DIKAHARE LE TLHOPHISO
Tlhophiso
Ho tswa Makgotleng a Dinyewe
Toka ho Paroletsa Setjhaba
Leqephe la Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa 2010 wa Toka Kajeno
Malepa a Morabaraba wa Mantswe wa Toka kajeno
Dintlha
Thomo ya Pholoso Thekisong ya Batho/Ho hweba ka batho
Mohato o Tswelang pele ho Netefatsa Toka
Mmuso o Itlama ho Lwantsha Bobodu
Lefapha le NiCRO di fokotsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi AB
Toka e Matlafatsa Setjhaba
Laola Maruo a Hao Kamora Lefu- Ngola Wili
Molao wa Tshireletso ya Bareki, Tshepo e Ntjha ya Tshebetso ya Kgwebo
Diathikele
Motlatsi wa Letona o Etela Lekgotla la Maseterata la Johannesburg
Lefapha la Toka le bula Lekgotla la Dinyewe la Lekala la Vosman
Lefapha le NiCRO di fokotsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi AB
Ho rafa ho seng molaong ho Hloleha ho Atlehisa Tjhata ya ho Rafa
Toka le Mohope wa Lefatshe wa FIFA 2010
MOHLOPHISI
MOHLOPHISI YA KA TLASE
DITSHEBELETSO TSA PHETOLELO
KABO
BANYEHEDI
Ho hweba ka/Thekiso ya batho ke e nngwe ya mathata a maholo lefatsheng mme hangata batho ba rekisetswa ho sotlwa ka thobalano le ho sebediswa ka mahahapa/qobello. Ha jwale, lefapha le sebetsa ka Bili e kenyelletsang dintho kaofela Thekisong e tla thusa naha ena haholo twantshong e kgahlanong le thekiso ya batho. Dintlhakgolo tsa Bili di etswe hloko phatlalatsong ena.
Ho ntlafatsa phihlello ya toka ho bohle ho dula ho le ka hodimo lenanetsamaisong la rona. Haufinyana, bomaseterata ba makgotla a dinyewe a mabatowa ba kopane ho bontshana/ sheba ditsela tsa ho netefatsa hore toka e bonwa/bonahala e phethahatswa ka mokgwa wa tshebetso e hlwahlwa.
Bobodu ke phepetso eo dinaha tse ngata di tobaneng le yona, naha ya rona le yona e balellwa. Bobodu bo senya botsitso le
Tshepo, mme bo senya filosofi ya mebuso ya demokerasi Bala ka boikemisetso ba mmuso twantshong e kgahlanong le bobodu. Boikemisetso bo tjena/jwalo bo boetse bo hloka hore lona jwaloka ditho tsa setjhaba le utlwisise dikarolo tseo le di bapalang mme le eme ka maoto/bapale karolo ya bohlokwa tlhahisong ya dibopeho kaofela tsa bobodu tseo le teanang le tsona.
Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa 2010 o haufinyana. Lefapha le malalalaotswe ho sebetsana le melato kaofela e tla etswa nakong ya thonamente. Diofisiri tsa Toka di ikanne ho bontsha tshehetso ya tsona Mohopeng wa Lefatshe. Sena se bontshitswe ka ditsela tse fapaneng, ka ho ba karolo ya Bolo ya maoto ka boLabohlano, ho ba karolo ya letsholo la ho fofiswa ha folakga le ho ithuta tantshe ya diski, ho bolela tse mmalwa feela.
O se lebale ho phepetsa boko ba hao ka ho etsa malepa a morabaraba wa mantswe. Tswelapele ho re romella maikutlo a hao, a re thusa haholo. Natefelwa!
Ka Engela Steyn a matsapa a lona a ho lwantsha ditlolo tsa molao tsa bosenyi, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le entse moralo wa Bili ya 2010, ya ho Thibela le ho Lwantsha Thekiso ya Batho. Bili ena e hlaha dipatlisisong tse entsweng ke Khomishene ya Kahobotjha ya Molao ya Aforika e ka Borwa (Khomishene ya kahobotjha ya Molao) ka thekiso ya batho e seng e qadile pejana ka 2003. Khomishene ya Kahobotjha ya Molao e kopile maikutlo dikopanong tsa boitjhoriso naheng ka bophara mme ya hlahisa pampiri ya taba le pampiri ya maikutlo. Pehelo ya ho qetela e isitswe semmuso ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo la mehleng, Mong. Enver Surty ka Pudungwana 2008. Hape, ka Motsheanong 2009 Bili e ile ya phatlalatswa hore setjhaba se ntshe maikutlo mme maikutlo a ntshitsweng a amohetsweng a ile a hlahlobisiswa mme, moo ho lokelang, a kenngwa Biling ya jwale.
Ho na le mohopolo wa hore ha jwale ha ho na molao wa ka hara naha/lehae o ka sebedisetswang qoso ya dinyewe tsa thekiso ya batho. Leha Riphaboliki ya Aforika Borwa e hloka Molao o sebetsanang le thekiso ya batho ka ho toba, ho lebiswa Molaong wa 2007 wa Tokiso ya Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi (Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano le Ditaba tse Amanang le tsona) (Molao wa 32 wa 2007) (Molao wa Tokiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano), le Molao wa 2005 wa Bana (Molao wa 38 wa 2005) (Molao wa Bana), o nang le ditlhoko tse amanang le thekiso ya batho. Leha ho le jwalo, Molao wa Tokiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano o bona ketso ya thekiso ya batho bakeng sa sepheo sa thobalano feela e le ketso ya bosenyi, ha Molao wa Bana o sebetsana le thekiso ya bana ka ho phethahala. Ditlhoko tsa Molao wa Bana o amanang le thekiso ya bana di tla kena tshebetsong ka Motshehanong 2010.
Melao e meng eo ha jwale e ka sebedisetswang ho qosa batho ba belaellwang ho hweba ka batho e kenyelletsa Molao wa 1957 wa Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano; Molao wa 1956 wa Pokello wa Riotous; Molao wa 2002 wa Phallo/ ho Falla; Molao wa 1997 wa Maemo a Motheo a Mosebetsi; Molao wa 1982 wa Botshosetsi; Molao wa 1998 wa Merusu ya Lapeng; Molao wa 1996 wa Difilimi le Diphatlalatso le Molao wa 1998 wa Thibelo ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi tse Hlophisitsweng. Tlasa molao o tlwaelehileng, ho ya ka maemo a nyewe ka nngwe, batho ba belaellwang ho hweba ka batho ba ka qoswa ka ho utswa batho, ho ntsha kotsi ho tlwaelehileng, ho ntsha kotsi/otla ka maikemisetso a ho ntsha kotsi mmeleng, kgapo, teko ya polao le polao.
RAB le yona ke e nngwe ya dinaha tse saeneng Tumellano ya Kopano ya Dinaha ho Thibela, ho Hatella le ho fana ka Kotlo Thekisong ya Batho, haholoholo Basadi le Bana ka 2000, mme e hlokeha ho amohela molao wa kahara naha o sebetsanang le thekiso ya batho hore o kgone ho phethahatsa ditlameho tsa yona tsa matjhaba.
Ho ya ka Khomishene ya Kahobotjha ya Molao, tse ding tsa dintho tsa sehlooho tse bakang thekiso ya batho ke bofuma, ntwa le ho hloka botsitso dipolotiking. Thekiso ya batho ke bothata ba lefatshe ka bophara mme ke e nngwe ya dikgwebo tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi tse tlisang tjhelete e ngata lefatshe kaofela. Batho ba rekisetswa haholo ho tshwarwa hampe thobalanong le ho sebediswa ka mahahapa/qobello. Mahlatsipa a thekiso a kopana le mathata a mangata, a jwaloka ho senyeha mmeleng le moyeng/ maikutlong, mathata a bophelo, tshebediso e mpe ya dithethefatsi le jwala le maemo a sa amohelehang a ho ngongoreha.
Bili e ikemiseditse ho phethahatsa Tumellano ya Kopano ya Dinaha le ho dumella ho qoswa ha batho ba rekisang ka batho le ho diha dikahlolo tse loketseng; bakeng sa thibelo ya thekiso le tshireletso le thuso ya mahlatsipa a thekiso; bakeng sa ha mehato e sebetsang hantle ya qobello le ho fedisa/lwantsha thekiso ya batho ka kakaretso.
Tekong ya ho thibela thekiso ya batho, polelwana ya 3 ya Bili e dumella hore mananeo a tlhokomediso ya setjhaba le mehato e meng e tlameha ho kenngwa tshebetsong ho parola naha. Mananeo ana a tlameha ho hlahisetsa setjhaba lesedi le ho se ruta, haholoholo bao ba kotsing ya ho utlwiswa bohloko kapa ba kotsing ya ho ba mahlatsipa a thekiso, ditabeng tse fapaneng tse amanang le thekiso, tse jwaloka mekgwa e tlwaelehileng ya ho hira, ditshebetso tse sebedisetswang ho boloka mahlatsipa maemong a tshwaro e mpe le mekgatlo eo ho ka iteanywang le yona ho thusa le ho fana ka tlhahisoleseding.
Ha o tadima mofuta wa diketso tsa bosenyi lefatsheng, ho ya ka polelwana ya 10, Makgotla a Dinyewe a Aforika Borwa a tla ba le tokelo ya boahlodi mabapi le diketso tse entsweng kantle ho RAB ha diketso tseo e ne e le tlolo ya molao tlasa Bili ha di ne di entswe RAB. Diketso tsa maikemisetso a ho tlola molao tlasa karolo ya 3, kapa diketso tse hlohlelletsang, tse tsosang meferefere, tse laelang, tse laolang, tse thusang, tse ntshetsang pele, tse eletsang, tse hirang, tse kgothalletsang kapa tse etsang hore motho ofe kapa ofe e mong a hwebe ka mmele ho etsa tlolo ya molao tlasa karolo ya 3 kapa motho ofe kapa ofe ya rerang bobe le motho ofe kapa ofe e mong ho etsa ketso ya tlolo e jwalo, o molato wa tlolo ya molao ya ho ba karolo thekisong ya batho.
Mofuta o kotsi wa thekiso ya batho le ditlolo tse amanang le yona o lokela ho tiiswa makgotleng a dinyewe ho netefatsa hore ho dihwa/fanwa ka kahlolo e loketseng. Kahoo, polelwaneng ya 11, Bili e dumella hore lekgotla la dinyewe le tlameha ho sheba dintho/mabaka a latelang a susumeditseng ha le nahana ka kahlolo e loketseng:
Bohlokwa ba karolo e bapalwang ke mohlohlelletsi tshebetsong ya thekiso;
dikahlolo tse fetileng tse amanang le tlolo ya molao ya bosenyi ya thekiso ya batho;
maemo ao lehlatsipa le neng le bolokilwe ho oona le nako eo lehlatsipa le neng le kwalletswe ka yona;
hore na motho ya ahlotsweng o bakile hore lehlatsipa le be lekgoba la ntho e itseng;
mofuta wa tlhekefetso eo lehlatsipa le bileng le yona le dikameho tsa yona;
hore na tlolo ya molao e ne e le karolo ya mesebetsi ya sehlopha se hlophilweng sa tlolo ya molao ya bosenyi hore na lehlatsipa e ne e le ngwana.
Dikotlo tsa ditefo tse ka etswang ntle le kopo ho ya ka ditlolo tsena di tsamaella ho tloha ho ditjhelete tse lefiswang le ho kwallwa tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano ho isa ho ho kwallwa tjhankaneng dilemo tsohle tsa bophelo ba motho. Mojari a ka lefiswa tjhelete e fihlang ho miliyone e le 1 ya diranta.
Bili e hatella bohlokwa ba ho tshireletsa le ho thusa mahlatsipa a thekiso. Polelwana ya 12
e jarisa diofisiri tsa phallo, bahlahlobi ba tsa mesebetsi, diporofeshenale tse itseng, dingaka tsa setso kapa baetapele ba setso ho tlaleha ngwana eo ba belaelang hore ke lehlatsipa la thekiso, lepoleseng bakeng sa patlisiso, ntle le molao, leano kapa motheo ofe kapa ofe wa boitshwaro o thibelang ho hlahiswa ha tlhahisoleseding.
Lekunutu la tsebiso ya motho pakeng tsa motho wa porofeshenale le ngwana jwaloka mokudi wa hae kapa motho ya fuwang tshebeletso le tlameha ho hlontjhwa mme motho wa porofeshenale a ka tlola melao, maano kapa metheo ya boitshwaro ha tsebiso/ tlhahisoleseding e mabapi le mokudi kapa motho ya fuwang tshebeletso e bolellwa lepolesa. Kahoo, polelwana e reng "ntle le molao, leano kapa motheo ofe kapa ofe wa boitshwaro" e leka ho etsa hore batho ba porofeshenale ba tlalehe mahlatsipa a bana ntle le tshabo ya ho tlola molao, leano kapa metheo ya boitshwaro e tsamaellanang le diporofeshene tsa bona. Polelwana e etsa hore motho e mong le e mong a tlamehe/qobellehe ho tlaleha mahlatsipa a bana a belaellwang a thekiso ho lepolesa ho etsa patlisiso e tswelang pele. Mahlatsipa a bana a thekiso a tla wela tlasa mehato kaofela ya tshireletso ya Molao wa Bana.
Mohlala, polelwana ya 12 e dumella hore tshebetso e karolong ya 110 ya Molao wa Bana, e sebetsanang le tlaleho ya bana ba hlekefatswang kapa ba lahlilweng, ba sa hlokomelweng kapa bana ba hlokang tlhokomelo le tshireletso e tlameha ho latelwa. Polelwana ya 14 e dumella hore ho ya ka karolo ya 155, patlisiso ya Molao wa Bana e tlameha ho etswa bakeng sa lehlatsipa la ngwana la thekiso ho bolelang hore mosebeletsi wa setjhaba o tlameha ho batlisisa ka taba mme a etse/ngole pehelo/raporoto ka hore na ngwana o hloka tlhokomelo le tshireletso. Mahlatsipa a bana a thekiso le oona a tlameha ho hlaha makgotleng a dinyewe a bana.
Polelwana ya 30 e dumella hore ngwana ya tswang naheng ya kantle a ke ke a kgutlisetswa naheng ya habo ntle leha hara tse ding, ho shebisisitswe molemo o loketseng boemo ba ngwana ka ho fetisisa jwaloka ha ho dumelletswe karolong ya 7 ya Molao wa bana. Karolo ya 7 ya Molao wa Bana e dumella hore ho hlokomelwe/nahanelwe mabaka a mang, a jwaloka mofuta wa kamano pakeng tsa ngwana le batswadi ba hae kapa bahlokomedi ba bang, bakgoni ba batswadi kapa mohlokomedi e mong ho hlokomela ngwana, dilemo tsa ngwana le kgolo ya hae. Polelwaneng ya 33, Bili ka bo yona e dumella ho felehetswa ha ngwana ho tloha sebakeng seo a fumanweng ho sona ho ya sebakeng seo ngwana a nkilweng ho sona ho rekiswa.
Polelwana ya 34 e dumella hore ha lekgotla la dinyewe la bana le na le lebaka la ho kgolwa hore motswadi kapa motho e mong ya nang le maikarabelo le ditokelo tsa botswadi ngwaneng o rekisitse ngwana eo, lekgotla la dinyewe le ka emisa maikarabelo le ditokelo tseo tsa botswadi nako e itseng mme la beha ngwana tlhokomelong e bolokehileng ya nakwana. Leha ho le jwalo, motswadi kapa motho e mong ya nang le maikarabelo le ditokelo tsa botswadi o ntse a na le boikarabelo ba ketso ya ho tlola molao wa thekiso ya batho.
Polelwana ya 13 e jarisa diofisiri, diporofeshenale, basebetsi ba tsa maphelo ba setso, dingaka tsa setso le baetapele ba bang ba setso boikarabelo ba ho tlalehela lepolesa motho e moholo eo ba nang le mabaka a ho belaela hore ke lehlatsipa la thekiso ya batho bakeng sa patlisiso e tswelangpele. Leha ho le jwalo, mekgahlelo e meng ya batho ba hlokang ho tlaleha e tlameha ho fumana tumello ya motho e moholo ya amehang pele, kantle le moo motho a sa itekanelang kelellong kapa a le boemong ba ho se utlwe. Lebaka la tumello/tlhoko ena ke hore motho e moholo o na le tokelo ya ho etsa qeto ya hore o qosa mophepetsi kapa tjhe. Ka lebaka la porofeshene le kamano ya bona le lehlatsipa le nahenelwang, batho bana hape ba tlameha ho hlompha lekunutu la "bakudi" ba bona mme ba tshware tlhahisoleseding eo ba e fumanang nakong ya mosebetsi wa bona ka lekunutu le hlokehang Sena ha se hlokehe ho etsahala ka diofisiri tsa phallo, bahlahlobi ba tsa mesebetsi le mapolesa a hlokang ho phetha ho ya ka molao le ho netefatsa hore batlolamolao ba a tshwarwa. Polelwana ya 13 e tswelapele ho dumella hore ditho tsa setjhaba di ka tlaleha motho e moholo ya belaelwang ka mabaka ho ba lehlatsipa la thekiso ho lepolesa bakeng sa patlisiso e tswelangpele.
Mehato e meng ya tshirelletso eo ho fanweng ka yona Biling e kenyeletsa e latelang:
a Mahlatsipa a Kantle ho naha a thekiso a na le tokelo ya ho fumantshwa ditshebeletso tsa setjhaba tsa tlhokomelo ya bophelo tse tshwanang le tse fihlellwang ke baahi ba
Riphaboliki ya Aforika Borwa (polelwana ya 15).
Ho qoswa ha batho ba fumanwang e le mahlatsipa a thekiso bakeng sa ditlolo tse ding tseo ba di entseng ka lebaka la maemo a bona a ho ba mahlatsipa a thekiso, ho thibelwa ke polelwana ya
Hape sena se tla etsa hore mekgatlo e sebedisang melao e kgone ho etsa dipatlisiso le ho qosa bahwedi/barekisi ka ho sebedisa mahlatsipa ana jwaloka dipaki. Hape ho entswe tumello ya hore nyewe ya tlolo ya molao ya bosenyi e kgutlisetswe morao kapa e hlakolwe, kapa bakeng sa ho lokollwa ha lehlatsipa, moo motjhutjhisi a belaelang hore motho ya qoswang ke lehlatsipa la thekiso.
Mahlatsipa a dinaha tsa kantle a thekiso a ka fuwa 'nako ya ho hlaphohelwa le ho imamela', ho dula RAB ho fihlela matsatsi a 90 (polelwana ya 17). Maemong a mang, ditumello tsa bodulo tsa nakwana (polelwana ya 18) le ditumello tsa bodulo tsa nako tsohle (polelwana ya 19) di ka fuwa mahlatsipa a dinaha tsa kantle.
d Ho ya ka polelwana ya 20, mekgatlo e fanang ka ditshebeletso ho mahlatsipa a thekiso e tlameha ho amohelwa ho ya ka tshebetso ya kamohelo e behetsweng mme lehlatsipa le ka supiswa mokgatlong o nang le setefikeiti se molaong sa kamohelo
Mekgatlo e amohetsweng.--
e tlameha ho fana ka tshebeletso ho ya ka ditlwaelo le maemo a lekantsweng a behetsweng ke Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba (polelwana ya 21);
e tlameha ho fana ka mananeo a itseng ho mahlatsipa (polelwana ya 22);
e ke ke ya kgutlisetsa lehlatsipa la thekiso le rekisitsweng kahare ho meedi ya Riphaboliki, sebakeng seo le rekisitsweng ho sona ntle le ho sheba/nahana ka polokeho ya lehlatsipa leo (polelwana ya 25); mme e tlameha ho isa tsebiso e itseng ka mahlatsipa le tlhokomelo ya oona ho Motsamaisikakaretso wa Ntshetsopele ya Setjhaba (polelwana ya 26).
e Dipolelwana tsa 27 le 28 di fana ka tumello bakeng sa puseletso ya tefello ho mahlatsipa a thekiso le ho Mmuso, ke batho
Justice Today l ba tshwerweng. Polelwana ya 27 e fana ka tumello ya hore puseletso ya tefello e ka ba bakeng sa ditshenyehelo kapa tahlehelo kapa tshenyo ya ntlo/thepa le tjhelete, bakeng sa kotsi mmeleng, kelellong kapa e nngwe, bakeng sa ho tshwaetswa ke lefu le bolayang kapa bakeng sa tahlehelo ya moputso kapa tshehetso, eo lehlatsipa le sotlehileng ka lebaka la yona. Ka boiponelo ba lona, lekgotla la dinyewe le ka ntsha warante ya phanyeho/polao, le laele sherifi ho kgutlisa tjhelete ya puseletso ya tefello ka ho hlomathisa le ho rekisa thepa e ka tloswang eo e leng ya motho ya tshwerweng. Hape ho entswe tumello bakeng sa kgetho e nngwe, e tsejwang ka hore lehlatsipa le ka sebedisa tsamaiso ya phanyeho/polao lekgotleng la dinyewe tsa setjhaba, ho kgutlisa tjhelete ya puseletso ya tefello, moo taelo ya puseletso ya tefello e sa phethahatswang. Ho tlatsetsa kotlong efe kapa efe, polelwana ya 28 e fana ka tumello ya hore lekgotla la dinyewe le ka fana ka taelo ya kgapeletso ho motho ya tshwerweng, mme, tlatsetsong ya taelo efe kapa efe ya puseletso ya tefello le ka etsa molemong wa lehlatsipa, mme ha motjhutjhisi a kenya kopo, le ka laela motho ya tshwerweng ho lefa Mmuso puseletso ya tefello bakeng sa ditshenyehelo tse amanang le tlhokomelo, bodulo, ho palamisa le kgutlisetso ya lehlatsipa la tlolo ya molao naheng ya habo lona.
Polelwaneng ya 29, Bili e tswelapele ho thibela kgutlisetso ya mahlatsipa a kantle dinaheng tsa habo oona, ebang a kgutliseditswe habo oona, dipolelwana tsa 30 le 31 di fana ka tumello ya tshebetso e loketseng ya kgutlisetso ya lehlatsipa habo lona, ho elwa hlokopolokeho ya mahlatsipa nyeweng ka nngwe.
Polelwana ya 32 e fana ka tumello ya kamohelo le thuso ho lehlatsipa la thekiso leo e leng moahi wa bodulo ba nako tsohle wa Riphaboliki ya Aforika Borwa ya kgutlelang RAB.
Polelwana ya 35 e beha motheo bakeng sa ditumello tsa dinaha tse pedi, lebatowa le dinaha tse ngata thekisong ya batho pakeng tsa Riphaboliki ya Aforika Borwa le dinaha tse ding mme e sebetsa ho ya ka Tumellano ya Thekisong ya Batho. E fana ka tumello ya hore Poresidente a kene tumellanong le dinaha tsa kantle mabapi le ditaba tsa thekiso ya batho.
Polelwana ya 36 e fana ka tumello ya hore Khomishenara ya Naha ya Sepolesa, Motsamaisi wa naha wa Botjhutjhisi ba Setjhaba le Balaodikakaretso: Merero ya Lehae le Mesebetsi ba tlameha ho ntsha ditaelo le ditsamaiso tseo diofisiri tsa bona di tlamehang ho phethahatsa ho ya ka tsona ha ba sebetsana le ditaba tse amanang le thekiso naheng. Hara tse ding, ditaelo le ditsamaiso tsena di tlameha ho fana ka mokgwa oo dinyewe tsa thekiso di lokelang ho tlalehwa, ho batlisiswa le ho qoswa ka oona, mokgwa oo mahlatsipa a thekiso a lokelang ho tsebahatswa/hlwauwa, ho kenela puisano eo a botswang dipotso le ho tshwarwa ka oona le mehato ho netefatsa polokeho ya mahlatsipa le dipaki.
Polelwana e tswelapele ho fana ka tumello ya ntshetsopele ya dithuto tsa thupello tse tlamehang ho kenyeletsa thupello ditaelong le ditsamaisong naheng. E fana ka tumello le ho ntlafatsa tshebediso ya ditlwaelo, maemo le ditsamaiso tse tshwanang, ho netefatsa hore basebetsi kaofela ba kgona ho sebetsana le ditaba tse amanang le thekiso ka mokgwa o loketseng, o sebetsang hantle le ho nahanela maikutlo a bona. Ditaelo le ditsamaiso naheng di tlameha ho fana ka tumello hore ho nkuwe mehato e loketseng ya kgalemo kgahlanong le ditshebetso dife kapa dife tse hlolehang ho phethahatsa ho ya ka mosebetsi ofe kapa ofe oo di o filweng ho ya ka Bili. Tlhahisoleseding e itseng e tlameha ho bokellwa le ho hlophollwa mme e fetisetswe Komiting ya karolo ya kahare e theilweng ke Bili.
Jwaloka ha RAB e saenile/amohetse Tumellano ya Thekiso ya Batho semmuso, e tlamehile ho nka mehato ho netefatsa tshirelletso ya mahlatsipa a thekiso, qoso ya barekisi le thibelo ya thekiso ya batho, ho kenyeletsa ho thusa Mekga e meng ya Mmuso tabeng ena Leha ho le jwalo, tshebedisano ya matjhaba le mekga ya Mmuso eo e seng karolo ya Tumellano e boletsweng ka hodimo le yona e bohlokwa bakeng sa phediso, thibelo le qoso ya thekiso ya batho. Kahoo, polelwana ya 37 e fana ka tumello ya hore Motsamaisikakaretso: Merero ya Lehae o tlameha, ha Mmuso oo e leng karolo ya Tumellano ya Thekiso ya Batho kapa tumellanong e amanang le thekiso ya batho, ho tiisetsa hore ditokomane tsa ho eta kapa tsa boitsebiso tse ntshitsweng kapa tseo ho boletsweng, leha ho se na tiisetso ya hore ke nnete, hore di ntshitswe ke Lefapha la Merero ya Lehae di molaong, mme di belaellwe di ntshitswe ka ketso ya ho tlola molao tlasa Bili.
Ho netefatsa tsela ya tshebetso e tshwanang, e hlophisitsweng le ho sebedisana ya mafapha a mmuso kaofela le mekgatlo e sebetsanang le ditaba tsa thekiso ya batho le ho tataisa ho kenngwa tshebetsong le tsamaiso ya Bili. Polelwana ya 39 e fana ka tumello ya hore Letona la Lefapha la Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, kamora ho teana le matona a amehang a Kabinete le Motsamaisi wa Naha wa Diqoso tsa Setjhaba, le tlameha ho amohela moralo wa tshebetso wa leano la naha o amanang le ditaba kaofela tse boletsweng Biling.
Ho ya ka polelwana ya 40, Komiti ya Karolo ya kahare e tla thehwa ho ntshetsa pele moralo wa tshebetso wa leano la naha le ho theha tshebetso e kopantsweng ya tlhahisoleseding ho thusa tshebetso e ntle ya ho beha leihlo le ho kenya Bili tshebetsong (polelwana ya 41). Polelwana ya 43 e fana ka tumello ya hore Matona a Ntshetsopele ya Setjhaba le Merero ya Lehae a tlameha ho etsa melao e mabapi le ditaba tsa Bili ena e welang tlasa mafapha a bona. E tswelapele ho ba le tlhoko e okametseng ka ho fana ka tumello ya hore Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le ka etsa melawana e mabapi le taba efe kapa efe eo Bili e hlokang kapa e dumellang hore e behwe.
Bili e tswelapele ho sisinya ditokiso Melaong e meng, e jwaloka Molao wa 1977 wa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi, Molao wa 2002 wa Phallo, Molao wa Bana le Molao wa Tokiso ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano, ho e tlisa ho tsamaellana le ditlhoko tsa Bili le ho kenya ditlhoko melaong eo ho sebetsana le thekiso ya batho hantle. Ditokiso tse ding tsa ditlamorao di entswe ditlhokong tsa Melao e meng e fapaneng tse hlokwang ke ditlhoko tsa Bili.
Ho bohlokwa ho ela hloko hore tsela ya karolo ya kahare, e lokelang ho latelwa ho kenngweng tshebetsong le tsamaisong ya Bili e hloka mefuta ya ditshebetso tse lokelang ho tla pele dipakeng le kahara mafapha le mekgatlo hammoho le ho thehwa ha Komiti ya karolo ya kahare ho etsa mesebetsi ya yona e mabapi le ho kenya Bili tshebetsong. Kahoo, ho na le pelaelo ya hore Bili kaofela ha yona, ha e amohelwa ke Palamente, e tla kenngwa tshebetsong hanghang kamora moo. Leha ho le jwalo, ho ka nna ha kgonahala, ho qala ka ho kenya tshebetsong dikarolo tse loketseng/tshwanetseng tse sebetsanang le ditlolo tsa melao le dikotlo, tse tla thusa haholo ho tshwarwa ha barekisi ka nako e kgutshwanyane.
Ho bile le monahano wa hore ho rekisa batho ho tla nyoloha nakong ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa FIFA 2010, ka ho toba thekisong ya batho ka sepheo sa thobalano. Kaha re se na dintlha tse theilweng diketsahalong tsa nnete ka lebaka la mofuta wa thekiso ya batho o sephiri mme hangata o se molaong, ho boima ho hlahloba boholo ba qaka. Ho tlameha ho bolelwa hore Bili ena ha e a hlophiswa ka ho phethahala ka Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa FIFA 2010 ka kelellong empa ka ditabatabelo tsa bohlokwa tsa MaAforika Borwa kaofela hape le ho phethahatsa ho ya ka ditlameho tsa rona tsa matjhabeng.
Mohato o tswelangpele ho netefatsa toka
Ka Neliswa Demana o tiisa hore thomo ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ya ho netefatsa toka ho bohle e a fihlellwa. Foramo ya Boporesidente ba Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa le bomaseterata ba itseng ba lekgotla la dinyewe la lebatowa ho tswa naheng ka ho paroletsa ba bile le kopano ya boitjhoriso ho qoqa le ho ntshetsa pele mawa a ho kenngwa tshebetsong ho boreledi ha tokelo ya ho nka diqeto tsa molao tse tswetseng pele makgotleng a dinyewe a lebatowa. Kopano ya boitjhoriso e neng e tshwerwe ka Pherekgong 2010 e ile ya boela ya rala ntshetsopele ya maemo a tshwanang le ditshebetso tsa makgotla a dinyewe a mabatowa tse lokileng ka ho fetisisa.
Matla a ho nka diqeto a Molao wa Ditokiso tsa Makgotla a Mabatowa a na le maikemisetso a ho fetola tshebetso ya toka setjhabeng Aforika Borwa mme a fane ka matla a ho nka diqeto tse tswetseng pele makgotleng a dinyewe a mabatowa, ao ha jwale a neng a e na le matla a ho nka diqeto ditlolong tsa molao tsa bosenyi ka phapang e le nngwe kapa tse pedi tse nyenyane. Hape a etsa hore makgotla a jwalo a dinyewe a fokotse bongata ba dinyewe tse salletseng morao makgotleng a phahamenga dinyewe, hammoho le ho beha melawana boemong ba makgotla a dinyewe a tlhalano
Tlasa tshebetso ya hajwale ho na le makgotla a mmalwa a dinyewe a boemong bo tlasenyane; a bitswang; makgotla a dinyewe a ditaba tsa setso, makgotla a dinyewe a ditseko tse nyenyane, makgotla a dinyewe a maseterata a setereke, makgotla a dinyewe a tlhalano le makgotla a dinyewe a maseterata a lebatowa. Lekgotla le boletsweng morao le na le matla a ho nka diqeto ditlolong tsa molao tsa bosenyi. A thehilwe ka 1953 ho sebetsana le nyollo dinyeweng tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi tseo lekgotla le phahameng la dinyewe le neng le sa kgone ho sebetsana le tsona. Makgotla ana a dinyewe a mabatowa a ne a tsamaiswa ke bomaseterata ba mabatowa mme a ne a fuwa matla a phahameng a kahlolo. Jwale Molao o batla ho fetola makgotla a dinyewe a mabatowa ho etsa hore a kgone ho ba le matla a nammeng a ho nka diqeto setjhabeng.
Ho etsa hore ho kenya Molao tshebetsong ho be bonolo, DoJ le CD e hirile bomaseterata ba makgotla a lebatowa ba seng ba e na le boitemohelo ba matla a ho nka diqeto. Kholetjhe ya Toka le yona e kopilwe ho hlophisa dithuto tsa bomaseterata. Mesebetsi e metjha e 53 ya bomaseterata ba lebatowa, rejistara ya lekgotla la dinyewe la lebatowa le ditlelereke tse ntjha tsa makgotla a dinyewe, e tlameha ho hlahiswa.
Poresidente ya Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa la Leboya Bophirima Seka Monaledi o boletse hore "Kopano ya boitjhoriso e ne e ikemiseditse ho ntshetsa pele ditshebetso tse ntle ka ho fetisisa, haholoholo tse mabapi le lekgotla la dinyewe le tswetseng pele le bolaodi ba phallo ya dinyewe. Hape e shebisisitse kopano ya tshebetso ya bolaodi ba phallo ya dinyewe ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi."
Barumuwa ba neng ba kenetse kopano ya boitjhoriso ba ne ba hlometse ka bokgoni, tsebo le kutlwisiso e hlokehang hore ba ntshetse pele le ho thusa bolaodi ba phallo ya dinyewe. Lekgotla la dinyewe la tshebetso e hlwahlwa le tshebetso ya bolaodi ba phallo ya dinyewe hammoho le thero ya lewa di tla tswela MaAforika Borwa molemo ha di netefatsa hore matla a tswetseng pele a ho nka diqeto makgotleng a dinyewe a kenngwa tshebetsong le ho laolwa ka tshwanelo.
Disebediswa, tshebetso le mekgwatshebetso ya bolaodi bo botjha bo tswelang pele ba phallo ya dinyewe di ile tsa tshohlwa. Tsena di lokela ho ntshetswa pele, ho amohelwa le/kapa ho ntlafatswa ho sebediswa makgotleng a dinyewe a mabatowa.
Ka ditshebetso, disebediswa le mekgwatshebetso ya bolaodi ba phallo ya dinyewe makgotleng a dinyewe a mabatowa, e ntlafaditsweng le ho matlafatswa, ho ne ho tla ba le kameho e ntle tshebetsong e hlwahlwa tsamaisong ya makgotla a dinyewe a mabatowa," ho boletse Mof. Monaledi. Hape o hlalositse hore sena se tla phahamisa tshepo ya MaAforika Borwa ya lekgotla la dinyewe la lebatowa.
A tshetleha puo khonferenseng yona eo, Piet Verster ho tswa Lekaleng la Bohlwahlwa ba Lekgotla la Dinyewe lefapheng o boletse hore ho ne ho le bohlokwa ho ba le maemo a tswetseng pele a tshebeletso. Ho ya ka yena, maemo ana a tla fetola sebopeho sa tshebetso ya kgwebo makgotleng a dinyewe a lebatowa. "Maemo a tswetseng pele a tshebeletso a tla netefatsa hore ditshebetso tsa botsamaisi makgotleng a dinyewe di a hlotjhwa, mme di bebofatsa ditshebetso le ditsamaiso tsa lekgotla la dinyewe." Hape o hlalositse hore maemo a tla matlafatsa bolaodi ba tshebetso kahara makgotla a dinyewe, a tla phahamisa tshebetso e hlwahlwa le ho etsa hore boleng ba tshebeletso makgotleng a dinyewe kaofela.
Tse latelang ke maemo a tlasetlase a mmalwa a sisintsweng bakeng sa makgotla a dinyewe a mabatowa ha a sebetsana le dinyewe tsa poraevete:
Lenane la lekgotla le tlameha ho hlophiswa matsatsi a mahlano pele ho letsatsi la teko.
Lenane la lekgotla le difaele di tlameha ho iswa ho maseterata matsatsi a mararo pele ho teko.
Ho tlameha ho boloka dintlha tsa letsatsi tsa diteko kaofela tsa poraevete.
Batho kaofela ba amehang dinyeweng tsa poraevete ba tlameha ho tsebiswa matsatsi a mabedi pele ho letsatsi la lekgotla ebang taba e ke ke ya tswela pele.
Rekoto ya tsebiso ya batho e tlameha ho bolokwa.
Mesebetsi le maikarabelo a ditlelereke tsa lekgotla la dinyewe le direjistara di ne di buuwa ke bomaseterata ba neng ba le khonferenseng. Maria Malatji ho tswa Lekaleng la Tshebetso e
o tekile puo ka mesebetsi le maikarabelo a lebelletsweng a ditlelereke le direjistara tsa makgotla a dinyewe tsa setjhaba. E meng ya mesebetsi e kenyeletsa, ho faela ditokomane kaofela tse tlisitsweng le metsotso efe kapa efe e entsweng ke lekgotla tlasa nomoro e le nngwe ya ketso/tshebetso e loketseng; ho kopanya ditshebeletso tsa tshehetso tsa taolo ya ho sebetswa ha dinyewe; ho ntsha, ho boloka, ho lekola le ho hlopholla dipalopalo tsa lekgotla le ho ntsha ditaelo tsa lekgotla.
Makgotla a Dinyewe a Tlhalano, ho kenyeletsa dibopeho tsa oona tse teng a tla kopanngwa dikarolong tsa lebatowa diporovenseng tsa oona tseo a leng ho tsona; diphethoho tsa sebopeho le bokgoni diporovenseng tseo a kenngwa e le karolo ya moralo wa ho kenya tshebetsong.
Motlatsi wa Letona o etela Lekgotla la Dinyewe la Maseterata wa Johannesburg
Motlatsi wa Letona wa Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Mong. Andries Nel le Mong. Gert Jonker nakong ya ketelo ya hae Lekgotleng la Dinyewe la Maseterata wa Johannesburg.
ndries Nel, o etetse Lekgotla la Dinyewe la Maseterata wa Johannesburg ka la 27 Pherekgong 2010. Nakong ya ketelo ya hae e sa tsebiswang Motlatsi wa Letona o ne a felehetswa ke Moholo wa Basebetsi le diofisiri tse ding ho tswa lefapheng.
Hamorao o ile a kena kopanong ya bolaodi ya beke le beke eo modulasetulo wa yona e neng e le maseterata e moholo, Mong Gert Jonker. Nakong ya kopano Motlatsi wa Letona o hlahisitse dingongoreho tse nyehelang tshebetsong e seng hlwahlwa mokgwatshebetsong wa molao ya Aforika Borwa. "Hoseng ha ke ne ke fihla mona ke fumane maseterata le ofisiri ya thuso ya molao feela ho le leng la makgotla a dinyewe empa diofisiri tse ding di ne le siyo mosebetsing." Ho boletse
Motlatsi wa Letona.
Mong. Nel o tobokeditse taolo e loketseng ya disebediswa mme a bolela ketelo ya hae e le karolo ya mesebetsi eo a e filweng ke Poresidente ya
Aforika Borwa, Mong. Jacob Zuma. O boletse hore sena e ne e ke ke ya ba molemong wa hae empa wa naha.
Motlatsi wa Letona o itse, "Ke tshepa hore ketelo ya ka e sa phatlalatswang ha e a le sitisa ha ke sa ntse ke kgolwa hore 2010 e tlo ba selemo se bohlokwa seo ho sona dintho di tlo etswa hantle ho feta pele le ka potlako. Ha ke mona ho thibela Puo ya Poresidente ya Pulo ya Palamente empa diofisiri di tlameha ho sebetsa mmoho ho ntlafatsa mokgwatshebetso wa toka naheng.
O boletse hore o na le monyetla wa ho bua le batjhutjhisi mme "ke bone diofisiri tse mmalwa tsa sepolesa di dutse ka lekgotleng ho na le ho lwantsha ditlolo tsa molao tsa bosenyi kantle." Hape, hara ba bang, kopano e ne e kenetswe ke bomaseterata ba baholo ba dinyewe tsa poraevete le ditlolo tsa molao tsa bosenyi, balaodi ba bang ba makgotla a dinyewe Porovenseng ya Gauteng le diofisiri tsa sepolesa.
Kopanong, tse ding tsa dingongoreho tse hlahlisitsweng di ne di kenyeletsa ditlelereke tsa lekgotla la dinyewe tsa boitshwaro bo bobe, tse nyamelang nakong ya dihora tsa mosebetsi. Hape ho ne ho na le dingongoreho ka ditoloko tsa lekgotla la dinyewe tse hlokang maitshwaro mme hangata di sa faeleng dinyewe tsa lekgotla ka tshwanelo haholoholo lekgotleng la dinyewe la Hillbrow. Molaodi wa lekgotla la Johannesburg, Mong. Vicky Strydom, o tshepisitse ho sala diphepetso morao. Phepetso e nngwe e amang Lekgotla la dinyewe la Hillbrow e ne e le ho hloka dikhomphyutha tse lekaneng ka lebaka la dithibela tsa tekanyetso ya ditjhelete.
Ha a botswa ka Molao o motjha wa Tshireletso ya Bana o tla sebetsa ka botlalo ho tloha ka la 1 Mmesa 2010 le ho rupellwa ha bomaseterata mabapi le Molao, Mong. Strydom o boletse hore sena se tla kenngwa tshebetsong.
Motlatsi wa Letona o boletse twantsho ya ditlolo tsa molao tsa bosenyi e le e nngwe ya dintlhakgolo tse hlano tsa bohlokwa tsa mmuso tse nyallanang le phetiso ya tshebetso e ntle ya ditshebeletso. O boletse hore dintlhakgolo tsena tsa bohlokwa "di a nyallana mme di hloka ho sebetsa mmoho ho ntlafatsa maphelo a MaAforika Borwa. Ho na le dintho tse nyane tse nang le kameho e kgolo phetisong ya ditshebeletso naheng." O kopile balaodi ho sebetsa mmoho le ho bontsha boikemisetso metheong e jwaloka ho fihla ka nako mosebetsing.
Puong ya hae, Motlatsi wa Letona o hlalositse mokgwatshebetso wa toka e le metjhini e boima e fapaneng. "Ha karolo e le nngwe ya metjhini e ntshitswe e tla ama motjhini kaofela hampe, o boletse jwalo.
Mong. Gert Jonker o boletse hore ditaba tsa boitshwaro le botsamaisi bo loketseng sebakeng sa tshebetso di ile tsa tshohlwa nakong e fetileng mme "jwaloka boetapele re leka kamoo re ka kgonang."
Ditaba tsa dipalopalo tse fihlang ho Motlatsi wa
Letona ka nako bakeng sa ho balwa le tsona di ile tsa tshohlwa mme sena se ile sa nkwa e le phepetso ya makgotla a lebatowa le dikantoro tsa lebatowa ka bobedi.
Ho ne ho na le tshisinyo ya ho tsebisa mokgwatshebetso o motjha wa ditlolo tsa molao tsa bosenyi ho potlakisa tshebetso. Ha a arabela sena Motlatsi wa Letona o itse "Re se re ntse re sheba mokgwatshebetso hore na re lokela ho fana ka matla a itseng a molao ho ditsebi tsa molao ho tlolapele. Ha re sa etse dintlhakgolo tse hlano ka tshwanelo ho bolela hore ha ho moo re yang teng.
Ha a kwala, Motlatsi wa Letona o boletse hore basebetsi ba mmuso ba lefellwa mesebetsi ya bona ya letsatsi. O tswetse pele ho hopotsa ba neng ba le teng kopanong ka seo Poresidente Zuma a se boletseng. "Aforika Borwa ke naha e lokollohileng mme batho ba seng malalaalaotswe ho fana ka ditshebeletso setjhabeng, ba lokollohile ho tsamayatshebeletsong ya setjhaba," o qetetse jwalo. O tswetsepele ho qolla Letona la Motheo wa Thuto ha a bolela hore, "Ha ho na ntho e tshwanang le dikolo tse sa sebetseng empa dintho tse sa sebetseng tse tlamehang ho lokiswa."
Mong. Gert Jonker o boletse hore ba ne ba thabisitswe ke ketelo ya Motlatsi wa Letona mme o tshepisitse ho sebetsa mmoho le baokamedi.
Ke sa ntse ke kgolwa hore 2010 e tlo ba selemo sa bohlokwa seo ho sona dintho di tlo etswa hantle ho feta pele le ka potlako."
Lefapha la Toka le bula Lekgotla la
Dinyewe la lekala la Vosman
Lekgotla le letjha la Dinyewe le phatlaladitswe jwaloka Lekgotla la Lekala ho ya ka Gazete ya Mmuso ya Nomoro ya 30559 ya la 14 Tshitwe 2007. Ditaba tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi, ditefello tsa kgodiso ya bana, ditseko tse nyenyane, tekatekano, merusu ya lapeng le ditaba tsa maruo di tla mamelwa lekgotleng lena ha dipotso tsa tlhakisetso tsa semmuso di tla nne di etswe Lekgotleng la Dinyewe la Maseterata wa Witbank. Ka lebaka la disebediswa tse haellang, ho tla fanwa ka ditshebeletso kaofela nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ho tloha pulong ya lona.
Ho bulwa ha Lekgotla la Dinyewe la Vosman ho phethahatsa tlhoko ya karolo ya 34 ya Molao wa Motheo (Molao wa 108 wa 1996) e kenyelletsang Phihlello ya Makgotla a Dinyewe le maikemisetso a mawa a lefapha "Phihlello ya Toka ho Bohle." Sena se tla tswelapele ho matlafatsa sepheo sa mawa a lefapha, "Ho tlisa Ditshebeletso tsa Toka haufi le Bohle" haholoholo ho bao ba leng dibakeng tsa makeishene le tsa mahaeng. Le tla tswelapele ho thusa ho netefatsa phetiso e potlakileng ya toka Seterekeng sa Sepolesa sa Vosman.
Moketeng, Ramotse wa Emalahleni Mof. Malatjie o ananetse monyetla o filweng mmasepala wa hae. O tswetse pele ho ananela ho ba teng ha setjhaba. "Jwale dinyewe di tla sebetswa monyako e leng ho bohlokwa ho sebetsana le dinyewe tse salletseng morao mme bophahamo ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi le tsona di tla theoha" o boletse jwalo.
Nakong ya puo ya hae ya bohlokwa, Maseterata e Moholo David Ngobeni o boletse hore lekgotla le tla bua le batho ka dipuo tsa bona. O nkile ho ba teng ha hae e le sesupo sa tshebedisano e matla e leng teng Bophethahatsing ba Toka Ditlolong tsa Molao tsa Bosenyi. "Ho bula lekgotla lena ke mohato wa pele ntweng ya rona empa ha e so fele. Tlhophollo ya ho qetela ya Molao wa Motheo ke ho tlisa bophelo bo botle ho feta pele bathong kaofela mme phihlello ya tshebetso e hlwahlwa ke takatso ya rona," ho boletse maseterata e moholo.
O boletse hore ho bulwa ha lekgotla la lekala la Vosman ke phepetso ho diofisiri tsa lekgotla ka ho ngatafatsa tshebetso ka mesebetsi ya lona. Mong. Ngobeni o boletse hore Molao wa Motheo o bolela hore
Maseterata e Moholo David Ngobeni a tshetlehela bamamedi puo nakong ya pulo kaofela re a lekana ka pele ho molao ho bolelang hore ditho tsa batho ba baholo kaofela "ho kenyeletsa le nna" di ka tshwarwa ha di sa phethe ho ya ka molao wa naha.
Lekgotla le tla tshwarela dinyewe tsa lona setjhabeng sa Vosman empa le ntse le le tlasa bolaodi ba Lekgotla la Dinyewe la Witbank mme re tla netefatsa hore Maseterata o fumaneha kamehla lekgotleng lena la dinyewe. Hape batho ba lokela ho fihlella dikhopi tsa Tjhata ya Mahlatsipa hore ba matlafatswe ka tlhahisoleseding mme ba tsebe ditokelo tsa bona," ho boletse Maseterata e Moholo.
Motsamaisi wa Ditshebetso tsa Lekgotla lefapheng la Toka, Mof. Nomkhosi Shange o hlalositse ketsahalo e le karabelo ditshepisong tse entsweng ke DoJ&CD. "Re e entse mosebetsi wa rona hore o tlameha ho tseba boetaepele ba hao ba Toka mme kajeno ba teng kwano ketsahalong," ho boletse Mof. Shange. O boletse hore lekgotla le tla kgona ho fana ka ditshebeletso tse itseng feela ho fihlela le thehwa ka botlalo mme le eba le disebediswa, a etsa mehlala ka Ditefello tsa kgodiso ya bana le Merusu ya lapeng.
Kamora ho bulwa ha lekgotla lena la lekala, re kgolwa hore ha ho na ngwana ya tla bolawa ke tlala hobane batswadi ba bona ba tla fihlella ditshebeletso tsa ditefello tsa kgodiso ya bana habonolo ntle le ditjeho tse hodimo. Molao wa Merusu ya lelapa le oona o tla thehwa le ho phethahatswa/sebetswa lekgotleng lena ha nyewe ka nngwe e tla sebetswa ho ya ka maemo a yona" ho boletse Mof. Shange.
Integration Project o tekile puo e sisimosang maikutlo kamoo ditlolo tsa molao tsa bosenyi di amang maphelo a setjhaba hampe ka teng.
Porojeke ena ke ya batshwaruwa ba mehleng ba hlabollotsweng ke Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa ba kgathetseng ho etsa dintho tse mpe," ho boletse Themba, ya qetileng dilemo tse leshome a le tjhankaneng ka lebaka la ditlolo tsa molao tsa bosenyi. "Batho ba bangata ba fumane thuso porojekeng ena mme e dula e fetola le ho ruta bafetohi ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi hore ditlolo tsa molao tsa bosenyi ha di lefe. Ke kgothalletsa batswadi ho tlaleha bana ba bona sepoleseng ha ba bona kapa ba belaela matshwao afe kapa afe a tlolo ya molao ya bosenyi", o boletse jwalo.
Themba o boletse hore "ho na le batswadi ba nang le seabo bophahamong ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi ditjhabeng, ka ho hloleha ho tlaleha bana ba bona hore molao o phethahale."
O tswetse pele ho hlalosa mefuta/diphapang tse nne tsa botswadi tseo a kgolwang hore di ka etsa phapang "ditjhabeng tsa rona." Ho ya ka Mong. Nkosi diphapang/mefuta tse nne ke; batswadi ka tlhaho, setjhaba, baruti le molao. O kgothalleditse batswadi ho nehela batjha ho Modimo " hobane Tsoseletso e qala kahare."
Moruti Ray Mabhena o butse ketsahalo ka thapelo mme Diteboho di entswe ke Molaodi wa Lekgotla Mong. January Mthimunye. Mong. Mthimunye o ananetse nyehelo, tshebedisano, le tshehetso ho tswa mafapheng a amanang le bahlophisi ba ketsahalo.
Ho tsosa meya Odwa Magagula o thabisitse bamamedi ka dipina tsa hae tse tummeng tsa sedumedi. Batsamaisi ba Lenaneo la letsatsi e ne e le Mof Elizabeth Mamekwa le Mong. Marthinus Van Eeden ha Moruti Ray Mabhena a butse ka thapelo. Bamamedi ba ne ba qabotswe ke Tsietsi Matlakala, rametlae e monyane ya nang le talente.
Mmuso o Itlama ho lwantsha bobodu
Mmuso o boetse o phethaphetha ho lwantsha bobodu karolong ya setjhaba. Ha a bua nakong ya Puo ya Poresidente ya Pulo ya Palamente, Poresidente Jacob Zuma o boletse hore mmuso wa hae o ikemiseditse ho lwantsha bobodu le boqhekanyetsi. "Komiti ya rona ya Matona ya Bobodu e sheba ditsela ho etsa qeto ya ho hlola bobodu. Re thabisitswe ke tswelopele eo mmuso o e etsang dibakeng tse ding," ho boletse Mong. Zuma.
Bobodu ke boitshwaro bofe kapa bofe moo motho a amohelang, a dumelang kapa a fanang ka mpho efe kapa efe bakeng sa hae kapa motho e mong, moo sepheo e leng ho etsa ketso ya ho se tshepahale kapa e seng molaong. Boqhekanyetsi ke ketso ya ho thetsa e etswang ka sepheo sa ho una ka tsela e sa lokang, e sa tshwaneleng le/kapa e seng molaong, haholoholo kuno ya tjhelete.
Poresidente Zuma o boletse hore ho na le matsapa a tswelang pele a ho lwantsha bobodu le baqhekanyetsi, hara tse ding, ditshebetsong tsa phepelo le theko le dithendara, le dikopong tsa dilaesense tsa ho kganna, dithusong tsa ditjhelete tsa setjhaba, le dibukanengtsa boitsebiso. O boletse hore "Re fedisitse ditefello tse ka bang 32 687 tsa boqhekanyetsi dithusong tsa ditjhelete tsa setjhaba, tsa boleng ba dimilliyone tse 180 tsa diranta" .
Mehato ya Mmuso ya ho lwantsha boqhekanyetsi le bobodu:
Mmuso o ekeditse mehato ya oona yadiketsahalo tse kgahlanong le bobodu. Matsapa a oona a ditsamaiso, ka kgatello e kgolo ya ho kenya mehato e loketseng ya leano ho thibela bobodu. Ho ba kgahlanong le bobodu haesale e le ntho ya bohlokwa Lenaneong la Mmuso ka dilemo tse ngata.
Foramo ya Naha e Kgahlanong le Bobodu (NACF) Khonferense e Kgahlanong le Bobodu ya pele ya Karolo ya Setjhaba e ne e tshwaretswe Kapa ka 1998. Khonferenseng ena, ho ile ha etswa pitso ya matsapa a kgahlanong le bobodu ho ba ngongorehonaheng. Kopano ya Naha e Kgahlanong le Bobodu e ile ya tshwarwa ka 1999 moo qeto ya ho thehwa ha NACF e ileng ya etswa. NACF e ile ya thehwa ka 2001.
NACF ke mokgatlo oo e seng wa molao o paroletsang dikarolong, o kopanyang maano a dikarolo a kgahlanong le bobodu mme o thehe tumellano ya naha. Foramo e eletsa Mmuso ka matsapa a naha a ho fedisa bobodu le ho abelana tlhahisoleseding le tshebetso e ntle ka ho fetisisa mosebetsing o kgahlanong le bobodu wa lekala.
Molao wa Thibelo le Twantsho ya Diketsahalo tsa Bobodu (Molao wa 12 wa 2004)
Molao ona o fana ka tumello ya ho matlafatsa mehato ho thibela le ho lwantsha bobodu le diketsahalo tsa bobodu. O etsa tlhoko ya theho le kamohelo ya rejistara e nang le dithibelo bathong le dikgwebong tse ahloletswengdiketsahalo tsa bobodu tse amanang le dithendara le dikonteraka.
Molao wa Bolaodi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (Molao wa 1 wa 1999)
PFMA e laola bolaodi ba ditjhelete mafapheng a naha le a diporovense. Molao o netefatsa hore kuno, ditshenyehelo, maruo le boikarabelo kaofela ba mmuso di laolwa hantle le ka hlwahlwa. E tswelapele ho fana ka maikarabelo a batho ba filweng boikarabelo ba taolo ya ditjhelete mafapheng.
Molao wa Ditlhahiso tse Tshireleditsweng (Molao wa 26 of 2000)
Aforika Borwa, Molao wa Ditlhahiso tse Tshireleditsweng o etsa ditlhoko tsa ditsamaiso ho ya kamoo basebetsi ba dikarolo tsa setjhaba le tsa poraevete ka bobedi, ba fanang ka tlhahisoleseding ya boitshwaro bo sengmolaong kapa bobodu ba boramosebetsi kapa basebetsimmoho le bona, ba tshireletsehang ho se hlahiswe kotsi mosebetsing. Molao o kgothalletsa basebetsi ba tshepahalang ho hlahisa dingongoreho tsa bona le ho tlaleha diketso tse sa lokang kahara sebaka sa mosebetsi ntle le letswalo.
Molao o totobatsa moralo o hlakileng o bonolowa tshebetso ho ntshetsa pele ho letsa phalaho nang le maikarabelo ka:
Ho netefaletsa basebetsi hore ho thula ha se yona feela kgetho e bolokehileng
Ho fana ka tshirelletso e matla ya basebetsi ba hlahisang dingongoreho kahare
Ho matlafatsa le ho tshireletsa tokelo ya ho tlaleha dingongoreho ho mekgatlo ya tshirelletso ya setjhaba e jwaloka
Motshireletsi wa Setjhaba le Molaodikakaretso wa Ditjhelete, le
Ho tshireletsa ditlhaphiso tse ngata tsa kakaretso ha feela ho na le lebaka le utlwahalang la ho phatlalatsa le hore tlhahiso eo ke e utlwahalang.
Molao o ikemiseditse ho theha Setsi sa Boqhetseke ba tsa Ditjhelete le Lekgotla la Boeletsi ba Kadimo ya Tjhelete ho lwantsha diketsahalo tsa dikadimo tsa tjhelete le ho fana ka tjhelete ho bahahlaudi le diketsahalo tse amanang le hona. O fana ka taelo ya mesebetsi e itseng mekgatlong le bathong ba bang ba ka sebedisetswang mabaka a ho kadima tjhelete le ho fa bahahlaudi tjhelete le diketsahalo tse amanang le tsona. O dumella Setsi le mekgatlo ya bookamedi ho abelana tlhahisoleseding le ho ba fa matla a ho etsa ditlhahlobo.
Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tlhahisoleseding (Molao wa 3 of 2000)
Karolwana ena ya molao e fana ka tlhoko ya tokelo ya phihlello ya tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke Mmuso le tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke mekgatlo ya poraevete, e hlokahalang bakeng sa tsehebediso le tshireletso ya ditokelo dife kapa dife.
Lewa le Kgahlano le Bobodu la Tshebeletso ya Setjhaba
Lewa le Kgahlano le Bobodu la Tshebeletso ya Setjhaba le ntsheditswe pele bakeng sa Tshebeletso ya Setjhaba ho phethahatsamaikemisetso a boletsweng a mmuso ho lwantsha bobodu tshebeletsong ya setjhaba. Sepheo sa Lewa le Kgahlano le Bobodu la Tshebeletso ya Setjhaba ke ho thibela le ho lwantsha/fedisa bobodu ka diketso tsa tshehetso e ngata.
Lewa le Kgahlano le Bobodu la Tshebeletso ya Setjhaba le thehilwe ka metheo e latelang hofedisa bobodu:
Mawa a seng a radilwe a Tshebeletso ya
Setjhaba a itshebeletsang ka bo oonaempa a tsamaellanang le maano a naha, ahlokeha, haholoholo mabapi le phumano,patlisiso, qoso le ho nka qeto semmusoka diketso tsa bobodu, hammoho le hokgutlisa ditjhelete tsa bobodu.
Diketso tsa bobodu di nkwa e le diketso tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyimme diketso tsena di ka sebetswa mokgwatshebetsong wa botsamaisi kapabophethahatsi ba toka ditlolong tsa molaotsa bosenyi kapa ho tsona ka bobedi ha hohlokeha.
Tshebetso e ntle le ditumellano tsa boitshwaro tsa lehae, lebatoweng lematjhabeng.
Mohala wa Tlaleho tse kgahlanong le Boqhekanyetsi le Bobodu (NACH):
Mokgatlo wa porofeshenale o ikemetseng wa kantle o fanang ka tshebeletso yaporofeshenale ya dihora tse 24 e fumanehang ka dipuo tse hlano tsa semmuso o laola mohala wa ditlaleho. Sena se netefatsa hore motho ya tlalehang a dule a sa tsebahatswe ha a lakatsa jwalo.
Ho ya ka Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba (PSC), mohala wa ditlaleho o na le dikatleho tse bonahalang haesale ho thehwa ha oona mme dikameho tsa karolo eo o o bapalang jwaloka motjha o kgahlanong le bobodu di qala ho bonahala. Kahoo, diofisiri tse fumanwang di le molato wa boitshwaro bo sa amoheleheng di ile tsa fuwa taelo ya kotlo e jwaloka ho emiswa nakwana mosebetsing le ho lelekwa mme ditjhelete tse ngata tse kenyeleditsweng diketsong tsa bobodu le tsona di ile tsa kgutliswa.
PSC e ntshitse "Raporoto ya Bobedi yaBiennial: Ho Lekanya Tshebetso e Ntle ya Mohala wa Ditlaleho tse Kgahlano le Bobodu" sena se beha hore tlhophollo ya dinyewe/mehala e amohetsweng e bontsha hore nakong ya 2007/2008 diperesente tse 40 tsa dinyewe tse tlalehilweng tsa bobodu tse amohetsweng ka NACH di tlalehilwe ke baletsi ba sa tsebahatswang. Dinyeweng tsa diperesentetse 50 baletsi ba itsebahaditse. Diperesente tse 25 tsa dinyewe tsena di tlalehilwe ke ditho tsa setjhaba mme diperesente tse 15 ke diofisiri baletsaphala tse neng di se na bothata ka ho ipolela. Diperesente tse ding tse 10 tsa dinyewe tse jwalo di tlalehilwe ke batshwaruwa ba kopang hore diofisiri tsa dipatlisiso di iteanye le bona.
Nomoro e sa lefellweng ya ho tlaleha ke 0800 701 701.
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo (DoJ leCD) le lwantshaboqhekanyetsi le bobodu:
Ho hlahloba hore mohiruswa o loketse mosebetsi le dipatlisiso tse kwelletseng tse etswang ka mohiruwa ho basebetsi ka bonngwe; le
Ho Thusa Ntshetsopele ya tlwaelo yaho tlaleha diketso tse belaetsang le ho tshireletsa baletsaphala le dipaki.
Moralo wa DoJ le CD wa Thibelo ya Bobodu le Boqhekanyetsi:
Ka matsapa a ho tshehetsa le ho thusa ntshetsopele ya tlwaelo ya ho se mamelle boqhekanyetsi le bobodu le diketsahalo tsa bona kaofela, lefapha le entse Moralo wa thibelo ya Boqhekanyetsi le Bobodu. Moralo o matlafatsa mekgwatshebetso, maano le ditsamaiso tse leng teng a elellisangbatho ho se etse bobodu, tse thibelang, tse hlokomedisang, tse arabelang le ho fokotsa kameho ya boqhekanyetsi le bobodu.
Leano le fana ka ditlhoko tsa hore diketsahalo kaofela tsa boqhekanyetsi le bobodu di batlisiswe le ho salwa morao ka tshebediso ya dipheko kaofela tse fumanehang kahara molao le ho kenngwa tshebetsong ha ditaolo tsa thibelo le tlhokomediso. Ditaolo tsena tsa thibelo di kenyeletsa ditaolo tsa ditjhelete le tse ding tse teng le ho hlahloba metjha jwaloka ha ho behetswe mekgwatshebetsong, maanong le ditsamaisong tsa DoJ le CD.
Lefapha le netefaditse phethahatso e felletseng le ditlhoko tsa Bokgoni bo Kgahlanong le Bobodu bo Lekanyeditsweng Minimum Anti-Corruption Capacity MACC jwaloka ha o amohetswe ke Kabinete ka Lwetse 2003. Ditlhoko tsa MACC di laela ka ho toba hore, hore ho lwantshwe bobodu mafapheng,jwaloka ha ho hlalositswe Molaong wa 1994 wa Tshebeletso ya Setjhaba Molao wa 103 wa 1994, le mekgatlong ya setjhaba jwaloka ha ho boletswe Shejuleng ya 3 ya PFMA, ofisiri e nngwe le e nngwe e ikarabellang lefapheng la yona e tlameha ho:
tadima ka ho toba le ho hlopholla kotsi ya bobodu jwaloka karolo ya tlhahlobo ya kotsi e hlokehang ho ya ka PFMA;
kenya meralo ya boqhekanyetsi e hlokehang ho ya ka PFMA, ke meralo efeya bobodu e tlamehang ho tobana le kotsiya bobodu; le tiisetsa mosebetsi oo motho a neng a le ho oona pele, dithuto, boahi le rekoto yaditlolo tsa molao tsa bosenyi tsa bathokaofela pele ba hirwa.
Lefapha le NICRO di fokotsa tlolo ya molao ya bosenyi AB
Ka 2008, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo (DoJ le CD) ka hoba balekane le Institjhuti ya Naha ya Thibelo ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi le Ho Kgutlisetswa ha Batlolamolao setjhabeng (NICRO) le qadile porojeke ya nakwana ya Kahlolo eo eseng ya Molao (NCS), e fedileng ka Hlakubele 2009.
Haesale nako eo, NICRO e tswetse pele ho ntshetsa NCS makgotleng a mang a dinyeweka tshehetso ya thuso ya ditjhelete ho tswa matjhabeng. "Diphihlello tse hlwailweng tsa porojeke ya NCS di lokela ho ba makgotleng a 52
Sepheo sa bolekane ba motheo wa DoJ le CD / NICRO e ne e le ho fokotsa bophahamo ba ditlolo tsa molao tsa bosenyi Aforika Borwa, ka thibelo ya ho etsa ketso ya tlolo ya molao hape le ho ntshetsa pele ho kopanngwa ha batlolamolao malapeng a bona le setjhabeng.
NCS ke kgetho e nngwe ntle le tjhankana mme e bolela ho phethahatsa kahlolo setjhabeng.Ka NCS, batlolamolao ba hlahlobilweng e le ba lokelang ba phethahatsa kahlolo tsa bona kantle ho tjhankana mme ba fuwa monyetla wa ho fetola maphelo a bona.
YES ke lenaneo la thupello ya bokgoni ba bophelo leo hangata le nkang dikarolo tse tsheletseng ho ya ho tse robedi mme le thusa bankakarolo ho hlokomela/beha maphelo a bona leihlo. Le kgina "hore motho a tswe taolong". Batswadi le bahlokomedi ba mengwa ho nka karolo le ho kgothalletswa ho tshehetsa tswelopele ya bankakarolo.
Tshebeletso ya Setjhaba e etswang Pele ho Teko
Lenaneo le hlophisa hore motjha ya amehang o itlama ho sebeletsa setjhaba nako ya dihora tse kgothalleditsweng ho na le ho ya kgotla. Tshebeletso ya Setjhaba e etswang Pele ho Teko hangata e sebediswa le mananeo a mang. Basebetsi ba NICRO ba kenya batjha ditikolohong tse loketseng tsa tshebeletso ya setjhaba, ho ipapisitswe ka bokgoni ba bona le moo ba hlokehang ho feta. Phethelong ya tshebeletso, kahlolo e a fediswa.
Dikhonferense tsa Dihlopha tsa Lelapa
Khonferense e fana ka monyetla wa ho ba moemedi pakeng tsa bao ba anngweng ke tlolo ya molao ya bosenyi. Khonferense e kopanya batlolamolao ba banyenyane, malapa a bobona le mahlatsipa a tlolo ya molao ya bosenyi ho qoqa ka se etsahetseng, kamoo se ka lokiswang le hore ke eng e ka etswang ho lokisa dintho. Tumellano e totobatsang seo ho dumellanweng ka sona ka hore tshenyehelo, e ka lokiswa jwang, le moralo wa se tlamehang ho etswa e a saenwa. Motjhutjhisi o tsebiswa ha maikemisetso kaofela a se a fihlelletswe. Ena ke tsela e atlehileng haholo ya batjha ho utlwisisa kameho ya diketso tsa bona, le matla ao ba nang le oona a ho lokisa dintho. Khonferense e fana ka kokobetso ho bohle ba amehang. Ke ketsahalo ya boloka toka.
Leeto ke lenaneo le kenelletseng la dikgwedi tse pedi ho isa ho tse tharo la batjha ba kotsing. Le na le karolo e matla ya boitemohelo bo kotsi. Leeto le kgothalletsa boipolelo, boikemisetso, boikarabelo le ho ikutlwa ho ba setjhabeng. Le na le maikemisetso ho batlolamolao ba diketso tse kotsi haholo le batlolamolao ba ditlolo tse ngata tsa molao le ba tlohetseng sekolo pele ho nako. Batataisi ba setjhaba ba tshehetsa bankakarolo ka tshebetso ya phepetso eo ba ikemisetseng ho yona ha ba qala Leeto. Ho etswa moralo wa motho ka mong bakeng sa ho aha bokamoso ba monkakarolo e mong le e mong.
NICRO e bapala karolo ya bohlokwa Mokgwatshebetsong wa jwale wa Toka Baneng, wa Aforika Borwa. Hape e etsa tlhahlobo ya kahare ya bana pele ba amohelwa lenaneong lena. Mokgatlo (NICRO) o na le tokelo le boikarabelo ba ho se amohele mokopi ya sa lokelang mananeong a oona.
Dipale tsa nnete tsa bophelo:
Mosadi wa dilemo tse 23 o tshwerwe le ho ahlolelwa tlolo ya molao ya ho utswa kgetlo la bobedi. Mosadi, Kelly, o ile a supiswa ho NICRO bakeng sa tlhahlobo ho fumana hore na o ne a tla lokela kahlolo ya ho se kwallwe tjhankaneng. Nakong ya tlhahlobo, mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO o tsebile hore Kelly o na le lesea la dikgwedi tse robong mme o ne a na le boikarabelo a le mong ho hlokomela moholwane wa hae ya sa itekanelang mmeleng hammoho le ausi wa hae ya neng a hlahlojwe ho ba le lefu la kelello (schizophrenia). Moputso o le mong feela wa lelapa lena o ne o tswa thusong ya tjhelete ya mmuso ya boqhwala ba moholwane wa hae le thuso ya tjhelete ya mmuso ya lesea.
Mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO o qetelletse tlhahlobo ya hae ya Kelly mme a kgothalletsa lekgotleng la dinyewe hore Kelly a fuwe kahlolo ya ho se kwallwe tjhankaneng ho na le ho iswa tjhankaneng. Kelly o ile a ahlolelwa Tlhabollo e Behilweng leihlo ke mookamedi ke lekgotla la dinyewe le NICRO. Moralo wa thuso wa Kelly o ne o na le kgothalletso ya bonngwe hammoho le tshebeletso ya setjhaba. Kelly o ile a leboha mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO bakeng sa ho fuwa monyetla wa ho phetha kahlolo ya hae kantle ho tjhankana. Kelly o sebeditse hantle haholo nakong ya mananeo a NICRO, a nka karolo le ho kenela dithuto tsa hae kamehla.
Mosebeletsi wa setjhaba wa NICRO o thusitse Kelly ka ho ngola boitsebiso ba hae, mme ka nako e sa fediseng pelo, ka letsatsi le leng ka Pherekgong 2010, Kelly o tlile kantorong ya NICRO, a tletse lethabo kaha a ne a fumantshitswe mosebetsi tlung ya baeti ya lehae.
Ka tsela ena re ka bona melemo ya kahlolo e sa iseng molatofatswa tjhankaneng ho malapa kaofela, kaha lesea le sa hanelwa ho ba le mma lona, le moholwane le ausi ha ba a hanelwa ho ba le motho wa leloko, ya seng a setse a le mong e le yena ya fumantshang bodulo le tshehetso. Ka tsela ena, kahlolo ya ho kwalla tjhankaneng e ne e tla senya maikutlo a lelapa le ho siya Kelly a le boemong bo bobe ka ho fetisisa ha qetellong a ne a tlameha ho lokollwa tjhankaneng.
NICRO e fana ka mefuta ya mananeo a akaretsang ditaba tse jwaloka tsehebediso e mpe ya dithethefatsi le bokgoba, merusu ya lapeng, bokgoni ba botswadi hammoho le dithuto tsa kgothalletso ya bonngwe, boemedi ba lehlatsipa le entseng tlolo ya molao le dikhonferense tsa sehlopha sa ntjhafatso.
Maikemisetso a NICRO
Ho fihlella toro ya naha e bolokehileng;
Ho bona naha eo ho yona batho ba kgonang ho dula ka polokeho malapeng a bona;
Metsamao e lokollohileng ya batho ho potoloha baahelani ba bona;
Tikoloho eo ho yona tshabo ya ditlolo tsa molao tsa bosenyi di sa hloleng di busa;
NICRO e batla ho phepetsa batlolamolao ho nka maikarabelo a diketso tsa bona le ho fana ka menyetla bakeng sa bophelo bo ahang ho na le bo senyang.
Bakeng sa tlhahisoleseding e fetang ena iteanye le dikantoro tsa NICRO ho:
Kantoro e Kgolo ya Nicro : 021 462 0017
Limpopo : 015 297 7538
Mpumalanga : 013 755 3540
Kapa Leboya : 053 831 1715
Toka e matlafatsa Setjhaba se Tswetseng pele
Ka Justice Ditshego waloka matsapa a ho matlafatsa setjhaba se tswetseng pele, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le thakgotse Lenaneo la Phihlello ya Toka le Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Molao wa Motheo. Ketsahalo e etsahetse ka la 09 Hlakola, Hoteleng ya Parktonian Johannesburg.
Le fumana thuso ya tjhelete ho Kopano ya Yuropa (EU), lenaneo lena le kene selekaneng le Motheo wa Ditokelo tsa Botho (FHR).
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, puong ya hae e hlekelang sebae o boletse hore sepheo sa lenaneo e ne e le ho matlafatsa ho bapalwa ha karolo ya setjhaba se tswelang pele. "Dikarolo tse tharo tsa bohlokwa tsa sephetho sa lenaneo lena ke matlafatso ya demokerasi e dumellang ho bapala karolo, ntshetsopele ya ditokelo tsa molao wa motheo le phihlello ya toka," ho boletse Mong Nel.
Motlatsi wa Letona o boletse hore lenaneo le tla bonahala feela ka ho kenyeletsa le ho bapala karolo ha setjhaba se tswelang pele.
Pampiri ya Lewa la Naha e ntsheditswe pele ka thuso ya Tumellano ya Tshebedisano Ntshetsopeleng ya Kgwebisano Trade Development Cooperation Agreement TDCA e seng e le teng pakeng tsa Mmuso le EU. Mmuso wa AB o tla netefatsa hore diperesente tse mashome a mabedi a metso e mehlano tsa thuso ya ntshetsopele kaofela e amohetsweng e tla sebedisetswa ho lefella le ho matlafatsa setjhaba se tswelang pele," ho boletse Adv Jiyane.
Dikarolo tse tadingwang tse tharo di balellwa ho dimiliyone tse 980 tsa diranta
O tswetse pele ho ananela karolo ya bohlokwa e bapalwang ke sehlopha sa mosebetsi sa lefapha tlasa boetapele ba hae bo kenyelletsang diyuniti tse latelang:
Mabaka a utlwahalang a Lenaneo
Ka lenaneo lena, mmuso o itlama ho rarolla bothata ba ho se be le tekatekano le ho ntlafatsa maphelo a baahi ba oona ka ntshetsopele le matlafatso ya tlwaelo ya ditokelo tsa botho.
Mechanism (APRM) e fihletseng qeto ya hore naha e bontshitse bophahamo bo sa lokelang ba tlhokomediso ya ditokelo setjhabeng. Sena se bontshitse tlhoko ya ho sebetsana le phepetso ya phihlello ya toka ya ba dikojwana di mahetleng le ditjhaba tse tinngweng menyetla.
Ho aha demokerasi e mahlahahlaha, mmuso wa Aforika Borwa o ananetse ka botsitso setjhaba se tswetseng pele se ikemetseng ho bapala karolo tshebetsong ena. Mmuso o tswetse pele ho itlama hore diperesente tse 25 tsa thuso ya ntsetsopele kaofela e tla sebedisetswa ho lefella le ho matlafatsa setjhaba se tswetseng pele ho netefatsa bokgoni ba tswelopele ya sona.
Moelelong o le mong, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le dumela hore setjhaba se tswetseng pele se matla, se ikemetseng le ho ba hlwahlwa ke molekane wa bohlokwa ho matlafatsa demokerasi Aforika Borwa. Jwaloka ho leka ho rarolla diphepetso tseo mmuso o tobaneng le tsona, lefapha le ikemiseditse ho ba molekane le setjhaba se tswetseng pele ho fihlella sepheo sa lona sa phihlello ya toka ho bohle.
Metheo ya Bohlokwa e Hatellang Lenaneo
Kgokahanyo pakeng tsa Ditokelo tsa Botho le ho sebetsana le bofuma le ho se lekalekane
Pono ya Matjhaba ka Bofuma
Ho ya ka phanele ya ditsebi tsa Kopano ya Matjhaba, dimiliyone tsa batho di hanelwa ka ditokelo tsa bohlokwa tsa botho ka morero o entsweng ka hloko, ka lebaka la bofuma. Phanele e bolela hore ho tswa ponong ya ditokelo tsa botho, bofuma bo ka hlaloswa e le kganelo ya tokelo ya motho ya mefutafuta ya bokgoni ba motheo.
Sena se hokahanya bofuma le ho feta tlhokeho ya moputso feela empa hape le ka matla le ho se lekalekane. Phihlello le taolo ya disebediswa, ditshebetso tsa setjhaba, mekgatlo ya melao le tsona ke mabaka a bofuma.
Tshupo ya Ntshetsopele ya Botho ya Kopano ya Dinaha (HDI) e behile Aforika Borwa boemong ba 125 ba dinaha tse 179. Aforika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse 18 lefatsheng ya ho kgutlisetswa morao ha HDI nakong ya 1990-2003. Dipalopalo tsena di ile tsa phatlalatswa Diphetohong tse Tshupong ya Ntshetsopele ya Botho (HDI) Diphetohong tsa (Raporoto ya 2007/2008 ya Ntshetsopele ya Botho ya UNDP).
Tshupo ya Bofuma ba Botho (HPI)
Aforika Borwa le yona e nwelella ka nyollo e kgolo tlhokehong ya mosebetsi ntle le letooto la yona la molao, maano le mawa a ho sebetsana le ho tinngwa ha menyetla ha batho ba dikojwana di mahetleng le dihlopha tse kotsing ya ho ka utlwiswa bohloko. Mmuso o na le phepetso ya ho netefatsa hore baahi ba oona ba kgona ho laola le ho fihlella melemo ya ditokelo tsa moruo setjhabeng jwaloka ha ho lebelletswe Molaong wa Motheo. Lenaneo lena e tla ba le leng la mehato e ikemiseditseng ho ntshetsa pele ditokelo tse jwalo.
Ditaba tsa Bomorabe, Kgethollo ya Morabe, Lehloyo la melata le ho se be le dimamello tse amanang le seo, di ile tsa shejwa ka botlalo. FHR e buile le Mekgatlo e Tsepamisitsweng Setjhabeng (diCBO) le Mekgatlo eo Eseng ya Mmuso (diNGO) jwaloka bafepedi ba tshebeletso, ka hore ho etsa kopo ya ditjhelete tsa thuso ho ka etswa jwang le hore tshebetso ya kopo e nka nako e kae. Ho etsa Tjhelete ya Thuso le ditsamaiso tsa Tshebetso ya ho reka ho itseng di ne di le hara ditaba tsa bohlokwa tse tshohlilweng kopanong ya boitjhoriso.
Ho kile ha eba le monyetla wa hore diCBO le diNGO di buisane le FHR ka diphepetso le dipotso tse mabapi le lenaneo. Lenaneo lena le lona le tla fetisetswa diporovenseng tsa Aforika Borwa kaofela.
ekgotla la Dinyewe la Molao wa Motheo le entse qeto ya hore Molao wa Motheo o thibela molao wa dikahlolo tse nyenyane ho sebediswa baneng ba dilemo tse 16 le 17. Kahlolong e entsweng kajeno, Lekgotla le fumane hore ha Molao wa Motheo o dumella Palamente ho sebetsana le bana ba tlolang molao ka ho phethahala, ho kenyeletsa le ka ho fana ka kahlolo e telele, tsela e hlokwang ke molao wa dikahlolo tse nyane e roba molao wa ditshireletso tseo Bili ya Ditokelo e di fang bana kaofela ba ka tlase ho dilemo tse 18.
Ka la 31 Tshitwe 2007, Molao wa 38 wa 2007 wa Ditokiso tsa Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi (Ho Ahlola) (Molao wa Ditokiso) o kene tshebetsong. Molao ona o entse hore dikahlolo tse nyenyane tsa ditlolo tse ding tse kotsi tsa bosenyi di sebediswe baneng ba dilemo tse 16 le 17. Setsi sa Molao wa Bana se Yunivesithing ya Pretoria (Setsi) se phepeditse molao ona. Ba arabileng e bile Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Letona la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa le Boto ya Thuso ya Molao. Ka la 4 Pudungwana 2008, Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le Pretoria (Potterill AJ) le ile la tjhaella phepetso monwana.
Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le ntshitse taelo ya ho se be molaong ya molao wa motheo le bolela ditlhoko tse fapaneng tsa Molao wa 105 wa 1997, wa Ditokiso tsa Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi (CLAA), jwaloka ha o lokisitswe ke Molao wa Ditokiso, o seng molaong. Pele ho Molao wa Ditokiso, tshebetso ya dikahlolo tse nyenyane e thehilweng ke CLAA e ne e na le tshebetso e lekanyeditsweng baneng ba neng ba le ka tlase ho dilemo tse 18 ka nako ya tlolo ya molao. Molao wa Ditokiso o sebedisa tshebetso ya dikahlolo tse nyenyane baneng ba jwalo. Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le fumane hore sena se hanana le metheo ya Molao wa Motheo wa ho kwalla tjhankaneng e le qeto ya ho qetela le nako e kgutshwanyane ka ho fetisisa e loketseng bana ba ka tlase ho dilemo tse 18.
Tlatsetsong ya ho batla tiisetso ya dipolelo tsa ho se be molaong, Setsi se phehisitse ka hore bana ba seng ba ahlotswe tlasa ditlhoko tse lokisitsweng ba lokela ho tsebahatswa mme ba tliswe ka pele ho lekgotla le nang le bokgoni hore dikahlolo tsa bona di shebisiswe hape.
Lekgotleng la Dinyewe la Molao wa Motheo, Institjhute ya Naha ya Thibelo ya Ditlolo tsa Molao tsa Bosenyi le Kgutlisetso yaBatlolamolao Setjhabeng (NICRO) e ile ya amohelwa jwaloka amicus curiae.
Boholo ba Lekgotla bo ile ba tiisetsa kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe. Cameron J, eo Langa CJ, Moseneke DCJ, Mokgoro, O'Regan, Sachs le Van der Westhuizen JJ ba neng ba dumellana le yena, o ile a nahanisa mosebetsi le tlhoko ya sepheo sa ditokelo tsa bana Biling ya Ditokelo. O tobokeditse hore Molao wa Motheo ka bo oona o ananela boemo ba bana ba ho ka utlwiswa bohloko mmeleng le kelellong. Molao wa Motheo o hloka karabelo ba molao mothong ka mong, e shebanengle ngwana ya ahlolwang kahlolong ya bana, kahlolong ya bana.
Boholo bo fumane hore tshebediso ya dikahlolo tse nyenyane e lekanyetsa boikgethelo ba diofisiri tse dihang kahlolo ka ho tlosa diofisiri tse dihang kahlolo dikgethong tse ding ho na le ho kwalla tjhankaneng, ka ho diha kahlolo e tshwanang le ya ba bang le ka ho tshepela ho diheng dikahlolo tse telele tse boima. Kahoo. Lekgotla le boletse hore Molao wa Ditokiso o lekanyetsa ditokelo tsa bana tse boletsweng/hlahellang karolong ya 28 ya Molao wa Motheo. Ha ho na tiisetso e loketseng eo ho fanweng ka yona bakeng sa tekanyetso.
Leha ho le jwalo, Lekgotla le hanne ho fana ka pholoso/thuso eo setsi se neng se e batla maelana le bana ba seng ba ahlotswe tlasa Molao wa Ditokiso, kaha o sa tsitsa ka tsela e tshwanetseng diketsahalong tsa tlolo ya molao ya bosenyi tse etsahetseng pele molao/qeto e ntjha e sebetsa. Ho na le hoo, le ntshitse taelo e hlokang hore mmuso o tsebahatse bana kaofela ba tlotseng molao ba ahlolwa tlasa ditlhoko tse sa lokelwang ke tlhompho/ho tshetjwa haesale ka Pherekgong 2008,hore dikopo kapa ditlhahlobisiso di ka etswa lebitsong la bona.
Qetellong, taelo ya Lekgotla le Phahameng ya ho se be molaong e ile ya tiisetswa ka tlhompho ya yona e bohlokwa. Yacoob J o ngotse kahlolo e hanyetsanang ka matla eo Ngcobo, Nkabinde le Skweyiya JJ ba dumellaneng le yona.Yacoob J o boletse hore Molao wa Motheo ha o hloke boikgethelo ba lekgotla le ahlolang bana ho se be le tekanyetso e tletseng. Tshebetso ya molao ya dikahlolo tse nyenyane e tlameha ho hlaloswa ka motheo wa hore bana kaofela ke baamohedi ba ditokelo tseo karolo ya 28 
g ya Molao wa Motheo e faneng ka tsona. Hobane Molao wa Ditokiso ha o hloke hore diofisiri tse ahlolang di iphapanye ditlhoko tsa tlhoko ya ditokelo tsa bana, ha o qobelle diofisiri tse ahlolang ho fana ka kahlolo e seng molaong wa motheo.
Hore ho qojwe dikahlolo tse sa lokang, lekgotla le ahlolang le hlokeha ho nahana hore na ho na le maemo a qobellang le ho hlalosa a neng a tla tiisa ho dihwa ha kahlolo e tlasenyana/bofefonyana. Yacoob J o boletse hore ditlhoko tsa Bili ya Ditokelo tse tshireletsang ditokelo tsa bana ka bo tsona di tla lekana maemo a qobellang le ho hlalosa ho dumella ofisiri e ahlolang ho qala/tloha kahlolong e nyenyane e hlokehang nyeweng e boletsweng. O phethetse ka hore molao wa dikahlolo tse nyenyane, jwale ka ha o sebetsa baneng ba dilemo tse 16 le 17, o sa tsitsa le Molao wa Motheo. Kahoo, o ne a tla be a hanne ho tiisa taelo ya ho se ye ka molao wa motheo o entsweng ke Lekgotla le Phahameng.
TOKA
Ho paroletsa Setjhaba
Hlooho ya Lebatowa la Kapa Bophirima Advokheiti Hishaam basebetsi. Ho bolokela lefapha tjhelete e ngata e ka beng Mohamed o ile a leboha DG ha a ba etetse. "Re etse hloko e sebediseditswe dibaka tsa thupello. Sehlotshwana sa diphepetso tseo o re fileng tsona. Re tla etsa kahohle Worcester le sona se na le setsi sa thupello. "Ba na le kamoo re ka kgonang kateng hore re se o swabise." Jwale setsi sa bona ka lebaka la bohole bo pakeng tsa Kapa le DG o ile a nkiswa leeto ho potoloha setsi sa kgwebo sa Worcester," ho hlalositse Hlooho ya Lebatowa. Kantoro ya Lebatowa. Setsi se sebedisetswa ho rupella
Kantoro ya Lebatowa ya Natala e tlotlile batho ka bonngwe le Botsamaisi ka ho sebetsa ho feta tebello ya bona ho netefatsa hore MaAforika Borwa a fumana ditshebeletso tsa toka tse ntle ka ho fetisisa. Mokete wa dikgau o ne o tshwerwe ka la 9 Tshitwe Hoteleng ya Hilton.
Ha a ne a ile moketeng, Motsamaisikakaretso wa Mokobobo (DG) Advokheiti Simon Jiyane o boletse hore ho bohlokwa ho sebetsa ka thata mme ho lekana le bohlokwa ba ho hlompha le ho utlwisisa ditjhaba tseo basebetsi ba di nehang ditshebeletso. "KZN ke e nngwe ya diporovense tsa thatohatsi ya ka hobane e etellwa pele ke mosadi ya matla ya utlwisisang bohloko/mahlaba a ditjhaba," o boletse jwalo.
Adv Jiyane le yena o fane ka dikgau tse ding. Hape o ile a saena kano ya ho tshehetsa Ditokelo tsa Bana. Kano e baleha tjena "Rona ba saenneng ka tlase, re ikana boikemisetso ba rona ho etsa mesebetsi ya rona ka mokgwa o netefatsang hore ditabatabelo tsa bohlokwa tsa ngwana di bohlokwa."
Molaodi wa Lekgotla la Dinyewe la Sebaka Ben Nene o amohetse kgau ya Sehlotshwana se Laolwang ka Bokgabane. Mong. Nene o tlotletswe ho etsa bonnete ba hore makgotla a dinyewe kaofela a ka tlasa tsamaiso ya hae a fana ka ditshebeletso tsa toka, tsa tshebetso e ntle e hlwahlwa bathong. Hape o hlophisitse dikgau tsa tshebetso ya sehlotshwana sa hae, ana ke matsapa a ho kgothalletsa basebetsi ho sebetsa hantle.
Hlooho ya Lebatowa la KZN Bridgette Shabalala o lebohisitse bohle ba amohetseng dikgau le ho kgothalletsa motho e mong le e mong ho sebetsa ka thata. O hopoditse motho e mong le e mong hore ho ba mosebetsi wa setjhaba wa toka ho bolela ho netefatsa hore ditshebeletso tsa toka di a fihlelleha ho bohle ka dinako tsohle.
Motsamaisi wa Botsamaisi ba Molao Par Moodley o thakgotse ditataiso tse ntjha tsa Ditjhelete tsa Kgodiso ya Bana. Ditataiso di tla thusa diofisiri tsa ditjhelete tsa kgodiso ya bana ho netefatsa hore baamohedi ba ditjhelete tsa kgodiso ya bana ba amohela ditjhelete tsa bona.
Ba bang ba baetapele ba basadi ba kenetseng ketsahalo.
Kantoro ya Lebatowa la Kapa Botjhabela e hlokomedisitse le ho kgothalletsa meqoqo e otlolohileng ka ditaba tse kang Merusu ya Lelapa, Ditlolo tsa Melao tsa Thobalano, Tjhelete ya Kgodiso ya Bana, tlwaelo ya Ukuthwala le Toka ya Matlafatso.
Seminara e bone basadi ba tswang Peddie, Ntabankulu, Willowvale le Bizana ba kopana ho qoqa ditaba tse ba amang le ditjhaba tsa bona. Ketsahalo e ne e hlophisitswe ke diofisiri ho tswa Kantorong ya Lebatowa le Lefapheng la Mmuso wa Lehae le Merero ya Setso.
Ditekelo di entswe ke diofisiri ho tswa Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho ya Aforika Borwa (SAHRC), Bolaoding ba Botjhutjhisi ba Naha (NPA), Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba le Kantorong ya Lebatowa. A bua le baetapele ba basadi, Mokhibo Gwintsa o ile a amohela bohle ba neng ba le teng ketsahalong. O ile a fana ka tshetleho e kgutshwanyane ka hore ke ka lebaka lang seminara e le bohlokwa.
Sethatong seminara e ne e behetsweho ba teng nakong ya matsatsi a 16 a letsholo la ho nka Kgato ho thibela Merusu kgahlanong le Basadi le Bana, empa e ile ya tlameha ho kgutlisetswa morao ka lebaka la dishejule tse kgohlanang tsa batataisi.
Leha ho le jwalo, Mof. Gwintsa o hlalositse hore leha ketsahalo e se karolo ya letsholo, ditaba tse tshohlwang di ne di hloka ho sebetswa selemo ho pota.
Motsamaisikakaretso wa Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo
DG Nonkululeko Msomi o babaditse diofisiri tsa Lekgotla la Dinyewe la Maseterata wa Worcester ho netefatsa hore toka e a phethahatswa. DG o etetse lekgotla ka la 12 Hlakola. Ho ya ka Mof. Msomi, sepheo sa ketelo e ne e le ho nka ditshebetso tse ntle tse etsang hore lekgotla lena le sebetse hantle le ho abelana ditshebetso le makgotla a mang a dinyewe.
Ke ananela mosebetsi o entsweng lekgotleng lena la dinyewe. Batho ba fumana toka hobane lekgotla le a sebetsa. Le eketsa boleng ditshebeletsong tseo re fanang ka tsona. Jwale ha re se beng bothata empa re beng tharollo," ho boletse DG. O kgothalleditse basebetsi ho boloka ditshebetso tsa lekgotla di sebetsa le ho di ntlafatsa. "Dulang moleng/tseleng ya ho hlokomela ditjhelete, mokgwatshebetso wa tjhelete ya kgodiso ya bana le lekgotla la lona ka kakaretso," Mof. Msomi o boletse jwalo. Hape, basebetsi ba ile ba kgothatswa ke DG, ho ba motlotlo ka seo ba se etsang. "Kaofela ha rona ha re etseng mosebetsi wa rona wa dihora tse 8 hantle le ka botshepehi."
Mof. Msomi o boletse hore mmuso ke titjhere e ntle. "Ke ne ke sa e tsebe kaofela mme le jwale ke ntse ke sa e tsebe kaofela empa mmuso o nthutile tse ngata. Mmuso o o neha monyetla wa ho ithuta mme o o hlahisa dinthong tse ngata. Itokisetse ho ithuta mme o iphe sebaka sa ho ithuta," o boletse jwalo.
Molaodi wa Lekgotla la Dinyewe Zulfa Talip o bolelletse DG ka ditshebetso tsa mosebetsi le bolaodi lekgotleng la dinyewe, tse nyehelang katlehong le botsitsong ba lekgotla. Ho netefatsa phano e lokileng ya ditshebeletso ka hara lekgotla la dinyewe, e nngwe ya ditshebetso tse ntle ka ho fetisisa, ke ho ba le leano le amohelang ditlhahiso le menahano ya ba bang. "Sena se sebetsa ho bathahaselli, ba fuwang ditshebeletso le basebetsi. Kgokahano e bulehileng,e bonaletsang le ho tsitsa e a kgothalletswa le ho phethwa. Kahoo hangata diphepetso di rarollwa pele di tswelapele ho ba mathata," ho boletse Mof. Talip.
Mof Talip o boletse hore katleho ya lekgotla la dinyewe e ka kgolwa ho ba ka lebaka la kopano ya maikemisetso a basebetsi le motlotlo, ditshebetso tse utlwahalang tsa bolaodi, tsebo ya basebetsi, meralo ya lefapha le maikemisetso a ho etsa nyehelo le kameho e lokileng.
Ditoloko tsa molao di ntshetsa pele dipuo tse 11 ka lekgotleng la dinyewe
Ditoloko tsa molao di na le karolo ya bohlokwa eo di e bapalang ho netefatseng hore dipuo tse 11 tsa semmuso tsa Aforika Borwa (SA) di sebediswa makgotleng a dinyewe. Sena se boletswe ke Motlatsi wa Motsamaisikakaretso wa Ditshebeletso tsa Lekgotla Advokheiti Simon Jiyane, a bua moketeng wa dikapeso wa ho hlomamisa ditoloko tsa molao ka la 19 Hlakola 2010. Baithuti ba apesitsweng ba amohetse Diploma ya Naha Ditolokong tsa molao, ya pele eo Yunivesithi ya Foreisetata e fanang ka yona. Palohohle ya baithuti ba 90 ba apesitswe.
Dipuo tse 11 tse ananelwang ka molao wa Motheo wa naha le tsona di lokela hoba dipuo tse sebediswang makgotleng a rona a dinyewe. Ena haesale e le taba e sa hlakang eo e saleng e tlohelwa," Adv Jiyane o boletse jwalo. O boletse hore baithuti ba dikapeso ba tla thusa mmuso ka phano ya ditshebeletso. "Re tshepa hore o tla sebedisa tsebo le bokgoni boo o bo fumaneng jwaloka karolo ya lenaneo lena ho fetola makgotla a rona a dinyewe," o hlalositse jwalo. O tswetse pele ho bolela hore lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le qadile porojeke e tekong e bitswang tshebediso ya Dipuo tsa Setala makgotleng a dinyewe. "Sepheo sa porojeke ena ke ho netefatsa hore makgotla a rona a dinyewe a ananela dipuo tse 11," o boletse jwalo.
Tshebediso ya dipuo tsa setala ha e sebeletse feela ho kgothalletsa diphapano tsa puo empa hape le ho ntshetsa pele phihlello ya toka le ho etsa hore baahi ba phuthullohe makgotleng a dinyewe. Kahoo ditoloko tsa molao di na le karolo ya bohlokwa eo di e bapalang ho netefatsa hore porojeke ena e kenngwa tshebetsong hantle le ka bohlwahlwa makgotleng a dinyewe kaofela. Porojeke ena e netefatsa hore ho na le phihlello e lekaneng ya toka bakeng sa MaAforika Borwa kaofela, haholoholo ba dikojwana di mahetleng le ba kotsing ya ho ka utlwiswa bohloko. Sena se tsamaellana le Molao wa motheo o ananelang dipuo kaofela tse 11 tsa semmuso. Nakong e fetileng, diketsahalo tsa lekgotleng la dinyewe di ne di mamelwa ka Sekgowa le Seburu feela.
A bua ketsahalong yona eo, Motlatsi wa Morektoro wa Yunivesithi ya Foreisetata Porofesara Ezekiel Moraka o ile a lebohisa lefapha bakeng sa mosebetsi o motle o entsweng. "Ke lakatsa ho ananela selekane seo re nang le sona le lefapha. Ke tshepa hore mofuta ona wa selekane o tla re isa bokamosong," o boletse jwalo. Porofesara o boetse a lebohisa baithuti ba dikapeso le ho ba leboha maikemisetso ao ba a bontshitseng dithutong tsa bona kaofela.
Prof Moraka o kgothalleditse baithuti ba dikapeso ho hlokomela thuto ya bona. "Ha le ne le tla Yunivesithi, le tletse sepheo seo e neng e le ho fumana thuto e itseng. Kajeno le fihlelletse toro eo. Bokgoni boo le nang le bona bo molemong wa hao, wa Yunivesithi le molemong wa setjhaba sa Aforika Borwa. O na le karolo ya bohlokwa ho bapala diphepetsong tse tobaneng le naha ya rona," o boletse jwalo.
Motlatsi wa Morektoro o kopile baithuti ba dikapeso ho ba diporofeshenale tse tlang ho tla ka ditharollo mathateng a tobileng Aforika Borwa. "Le lokela ho kgathalla bophelo ba setjhaba sa Aforika Borwa. Le lokela ho bontsha maikemisetso ka bokgoni, eneji, le bokgoni bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba," o phethetse jwalo.
Laola maruo a hao kamora lefu ngola wili
Ka Neliswa Demana muso ka matsapa a ho laola ho phethwa ha diwili o entse Molao wa 1953 wa Diwili (Molao wa 7 wa 1953). Molao o fana ka ditlhoko tsa semmuso tse hlokehang phethahatsong ya wili; tlhaloso ya diwili le ho ba molaong ha diwili tse ding tse phethahatswang ho ya ka molao wa kahare wa dinaha tse ding. Hape Molao o fana ka bokgoni ba batho ba kentsweng phethahatsong ya diwili.
Ho na le bolokollohi ba ho paka Aforika Borwa. Bolokollohi ba ho paka ke kgetho ya motho e mong le e mong ho etsa wili e molaong le ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko kaofela tsa molao, ho siyela motho ofe kapa ofe eo a mo ratang maruo a hae. Leha ho le jwalo, ho na le diphapang tse itseng, tse jwaloka:
Ha e a tlameha ho se be molaong;
Ha e a tlameha ho ba kgahlanong le leano la setjhaba; le
Motlatsi wa Mookamedi e Moholo Kantorong ya Mookamedi e Moholo Patrys Venter o boletse hore MaAforika Borwa kaofela a molaong a lokela ho rala wili ho etsa bonnete ba hore maruo a bona a arolwa pakeng tsa batho ba kgetho ya bona. "Ho bohlokwa haholoholo ho tshireletsa ditabatabelo tsa bana ba ka tlase dilemong le baratuwa, sena se tla etsa bonnete ba hore ba tla hlokomeleha hantle," o boletse jwalo. "Nka re MaAforika Borwa a mangata a qala ho rala diwili, jwaloka ha ho ne ho etswa nakong e fetileng. Leha ho le jwalo, ena e ntse e le diperesente tse nyenyane tsa baahi."
Wili ke tokomane e kgethehileng, e lokelang ho ralwa ke setsebi se jwaloka mmuelli kapa khamphani ya matlotlo. Motho ya ralang wili o bitswa paki. Paki e lokela ho ba dilemo tse 16 kapa ho feta ho etsa wili ho fumana hore leruo le lokela ho nkwa jwang ka lefu. Wili e molaong ntle leha e ne e se na bokgoni ba ho ananela ditlamorao tsa diketso tsa bona ka nako ya ho etsa wili.
Wili e ka ngolwa ka letsoho, ya tlanngwa kapa ya hatiswa. Ho saena ha paki ho tlameha ho hlaha qetellong ya wili. Ho saena ho tlameha ho etswa ka pele ho dipaki tse pedi kapa ho feta tse nang le bokgoni. Dipaki di tlameha ho fana ka bopaki le ho saena wili ka pele ho paki le e mong le e mong. Haeba wili e na le maqephe a fetang bonngwe, leqephe le leng le le leng kantle ho leqephe leo e fellang le tlameha ho saenwa ke paki kae kapa kae leqepheng. Leha paki e tlameha ho saena maqephe a wili kaofela, ke leqephe la ho qetela feela la wili le hlokang ho saenwa ke dipaki.
Ditlhoko tsa wili e molaong ha paki e sa kgone ho saena lebitso la hae ke dife?
Ha paki e sa kgone ho saena lebitso la yona, e ka kopa motho e mong ho saena wili lebitsong la hae kapa e ka saena wili ka ho etsa letshwao (kgatiso ya monwana o motona kapa sefapano). Ha wili e saennwe ke motho e mong lebitsong la paki kapa ka ho etsa letshwao, Khomishenara ya Kano e tlameha ho tiisetsa hore o ikgotsofaditse ho ya ka boitsebiso ba paki le hore wili e saennweng ke wili ya paki. Khomishenara ya Kano e tlameha ho saena setifikeiti sa hae mme hape o tlameha ho saena leqephe le leng le le leng la wili, kae kapa kae leqepheng. Hape Khomishenara ya Kano e tlameha ho ba teng ha wili e saenwa mme e tlameha ho hlomathisa setefikeiti sa hae ka potlako kamora hoba wili e saenwe leha paki e ka hlokahala kamora ho saena wili.
Codicil ke shejule kapa sehlomathiso wiling e seng e entswe, e entsweng ho tlatsetsa kapa ho lokisa wili e seng e entswe. Codicil e tlameha ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko tse tshwanang le tsa wili e molaong. Codicil ha e hloke ho saenwa ke dipaki tse saenneng wili ya sethato.
Ho etsahala eng ha ke batla ho lokisa wili ya ka?
Ditokiso wiling di ka etswa feela ha wili e phethahatswa kamora letsatsi la phethahatso ya wili. Ditokiso wiling di tlameha ho phethahatswa ho ya ka ditlhoko tse tshwanang le tsa wili e molaong mme, ha paki e sa kgone ho e saena, ka tlhoko e tshwanang le e sebetsang bathong ba sa kgoneng ho saena wili. Ha o lokisa wili, dipaki tse tshwanang le tse saenneng wili ya sethato ha di hloke ho e saena hape.
Ana ke tlameha ho lokisa wili ya ka kamora tlhalano?
Lefa le yang ho molekane wa hao eo le hlalaneng le yena le wiling e entsweng pele ho tlhalano ya lona, le ke ke la hloka ho tloswa kamora tlhalano. Molao wa Diwili o bolela hore kantle le moo o bolelang ka tsela e nngwe, lefa le yang ho molekane wa hao eo le hlalaneng le yena le tla hloka ho bolelwa hore ha le molaong ha o ka hlokahala nakong ya dikgwedi tse tharo tsa tlhalano. Tlhoko ena ke ho dumella motho ya hladilweng nako ya dikgwedi tse tharo ho lokisa wili ya hae, kamora ketsahalo e bohloko ya tlhalano. Leha ho le jwalo, ha o ka hloleha ho lokisa wili ya hao dikgweding tse tharo kamora tlhalano, molao wa ho bolela hore ha e molaong o ke ke wa sebetsa, mme molekane wa hao eo le hlalaneng le yena o tla una molemo jwaloka ha ho bontshitswe wiling.
Leha ho le jwalo, jwaloka ha ho boletswe ka hodimo, motho e mong le e mong a ka aba leruo la hae ka ho etsa wili, leha ho le jwalo, ho bohlokwa ho fumana thuso ho tswa ho diporofeshenale ha o etsa wili. Babuelli, Diinshorense le Dibanka di thusa ba kopang tshebeletso ya ho etsa diwili.
Mookamedi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe
Mookamedi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe o itlama ho fa ditho tsa setjhaba tshepo ya hore maruo a tsona le matlole a tla laolwa ho ya ka molao.
Ho ya ka Molao wa jwale Kantoro ya Mookamedi e Moholo, hara tse ding, e etsa mesebetsi e latelang:
Tsamaiso ya maruo a mofu le batho ba hlolehang ho lefella melato ho ya ka dipehelo tse sebetsang tsa molao;
Tshireletso ya ditabatabelo tsa bana ba ka tlase dilemong le batho ba hlokang bokgoni ka molao;
Tshireletso le tsamaiso ya matlole a lefelletsweng Letloleng la Mohlokomedi, a bana ba ka tlase dilemong, bao ho ya ka tumellano ba hlokang bokgoni le bajalefa ba siyo;
Tlhokomelo ya tsamaiso ya dikhamphani le dikgwebo tse laolwang ke batho ba banyenyane ba itseng ho ya ka dipehelo tse loketseng tsa molao;
Phumantsho le tlhahlobo ya mesebetsi ya maruo ho ya ka Molao wa 1955 wa Tshebetso ya Maruo (Molao wa 45 wa 1955), ka lebaka la boemedi ba Ditshebeletso tsa Kuno tsa Aforika Borwa;
Tlhokomelo ya matlole ho ya ka Molao wa Taolo ya Maruo a Letlole wa 1988;
Poloko ya ditokomane kaofela tse amohetsweng ke Mookamedi e Moholo mabapi le maruo, ho se lefelle melato, ditefello tsa ditjhelete tse kolotwang, matlole, jj.
Ho sebetswa ha ditlhakisetso ke baahlodi, babuelli, baamohedi le mekgatlo e meng e nang le thahasello;
Ho hirwa ha motho ya sa kenyweng moya ya nang le bokgoni ba baahlodi, boramatlole, le balefisi ba ditefello tsa ditjhelete tse kolotwang;
Dintlha tsa ho iteanya le Mookamedi wa Makgotla a Phahameng a Dinyewe: Sheba setshwantsho se hlomathisitsweng
mohato tshwarelong
Ngaka Seekoe a netefaletsa MaAforika Borwa hore Yuniti ya TRC e ke ke ya kgaotsa ho fihlella masalla kaofela a bahale ba ntwa a fumanwa.
Kamora moo, ba ile ba bolawa/fanyehwa ka 1967 le 1968 tjhankaneng e Bohareng ya Pretoria. Masalla a bona a ne a bolokilwe ka sephiri Dirapeng tsa Rebecca Pretoria, ntle le ho tseba ha ba malapa a bona. Ba hara batshwaruwa ba dipolotiki ba ka ballwang ho 135 ba bolailweng/ fanyehilweng ke mmuso wa kgethollo pakeng tsa 1960 le 1989.
Khomishene ya Nnete le Poelano (TRC), Sehlopha sa Mosebetsi wa Batho ba Lahlehileng (MPTT) ho tswa Bolaoding ba Botjhutjhisi ba Naha, Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa le Toropo ya Tshwane di sebeditse mmoho patlisisong le phumanong ya masalla a bona. Boradipolotiki ba tsheletseng ba Pan African Congress (PAC) ba ile ba epollwa dirapeng tsa bafu ka la 24 Hlakola 2010.
Ba malapa ba ile ba iswa Tjhankaneng e Bohareng ba Pretoria pele, moo boradipolotiki ba neng ba kwalletswe mme hamorao ba bolawa. Khomishenara ya Sebaka ya Pretoria Grace Molatedi ho tswa Lefapheng la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa ba ile ba amohela ba malapa setsing sa batshwaruwa sa Tshireletso e Hodimo, e tlwaelehileng ka la C-Max. "Kajeno re tlo phela histori hape. Ke tshepa hore kamora letsatsi la kajeno kaofela ha lona le tla kgona ho robala ka kgotso le tseba moo baratuwa ba lona ba leng," o boletse jwalo.
Komishenara Molatedi o boletse hore bahale ba ntwa ba lahlehetsweng ke maphelo a bona ba tshwanelwa ke hlompho. "Rona, jwaloka lefapha, re rata ho le bolella hore re mona bakeng la lona mme re tlo sebetsana le ketsahalo ena ka tlhompho. Ka kopo eba le bolokollohi ho tla ho rona ka ntho efe kapa efe, re mona ka lebaka la hao," o hlalositse jwalo. Ba malapa ba ile ba iswa diseleng moo boLanga 6 ba neng ba robetse teng le moo ba bolaetsweng teng.
Ditho tsa lelapa la Langa 6 di a etela C-Max, moo baratuwa ba bona ba bolaetsweng/fanyehilweng teng.
a tla nkwa ke MPTT bakeng sa dipatlisiso tsa forensiki. "Dipatlisiso di tla sebedisa DNA ho tsebahatsa masapo ka saense. Hape sena se tla etsa bonnete ba hore ba malapa ba fumana masalla a nepahetseng a baratuwa ba bona," o hlalositse jwalo.
Lenqosa la MoAjentina Carlos Sersale di Cerisano o fetisitse matshediso le tshehetso ya naha ya habo ho ba malapa. "Leano la rona la kantle ho naha le histori/nalane di etsa hore re utlwisise le ho le tshehetsa. Re tla tshehetsa mekgwa e lwantshang toka kamehla," o boletse jwalo.
Mokaubere wa PAC Johnson Mlambo o hlahisitse diteboho tsa mokgatlo wa hae mmusong ka ho fumana masalla. "Kajeno re mona ka lebaka la boradipolotiki bana ba bohlokwa. Ke batla ho leboha mmuso ka ho etsa ketsahalo ena e kgonahale. Ena ha se qetelo empa qalo ya tshebetso ya ho fola," o boletse jwalo.
Mong. Mlambo o abelane ka boitemohelo ba hae le Langa 6 kgolehong. "Ke tseba ba bang ba banna bana. Ho ne ho le bohloko ho botsollotswa dipotso ebe o bolellwa hore o tlo fanyehwa. Re ne re dula ka tebello re sa tsebe hore ke mang ya tla latela. Ho ne ho le bohloko ho ba le batho dilemo tse ngata jwalo hore ka letsatsi le leng ba ka tsamaya mme ba se hlole ba kgutla. Ke sa ntse ke phela ka mohau wa Modimo," mokaubere o boletse jwalo.
O kopile mmuso ho tswelapele ho batla masalla a boradipolotiki ba bang. "Ka kopo se kgaotseng hona jwale; ho sa ntse ho na le metswalle e tlamehang ho fumanwa hore le bona ba malapa a bona ba fumane phethelo. Ke phepetsa ba malapa a bahale bana ho fetisetsa mehopolo e matla eo ba nang le yona melokong ya jwale le ya kamoso," o boletse jwalo.
Vuyelwa Shweni, moradi wa Albert Montasi Sweni o lebohile DOJ le CD ho fumaneng masalla a ntate wa hae. "Ha re ne re lapile re le bana, kamehla ke ne ke tla botsa mme hore ntate o kae. O re bolelletse hore o nkilwe ke mapolesa a kgethollo. Kajeno re thabetse hore re tla kgona ho mo isa hae mme re mo boloke sebakeng sa hae se nepahetseng," o boletse jwalo.
Kotlo ya polao AB
Kotlo ya polao e ne e le e nngwe ya dintho tse bohlokwa tsa kgatello ya mmuso tsa mehwanto ya dipolotiki selemo kaofela ho tloha ka 1960
ho fihlela ka la 2 Hlakola 1990 ha Poresidente ya Puso FW de Klerk a phatlalatsa tumello ya semmuso ho emisa dipolao kaofela. Kamora phatlalatso ya tumello ya semmuso ho emisa dipolao, Molao wa 1990 wa Tokiso ya Molao wa Ditlolo tsa molao tsa bosenyi o ile wa kena tshebetsong, o ileng wa fedisa kahlolo ya lefu.
Pele ho mehato ena e emisitseng le ho fedisa kotlo ya polao, AB e bile le se le seng sa sekgahla se phahameng ka ho fetisisa sa polao ya molao lefatsheng. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho e tlalehile hore ka 1989 Iran e ne e le yona feela naha e bolaileng batho ba bangata ho feta AB
nakong ya ho tloha mahareng a -1985 ho fihla mahareng a -1988, sena se entse AB ho ba naha ya bobedi e phahameng ka ho fetisisa dipolaong lefatsheng.
Kaofela bao ba ahloletsweng lefu ba ile ba fetisetswa tjhankaneng ya Tshireletso e Hodimodimo Bohareng ba Pretoria, moo difate tsa polao di neng di dutse di emetse polao ya bona. Tabeng ya bao ba ahloletsweng lefu 'mahaeng', ba ahlotsweng ba ne ba romelwa tjhankaneng e Hodimodimo Venda, Ciskei, Transkei kapa Bophuthatswana, moo diphanyeho di neng di etswa teng.
Difate tsa polao di ne di ka nka batho ba supileng. Ba neng ba eba teng e ne e tla ba diofisiri tsa tjhankana, moahlodi le ngaka. Batshwaruwa ba ne ba emiswa mola o yang hodimo monyako. Moahlodi o ne a tla hula mohwele o neng o tla theola monyako, o phahamisetsa batshwaruwa bophahamong ba tshelela ka supa. Jwale ngaka e ne e tla hlahloba setopo mme e saene setefikeiti se tiisetsang lefu.
Ho rafa ho seng molaong ho hlolehisakatleho ya Tjhata ya ho Rafa
Sehlotshwana sa Toka, Thibelo ya Ditlolo tsa molao tsa Bosenyi le Tshireletso di tla kenela diketsahalo tsa ho rafa ho seng molaong.
onelopele ya tjhata ya ho rafa ya ho fihlella indaseteri ya ho rafa e hlodisanang lefatshe kaofela molemong wa MaAforika Borwa kaofela e hlolehisitswe ho atleha ke ho rafa ho seng molaong. Hlakiso ena e thibela maikemisetso a tjhata ya ho rafa ho qala indaseteri e tla ba motlotlo ho bontsha tshepiso ya naha e sa kgetholleng ka morabe moruong.
A tshetlehela Lekgotla la Naha la Diporovense (NCOP) puo nakong ya ngangisano ka ho rafa ho seng molaong ka Lwetse 2009, Letona le boletse hore ho rafa ho seng molaong ha se ntho e ntjha Aforika Borwa. O boletse hore ketsahalo ena e tlisa diphepetso tse mpe haholo ho indaseteri mme e boima haholo mme ha e a lokela ho nkelwa fatshe.
Ho ya ka Letona la Disebediswa tsa Diminerale, ho rafa ho seng molaong ho fumane phaello ya ntshetsopele e potlakileng ho tloha morao dilemong tsa bo1990. Lefapha le dikhamphani tsa ho rafa haesale di sebetsa mmoho ho feta dilemong tse leshome tse fetileng ho fedisa bothata bona. "Ho rafa ho seng molaong ke indaseteri e kgolo ya ditlolo tsa molao tsa bosenyi ya dibiliyone tse ngata tsa diranta e kenyeletsang maqulwana a naha le matjhabeng ka boleng ba dibiliyone tse 5,6 tsa diranta. Maqulwana ana a semokolang kgauta a hlophisehile, a kotsi mme a na le disebediswa tsamaemo a hodimo. Ha ho nahanwa ka potso ya hore maqulwana ana a kgona ho tsamaisa dijo le disebediswa tse ding jwang ho ya tlasetlase kgohleng ya maene, ho hlakile hore barafi ba seng molaong ba thuswa ke barafi ba molaong, basebetsi le balaodi ka bobedi," o boletse jwalo.
Letona Shabangu le boletse dintlhakgolo tsa hore diqhomi le disebediswa le tsona di tsamaiswa le ho utsuwa mabenkeleng a ka tlase ho lefatshe a merafo e sebetsang.
Letona le boletse hore diketekete tsa baepi, "bao bongata ba bona bo tswang Lesotho, Mozambique, Zimbabwe le Botswana, di ikemiseditse ho beha maphelo a tsona kotsing ho fumana phaello diketsahalong tsena tse seng molaong. Baepi bana bas eng molaong ba hlometse le ho ba kotsi mme re batla ho romela molaetsa o hlakileng wa hore bofuma bo ke ke ba sebediswa e le lebaka diketsahalong tsa ditlolo tsa molao tsa bosenyi." O bolelletse ditho tsa NCOP hore kaofela bao ba rafang ba se molaong ha ba a fapana le batlolamolao ba etsang diketso tsa bosenyi tse sotlang ka batho ba bang tsa hlasela makoloi a tsamaisang tjhelete, ba bolaong mapolesa le basadi ba rona ka swele. Mof.
Shabangu o boletse kotsi ya barafi ba seng molaong ba tshwarang palo e hodimo ya dibetsa pepeneneng, ho kenyeletswa diAK47 le dithunya tsa dimilimitara tse
Dintwa tsa kahara dihlopha le ho thunyana jwale ke ntho e etsahalang letsatsi le letsatsi sebakeng sena. Ho thulana ka mantswe pakeng tsa barafi ba seng molaong le barafi ba molaong le mapolesa le basebetsi ba tshirelletso ho etsahala kgafetsa.
Ka la 2 Phuptjane 2009 Letona le etetse Welkom hanghang kamora ho amohela ditaba tsa mafu a 36 a pele. Lebaka e ne e le ho paka le ho fumana kutwlisiso ya mantlha ya taba. "Re etetse Welkom hape ka la 13 Phuptjane 2009, ho tshohla taba le mefutamefuita e mengata ya bankakarolo ho kenyeletsa setjhaba sa lehae, bomasepala, batho ba kgwebo, dikhamphani tsa merafo le mekgatlo ya basebetsi. Baemedi ba tswang tshebeletsong ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS), boemong ba naha le ba porovense ka bobedi, le bona ba ne ba le teng," ho boletse Letona.
Kamora moo, sena se lebisitse popong ya Foramo ya Bathahaselli ya Barafi ba seng Moalong ya
Foreisetata e thehilweng ka baetapele ba setjhaba, tlhophiso ya basebetsi, mmasepala wa Matjhabeng, dikhamphani tsa ho rafa, lefapha la Disebediswa tsa Diminerale, SAPS, hammoho le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo. Ho boetse ho iteangwa le mafapha a mang a amehang ho thusa moo ho hlokehang.
Foramo e entse moralo wa tshebetso ho fedisa diketsahalo tsa ho rafa ho seng molaong lebatoweng.
Foramo yona eo e filwe mosebetsi wa ho beha leihlo tswelopeleng e etseditsweng ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa tshebetso ke bathahaselli ba amehang.
Kabinete e hlokometse ho rafa ho seng molaong e le botshosetsi naheng mme ya nka qeto yah ore taba e sebetswe ke Sehlotshwana sa Toka, Thibelo ya Bosenyi le Tshireletso (JCPS).
Taba ena ya ditlolo tsa molao tsa bosenyi e ile ya tekelwa Komiti ya Matona a kahare a amehang e dumellaneng ka tse latelang:
Diphakwe tse ntjha tse sa tswa thehwa di tlameha ho nka marapo le ho batlisisa ho rafa ho seng molaong ka botlalo;
Molao o amehang o tlameha ho sebediswa ntle le tshabo kapa leeme ho sebetsana le tlolo ya molao ya bosenyi ya ho etsa tjhelete ka diketsahalo tse seng molaong, kadimo ya ditjhelete, ho tshwara diminerale ntle le molao, jwalojwalo;
Batlisisa hore na sepolesa sefe kapa sefe sa lehae le batjhutjhisi mabatoweng a maseterata a amehang a kene maqulwaneng a rafang ntle le molao;
Barumuwa JCPS, hammoho le Letona la Disebediswa tsa
Diminerale, haufinyana ba tla etela tse ding tsa dibaka tse amehileng ho hlahloba hore ke eng ho hong ho ka etswang ho sebetsana le taba ya ho rafa ntle le molao ka botlalo.
Letona le netefaleditse NCOP hore mmuso wa Riphaboliki ya Aforika Borwa o entse qeto ya ho nka mehato ho sebetsana le taba ya ho rafa ntle le molao. "Leha ho le jwalo, Ke batla ho boela ke tiisetsa maqulwana a ditlolo tsa molao tsa bosenyi hore qeto ya rona ya ho ba fedisa e matlafetse mme ba tla tswelapele ho utlwa motjheso ka ha mmuso o otamela ho lona ho fihlela le kgutsa ho qhekella batho ba rona ka diminerale tsa bona, ho ya ka Tjhata ya Tokolloho," ho boletse Letona Shabangu.
Sepheo sa Tjhata ya ho Rafa
Ho fihlella diperesente tse 6 tsa ho ruuwa ha dikhamphani tsa ho rafa ke batho ba tinngweng menyetla nakong e fetileng;
Ho thusa phethahatso ya dikhamphani tsa ho rafa ho ya ka Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Disebediswa tsa Petroleum (MPRDA);
Ho tlama dikhamphani tsa ho rafa ka ntshetsopele ya Matlafatso ya Batho Batsho Moruong (BEE) ha di etsa kopo ya ditokelo tse ntjha tsa diminerale kapa di fetola tsa jwale.
Karolo ya bohlokwa ya tjhata ke karete ya matshwao ya ho rafa, e fanang ka moralo wa tshebetso bakeng sa ho lekanyetsa BEE karolong ya ho rafa.
Dikarolo tse tharo tsa motheo tsa Tjhata ya ho rafa ruwa
Tsamaisa matlafatso ka ho le ho laola dikgwebo le maruo;
ya disebediswa tsa botho le
Tsamaisa matlafatso ka ho rekwa ho kgethwang ha thepa le ntshetsopele ya kgwebo
Molao wa Tshireletso ya Bareki, tshepo e ntjha tsamaisong ya kgwebo
Molao wa 68 wa 2008 wa Tshireletso ya Bareki o ile wa tekenelwa ho etswa molao ka la 24 Mmesa 2009 ho tshireletsa bareki kgahlanong le tsamaiso esengmolaong le e sa tsamayeng ka maitshwaro a lokileng ya kgwebo.
Ho ya ka dipehelo tsa phetoho, Molao o tla qala ho sebetsa ka Mphalane 2010. Dipehelo tsa phetoho di tla fana ka nako e lekaneng bakeng sa ho qalaKhomishene ya Naha ya Bareki, eleng mokgatlo o tlang ho fana ka kgatello kapa ho etsa dipatlisiso dintlheng tsa tshireletso ya bareki. Tebello ke hore molao o tla qala ho sebetsa mafelong a Mphalane selemong se hodimo.
Molao ona o tla bapala karolo ya bohlokwa phetolong ya dikamano pakeng tsa borakgwebo le bareki sedikadikweng sa boreki. Molao o tla matlafatsa ditokelo tsa bareki mme o fane ka kemo ya moloa ha ontse o netefatsa hore mekgwa le dipehelo tsa naha di ya latelwa ka ho fedisa ditsamaiso tsa kgwebo tse leeme.
CPA etla nka sebaka sa tsela ya tshebetso ho tswa melaong e mmalwa ho kenyeleditswe e latelang:
Molao wa 1988 wa Dikamano tsa Bareki
Ditsamaiso tsa Kgwebo tse Leeme;
Kgwebisano;
Molao wa 1964 wa Thekiso le Tshebeletso;
Molao wa 1964 wa Taolo ya Ditjeho le
Dikarolo tse totobaditsweng 2-13 le 16
tse qollotsweng Molaong wa 1941 wa Phahlo.
Ho ya ka CPA moreki o hlaloswa ka mosebedisi wa thepa, moamohedi thepa kapa motho ya tla tswelwa molemo ke ditshebeletso ho sa kgathalatsehe hore o nkile karalo thekisong e etsahetseng.
Molao o sheba ditokelo tse latelang tsa Bohlokwa tsa Moreki:
Tokelo ya tekatekano ya bareki thekong
Molao o tshireletsa moreki kgahlanongditsamaiso tsa boithekiso tse kgethollang. Ho ya ka karolo ya 9 ya Molao, morekisi wa thepa le ditshebeletso ha tlameha ho kgetholla motho wa mofuta ofe kapa ofe abatlang ho fumana thepa e rekiswang. Hofeta mona moreki o tshireleditswe kgahlanong le thekiso ya thepa/ditshebeletso tsa boleng bo sa tshwaneng le ditefello tse fapaneng nakong ya ho bapatsa moo honang le tumellano pakeng tsa rakgwebo le mokadimisane wa lebitso la kgwebo. Ditumellano tsa mofuta o jwalo di ka susumelletsa mokadingwa wa lebitso la kgwebo ho reka thepa kapa ditshebeletso ho tswa ho mokadimisane wa lebitso la kgwebo feela. Ditokelo tsa ho thola nako ya ho nahana kamoraho ho boithekiso, ho khansela dipeheletso tse entsweng (boingodiso kapa tsa kopo ya thepa), kgetho le hlahlobo ya phahlo, ho kenyeleditswe le tsamaiso le ho kgutliswa ha thepa.
Tokelo ya ho pepesa le tlhahisoleseding
Tlhahiso leseding yohle ka mofuta wa tsebiso, tokomane kapa diphatlalatso e tlameha ho ba ka puo e bonolo e bile e utlwisiseya. Hona ho thusa moreki ya fokollwang ke bokgoni ba ho bala le boiphihlelo bo fokolang ho utlwisisa se bolelwang ke tlhahiso leseding (tsebiso, tokomane kapa diphatlalatso).
NCC e ka phatlalatsa mekgwa ya ditsela tse tlang ho sebetsa tekolong ya hore bareki ba fumantshwa tlhahisolesedinge kgotsofatsang. Tokelo ena e nehela moreki ditokelo tsa ho thola ditjeo, mongolo le tlhaloso ya thekiso di le pepeneneng, pepeso ya thepa e lokisitsweng kapa thepa e rekiswang e tlisitsweng ka naheng ntle le tumello, ditokomane tsa theko, pepeso ho tswa ho bahlokomedi le pontshahatso ya tsamaiso le sebaka sa thekiso.
Tokelo ya boithekiso bo senang leeme le bo nang le maikarabelo
Moreki o na le tokelo ya boithekisi bo senang thetso, bo sa kgeloseng , bo sa qhekanyetseng kapa bo sa tsietseng. Banehelani ba thibelwa ho bapatsa thepa kapa ditshebeletso ka mokgwa o kgelosang. Tsamaiso ya thibelo e bitswa boithekiso ba tsietso 'bait marketing'. Mekgwa emeng ya boithekiso e thibelwang e kenyeleditse boithekiso bo sanepahalang moo teng ho fanwang ka thepa le ditshebeletso ka tshepiso ya hore ditla itlhopisa.
Toka le Mohope wa Lefatshe wa
Re aparetswe ke moya wa Mohope wa Lefatshe mme lethabo,ditabatabelo le tjheseho dimenahane ho ba ntho elengwemenahanong ya maAfrika Borwa a mangata. Ho santse ho le bohlokwa ho hlalosa dintlha tse itseng mabapi le 2010 ho basebetsi le baahi, jwalo ka hore Nyewe ya Kgotla ya Mohopewa Lefatshe wa 2010 e bakwa ke eng.
Mokgwa wa tshebetso tsamaisong ya toka o ile wa qalwabakeng sa ho shebana le diketsahalo tse kgahlanong le molao nakong ya ho tshwarwa ha Mohope wa Lefatshe wa FIFA 2010. Dinaha tse kileng tsa tshwara dipapadi tsa mohope wa lefatshe nakong e fitileng ba hlahisitse ntlha ya hore ho eketseha ha baeti bahlahang dinaheng tsa kantle ho phahamisa diketso tsa tlolo ya molao. Ka lebaka leo, ditsela tse ikgethileng di se dithontswe bakeng sa ho shebana le mathata a ka bang teng ha o tshwerwe tlhodisano ya boholo ba Mohope wa Lefatshe wa FIFA.
Diphaposi tsa Makgotla a Kgethilweng:
Ho qobana le tshitiso ya ditshebeletso tsa toka tsa baahi ba Aforika Borwa, lekgotla le momahaneng la tsamaiso ya toka le kgethile diphaposi tsa makgotla a dinyewe tse 54 tse tlang ho sebediswa diprofensing tse robong nakong ya ho tshwarwa ha papadi tsa Mohope wa Lefatshe. Bongata ba diphaposi tsena tsa makgotla a dinyewe ditholahala ditoropong tse tlong ho tshwara dipapadi mme ditholahala haufinyana le mabala a dipapadi le ditsing tsa baeti.
Makgotla atla qala ho sebetsa dibeke tse pedi pele ho dipapadi mme a tswele pele dibeke tse ding tse pedi kamoraho ho dipapadi. Bakeng sa honetefatsa tsamaiso ehlwahlwa ya toka,basebetsi makgotleng ana a ikgethileng batla sebetsa ka ho phomotsana pakeng tsa motsheare le bosiu,.
Tshebetso makgotleng a motsheare e tla qala ka 08H30 hofihlela ka 16H30 mme makgotleng a bosiu e tla qala ho tloha ka 16H30
