang ya tsa ditjhelete.
Lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano tse sebedisang dipuo tsohle ho tswa basebetsing ba lona e le mokgwa wa ho eketsa kgokahano e ngotsweng le ho thusa basebeletswa ba sa balang ho fumana ditshebeletso tsa lekgotla la motse le tlhahisoleseding. Ditoloko tsa kgokahano di tlameha ho sebedisetswa ho hokahanya ho toloka dibakeng tsa tlhokomelo ya bareki, dibakeng tsa ho lefa, ditlliniking kapa dibakeng tse ding tsa setjhaba tsa Lekgotla la Motse haeba basebetsi ba dipuo tsohle ba sa fumanehe bakeng sa morero ona.
Lekgotla la Motse le tlameha ho etsa matsapa a mang le a mang ho tshehetsa ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsohle websaeteng ya yona le diphatlalatsong tsa yona tsa ka ntle ka ho sebedisa dipuo kaofela tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse.
Mangolo kaofela a ka ntle a Lekgotla la Motse a tlameha ho fetolelwa puong ya semmuso eo kgokahano ya mantlha/sethato e fumanweng ka yona, ha feela e le hore phetolelo ya tokomane ka Sekgowa e bolokilwe bakeng sa mabaka a poloko ya lekgotla la motse le ditsamaiso tse ka hlahang tsa molao. Lekgotla la Motse le tlameha ho tsebisa moreki/mosebeletswa hore sengolwa sa Sekgowa se tla sebediswa ditsamaisong tsa molao.
Ditokomane kaofela tsa ka ntle tsa Lekgotla la Motse (haholo mangolo) di tlameha ho ba le polelo qetellong ya leqephe e bolelang hore tokomane e ka fumaneha ka e nngwe le e nngwe ya dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa, mme tokomane ya tsebiso ya Lekgotla la Motse e tlameha ho totobatsa sena e le tlhoko..
Ditokomane kaofela tsa Lekgotla la Motse tse hlokang ho bolokwa di tlameha, bakeng sa mabaka a tsamaiso.e sebedisehang, ho fumaneha ka Sekgowa jwalo ka puo ya poloko.
Sekgowa se tlameha ho sebediswa ke Lekgotla la Motse bakeng sa kgokahano ya matjhaba, empa Lekgotla la Motse le tlameha ho etsa hore ditshebeletso tsa phetolelo di fumanehe bakeng sa kgokahano ya tshohanyetso ka puo e kgethwang ke naha eo .
Tshebediso ya puo e bolata ditokomaneng tsa lekgotla la motse tsa ka ntle e tlameha ho kgothaletswa ho bebofatsa kutlwisiso le ho ntshetsa kgokahano pele..
Matshwao a Lekgotla la Motse
Lekgotla la Motse le tlameha ho shebisisa dikgetho tsa puo tsa ditjhaba tse lehae ha le etsa matshwao a tsela le mtshwao a tshupo a lehae. Matshwao a tsebiso kaofela, matshwao a tshupiso ya tsela le matshwao a tsela a bolelang ka meaho ya lekgotla la motse, ditshebeletso, disebediswa, disebediswa tsa kaho le dikoloi di tlameha ho ba ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse moo ho kgonahalang. Moo sena se sa kgonahaleng ka thibelo ya tsa ditjhelete, molao wa tshebediso ya dipuo tse pedi (Sekgowa le puo e nngwe ya semmuso ya Lekgotla la Motse) o ka amohelwa, ha feela Sekgowa ke puo e nngwe mme e nngwe ke puo e sebediswang haholo ya sebaka se itseng.
Batho ba nang le bofokodi puong
Lekgotla la Motse le tlameha, ha ho na le kopo le moo ho tshwanelehang, ho fana ka ditlhoko tsa batho ba nang le bofokodi puong.
Kwetliso Lekgotleng la Motse
Puo e sebediswang bakeng sa kwetliso ya lekgotla la motse e tla ba Sekgowa, ha feela e le hore molawana wa tshebediso ya dipuo tsohle o a sebediswa moo ho tshwanelehang. Motho ya fanang ka kwetliso a ka, ho fana ka mohlala, sebedisa efe kapa efe ya dipuo tse ding tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso, ho ya ka tshebediso ya puo le dikgetho tsa baithuti maemong oohle, ho tlameha ho shebisisa sephetho se lebelletsweng, k.h.r kwetliso e kgabane.
Karolo ya puo ya molomo ya lenaneo lefe kapa lefe.la lekgotla la moste kapa ketsahalo ya morero o itseng e lebisitsweng ntlafatsong ya bophelo ba basebeletsi e tlameha ho etswa ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, mohl. dividiyo bakeng sa kanale ya tlhahisoleseding ya ka hare
Ho thusa setjhaba ka bokgabane, basebeletsi ba Lekgotla la Motse ba tlameha ho kgothaletswa ho ithuta, ka mokgwa o hlophisitsweng, dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse tseo ba sa di tsebeng, hammoho le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa.
Lekgotla la Motse le tlameha ho hlophisa mananeo a kwetliso le dithuto tsa boikgopotso bakeng sa basebeletsi ba lona ho thusa ntshetsopeleng ya bokgoni ba bona ho sebediseng dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse, hore ba kgone ho fana ka tshebeletso e kgabane ho ditjhaba.
Ditshebeletso tsa phetolelo di tlameha ho fumantshwa ho fetolela kwetliso ya ka hare le disebediswa tsa dithuto ho puo efe kapa efe ya semmuso ya Lekgotla la Motse ka kopo ya ba kwetliswang.
Ho ntlafatsa phumantsho ya kwetliso le ho ntlafatsa kgokahano pakeng tsa ba kwetliswang le bakwetlisi, bakwetlisi le baradi ba thuto ba tlameha ho kgothaletswa ho sebedisa puo e bolata dibukeng tsa bona tsa kwetliso.
MOKGWA WA HO KENYA TSHEBETSONG
Mokgwa wa ho kenya butle o tla amohelwa ho kenya molao ona tshebetsong ka katleho, ho elwa hloko kameho ya ditjhelete le disebediswa tsa botho. Mokgwa ona o tla netefatsa hore ho na le nako e lekaneng ho aha bokgoni ho kenya tsweletso ka botlalo tshebetsong. Lebaka le leng bakeng sa mokgwa ona ke ho etsa sebaka bakeng sa ho hlahloba le ho lebela molao. Sena se tla thusa ho netefatsa hore ho kenngwa tshebetsong ha molao ho hlahlojwa kgafetsa le hore matsapa a ho lokisa a nkwa ka dikgefutso tse behetsweng.
Mekgwa e latelang e tla sebediswa ho netefatsa katleho ya ho kena tshebetsong hwa molao ona :
Lekgotla la Motse le tlameha ho thea sehlopha sa ditoloko ho fana ka kgonahalo ya tshebediseho ya dipuo tsohle.
Ditokomane tsa tlhahisoleseding di tlameha ho fetolelwa ho dipuo tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso.
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tlameha ho qapa mareo a tlang ho thusa ho ntshetsa dipuo tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso pele.
Komiti ya Ramotse le dipehelo tsa Lekgotla di tlameha ho lokiswa diphoso ho netefatsa hore puo e tshwanetseng e sebedisitswe ditokomaneng tsena.
Kwetliso dipuong tsohle tsa Lekgotla la Motse tsa semmuso e tlameha ho fuwa basebeletsi ba e hlokang bakeng sa ho fana ka tshebeletso e kgabane ho ditjhaba tse fapaneng tsa puo.
Projeke ya teko ya TIISA e tla nkwa e le tsela ya ho bebofatsa tsamaiso ya kgokahano ditlliniking le dibakeng tse itseng tsa tlhokomelo ya bareki Lekgotleng la Motse.
KAHO YA BOKGONI
Ho kenngwa tshebetsong ha molao ona ho tla tlisa nyollo/keketseho tlhokong ya phetolelo, tokisong ya diphoso, ntshetsopeleng ya mareo le ditshebeletsong tsa ho toloka dipuong tse nne tsa semmuso tsa Batho Batsho tsa Lekgotla la Motse. Tlhokeho e eketsehileng e tla tlisa tlhoko bakeng sa kwetliso e fetang bokgoning ba puo
Ka matsapa a ho aha bokgoni bakeng sa ditshebeletso tsa puo tsa lekgotla la motse, Lekgotla la Motse le tlameha, ho ipapisitswe le molao wa lona wa ho fana/kadimana ka tjhelete ya dithuto, ho fana/kadima baithuti tjhelete ya dithuto ho ithuta puo e le nngwe kapa ho feta dipuong tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse boemong ba thuto e phahameng.
Ho fana ka bokgabane tshebedisong ya dipuo tsohle, lekgotla la Motse le tlameha ho fana ka ditoloko tsa kgokahano, mme le tlameha ho fana ka menyetla ya kwetliso bakeng sa ditoloko tsa kgokahano tsa lefapha, mohl. dithuto tse kgutshwanyane ka kgokahano ya ho toloka.
DIPOPEHO TSA PUO
Molao ona o tla kenngwa tshebetsong ka tshebedisano mmoho ya barati ba fapaneng ba puo. Tse latelang ke dikarolo tse tla bapalwa ke barati ba ka sehlohong ba puo:
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo
Ho netefatsa katleho ya ho kenngwa tshebetsong ha molao ona, Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tla -
bebofatsa tsamaiso le ho tlisa tshebedisano mmoho ho kenngwa tshebetsong ha molao ona ka ho fana ka phetolelo, tokiso ya diphoso, ho toloka, kwetliso ya puo le ditshebeletso tsa ntshetsopele ya mareo;
dipatlisiso tsa puo le dihlahlobo kgafetsa ho leloka tshwaneleho ya molao o tshebetsong le ditshebetso tsa Lekgotla la Motse mme e etse dikgothalletso bakeng sa ntlafatso ya molao le ditshebetso;
phahamisa kelohloko ya molao ho netefatsa tshebediso ya oona;
etsa pehelo ho mekgatlo e tshwanetseng e laolang puo e selemo le selemo, mohl. Seboka sa Puo sa Setjhaba le PanSALB, ka tswelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha molao; le phahamisa kelohloko ho basebeletsi ba lekgotla la motse le baahi ka karolo e bapalwang ke PanSALB jwalo ka lepolesa la semmuso le motshireletsi wa ditokelo tsa bona tsa puo, le ho dihloho tsa mafapha le tsa dikarolo, ka tlhokeho ya ho phema tshebediso ya puo e le nngwe ka ho fokodisa tshebediso ya puo e nngwe ya semmuso mme ka hoo ho tlisa ho sa hlomphe ditokelo tsa puo tsa basebeletsi le baahi.
Barati ba bang ba puo
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tla sebedisana mmoho le dibopeho tse ding tsa puo tse jwale ka Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba, Lefapha la tsa Dipapadi, Bonono, Setso le Boithabiso la Gauteng, PanSALB, mekgatlo ya thuto e phahameng le Seboka sa Puo sa Setjhaba ho -
lebela tshebediso ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la motse mafapheng oohle a lekgotla la motse;
lebela ho kenngwa tshebetsong ha molao;
thakgola le ho tshehetsa tswelopele ya puisano e hlahafetseng ho sebediseng dipuo tsohle ditjhabeng kaofela; le thakgola dithuto le diphuputso ka -
ntshetsopele ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse;
maikutlo a basebeletsi ba lekgotla la motse le baahi ba Tshwane tshebedisong ya dipuo tsohle;
phumantsho le tshebediso ya dipuo tsa semmuso tsa Lekgotla la Motse;
ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsohle Tshwane; le tshebediso e kgabane ya disebediswa tsa puo tsa Lekgotla la Motse.
HLAHLOBO YA MOLAO
Lekgotla la Motse le tlameha ho etsa dihlahlobo tsa ka hare le tsa ka ntle tsa kgetho ya puo le bokgoni ho fumana ditlhoko tsa puo le bokgoni ba puo ba basebeletsi ba mmuso ba lekgotla la motse le baahi ba Tshwane
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tlameha ho sebedisa sephetho sa dihlahlobo ho hlahloba le ho ntjhafatsa molao .
Karolo ya Ditshebeletso tsa Puo e tlameha ho hlahloba ho kenngwa tshebetsong ha molao kgafetsa le ho kenya diphetoho tse hlokehang.
