Ho ya ka molao, motho e mong le e mong o lekana le ba bangmme ha a lokela ho kgethollwa.
Bophelo
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela.
Tokolloho le Tshireletso ya motho
O ke ke wa kwallwa ntle le ho iswa tekong kapa wa hlekefetswa ka tsela efe kapa efe.
Bokgoba
O ke ke wa etsiswa ketso tsa bokgoba.
Boinotshi
Tokelo ya hao ya boinotshi e kenyeletsa mmele, lelapa le dintho tsa hao.
Tokelo ya bodumedi, tumelo le maikutlo
O na le tokelo ya ho nahana, ho dumela le ho rapela ka mokgwa oo o ka ikgethelang ka oona.
Tokelo ya ho ntsha maikutlo
O na le tokelo ya ho bua, ho bala le ho ithuta kaseo o ikgethelang sona empa puo ya lehloyo ha e adumellwa.
Kgobokano, Pontsho ya Tletlebo,Pepeso ya Boipelaetso le Phethishene
O na le tokelo ya ho kgobokana, ho etsa pontsho ya tletlebo le ho ipelaetsa ka kgutso.
O na le tokelo ya ho ikamahanya le motho ofe kapa ofe.
Ditokelo tsa Polotiki
O ka theha mokgatlo wa polotiki, wa kenela dikgetho tsa botsamai-si le ho kgetha mokgatlo ofe kapa ofe dikgethong tse lokollohileng tse tsamaiswang ka tshwanelo.
Boahi
Ha ho moahi ya ka hanelwang boahi.
Tokolloho ya Ho Tsamaya le Bodulo
O na le tokelo ya ho kena le ho tswa Riphaboliking ka thato yahao.
Tokolloho ya Kgwebisano, Mosebetsi le Porofeshene
O na le tokelo ya ho kgetha kgwebisano efe kapa efe e molaongkapa mosebetsi ka bolokollohi.
Dikamano tsa Mosebetsi
Mosebetsi le ramosebetsi e mong le e mong o na le tokelo ya hohlophisa le ho buisana le ba bang ho ntshetsa pele maikemisetsoa hae.
Tikoloho
O na le tokelo ya ho dula tikolohong e tshireletsehileng, ya bophelo bo botle.
Phahlo
Ha ho motho ya ka hanelwang ho ba le thepa, ntle le ho ya kamolao wa tshebediso ka kakaretso.
Tsa matlo
O na le tokelo ya ho ba le ntlo e tshwanetseng.
Tlhokomelo ya Bophelo, Dijo, Metsi leTshireletso ya Setjhaba
O na le tokelo ya tlhokomelo ya bophelo, dijo le metsitse lekaneng le tshireletso ya setjhaba.
Bana
Ngwana e mong le e mong o na le tokelo ya ho bale lebitso, botjhaba le tshireletso ya tlhekefetso le hotshwaro e mpe/sa lokang.
Thuto
O na le tokelo ya thuto ya motheo ka puo ya semmusoya kgetho ya hao.
Puo le Setho
O na le tokelo ya ho sebedisa puo ya kgetho ya hao leho etsa setho sa heno.
Ditjhabana tsa Setho, Bodumedi le Puo
O na le tokelo ya ho theha, ho kenela le ho hlokomela dihlophatsa setho, puo le bodumedi tsa kgetho ya hao.
O ka fihlella tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke mmuso bakeng sa ho tshireletsa ditokelo tsa hao.
O na le tokelo ya ketso ya botsamaisi e molaong, e utlwahalang le e lokileng.
O na le tokelo ya ho rarolla dingangisano tsa molao lekgotleng la dinyewe kapa lekgotleng le leng le itseng.
Batho ba Tshwerweng, ba Kwalletsweng le ba Qositsweng
Ha o tshwerwe, o na le tokelo ya ho thola, ho hlaha ka pelalekgotla la dinyewe nakong ya dihora tse 48 le tokelo ya kemediya molao.
Ela Hloko: Ditokelo tsena kaofela di ka lekanyetswa ebang ho loketse ho etsa jwalo.Bakeng sa tlhahisoleseding e fetang ena, sheba Karolo ya 2 ya Molao o motjha wa Motheo. Sena ke Bili ya Ditokelo tsa Botho e bebofaditsweng.
DIKAHARE & TLHOPHISO
Tsa kamehla
Tlhophiso
Toka ho Parola Naha
Ho tswa Makgotleng a Dinyewe
Maikutlo a Matjhaba ka Toka
Tse kentsweng
Re lekola dikgwedi tse 6 tse fetileng Lefapheng ya Toka
Mmuso o ikemiseditseng ho ntlafatsa Phihlello ya Toka
Lekgotla la Dinyewe la Pongola ke katleho ya moraorao ya RAMP
Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Polokwane le etsa histori
Ditshwarelo tsa moporesidente di bontsha qenehelo ho batshwaruwa
Diathikele
Institjhute ya Toka e tataisa phaphanyetsano ya maikutlo
Lenaneo le letjha le kgahlang ho akofisa bokgoni ba Molao
Ho lekalekanya ditokelo tsa Bana le molao
Dikgato tse loketseng tshebetso ya dinyewe tse salletseng morao
Tjhelete ya kgodiso ya bana e fumaneha ka ho kenngwa bankeng
BANGODI
Tlhophiso
Ha ho shejwa dilemong tse 15 tse fetileng, ho hlakile ho balebedi hore Afrika Borwa e itlositse nakong e mpe e fetileng ho kgothalletsa Ditokelo tsa Botho tse hlomphehileng matjhabeng. Mookotaba wa ditaba tsena ke Toka Kamoso, ka ha re ananela dikatleho tsa rona mme re hlahisa diporojeke tsa rona tsa nako e tlang tse lokelang ho ntlafatsa maphelo a batho ba bo rona ka Phihlello ya Toka Bathong kaofela.
Kamohelo ya matjhaba ya maiteko a rona ntlafatsong ya Ditokelo tsa Botho e tlile ka mekgwa e mengata dilemong tsa ho feta. Ditlhophisong tse fetileng re qollotse ho theoswa mesebetsing ha bahlanka ba bang ba ka hodimo ba molao ho ya mekgatlong ya matjhaba. Tlhophisong sena, re teka diqeto tsa Khonferense/Kopano ya Lefatshe ya Toka ya Molao wa Motheo, e etsahetseng Kapa. E tshwerwe ke Lekgotla la Dinyewe la Molao wa Motheo la Afrika Borwa le Khomishene ya Venice ya Khansele ya Yuropa, mokete ona o kopantse baahlodi ho tswa makgotleng a dinyewe a ka hodimo lefatsheng ho tshohla ntshetsopele ya metheo ya ditokelo tsa botho lefatsheng ka bophara, le katleho ya yona ho potoloha le lefatshe.
Ho tshwara mokete wa mofuta ona Afrika Borwa, ho hlahisitswe ke bahlophisi e le kananelo ya dikatleho tsa naha ena areneng ya Ditokelo tsa Botho, haholoholo tabeng ya puso ya rona e fetileng eo e neng e sa amohele tekatekano ya Ditokelo tsa Botho ho baahi kaofela.
Selemong sena, Afrika Borwa le yona e ketekile dilemo tse 15 tsa Ditokelo tsa Botho, ka ho tshwara ketsahalo e kgolo Lebaleng la dipapadi la Galeshwe, Kimberley. Ona e ne e le mokete o moholo wa naha wa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho mme o ne o etelletswe pele ke MoPoresidente Kgalema Motlanthe le Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Enver Surty. Ketsahalo ena e bontshitse dikatleho tseo setjhaba sa rona se bileng le tsona tshireletsong le matlafatsong ya Ditokelo tsa Botho tseo re di thabelang kajeno. Dikatleho tse etsweng hloko ke Moporesidente le Letona nakong ya puo ya bona di hlalositswe ka ho otloloha diathikeleng tse mmalwa tseo re di kopanyeditseng babadi ba rona tlhophisong ena .
Re sheba morao dikatlehong tse entsweng ditabeng tse amanang le tsamaiso ya toka jwaloka kaho le ntlafatsong ya makgotla a dinyewe; tswelopele ka Ditshwarelo tsa Moporesidente, ho fokotseha ha dinyewe tse salletseng morao tsa makgotla a dinyewe le tswelopele tse etseditsweng bomaseterata ho matlafatsa basadi merusung ya malapa.
Ho sheba nakong e tlang re sheba/lekola kamoo Molao o motjha wa Ditlolo tsa Bong/Thobalano o tlang ho eta pele nako e ntjha bakeng sa hore Mokgwatshebetso wa Bophethahatsi ba Toka mabapi le ditlolo tsa molao/bosenyi le balekane ba oona ba setjhaba ba tlang ho laola dinyewe tsa merusu thobalanong Sena ha se ntho e nyenyane mme dintshetsopele tsena di batlile/kopile dikopano tsa Mafapha a Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Ntshetsopele ya Setjhaba, Bophelo, Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa le Mekgatlo eo e seng ya
Mmuso naheng kaofela ho fihlella sepheo se le seng.
Doporojeke tse lebelletsweng ho ba le kameho e ntle tsamaisong ya toka nakong e tlang di kenyeletsa dintlafatso Mokgwatshebetsong wa Bophethahatsi ba Toka mabapi le ditlolo tsa molao/bosenyi; dibili tse ntjha tse robong tse hlahisitsweng ke Lefapha Palamenteng selemong se sa tswa feta; Lenaneo la Baemedi ba Baithuti ka tshebedisano mmoho le mafapha a molao a yunivesithi le tlhahiso e tswetseng pele tefellong ya ditjhelete tsa elektroniki, tse jwaloka ka tjhelete ya kgodiso ya bana.
Ditaba tsena le tse ding di kenyeleditswe tlhophisong ena. Hopola ho sheba dikhopi tsa Toka Kajeno ka puo eo e leng ya hao. Ena ke karolo ya matsapa a rona ho fihlella babadi ba bangata le ho fumantsha phihlello e tletseng ya tlhahisoleseding. Re kgolwa hore o tla fetisetsa tlhahisoleseding ena ho basebetsimmoho le wena, batjha le maloko a lelapa ho ba matlafatsa ho fihlella ditshebeletso tsa toka.
Institjhute ya tsa Toka bakeng sa ho fapanyetsana ka mehopolo
E tla fana ka monyetla ho ba tsa toka, barupelli ba tsa molaole ditsebi tsa molao hore di fapanyetsane ka tlhahisoleseding,di abelane mehopolo, dikgopolo tsa molao le ho thehadintho tse tla etella pele boikemelo ba tsa toka setjhabengsa demokerasi," ho rialo Letona ka nako eo le neng le bulainstitjhute e ntjha ka la 8 Mmesa 2009 mane Lekgotleng laMolao wa Motheo.
Institjhute e tla hahuwa mane tikolohong ya ConstitutionalHill e Johannesburg. Yona e tla tiisetsa hore ho ba le thupelo le ntlafatso ya bokgoni ba bahlanka ba tsa toka mona Afrika Borwa mme e sebetse jwalo ka mokgwa wa boikemelo batsa toka, o nang le bokgoni, boikarabelo le ntshetsopele yatsamaiso ya mokgwatshebetso wa molao ka hara naha.
Letona le fane hape le ka Totjhe ya Kgotso ho Modulasetulo wa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho, Brigalia Bam. Leitse hona ke sesupo sa hore mmuso o etse hloko bohlokwa badikgetho tse lokolohileng hape tse se nang leeme.
O itse taba ya phepetso ho tsa toka e na le tshusumetso yanako ya kgethollo. "Tlasa tshebetso e ntjha, e thehilwenghodima Molao wa Motheo le tshepetso ya molao, baahlodi,phethahatso le ketsamelao di na le seabo ho lokisengtshepetso ya nako e fetile," ho buile Letona.
Re rata ho nehelana ka Totjhe ena ya Kgotso ho wena jwalo ka mohlokomedi wa dikgetho tse lokolohileng hape tse senang leeme," ke letona leo. Totjhe, e nehwang mafapha a fapaneng a mmuso jwalo ka letshwao la tshehetso yamatsholo a itseng, hape e bontsha le maikemisetso a mmusoa ho lwantsha tlhekefetso ya basadi le bana.
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Advocate J De Lange o itse ho hlongwa ha Institjhute ya Toka ke mosebetsi o mong wa bohlokwa wa ho tebisa le ho matlafatsa demokerasi. "Institjhute ena e sa tswa sibollwa e tlantshetsa pele bokgoni ba baahlodi, bomakgistrata le bahlankaba tshwanetseng bakeng sa ho sebetsa haholoholo ka ditabatsa bohlokwa tsa toka le tsamaiso ya makgotla a dinyewe."
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo o itse bajete e bonahalang e beehetswe ka thokobakeng sa ho etsa bonnete ba hore morero ona o sa tswasibollwa o kengwa tshebetsong le ho tsamaiswa hantlehaholo. Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa Pius Langa o ile a toboketsa hodima bohlokwa ba tshebetso tsa toka tse se nangleeme, tse sebetsang hantle haholo hape tse nang le bokgoni.E nngwe ya ditsela tse sebetsang hantle haholo ya ho tiisetsahona, jwalo ka ha a hlalositse, ke ho ba le thupelo le thuto etswelang pele ya bahlanka ba tshebetso tsa toka. Moahlodi eMoholo hape o itse Bahlanka ba Tshebetso tsa Toka ba lokela ho tlohela mekgwa e sitisanang le mesebetsi ya bona ha basebedisa molao.
Moahlodi e Moholo o ile a tsebisa ditho tse ntjha tsa Institjhteya tsa Toka, e leng ba tla e laola mme ba etse bonnete ba hore e phethisa thomo ya yona. Modulasetulo wa khanseleke Moahlodi e Moholo, mme Motlatsi wa Modulasetulo keMotlatsi wa Moahlodi e Moholo, Dikgang Moseneke.
Ditho tsa khansele ya rona di hlaha ho baahlodi,bomakgistrata, barupelli ba tsa molao le tlung ya baetapele basetso. Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le Adv J De Lange le bona ke ditho tsa Khansele ena.
Re lekola dikgwedi tse 6 tse fetileng
Lefapheng ya Toka
Kabelo ya ka tsamaisong ya mmuso ho tloha esale ANC e kena pusong dilemo tse 15 tse fetileng e ne e ntse e le haholo ka lehlakoreng la molao, Lekgotleng la Diporofense tsa Naha hape le lekaleng la Thuto. Puso ya ANC e ile ya nka tsamaiso e sa sebetseng hantle ya thuto mme ho ba karolo ya ho lokisa botjha ebile ketsahalo e thabisang ebile e phephetsang.
Ho hirwa ha ka ho ba Letona la Toka dikgweding tse supileng tse fetileng pele ho mafelo a karolo ya tsamaiso ya hona jwale, ke tlotla le monyetla o moholo haholo ho kenya letsoho lekaleng leo le nna ke ntseng ke le rata haholo, tsamaiso ya toka. Le ha ke ile ka phehisa dibopehong tsa mokgatlo tse neng di rala leano la ANC ntlheng ya ho fetola lefapha la toka, ho hiruwa ha ka potefoliong ya Toka, ka tsela e jwalo e bile pitso ho tla kenya leano tshebetsong.
Ketsahalo ya pele eo ke e boneng potefoliong ya Toka ke e neng e sa lebellwa. Dilemong tse 15 tse fetileng tsa Puso e eteletsweng pele ke ANC, ho kgathilwe tema e kgolo ho theha taolo le tsamaiso ya molao hape le tsamaiso e phethahetseng ya toka. Ha jwale re na le tshepo e tiileng ho hlaha setjhabeng ka tsamaiso ya toka hape le makgotla a dinyewe ho feta kamoo maemo a neng a le ka teng pele ho kena puso ya demokerasi.
Ho se ho ahilwe makgotla a dinyewe a matjha a fetang 28 dibakeng tse neng di qheletswe ka thoko nakong ya puso ya kgethollo (apartheid) mme a fetang 50 a ile a kengwa finitjhara e ntjha. Ho thehwa ha Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka le Khomishene ya Dimakgiseterata ho fetotse tjhadimo ya toka mabapi le morabe le bong makgotleng a dinyewe a fatshe le a phahameng. Le ha ho le jwalo, ho sa na le dintho tse ngata tse tlamehileng ho etswa, haholoholo lehlakoreng la ho hira baahlodi. Ka lehlakoreng la dibopeho tse phahameng tsa molao le bolaodi ba ANC ho ile ha amohelwa boemedi ba bong ba 50-50, boemedi ba basadi lekaleng la toka bo eme ntlheng e swabisang ya 22% ya baahlodi ba 203 mme e le mosadi a le mong fela bohatong ba boetapele (Motlatsamoporesidente wa Baahlodi)
Ntle ho mehato ena ya bohlokwa e sebediswang ho kena dipakeng, re ntse re saletse morao haholo dibakeng tse ding tsa bohlokwa tse tla hlakisa tsamaiso ya toka e sireletsang le ho arabela ka hohlehohle ditabatabelong tsa setjhaba sa Afrika Borwa se lokelang ho fumana tshebeletso. Pampiring ena ke hlakisa dibaka tse ding mme ke hlahisa dintlha tsa tswelopele mananeong a phetoho.
Phetolelo ya Makala a Makgotla a dinyewe a 15 ho ba makgotla a feletseng a ditshebeletso makgotla a dinyewe
Tlasa puso ya kgatello ho ne ho ahilwe makgotla a dinyewe a nang le disebediswa tse betere ditoropong le metseng e hlabolohileng ya mehleng ya ba basweu sepheo e le hore di tle di sebeletse palo e nyenyane ya ba ba basweu empa ka lehlakoreng le leng baahi ba batho ba batsho ba ne ba thuswa tlasa maemo a mabe haholo moo ho se nang disebediswa Makgotleng a dinyewe a Makala le a Nakwana. Ka molao wa kakaretso, makgotla a dinyewe a fuwe matla a nang le moedi mme a sebetsana fela le dinyewe tsa botlokotsebe. Makala a makgotla a dinyewe a thehilwe ho sebetsana fela le dinyewe tsa botlokotsebe. Ho thehwa ha Makala a makgotla a dinyewe a mmalwa makeisheneng a batho ba batsho moo molao o neng o sebetsana fela le botlokotsebe ho sisinya hore botlokotsebe bo etswuwa haholo dibakeng tseo. Makgotla a dinyewe a Nakwana a ne a sebetsa ka mokgwa o jwalo hantle.
Makgotla ana ka bobedi ba wona, Makala a makgotla a dinyewe le Makgotla a dinyewe a Nakwana a ne a sa fuwe ditekanyetso dife kapa dife tsa ditjhelete (bajete) bakeng sa basebeletsi ba ona empa a ne a itshetlehile disebedisweng tse hlahang makgotleng a phahameng a dinyewe ditoropong le metsemeholong. Sena se bolela hore bahlanka ba hloka dipalangwang ho leba lekgotleng le phahameng la dinyewe le lekaleng la lekgotla tsatsi le leng le le leng. Sephetho sa sena e ne e ba tsamaiso le taolo e fokolang ya disebediswa mme sena se baka hore phano ya ditshebeletso e be ya boleng bo fatshe eo makgotla a dinyewe a fanang ka yona dibakeng tsa mehleng tsa batho ba batsho. Ntlha ya hore ho se tshwarwe dinyewe tsa setjhaba le tse ding tse jwaloka tlhokomelo ya bana ka ditjhelete kapa tlhekefetso ka malapeng makgotleng ana a dinyewe e thathafatsa ho fihlela makgotla a dinyewe bakeng sa baahi/ setjhaba se dulang haufinyane le makgotla ana a dinyewe. Ke kahoo ho ileng ha qalwa botjha ka ditlhophiso tsa mosebetsi mme sena ke sa bohlokwa haholo.
Tlhophiso e ntjha ya makgotla ana a dinyewe hore e be makgotla a phahameng e tla tlisa taolo le tsamaiso e phethahetseng ya disebediswa ditsheng tsa tshebeletso moo di hlokehang teng mme ka tsela e jwalo, di fokotsa tshenyo le nako e sebediswang ke bahlanka ha ba palama ba leba dibakeng tse mahareng a makgotla a phahameng le Makala a makgotla a dinyewe. Tsamaiso ya ho hlophisa botjha Makala a makgotla ana a dinyewe ho ba ditshebeletso tse phathahetseng tsa makgotla a dinyewe ke karolo ya letsholo la ho amahanya makgotla a dinyewe a mabatowa le meedi ya diporofense le dimasepala tse thehilweng tlasa Molao wa motheo.
Molao o fetolang maemo a Makala a Makgotla a dinyewe o tla phatlalatswa haufinyane e le Tsebiso Koranteng ya Mmuso. Letsatsi la ho kenya diphetoho tsena tshebetsong ke la 01 Phupu 2009. Ho tloha ka la 01 Phupu 2009, makgotla ana a dinyewe a 15 a tla qala ho ba makgotla a ikemetseng ka bokgoni bohle ba ho fana ka ditshebeletso tse fapaneng tsa makgotla a dimakgiseterata, ho kenyeletswa ditshebeletso tsa ho thusa setjhaba ka mola hape le ka malapeng, tlhekefetso ka malapeng le ditshehetso tsa bana ka ditjhelete. Makgotla ana a dinyewe a tla sebedisa matla a wona a molao dibakeng tseo a ahilweng ho tsona. Tlhaloso e feletseng ya dibaka tsena le dimmapa tsa tsona di tla phatlalatswa e le Tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Baahi ba dulang makeisheneng le mahaeng moo makgotla ao a dinyewe a leng teng, ha ba sa hlola ba kena maetong ka ditjeo tse phahameng ho fumana ditshebeletso tse jwaloka tshehetso ya bana ka ditjhelete le ho etsa boipiletso ka letlotlo le siilweng ke mofu, ha ba sa hlola ba leba makgotleng a ditoropong tse kgolo le metsemeholong. Sena se tla thusa ho fokotsa tshubuhlellano makgotleng a phahameng a dinyewe. Makgotla a mangata a mabotoweng a ka sehlohong a subuhlellane haholo mme disebediswa di a haella hobane di otlollwa haholo ho feta tekano ka lebaka la tshubuhlellano.
Ho fetolwa ha Makala a makgotla a dinyewe ho ba makgotla a ditshebeletso tse feletseng ho tla fedisa tshubuhlellano mananeng a makgotla a dinyewe tse ka sehlohong e leng moo a hulwang teng. Ho neha makgotla disebediswa tse hlokehang mahaeng ho tla kenya letsoho ntlafatsong ya maphelo a baahi ba mahaeng ho latela ditshepiso (manifesto) tse entsweng ke mokgatlo o busang, o hlwaileng ntshetsopele ya mahae e le e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa pusong e kenang ya ANC.
Phetoho ya Disherifi le tekolo botjha ya tsamaiso ya toka setjhabeng
Ho fetolwa ha lekala la disherifi e tla ba ntlha e shejwang ka leihlo le ntjhotjho ha ho lekolwa botjha tsamaiso ya toka setjhabeng, e bonahalang e le motjheng tsamaisong e ntjha e tla kena. Tekolo botjha e tla shebana le ho tshebediso e phethahetseng ya Lekala la Ditsebiso le Dikgokahano ka Thekenoloji (ICT), e fana ka menyetla ya ho fetola lekala mme e ahe tsamaiso ya toka setjhabeng e nang le serithi, e potlakang ebile e fihlelwang ke batho..
Tshebeletso ya lekgotla ya ho tlisa lekgotla lemating la hao e kentse letsoho haholo ntlheng ya ditiehiso tse telele ntlheng ya ho phethela ditsamaiso tsa lekgotla mme sephetho sa sena e ba ditjeo tse kgolo tse amanang le ho lwantshana le ho sireletsa dinyewe. Ntjhafatso ya tsamaiso ya tshebeletso ya molao setjhabeng e boetse hape e hloka kutlwano le tshebedisano ya melao ya makgotla ho phumola ditsamaiso tsa makgotla tsa sekgalekgale mme ho tlamahangwe melao ya Makgotla a Phahameng le Makgotla a Manyenyane. Melao e thata haholo mme ha e utlwisisehe ha bonolo mme sena se sitisa tsamaiso ya toka setjhabeng e leng ntlha ya bohlokwa e sireleditsweng ke Molao wa motheo.
Porofeshene ya Disherifi, jwaloka institushene e tshepuweng ka ho fana ka tshebeletso le ho ntshetsapele ditsamaiso tsa lekgotla e hlahela e le kgokahano ya bohlokwa haholo ketaneng ena ya tsamaiso ya toka setjhabeng. Nakong ya puso ya kgethollo, Disherifi, jwaloka boemedi bo bong le bo bong ba molao ba nako eo, ba ne ba kenya ditaelo tsa lekgotla tshebetsong mme seo batho ba bangata ne ba se bona e se tshebetso e molaong ho ya ka tjhebo ya bona. Kamora ho ba demokerasi e kene tshebetsong, ba ile ba qala ho ba le kabelo ya bohlokwa mme ba hlahela jwaloka boemedi bo ka sehlohong mahareng a tsamaiso ya toka le setjhaba. Ba bangata e bile baemedi ba tsamaiso ya toka setjhabeng. Kantle ho Sherifi, ho tla ba thata ho sireletsa moikarabedi nakong eo a hlahelang ka pela lekgotla kapa hore diqeto tsa lekgotla le ditaelo tsa lona di kengwe tshebetsong.
Ke kahoo ho leng bohlokwa hore diseherifi ka botsona e be karolo ya molao e phethahetseng mme di sebedise matla a tsona ho latela molao le Molao wa motheo. Lefapha, tlasa boetapele le tataiso ya Motlatsaletona wa ka, Adv Johnny de Lange, ke kahoo re ileng ra phethela sebopeho se setjha le ditlhophiso tse ntjha tsa diofisi tse fapaneng tse nang le dikgeo tsa disherifi e le ho bopa ditsha tsa tshebetso tseo batho ba ka di fihlellang hape di potlakise tshebetso.
Ditlhophisong tsena tse ntjha, ho ile ha hlahiswa dikgeo tsa mosebetsi diofising tse 90 tsa disherifi mme di ile tsa phatlalatswa naha ka bophara. Ho ile ha boela ha hlaha tse 21 ho hlaha diterekeng tse nyenyane tsa dimakgiseterata tse kopaneng ho bopa diofisi tsa disherifi tse tsitsitseng ebile tse sebetsang ka potlako. Dikgeo tsa diofisi tsena di tla phatlalatswa ka kgweding ya Motsheanong 2009.
Melao e fanang ka mekgwa e metjha ya tshebetso e pepeneneng le maikemisetso hape le mananeo a thupelo bakeng sa disherifi tsohle e phatlaladitswe ka Tshitwe 2008. Ke kopile dimakgiseterata le ditsebi tsa molao ho itlhahisa ho tla sebetsa Dikomiting tsa Boeletsi tse ntseng di thehwa diporofenseng tsohle e le hore ba tle ba sisinye mabitso a bonkgetheng ba tshwanetseng ho thongwa ke Letona. Dikgeo diofising tsena tsa bohlokwa di fana ka monyetla wa ho fetola ho se lekane ha nako e fetileng ho bakileng hore ho shebanwe fela le Disherifi tsa ba
Basweu tse neng di phela metsetoropong le dibakeng tse tswetseng pele ha batho ba batsho bona ba phela dibakeng tse sa hlabolohang mahaeng.
Ntlha e nngwe ya bohlokwa ke ho phethela le ho phatlalatsa melao ya makgotla a dinyewe bakeng sa ntshetsopele ya porofeshene e bontshang tlhodisano. Melao ena e dumella Letona ho thonya Disherifi tse pedi kapa ho feta, dibakeng tse tshwanetseng. Kaofela ho hlwauwe dibaka tse 14 tse bonahalang e ka ba tsona tse hlodisanang mme tse tla fuputswa ke Lefapha le Boto ya Disherifi. Ntlha ya pele, mosebetsi ona o tla fana ka monyetla bakeng sa ho hlahisa mesebetsi e meng ya tlatsetso e tla tlatswa ke bonkgetheng ba tla ntshetsa pele tlhabollo le ho tlisa diphetoho mme ntlheng ya bobedi tlhodisano e tla matlafatsa boikarabelo le tshebetso e potlakileng. Tsena tsohle di tla fuputswa makaleng a tlatsetso a dibaka tse kgolo dibakeng tsa dimakgiseterata tsa metsetoropo e meholo hore e be diofisi tse nyenyane, tse phethahetseng mme tse laolehang moo ho tla thongwa disherifi tsa palo e itseng ho netefatsa hore mosebetsi o tla arolelwana ka ho lekana.
Dipehelo tsa molao di hlahisitse hore disherifi di tlamehile ho leba thupellong e ba tlamang e tla ba matlafatsa ho potlakisa tshebetso le ho netefatsa hore ba sebetsa ho latela molao hape ba hlompha dintlha tsa bohlokwa tsa molao wa motheo tsa porofeshene ena tse ileng tsa thunthetswa ke tlhekefetso ya nako e fetileng le ho hloka tlhompho ditokelong tsa setjhaba le ditokelong tsa botho.
Ho haufinyana empa ho sa le sebaka moo re lebieng teng. Mmila wa Bili ya Makgotla a Phahameng a dinyewe le Bili ya Tsamaiso ya Molao o sitiswang ke meya e matla
Bili ya Makgotla a Phahameng le Bili ya Tsamaiso ya Molao di arolelana dintlha tse mmalwa tse tshwanang: Ka bobedi ba tsona di leka ho rarolla ho swahlamana ho nkuweng pusong ya kgethollo ka ho theha tsamaiso e nang le mabaka ebile e kopaneng ya toka hape le porofeshene ya toka ka ho lekana; ka bobedi ba tsona di na le nalane e sa kgahliseng ya dingangisano tse matla, ditherisano le diphapanyetsano; bobedi ba tsona di bohareng ba phumantsho ya tshebeletso ya toka bakeng sa motho mang kapa mang eo esale a ntse a hanelwa ho fumantshwa toka ka lebaka la tiehiso ya ho phethela dikarolo tsena tsa bohlokwa tsa molao tsa diphetoho. Puo e reng: Tiehiso ya toka ke ho hanela tshebetso ya yona mme ena ke puo e ke keng ya toboketswa ho feta mona.
Metheo ya bohlokwa ya Bili ya Makgotla a dinyewe a Phahameng
E meng ya mehato ya bohlokwa leanong eo Bili ya Makgotla a Phahameng e lekang ho fana ka tharollo ho yona, hara tse ding, mabaka a sebopeho sa yona, dibaka tsa tshebetso tsa molao le dibopeho tsa Makgotla a Phahameng a dinyewe ao boholo ba ona le jwale a ntseng a thehilwe ho latela Molao wa Lekgotla le Phahameng la dinyewe wa 1959 hore o tle o tshwanele taolo ya molao wa motheo wa kamora 1994. Bili e tla boela hape e tlisa kutlwisisano mahareng a makgotla a Phahameng a dinyewe le Lekgotla le Phahameng la Boipiletso ka ho tiiseletsa lekgotla lena e le le ka sehlohong Riphaboliking, e bebofatse kgokahano mahareng a Lekgotla la Boipiletso la Basebetsi le Lekgotla le Phahameng la Boipiletso (SCA) le Makala ka Kakaretso a Lekgotla le Phahameng ka tatelano; e fedise boipiletso ba (moifo wa banka) ka botlalo mohatong wa Lekgotla le Phahameng mme e thehe Dikarolo tsa Setereke bakeng Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le tla sebetsana le dintlha tsohle tsa boipiletso tse hlahang Lekgotleng le Phahameng; hape le ho fana ka kutlwisiso ya mabaka a molao a diphetoho bakeng sa makgotla ohle.
Ho na le dibaka tse tshwanang tseo ho fihleletsweng tumelano ka tsona hodima tse ding tsa dintlha tse boletsweng ka hodimo mona, nakong ya ditherisano ka boemedi bo kenyeletsang nna le Molaodikakaretso wa ka ho hlaha lehlakoreng la Puso hape le Mookamedi wa Toka le Moporesidente wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso ho hlaha lehlakoreng la Molao. Sena se tla hlaloswa ka botlalo raporotong ya ba tswang bakeng sa tsamaiso e kenang hore e tswele pele ka taba ena.
Metheo ya bohlokwa ya Bili ya Tsamaiso ya Molao
Ka tsela e tshwanang fela le makgotla a dinyewe, porofeshene ya molao e ntse e laolwa ho latela melao e swahlamaneng ya nako ya pele ho 1992 (Molao wa Kamohelo ya Maqhwetha, Molao wa 53 wa 1979 le Molao wa Kamohelo ya Maqhwetha, Molao 74 wa 1964). Ke karolo ya bohlokwa ya molao wa motheo hore tsamaiso ya toka, eo dipehelo tsa ditshebeletso tsa molao ho latela porofeshene ya molao e leng karolo ya teng e tlamehile ho sebetsa ka ho phethahala mme e fumanwe ke baahi bohle. Ka tsela e jwalo, diphetoho tsa porofeshene ya molao, di thehilwe hodima metheo e latelang ya bohlokwa:
Ho fumana ditshebeletso tsa porofeshene ka ho lekana: bakeng sa motho e mong le e mong ya ileng a qhelelwa ka thoko nakong e fetileng;
Porofeshene ya molao e nang le boikarabelo ebile e arabelang: ho thehwa ha ditshebetso tse tshwanang le maemo bakeng sa porofeshene ya molao ho theha boikarabelo le ho sireletsa ditabatabelo tsa toka;
Ho fumana tshebeletso ya toka: tsamaiso e potlakang ebile e phethahetseng ya toka e kenyeletsa ditshebeletso tse fumanehang ha bonolo tsa molao.
Ho latela dikopano tse ahang tseo ke di tshwereng le porofeshene ya molao dibopehong tse fapaneng tse hlophisitsweng hape le mekgatlo ya molao; ho dumellanwe ka metheo ya bohlokwa hore kannete ke yona metheo eo Bili ya Tsamaiso ya Molao e lokelwang ho thehwa hodima yona ebile ke yona e hlwailweng ha ba ha buisanwa ka yona. Ho hlaha dipuisanong tsena, ho bile le dipuisano tse ahang tse kenyeletsang boemedi ba Lefapha, Lekgotlakakaretso la Bara hape le Mokgatlo wa Molao wa Afrika Borwa. Dipuisano tsena di hlwaile metheo e meng e itseng e hlahlellang Bili ya Tsamaiso ya Molao.
Tse latelang ke e meng ya metheo moo ho bileng le kgokahano e le nngwe ya mehopolo:
Tlhokeho ya taolo ya tshebetso porofesheneng ya molao. Sena se ka thehwa ho latela mokgatlo wa taolo wa naha le dikgaolo tsa mabatowa ho fana ka metjha ya tshebetso le maemo a tshwanetseng mme mokgatlo oo o tla boela o ikarabella ka kgalemelo ya boitshwaro bo hlephileng. Tlhophiso sa mokgatlo wa naha se lokela ho bontsha dipalopalo tsa batho ba phelang Afrika Borwa mme se lokela ho hlakisa dintlha tse jwaloka morabe, bong le ditabatabelo tsa lebatowa, ho ntse ho kenyeletswa hape le boemedi ba ditsebi tsa molao hape le disetifikeite tsa polokelo ya matlotlo, tse hlokang le tse lehlakoreng la molao;
Ho hlwaya le kamohelo ya makala a fapaneng a porofeshene:
Mona ho bolelwa maqhwetha ditsebi tsa setifikeite sa polokelo ya matlotlo hape le maqwetha ditsebi tse se nang setifikeite se jwalo ba ka nna ba kenyeletswa;
Mekgatlo ya ditsebi tsa molao: Molao o ka dumella mekgatlo ya ditsebi ya boithaopi eo e tla bang mekgatlo e ka thoko. Bili e ka nna ya hlahisa hore mokgatlo wa naha o fetisetse mesebetsi e meng ho bona mabapi le thupello le kgalemo, e leng matla a ka fetiswang ha fela ho bonahala tshebetso e ntle. Le ha ho le jwalo, mekgatlo e tlamehile ho sebetsa ho latela metjha e behilweng le ho sebetsa tlasa maemo a hlakisitsweng ke mokgatlo wa naha;
Mosireletsi wa Ditshebeletso tsa Molao: Bili e tla theha Ofisi ya
Mosireletsi wa Ditshebeletso tsa Molao eo e ka nnang ya ba moahlodi ya pensheneng/ya behileng meja fatshe. Boikarabelo ba Mosireletsi ke ho ntshetsapele le ho sireletsa ditabatabelo tsa setjhaba, ho netefatsa hore diphuphutso e ba tse bontshang toka, tse potlakileng ebile tse phethahetseng porofesheneng ya molao le ho ntshetsapele boikemelo ba porofeshene ya molao;
Boto ya Polokelo ya Letlotlo: Boto ena e tlamehile ho laoleha ho latela boholo ba yona mme ho tlamehile ho be le tekano e utlwahalang mahareng a ditsebi tsa molao le ditsebi tseo e seng tsa molao ka botlalo.
Jwalo ka ha ho hlokometswe mabapi le Bili ya Lekgotla le Phahameng, ho tla ba le raporoto ya dipuisano e kenyeletsang ho hlwaya dibaka tsa kgokahano tse tla fuwa tsamaiso e kenang ho tswela pele ka tsamaiso.
Tekolo Botjha Tsamaisong ya Toka le ho lwantshana le
Tekolo Botjha Tsamaisong ya Toka (CJSR), jwaloka karolo ya Lenaneo la tshebetso la Puso hape e le e nngwe ya dintlha tse ka pelepele tsa bohlokwa tsa mmuso mabapi le APEX, kajeno e thehilwe ka matla mme e fihletse boemo bo hodimo. E thehilwe hodima Leano la Dintlha tse
Supileng tse bopilweng hantle mme tsa dumellwa le ho ananelwa ka molao ke Moporesidente le Kabinete e le sehlotshwana se kopantsweng mme se feletseng hammoho le dikarolwana tse mmalwa tse thokwana le mekgwa ya ho kena dipakeng e kopaneng e tlohang maweng a sebetsang e le kannete ho fihla ho mawa a sebetsang boemong bo phahameng haholo. Tsamaiso ya Toka le ho lwantshana le Botlokotsebe (CJS) e ntjha ebile e batsi e hlakisa hore mekgwa ena yohle ya ho kena dipakeng e amohelwe mme e kengwa tshebetsong. Ho faneng ka ditshisinyo tsena tsa CJS le ho di tiiseletsa, qeto ya Kabinete e tshwaile phetoho ya tsamaiso e kgolo maikemisetsong a Puso ho lwantshana le botlokotsebe, ka ho itahlela ka setotswana leetong la bohlokwa la ho sutha tshebetsong e swahlamaneng, e hlokang tjhebelopele hape e sa sebetseng hantle ho ya ho CJS e kgannwang ke matla a boetapele ba batho ba nang le sepheo le tjhebelopele. CJS e tlamahantsweng ebile e tlasa tsamaiso e ntle ka mokgwa o kopanetsweng mohatong o mong le o mong..Le ha karolo ya diphuphutso tsa Tsamaiso ya Toka le ho lwantshana le botlokotsebe (CJS) di ntse di tswela pele nako e teletsana, Tekolo Botjha Tsamaisong ya Toka le ho lwantshana le botlokotsebe (CSJR), sepheo sa yona ke ho shebana le mekgwa e metjha ya tshebetso nakong e kgutshwane, e bohareng le e telele, e jwaloka ho phumola ditshitiso ha ho etswa diphuphutso le ditsamaisong tsa lekgotla la dinyewe le ho hlwaya disebediswa tse hlokwang ke Puso ho lwantshana le botlokotsebe. Le ha ho le jwalo, CJSR ke mokgwa wa ho kena dipakeng ho eketsa le ho thusa mekgwa e meng eo Puso e ntseng e e sebedisa ho lwantsha botloketsebe mme ona o tobane ka ho otloloha le ho rarolla bofokodi le ho haellwa tshebetsong ya letsatsi le letsatsi ya CJS. Ditharollo mabapi le tshebetso e sa kgotsofatseng ya CJS ha jwale, di malebana le ho se sebedisane le ho tlisa diphetoho ho CJS ha jwale empa ho lokela ho be le tsela e akaretsang ho tlisa diphetoho tsa bohlokwa ho CJS ya jwale. Dintlha tse supileng di kenya tse latelang:
I. Lekala la JCPS le tlamehile ho ananela ponelopele le maikemisetso bakeng sa CJS a kgannelang ntlheng ya ho fihlela maikemisetso a tshwanang, dintlha tse ka sehlohong hape le mokgwa wa ho kala tsela ya tshebetso bakeng sa CJS.
II. Ho thehwa ho latela molao kapa tatelano ya molao le ho hokahanya CJS botjha ka sebopeho se le seng se tlamahaneng hammoho le tsamaiso e phallang habonolo ka mokgwa o hlokang masoba ho hlaha Kabineteng ho leba lekgotleng le leng le le leng la dinyewe mme ho thongwe motho ho hlaha Bookameding ya tla sebetsa jwaloka Hloho ya CJS empa a etsa mesebetsi ya tsamaiso empa a se fuwe matla a bookamedi.
III. Ho hlahisa ditshisinyo tse sebetsang nakong e kgutshwanyane le e bohareng ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya makgotla a dinyewe, mathomong ho lekolwe Makgotla a dinyewe a Mabatowa ka ho kgothaletsa makgotla a dinyewe ho sebetsana le ditseko hape le ditsamaiso tsa tlatsetso tse jwaloka beile le ho tlosa mesebetsi e meng ya tsamaiso e amanang le ho tjhetjhisetsa dinyewe morao, jj
Ho hlwaya dibaka tsa bohlokwa ka hara dikarolo tsa bohlokwa tsa CJS tse nang le kabelo e mpe tsamaisong le tshebetsong ka kakaretso mme ho behwe mekgwa e meng ya tshebetso ho lokisa bofokodi le ho tlosa dikgaello, ditshita le boitshetleho bo sa hlokeheng haholoholo tse amanang le maano a sebetsanang le disebediswa mme di tlise dikarolo tsohle ntlheng e le nngwe ya tshebedisano e ntle.
Ho theha Tsamaiso ya Ditsebiso Naheng ya CJS disebediswa tsa Ditsebiso le Thekenoloji hape le sesiu sa ditsebiso tsa setjhaba hape le ditsamaiso tse se nang masoba mme tse tsamaiswang ka tsela e kgahlapetsang ya saense le setekginiki empa di tshepahale mme seo se tla bebofatsa mawa a sebetsang hantle, maano le ho etsa qeto.
VI. Ho kenya tshebetsong lenaneo la ho ntjhafatsa CJS ka ho sebedisa ditharollo tsa thekenoloji e le hore ho tle ho be le tsamaiso e phethahetseng ya letsatsi le letsatsi, ho fokotsa ditjeho le ho fedisa tshenyo le ho potlakisa tsamaiso e keneletseng ya pampiri.
VII. Ho kgothaletsa batho bohle ho kenya letsoho twantshanong le botlokotsebe ka ho tlisa diphetoho pusong ya CPF ( eo SAPS e sebetsanang le yona), ho kenyeletswa le ho eketsa kabelo ya ho sebetsana le dintlha tsohle tsa CJS, mohlala, sepolesa, diboto ts parola le tse ding; ka ho fana ka disebediswa tsa tsamaiso le tshehetso ya ditjhelete ho e fa "matla".
Hore e nngwe le e nngwe ya diphetoho tsena di tle di kene tshebetsong ka ho phethahala, ho ile ha bopuwa sehlopha sa tshebetso dikgweding tse mmalwa tse fetileng ho hokahanya dipalopalo, ho iteanya le bohle ba phehisang, ho hlahisa maano a kgwebo mme kamorao ho moo Kabinete e fuwe sepheto (hore e fane ka tumello), Palamente hape le Mafapha a fapaneng jwaloka ha ho hlokeha.
Dikgetho tse tlang pele Moporesidente le Kabinete ba dumeletse sehlopha sa diphetoho tse hlokehang ho theha tsamaiso e ntjha, e potlakang hape e fetohileng ya tsamaiso ya toka. Hara dintho tse ding, sena se kenyeletsa ho hlahisa sebopeho se setjha sa ho hokahanya le taolo mohatong o mong le o mong, ho tloha bohatong ba naha ho fihla bohatong ba selehae mme ho kopangwe lekala la toka le bomakgiseterata, sepolesa, botjhotjhisi, ditshebeletso tsa tshokollo ya batshwaruwa hape le Boto ya Dithuso tsa Molao hammoho le mekgwa e meng ya ho kena dipakeng, ho kenyeletswa ho matlafatsa Diforamo tsa Mapolesa a Setjhaba/Baahi.
Ntlha ya bohlokwa sepheong sa Phetoho ya CJS ke tshebetso e bonahalang, ho kenyeletswa leano, sebopeho, batho, ditsamaiso le ditsamaiso tsa kgwebisano hammoho le ditsamaiso tse matla tse hlahlobang le ho lekola mekgwa ya tshebetso. Ho sutha haholwanyane mekgweng e metjha e tshwanang le ena e ileng ya kengwa tshebetsong nakong e fetileng, lenaneo lena la diphetoho le sebetsana le ditlhoko tsa disebediswa dibakeng tsohle, ho kenyeletswa disebediswa tsa batho, disebediswa tsa porofeshenale, disebediswa tsa laboratori le metjhini.
Ho fihlela ntlha ya botsitso, ho hlahisitswe mawa a kgokahano, maano le ditekanyetso tsa ditjhelete, ho kenyeletswa Dikgwebo tsa CJS le Leano la Tshebetso la Dilemo tse 3.
Ho thehilwe Ofisi ya nakwana bakeng sa Diphetoho Tsamaisong le ho Lwantshana le Botlokotsebe (OCJSR) hape le Bongodi Ofising ya
Motlatsi wa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le mananeo le ditsamaiso tsa porojeke di kentswe tshebetsong. Ho theilwe Setsi sa Naha sa Tsamaiso (OCJRNOC) se kenyeletsang mohopolo wa "Kamore ya Ntwa" eo e thehilweng bakeng sa ho kena dipakeng malebana le maemo a kgethehileng jwaloka ho hokahanya dikgetho kapa dinyewe tse amanang le lehloyo la melata (Xenophobia).
Hore OCJRNOC e kene tshebetsong ka ho phethahala, e ile ya qala ho rala mmapa o hatisitsweng wa "Jwalo ka ha e le jwalo", o takilwe mmapeng wa GIS ka dipolelo tse hlakisang ditse tsa tshebeletso mme hape di hlakisa disebediswa tsohle tsa CJS bohatong ba naha ka bophara. E boela hape e lekola le ho hokahanya diketsahalo tseo sepheo sa tsona e leng ho fokotsa palo ya batho bao dinyewe tsa bona di tjhetjhisetswang morao mme le ho potlakisa ho phethela dinyewe tseo esale di eme nako e telele. Ka tsela ena, tse ding tsa diketsahalo di kenyeletsa Tsamaiso ya molao ya Beile e ileng ya hlahiswa ya ba ya saenelwa ke Matona a fapaneng a JCPS hape le ho thongwa ha Dihlopha tsa Tshebetso le bahokahanyi mohatong wa porofense.
Ha jwale ho ntse ho ralwa dikarolo tse fapaneng tsa molao kapa di ntse di fetiswa Palamenteng ho ntlafatsa CJS le ho rarolla ditsamaiso tse sitisang, ho kenyeletswa dintlha tse amanang le metjhini e netefatsang dintlha tsa motho le diteko tsa DNA, bopaki ba vidiyo le ho tsekiswa o le siyo. Ho ntse ho thehwa Setsi sa nakwana bakeng sa Dipalopalo tsa CJS le Hlahlobo ya Tshebetso ka hara OCJSR mme seo e tla ba ntlha ya tekolo bakeng sa tshebetso e bontshang maikemisetso mehatong yohle, ho kenyeletswa tekolo ya meedi ya bohlokwa le mehopolo e tshehetsang tlhahiso le tshebetso e phethahetseng le ho sebedisa disebediswa ka kakaretso.
Kgokahanyo ya sepheo, dintlha tsa bohlokwa le mekgwa ya tshebetso hape le bokgoni ba lefapha ka leng/ kapa mokgatlo wa boemedi ka tshebetso ya molao hammoho le matla a molao, tsena tsohle ho ile ha sebetsanwa le tsona ka ntshetsopele ya Molao. Ntlheng ena, molao wa CJS hammoho le palo ya melao e tshehetsang e ntse e hlahiswa ka ho kenyeletsa ditshebeletso tsa boemedi ba batho bohle ba phehisang hore ho tle ho be le kgokahano e se nang masoba ya CJS. Melao e meng e kenyeletsa Molao wa Lekgotla la dinyewe; Molao wa Beile o boletsweng ka hodimo le Molao wa Ditshebeletso tsa Forensiki SAPS, DOH. Karolo ya Tekolo Botjha ya JCPS, e shebane le mesebetsi ya SAPS Tsamaiso ya Ketsahalo ya Botlokotsebe, Diforensiki, Ditse tsa Direkoto tsa Botlokotsebe, Bofokisi, Botlokotsebe bo Hlophisitsweng le Botlokotsebe ba Moruo/Ekonomi, Lekala la Mahlale le sebetsanang le Botlokotsebe hape le Bofokisi ba SAPS, DSO, DHO Dilaboratori tsa Forensiki le Dimoshari hape le mekgwa ya ho kena dipakeng ka Dithuso tsa batho OSD.
Ka kgwedi ya Tshitwe 2008, Dikomiti tsa Palamente di ile tsa sebedisana le OCJSR, di ile tsa tshwarwa dikopano moo ho neng ho mametswe setjhaba diporofenseng tse fapaneng ho hlakisa tsamaiso ya ho lekola botjha le ho thusa ho fana ka diphehiso ho ya pele hodima mathata le ditshitiso tsa CJS le ho tla ka ditharollo tse ka nnang tsa sebetsa. Ka la 3 Tshitwe 2008, Kabinete e fumane raporoto ya mosebetsi o ntseng o tswela pele wa ho lekola botjha Tsamaiso ya Toka le ho lwantshana le Botlokotsebe mme ho ile ha etswa diqeto tse latelang ho rarolla bofokodi bo bong bo itseng tsamaisong. E ile ya boela ya fana ka tumello e kgethehileng ya Molao o lwantshang Botlokotsebe (Ditsamaiso tsa Forensiki) Bili ya Tlatsetso, e seng e raduwe, e romelwe Palamenteng hore e lekolwe. Bili ena e neha Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa disebediswa tsa bohlokwa tsa ho lwantshana le botlokotsebe tse kenyeletsang ho fihlela sesiu sa dikgatiso tsa menwana le metjhini e hlahisang ditsebiso tsa motho tsa mafapha a mang a puso bakeng sa diphuphutso tsa botlokotsebe mme di ba fa matla a ho fumana le ho boloka dikgatiso tsa menwana le disebediswa tse tswang metjhining. Bili e boela e fana ka tumello ya ho theha, taolo le tshebediso ya diteko tsa DNA (Deoxyribonucleic Acid) jwaloka sesebediswa se thusang ho hlahisa le ho matahanya mmelaelwa ketsahalong ya botlokotsebe. E boetse ya fana ka tumello ya Molao wa Beile hodima tsamaiso e lokelang ho latelwa ha ho kengwa tshebetsong karolo 63A ya Molao wa Tsamaiso le ho lwantshana le Botlokotsebe, Molao 51 wa 1977. Molao ona o dumella lekgotla la dinyewe, ha fela Hloho ya tjhankane e entse kopo, le teng haebe Molaodi wa Botjhotjisi wa Setjhaba ya amehang a sa hanane le kopo eo, ho ntsha taelo ya ho lokolla motho ya itseng ya fumanweng a le molato ka ho mo kgalema mme a fuwe beili kapa ho ntsha taelo ya ho etsa ditlatsetso maemong a beile.
Kabinete e ile ya tswela pele ho dumella tshisinyo ya ho hlahisa le ho kenya tshebetsong tsamaiso e hokahaneng, e hlokang masoba ya ditsebiso tsa taolo ya toka naheng.
Porojeke ya ho Fokotsa Tshubuhlellano ya Dinyewe (e tobaneng le Makgotla a dinyewe a Mabatowa) e kenyeletsa ho fana ka boitsebelo ba tlatsetso ka ho thonya dimakgiseterata, batjhotjhisi, baemedi ba molao le moifo o tshehetsang o tshwereng mokobobo, ho sebetsa makgotleng a dinyewe a mabatowa a nang le tshubuhlellano ya dinyewe tse saletseng morao (bolelele ba dikgwedi tse fetang robong lenaneng la lekgotla). Porojeke e qadile jwaloka mokgwa wa ho potlakisa tshebetso ya lekgotla e kgothaleditsweng ke lekala la JCPS jwaloka ntlha ya bohlokwa Lenaneong la Tshebetso la Puso. Porojeke ena ha jwale e kenyeleditswe ho CJSR mme ho fanwe ka disebediswa tsa tlatsetso mme e boetse e sebedisetswa ho thulana le dinyewe tsa bohlokwa tse ngata tse subuhlellanang tse jwaloka lehloyo la melata le dintlha tse amanang le dikgetho.
Palo e feletseng ya dinyewe tse tlositsweng ka hohlehohle mananeng la lekgotla la lebatowa ka lebaka la dinyewe tse saletseng morao tse subuhlellaneng ha jwale tse 37 ho fihlela mafelong a kgwedi ya
Hlakubele ke 13 113 tse kenyeletsang ka hare dinyewe tse 8855 tse phethetsweng, dinyewe tse 3649 tse hutsweng kamora ho lekolwa botjha dinyewe tsa lebatowa ditseng tsa dinyewe tse saletseng morao tse subuhlellaneng hape le dinyewe tse 609 tse fetiseditsweng pele.
Porofense Lekgotla Puo e ka Sehlohong Mohla Tshebetso
Tshebediso ya dipuo tsa botala makgotleng a dinyewe Nakong ya puso ya kgethollo, puo e ne e le sesebediswa sa kgethollo le kgatello. E ne e se fela tshebediso ya Afrikanse le Senyesemane makgotleng a dinyewe e bontshitseng kgethollo empa sena se ile sa qhelela thoko dibui tsa dipuo tsa botala tsa Afrika tsamaisong ya toka ebile hape sena se ile sa boela sa nyefola serithi le boitlhompho ba Maafrika. Molao wa motheo o bolokile serithi sa batho le boitlhompho ka ho tlisa maemo a tekano dipuong tsohle tse leshome le motso o le mong, Leano la Dipuo tse ngata le ileng la ananelwa ke Puso ho phethahatsa sepheo sa Molao wa motheo mme ka tsela e jwalo makgotla a dinyewe a ke ke a tswela pele ho sebedisa Senyesemane le Afrikanse ho qhelela ka thoko dipuo tsa botala tsa Afrika. Karolo 6 ya Molao wa motheo e hlakisa mokgwa wa tshebetso o ka sehlohong wa molao bakeng sa tshebediso ya dipuo tse ngata, ntshetsopele ya dipuo tsa semmuso le ho kgothaletsa tlhompho le ho mamellana ntlheng ya ho fapana ha dipuo mona Afrika Borwa. E hlakisa ditokelo tsa baahi mabapi le puo tse tlamehileng ho tlotlwa ka tshebediso ya maano a naha a dipuo. Ho tloha ka Hlakola 2009, re ile ra kenya tshebetsong diteko tsa tshebediso ya dipuo tsa botala makgotleng a itseng a dinyewe. Diteko tsena di bontshitshe katleho e hlakileng. Ho fihla ha jwale, makgotla a latelang a dinyewe a bile le kabelo ditekong tsena:
Melao ya diphetoho ya bohlokwa Ke lakatsa ho hlakisa dintlha tse latelang tsa bohlokwa tse ntshetsang pele diphetoho tsamaisong ya toka:
Molao wa Tlatsetso wa Khomishene ya Tshebeletso ya Toka (The Judicial Service Commission Amendment Act, 2008) Molao o fana ka mekgwa ya tshebetso bakeng sa ho sebetsana le ditletlebo mabapi le baahlodi mme o leka ho laola dintlha tse amanang le ho buisana ka ditjhelete le tshebetso ya baahlodi ho feta nako e tlwaelehileng ya mosebetsi. Molao o boela o fana ka Khoutu ya Boitshwaro o tlamehileng ho romelwa ho Letona hore le tle le o dumelle.
Khoutu e raduweng e se e hlahisitswe mme e tla phethelwa haufinyane.
Ho phethelwa Khoutu ya Boitshwaro le melawana ya Rejisetara ya
Letlotlo eo le yona e tla phethelwa haufinyane e bohlokwa haholo bakeng sa ho kenya Molao tshebetsong. Ho lebeletswe hore Molao o kengwe tshebetsong ka kgwedi ya Pudungwana 2009. Molao wa Thuto ka Toka, 2008 (Judicial Education Institution Act, 2008) Molao o kene tshebetsong ka la 23 Pherekgong 2009 mme o phethahatsa Karolo 180(a) ya Molao wa motheo e hlakisitseng hore molao ona ke wa naha mme o fana ka tumello bakeng sa thupello bakeng sa bahlanka ba toka. Institjhute ena e butswe ka molao ka la 08 Mmesa 2009 mme Lekgotla le ile la tshwara kopano ya lona ya tlhomamiso. Lekgotla le dumetse ho tshwara wekeshopo ya ho rala ho phethela mehato e potlakileng e hlokehang bakeng sa hore Institjhute e sebetse.
Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo, Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Lefapha la Naha la tsa Ditjhelete ba ntse ba buisana mabapi le ho fana ka setsha bakeng sa kaho ya moaho wa dinako tsohle mane Leralleng la Molao wa motheo (Constitution Hill). Phetolelo ya moaho wa nakwana mane Edura House, Johannesburg e tla phethelwa mafelong a Phupjane 2009. Koletjhe ya Toka e tla tswela pele ho fana ka thupello ya molao bakeng sa moifo o mong wa molao o jwaloka Maqwetha a Puso, Baokamedi ba Makgotla a Phahameng le Maqwetha a Malapa. Ho lebeletswe hore Koletjhe ya Toka e tla tlatseletsa Institjhute ya thupello ya toka e jwaloka thupello ya tsamaiso le thupello e amanang le Lekala la Ditsebiso le Thekenoloji.
Molao wa Tlatsetso wa Toka Makgotleng a dinyewe a Mabatowa, 2008 (The Jurisdiction of Regional Courts Amendment Act, 2008) Moporesidente o saenetse molao oo ka Phato 2008. Molao o tiiseletsa hore Makgotla a dinyewe a Mabatowa, ho sebetsana ka toka le dinyewe tsa setjhaba tse ka hodimo ho taolo ya makgotla a dimakgiseterata tsa mabatowa (a mamelang ditseko ho fihla ho R100 000). Ho na le ditsamaiso tse tharo tsa bohlokwa tse keneng tshebetsong ha jwale ho hlophisetsa ho kenya Molao tshebetsong, ho bolelwa; ho kgetha dibaka tsa bodulo kapa ditulo tsa dikarolo tsa mabatowa porofenseng ka nngwe bakeng sa taolo le tsamaiso ya ditseko tsa setjhaba Makgotleng a dinyewe a Mabatowa. Se hokahantsweng le ntlha ena ke dikgeo tse haellang tsa dimakgiseterata, Barejisetara le Bathusi ba Barejisetara tse tla hlahiswa ho fana ka ditshebeletso ditulong tse hlwauweng.; ho hlakisa ditjhelete tse tla sebediswa semolao bakeng sa diketsahalo le mesebetsi e tlasa taolo ya Makgotla a mabatowa karolong ka nngwe ya lebatowa: Ena e tla ba tjhelete ya taolo e kana ka R100 000 mme tjhelete eo e jwalo e tla hlakiswa ka ho ntsha Tsebiso Koranteng ya Mmuso; hape le ho rala melao ya makgotla ho bebofatsa taolo ya ditseko tsa setjhaba Makgotleng a dinyewe a Mabatowa: Boto ya Melao e se e qadile ho rala melao mme e lebeletse hore e tla romelwa Letoneng ka kgwedi ya Motsheanong 2009.
Mohato wa pele e tla ba ho nyalanya Makgotla a dinyewe a Tlhalano a kene dikarolong tsa mabatowa le ho fetisetsa disebediswa makgotleng a dinyewe a tlhalano, ho kenyeletswa basebeletsi le moifo dikarolong tsa Mabatowa Diporofenseng tseo a leng ho tsona. Sena se tla sebetsa mohlang Molao o kenang tshebetsong. Letsatsi le lebeletsweng la ho kenya Molao tshebetsong ke la 01 Phato 2009.
Institjhute ya Thuto ya Toka Afrika Borwa (SA-JEI) e tla ba le lenaneo la yona la pele la thupello la bomakgiseterata ba mabatowa hodima tshebediso ya molao wa setjhaba. Ka Institjhute ena, baahlodi ba nang le boitsebelo le ditsebi tsa molao di tla hlwauwa ho fana ka thupelo ya boitsebelo tshebetsong ya molao wa setjhaba ho dimakgiseterata. Sena se etswa ka sepheo sa ho fetola semelo sa Makgotla a dinyewe Mabatoweng. Ke thabetse porofeshene ya molao haholo ha e nkile boikarabelo ho thusa ka thupelo ya dimakgiseterata jwaloka karolo ya mosebetsi wa bona o bohlokwa ebile o tla pele.
Ho rehella botjha Molao wa Makgotla a Phahameng a dinyewe, 2008 Molao o fetotse mabitso a kgale a puso ya kgethollo ao Makgotla a Phahameng a dinyewe a bitswang ka wona mme ha rehellwa makgotla a dinyewe ho latela mabitso a diporofense tlasa Molao wa motheo. Sena se etswa ka mohopolo wa ho hetla ho shejwe diphetoho tse bileng teng ho hlaha pusong ya kgale ya Bantu hammoho le mekgwa le ditlwaelo tse sebedisitsweng ho rehella hape ho ripitlwe mokgwa ofe kapa ofe wa pherekano o ka hlahellang tshebedisong ya mabitso a kgale.
Mmuso o ikemiseditse ho ntlafatsa phihlello ya Toka
Ka Ndifelani Magadani nngwe ya ditokelo tsa bohlokwa tse kentsweng Molaong wa
Motheo ke ho netefatsa hore batho ba bo rona ba fihlella toka, ho boletse
Mmuso o ikemiseditse ho tlisa ditshebeletso tsa toka haufinyana le bafumanehi/tsana le ba kotetsweng ka ho aha makgotla a dinyewe a mang le dibaka tsa ho fetisetsa tshebeletso ya toka setjhabeng , ho netefatsa hore ditjhabana tsa mahaeng di a fihlellwa," ho boletse
Moporesidente ketekong ya Dilemo tse 15 tsa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho sebakeng sa Kimberly, lebaleng la dipapadi la Galeshewe ka la 21 Hlakubele 2009.
O boletse hore haesale ho qala demokerasi, makgotla a dinyewe a 23 a matjha a ahilwe mme makgotla a dinyewe a 58 a ntlafaditswe.
Makgotla ana a dinyewe a fihlellwa ke batho ba bo rona ho kenyeletsa batho ba qhwadileng," ho boletse
Ho na le makgotla a mang a mahlano a dinyewe a tlasa tshebetso mme a mang a 18 a tla ahwa dilemong tse hlano tse tlang. Mmuso o boetse o fetolela/kgetha makala a 23 a makgotla a dinyewe ho ba makgotla a felletseng. Sena se tla netefatsa phihlello makgotleng a dinyewe ditjhabeng tsa mahaeng, makeisheneng a batho batsho le di-Bantusteneng tsa maloba.
Moporesidente o ekeditse ka hore mmuso o ikemiseditse ho rarolla taba ya dipuo mokgwatshebetsong wa toka. "Dipuo di ka thibela batho ho fihlella toka makgotleng a dinyewe.
Ho ibapisa le Molao wa rona wa Motheo, mmuso o kentse tekong porojeke ya ho sebedisa dipuo tsa batho batsho makgotleng a rona a dinyewe," o boletse jwalo.
Porojeke ena e tla nyenyefatsa diphoso tse etswang ke batho nakong ya phetolelo le ho thibela ditiehiso diketsahalong tsa makgotleng a dinyewe.
Mmuso o boetse o phethile ketsamolao , o hlahisitse/entse maano, mananeo le mekgwa ya tshebetso ya tshebetso mmoho ho tataisa phihlello ya toka bakeng sa batho ba fokolang le ba kotetsweng ka ho fetisisa," ho boletse
O boletse hore mmuso o behile pele phumantsho ya moralo wa motheo wa ditshebeletso, phihlello ya tlhokomelo ya mantlha ya bophelo, le ho tswela pele ho phethahatsa tokelo ya thuto, phihlello ya matlo, thuso ya setjhaba, motlakase, metsi, le tlhweko. Maikemisetso a mang ke ho netefatsa hore phihlello ya ditshebeletso tsena e nkwa e le tokelo e sa fumaneheng feela ka kgonahalo ya ho lefa.
Kantle le tswelopele e ntsweng, Moporesidente o boletse hore mmuso o elellwa hore bofuma ke tlolo ya ditokelo tsa botho. "Re ke ke ra ikotla difuba ka ho tshehetsa metheo ya seriti sa botho le tekatekano ha batho ba bo rona ba bangata ba ntse ba phela tlasa maemo a bofutsanehi le ho hloka ntshetsopele."
Mmuso o tla tswela pele ka maiteko a oona ho fedisa bofuma le ho tiisa seriti sa Maafrika Borwa kaofela. Moporesidente o boletse hore dilemong tse 15 tse tlang phephetso e tla ba ho netefatsa hore dintho tse ntle tse entsweng di tla bonwa ke Maafrika Borwa kaofela.
Tsamaiso ya toka Kapa Leboya e fetohile, ho boletse Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Enver Surty. "Ha o sheba tsamaiso ya Toka, jwale re na le ditsi tse 54
tsa tsamaiso bakeng sa ditjhabana." Letona le boletse hore sena se tla netefatsa hore ditokelo tsa batho kaofela porovenseng, haholoholo basadi, di a phethahatswa. O ekeditse ka hore jwale batho ba na le monyetla wa ho ba le tshebeletso e felletseng makgotleng a dinyewe moo ba dulang, dikarolong tse fapaneng tsa porovense. "Re ka keteka taba ya hore haufinyana re tla be re amohelwa ketsamolao e sebetsanang le manyalo a Semoseleme, mme haufinyana kamorao ho moo re tsebise bili e sebetsanang le manyalo a Hindu," o boletse jwalo.
Motshireletsi wa Setjhaba Advokheiti Gabriel Mushwana o boletse hore letsatsi la 21 Hlakubele ke letsatsi la maikutlo ho Maafrika Borwa kaofela. "Ka letsatsi lena re nka matla ho bahale ba rona ba phetseng ka thata hore re fumane tokolloho," ho boletse Advokheiti
Mushwana. O hlalositse karolo e bapalwang ke Motshireletsi wa Setjhaba ho tshireletsa ditokelo tsa Maafrika Borwa kaofela, haholoholo ba dulang mahaeng.
Lenaneo le thabisang la ho matlafatsa boitsebelo ba molao
Selemong se fetileng re ile ra bona ho thehwa lenaneo la pulamadiboho le hlahang maikemisetsong le leratong la Lefapha ho leka ho thusa Maafrika Borwa ohle ho fumana ditshebeletso tsa toka. Le bitswa Lenaneo la ba Ithutelang Boqwetha. Ke ditlhophiso mahareng a mmuso le Mokgatlo wa University Legal Aid Institutions, moo baithuti ba nang le mangolo a LLB diyunivesithing tse ngata tse kgolo ba tla kgonang ho phethela dipampitshana tsa bona tsa molao Ditliliniking tsa Molao tsa Diyunivesithi mme ka nako eo ba ntse ba fana ka ditshebeletso tsa molao baahing ba futsanehileng/ba qheletsweng ka thoko.
Lefapha le bolela hore lenaneo lena le letjha le thabisang le "motjheng hantle ho bopa motheo wa boitsebelo wa maqwetha a nang le mangolo a thuto a nepahetseng ebile ba na le tsebo mme ba ntse ba netefatsa hore setjhaba se fumana ditshebeletso tsa molao tsa mahala". Ka mantswe a mang, ke maemo a hlolwang mahlakore bobedi moo baithuti ba ntlafatsang boitsebelo ba bona mme ba iphumanela boitsebelo ba mosebetsi bo hlokehang ho sebetsa jwalo ka maqhwetha a nang le mangolo a thuto a felletseng hape le setjhaba se senang menyetla seo ka nako tse ding se le hole le metsetoropo ba mpe ba fumane le ho fihlella toka mme le bao ba hlokang disebediswa/mehlodi ho etsa jwalo ba tla fumana thuso ho baithuti bana.
Ho thehwa ha lenaneo lena ho ile ha hohela boraditaba ba kgethehileng hobane sena se etsahetse nakong e kgethileng ho Lefapha e leng ya "Beke ya phumantsho ya ditshebeletso tsa Toka" mme sena se ne se kenyeleditse diketsahalo tse ngata tse fapaneng naha ka bophara. Sena ke seo Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo mme Lefapha le se beileng leihlo le ntjhontjho ka kamora dilemo tse pedi e tla ba maqwetha.
ha le leka ho rarolla ho se lekane/leeme la nako e fetileng moo ho neng ho sebediswa tsamaiso e leeme ebile e hlokang toka, tlhokeho e kgolo ya phumantsho ya toka ho Maafrika Borwa a mangata hape le ho nka puso eo ho yona ditshebeletso tsa toka di fumanehang habobebe dibakeng tse nang le disebediswa tse hantle empa di le siyo dibakeng tse ka mathoko moo ditshebeletso di hlokehang haholo ho tsona. Ka mokgwa o jwalo, porofeshene ena ya molao ka tlhaho ya teng e hohela baithuti empa ba fanang ka ditshebeletso hole moo di hlokwang teng le ho thusa setjhaba sohle mme baithuti ba molao ba sebeletsa ditulong le makaleng a molao tse thusang fela batho ba mmalwa ba nang le monyetla.
Tshepo ke hore, lenaneo lena le tla hlahisa moloko wa maqhwetha a boneng boleng ba kgotsofalo ya ho thusa setjhaba se qheletsweng ka thoko seo ka dinako tse ding se hlokang moo se tla balehela teng ha se hloka thuso ya molao.
Porojeke ena e nkuwe Lenaneong la ditshebeletso tsa Naha tsa Batjha (NYSP) mme ka lona Lefapha le ikemiseditse ho tshehetsa kaho ya setjhaba ka ho kenyeletsa batjha phanong e hlokolosi ya ditshebeletso. Lefapha le tla lefa baithuti bana dithusamoputso ka kgwedi bakeng sa dikgwedi tse 24, ditefello tsa bona boithuti ba ho kenya molao temeng le ho ngodisa/
boingodiso ba dipampitshana tsa bona tsa molao le ditefello tsa dihlahlobo tsa boto. Baithuti ba tla ya Sekolong sa Molao sa kamora nako e tlwaelehileng ya mosebetsi mme ditjeo di tla lefuwa ke Lefapha la
Lekgotla la dinyewe la Pongola ke katleho ya jwale ya Lenaneo la Ditokiso le Paballo (RAMP)
Ho baballwa ha lekgotla la dinyewe la Pongola ke e nngweya dikatleho tsa jwale ho lethathama la dintlafatso le laolwangke lefapha jwaloka karolo ya ho hlokomela disebediswa tsalona. Porojeke ena, e kenyeletsang dintlafatso tsa makgotlaa dinyewe a 282, e tsejwa ka Lenaneo la Ditokiso le Paballo(RAMP).
Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, Enver Surty le re Lekgotla la dinyewe la Pongola le tla ntshetsapelekutlwisiso e ya baahi ntlheng ya toka. "Lekgotla lena la dinyewele bohlokwa hobane le re fa monyetla wa hore re utlwisisehore na toka ke eng le hore e sebetsa jwang, ho rialo LetonaSurty jwaloka ha a ne a bula semmuso Lekgotla la dinyewe laPongola le ntlafaditsweng ka Hlakola, KwaZulu-Natal.
Sefutho seo RAMP e tlileng ka sona Naheng
Ho phethetswe dikatoloso tse kgolo Theunissen le Ceres mme ho tla tswellwa ka dikatoloso tsa meaho ya makgotla a dinyewe
Colesberg hape le Lekgotleng le Phahameng la Boipiletso.
Diporojekeng tseo kaho e ntseng e tswela pele bakeng sabodulo bo botjha ke Lekgotleng la Makgiseterata la Tsakane, Lekala la Lekgotla la dinyewe le Phahameng la Porofense ya Transvaal, Ofisi ya Makgiseterata ya Augrabies, Ofisi ya Makgiseterata ya Ekangala, Ofisi ya Makgiseterata ya Kagisohape le Ofisi ya Makgiseterata ya Galeshewe.
Ntlafatso ya Pongola ntshetsopeleng ya toka setjhabeng
Letona Surty o thabetse le ho leboha Ofisi ya Lebatowa ya
KwaZulu-Natal ka mosebetsi wa bona o thata ho netefatsa hore toka e tliswa haufinyana le setjhaba. Toka, ha e hlaloswa ke
Letona, ha se fela ho hlaha ka pela lekgotla la dinyewe le hoema ka pela bahlanka le ditsebi tsa molao, "Ke taba ya tokasetjhabeng. Mokgwa oo re tlisang phetoho maphelong a batho."
Haufinyane re tla ba le makgotla a dinyewe a sebetsang ka tlhalano a 53 naheng, ho tswa ho a 3 fela matsatsinga fetileng. Re tlamehile ho keteka tshebediso ya dipuo tsa
Letona la Toka le basebetsi ba bina pina ya setjhaba, pele ho bulwa lekgotla la dinyewe botala makgotleng a rona a dinyewe,ena ke toka." Letona Surty o tiiseleditsesetjhaba hore toka e ke ke ya sebeletsafela morabe, maemo, bong kapa mekgae itseng ya dipolotiki. "Toka boyona ha e nke lehlakore. Re tlamehile ho keteka ntlha ya hore diporofense tsohledi tla ba le lekgotla le phahameng ladinyewe. Sena se re tiiseletsa hore re tlasebeletswa ka toka."
Moahlodimoporesidente wa KZN, Vuka Tshabalala o itse, "Dipehelo tsohle di entswe ho netefatsa hore makgotla adinyewe a sebetsa ka ho phethahala.Ke kopile hore ho be le baahlodi babang ba babedi ba tla dula lekgotlenglena la dinyewe ka ha e na le Lekgotlale Phahameng la dinyewe." Ditjeo tsakahobotjha ya lekgotla lena la dinyeweke dimilione tse 10 tsa diranta. Lekgotlala dinyewe la Pongola e tla ba lehae laMakgotla ana a dinyewe a latelang, laSetereke, Lebatowa le le Phahameng.E na le lehae bakeng sa batjhotjhisi,bahlahlobi, moifo wa ditshehetso tsa botlelereke hape le ditshebeletso tsasepolesa.
Re tlile mona ho bula lekgotla le letle.Ka lona, rona jwaloka Lefapha, re rere tlisitse ditshebeletso tsa toka pelabatho," ho rialo Hloho ya LebatowaBrigitte Shabalala ha a bua le batlotlehile setjhaba se tlileng moketeng. "Lekgotlalena le tla fana ka ditshebeletso tse jwaloka Lekgotla la Bana, Ditlhokomelotsa bana ka ditjhelete, Merusu malapeng,Lekgotla la dinyewe tse nyenyane hapele Lekgotla la Tekano," ho rialo Hloho ya Lebatowa. "Re kopa le sebediseditshebeletso tsena mme le tle ho rona ha le thulana le mathatha afe kapa afe.Re mona ho le thusa."
Stephen Weich, ya emetseng lekala la molao porofenseng, o itse nako e fetileng makgotla a dinyewe a ne a sa fihlelwe lethabo bakeng sa lekgotla lena le letjhahabonolo ebile a hloka disebediswa tse la dinyewe. "Naha ke naha ka lebaka lalekaneng. "Batho ba Pongola ba ka ikotla tsamaiso ya yona ya toka. Lekgotla lenasefuba ba le motlotlo ka hore lekgotla le la dinyewe le tla thusa setjhaba sa rona
Ho tlisa tekano ditokelong tsa banatse kgohlanong le molao le tsasetjhaba sa Afrika Borwa efapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo le ile la nkamehato e meholo ntlheng ya ho shebabotjha molao o amanang le bana.Ntlha eo e leng ya bohlokwa ka hofetisisa e ne e le Bili ya Toka ya Bana eo sepheo sa yona sa motheo e lengho suthisa bana ba kgohlanong lemolao hore ba be hole le tsamaiso e ka sehlohong ebile e tlwalehilengya molao wa botlokotsebe mme e bakgannele tsamaisong e bopilweng hosebetsana hantle le ditabatabelo tsa setjhaba le tshokolloho.
Sepheo se ka sehlohong ntlhengena ya Bili se ile sa hlakiswa hantleke Letona la mehleng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo,Mof. Bridgette Mabandla ya ileng a remaikemisetso ke "ho bopa tsamaisoya toka mabapi le botlokotsebe enehang bana ba iphumanang ba lekgohlanong le molao monyetla wa hotshwarwa ka mokgwa o hlokomelangbofokodi ba bona le hore ba hloka tshireletso hape le mathata a moruosetjhabeng seo ba tswang ho sona aileng a hlaha ka lebaka la dikarohanotsa nako e fetileng."
Se botebong Molaong wa ronawa motheo hape le boitlamong bamafatshe a mang ke hore bili ena eleka ho tlisa tekano ditabatabelong tsa bana ho ntse ho ikamahangwa le tsanaha ka bophara. Molao wa motheo ore ditabatabelo tsa bana di tlamehile ho ba tsa bohlokwa haholo dintlhengdife kapa dife tse amanang le bana le molao.
Ho amohelehile lefatshe ka bophara hore, hore Bili e tle e kenetshebetsong ka ho phethahala elokelwa ho etswa Molao, mekga yapuso e lokela ho kopanela ntlha ena.Ke mosebetsi oo ho wona mafaphammalwa a fapaneng a puso a lokelangho kenya letsoho ho yona. Ho fedisasena, Mokgwa wa Tshebetso wa ho leka ho kenya Bili ya Toka ya Bana tshebetsong o se o hlahisitswebakeng sa mafapha ohle a amehangmme tshepo ke hore ka sena Bili " etla netefatsa kalafo, tshireletso hape lekatamelo e utlwahalang ya ho rarollamathata ao bana ba kgohlanong lemolao ba tobaneng le ona."
Ho ile ha eba le ditherisano le dikopano tse nkileng nako e telele hoshebisana ntlha ya ho kenya Bili enatshebetsong tseo le tsona di sa kangtsa thella fela ntle ho diphephetso,haholoholo ntlheng ya hore ho tlasebediswa mehato le melawana efe ho latela dihlopha tse fapaneng tsadilemo.
Le ha ho le jwalo, ena ke poleloya Setsi sa Ditokelo tsa Molao wamotheo "sephetho ka kakaretsose bolela hore Maafrika Borwa pheletsong a thehile tsamaiso ya tokabaneng e tla tlisa le ho bontsha tselatelang:
phokotso e bonahalang ya botlokotsebe, ntshetsopele ya boikarabelo baneng ka mmono o lekang hofedisa ho eketseha ha merusu, ho tshwarwe bana ka mokgwa le tsela e tshwanetseng dilemotsa bona, empa ho ntse hohlokometswe hore ba nka boikarabelo ba diketso tsa bona, ho tlisa tekano ditlhokong tsa bana, mahlatsipeng le setjhabeng, hapele ho bopa setjhaba se bolokehileng bakeng sa bohle.
Mehato e metle ya ho sebetsana le dinyewe tse subehlellaneng ebile tse saletseng morao a Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo le arabela boima bo jerweng ke makgotla a dinyewe a Afrika Borwa, Lefapha ka tshebedisano le Sehlopha sa Tshireletso le Toka e Thibelang Botlokotsebe (JCPS), ba tlile ka tharollo e ntle haholo ho fokotsa dinyewe tse subuhlellaneng ebile tse saletseng morao naha ka bophara.
Makgotla a dinyewe tse saletseng morao, tlasa Porojeke ya ho Fokotsa Dinyewe tse Subuhlellaneng ebile tse Salletseng Morao a hlokometse ntlha ya ho phethela dinyewe tse dutseng nako e telele mme ba leka ho potlakisa tshebetso ya toka kahohlehohle mme sena se bonahetse e le tsela e ntle ya ho kena dipakeng nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng jwaloka ha dipalopalo di hlalosa hore palo ya dinyewe tse saletseng morao e fokotsehile haholo makgotleng a dinyewe a mabatowa moo ho ileng ha kengwa mokgwa ona tshebetsong. Ka ha makgotla a saletseng morao ka dinyewe a fana ka bokgoni ba tlatsetso makaleng a makgotla a dinyewe tsa mabatowa, ha jwale ba ka nna ba hlokomela ntlha ya ho phethela dinyewe tsa bona tsa diteko kapelenyana mme ka tsela e jwalo ba otla nonyana tse pedi ka lejwe le le leng. Ditsamaiso tsa toka ha di lekodisiswa, haholoholo moo dintlha e leng tsa botlokotsebe, di telele haholo mme di batla nako ntlheng ya ho netefatsa hore mosebetsi o etswa ka toka. Mona Afrika Borwa, jwaloka dinaheng tse ding, ho na le bothata ba tlhokeho ya boitsebelo le disebediswa ka hohlehohle, ekaba tse amanang le botjhotjhisi, boemedi ba dithuso tsa molao kapa bahlanka ba tsamaiso lekgotleng la dinyewe mme tsena di bakile hore dinyewe di diehe. Dinyewe tse ngata tsa makgotla a mabatowa ho sebetsanwa le tsona ka dikgwedi tse 6, ha e le dinyewe tsa makgotla a mabatowa le a tse phahameng ho lebeletswe hore ho sebetsanwe le tsona nakong ya dikgwedi tse 9 le tse 12 ka ho tshwana. Ha dinyewe tsena di behelwa ka thoko nako e telele ho feta ena eo e di baletsweng di nkuwa e le tse "subuhlellaneng ebile tse saletseng morao" mme di lokelwa ho potlakelwa di be di sebetswe ka mekgwa e fapaneng ya ho kena dipakeng. Ho hokahanya mekgwa eo ya ho kena dipakeng ho shebanwe le makgotla a dinyewe a mabatowa e leng moo tshubuhlellano e hlahellang teng haholo, mmuso o kentse porojeke ena ya JCPS tsebetsong ho tloha ka la Pudungwana 2006 ho leka ho fokotsa dinyewe tsena tse subuhlellaneng ebile di salletse morao. Mokgwa ona o kenyeletsa ho fana ka boitsebelo le disebediswa tsa tlatsetso ka ho hira basebeletsi ba dikonteraka (mohlomong ba sebetsang jwaloka batjhotjhisi, baemedi ba dithuso tsa molao kapa jwaloka dimakgiseterata) mme ba sebetse makgotleng a dinyewe a tlatsetso, ba tobane le 'makgotla a dinyewe ao ho thweng a na le tshubuhlellano'.
Dintlha tse latelang ke tsona tse hlokisang lefapha boroko: mosebetsi o mongata le ditlhoko tsa dipuisano tsa makgotla a dinyewe tsa mabatowa, dipalapalo tse kgolo tsa dinyewe tse subuhlellaneng le tse salletseng morao mananeng a makgotla a dinyewe, sefutho se sebe sa phano ya ditshebeletso mme pheletsong ho hloka tshepo tsamaisong ya toka dinyeweng tsa botlokotsebe.Ka lebaka lena porojeke ena ya ho Fokotsa Tshubuhlellano ya Dinyewe e fanang ka tshehetso. Ha porojeke e ne e qala ka Pudungwana 2006, ho ne ho na le tshubuhlellano ya dinyewe tse 20 452 tse salletseng morao makgotleng a dinyewe a mabatowa (43%) (sena se sebetsa e le motheo bakeng sa porojeke) kgahlano le lenane la dinyewe tse saletseng morao tsa makgotla a mabatowa tsa palo ya 47 343 tseo esale di le lenaneng la makgotla a dinyewe tsa mabatowa naheng bakeng sa dikgwedi tse 9 e le dinyewe tse subuhlellaneng ebile tse salletseng morao. Ka Tshitwe 2008, palo ya tshubuhlellano ya dinyewe tse salletseng morao e ile ya theoha haholo ho fihla ho 15
(31%) kgahlano le lenane la kakaretso la dinyewe tse salletseng morao la dinyewe tse 48 468. Mona ho theohile 26% kapa tshubuhlellano ya dinyewe tsa makgotla a mabatowa tse saletseng morao ya 48 468.
Dinyewe tse tlositsweng ka hohlehohle lenaneng, ke tse 11 297 mme tse kana ka 11 297 tse 7670 tsa dinyewe tsena ke tsa ba fumanweng molato ho tloha ka
Pudungwane 2006 ho fihla ka Tshitwe 2008, di theohile ka 55% ha ho bapiswa le motheo wa Pudungwane 2006 bakeng sa porojeke. Dikatleho tsena di ka lebiswa ho kabelo e tlisitsweng ke makgotla a thehilweng ka ho kgetheha a tshubuhlellano ya dinyewe naha ka bophara tse ka kakaretso, di phethelang dinyewe tse 11.4 ka kgwedi - palo e habedi ho feta ya makgotla a dinyewe tsa mabatowa. Ha jwale ho na le makgotla a 37 a mofuta ona naha ka bophara mme e nngwe le e nngwe e sebetsa dihora tse tharo le metsotso e mashome a mane a motso o le mong ka kakaretso ka letsatsi. Makgotla ana a dinyewe ka kakaretso a na le dinyewe tse 76% tsa batho ba fumanweng ba le molato ( ha ho bapiswa le 73% ya makgotla a dinyewe a mabatowa a tlwaelehileng). Empa dikatleho tsena tsa tshubuhlellano ya makgotla a dinyewe di ile tsa nna tsa tlatseletswa ka ditsamaiso tse ding tse hantle. Tlahiso makgotleng e ile ya ntlafatswa ka ho kenyeletsa batjhotjhisi ba tlatsetso mme sena sa thusa ka ntlafatso tlhophisong ya dinyewe, ha ka ho le leng ditlatsetso ka baemedi ba molao di ile tsa etswa ke Boto ya Dithuso tsa Molao, ba hlokomela hore ba iteanya le batho hantle pele tseko e qala malebana le eo ba mo tshehetsang hape le dipaki tsa bona di se di fumane tsebo e phethahetseng bakeng sa ditseko.
Nyewe e nngwe le e nngwe e lekolwa ho netefatsa hore ho ntshetswa pele diphuphutso ha ho hlokeha mme ka tsela e jwalo ho bolokwa nako e ka beng e ntse e senyehile ka lebaka la ho busetswa morao/tjhetjhisetswa morao. Hape ho ile ha eba le ntlha ya ho hlokomela taba ya ho phethela dinyewe tseo ho se ho se na sebaka sa ho etsa diphuphutso ka tsona ho ya pele (mohlala, moo ho se ho sa fumanwe paki) le ho kgutlisa dinyewe tsa kgale tse telele mme ho sebetsanwe le tsona ka pele di phethelwe.
TOKA
Setjhabeng Sohle
Lekgotla la Molao wa Motheo la Afrika Borwa
Elizabeth Gumede (ya tswetsweng e le Shanga) kgahlano le Mopresidente wa Afrika Borwa le ba bang
Letona la Merero ya Lehae le Setho sa Phethahatsosa KwaZulu-Natal se ikarabellang Ditabeng tsa Setsole Pusong ya Lehae ke bona batho fela ba arabetsengdiphehisong tse tlisitsweng Lekgotleng la Dinyewe hapele ho hanana le ho tiiseletswa ha taelo e sa nepahalang.
Elizabeth Gumede o nyetswe setso ka 1968, e leng lenyalole le leng fela moo monna wa motho ya entseng kopo eneng e le karolo. Lenyalo leo le ile la senyeha ka tselaeo le ke keng la hlolwa le lokiswa mme ka Pherekgong2003 monna wa hae a tlisa le ho saena dipampiri tsaho qala tsamaiso ya tlhalano. Mof. Gumede o ne a ntsea sa sebetse ha a ntse a nyetswe, empa o ne a ntse ahlokometse lelapa hape le bana ba bane. Lelapa leo le ilela iphumanela dikarolwana tse pedi tsa meaho nakong eolenyalo le ntseng le tswela pele, hape meaho eo e na lefenetjhara le disebediswa tsa ka tlung tseo bobedi ba tsona di ka fihlang bonyane ho R40 000 moahong ka mong.
Molao o Amohelang Manyalo a Setso o hlakisitse hore manyalo a setso a phethetsweng kamora ho kengwatshebetsong ha Molao, e leng mohla 15 Pudungwana,manyalo a jwalo a nkuwa hanghang e le a kopanelo yadithoto. Le ha ho le jwalo, Molao ha o hlakise ntlhakemo ya ona mabapi le taolo ya meaho le disebediswa tsenamabapi le manyalo ana a setso a phethetsweng pele Molao o kengwa tshebetsong mme manyalo ao a se a laolwa holatela molao wa setso. KwaZulu-Natal, Molao wa Manyalo aSetso o hlalositswe wa ba wa fetiswa Molaong wa KwaZuluhape le Khoutung ya Natala eo ka bobedi e hlakileng,karolong ya 20, hore monna ke hloho ya lelapa ebile hapeke monga dithoto tsohle tsa lelapa. Sepheto sa Molao waKwazulu-Natal, Khoutu ya Natala le kgaello ya dipehelotse Molaong o Amohelang Manyalo a Setso, ka mokgwa o jwalo, ke hore mosadi ya keneng lenyalong la setso lephethetsweng pele molao ona o kengwa tshebetsong haa tshwanelwa ke ho fumana letho nakong eo ho qhalwanglenyalo leo. Le ha ho le jwalo, ho hlakisitswe le ho etswadipehelo Molaong o Amohelang Manyalo a Setso bakeng sa lekgotla la dinyewe hore le ka sebedisa matla a lona aboletsweng Molaong wa Tlhalano.
Ho latela dipehelo tsa Molao wa Tlhalano, lekgotla la dinyewe le na le matla a ho etsa qeto, kamora ho qhalanyalenyalo, a ho fetisetsa meaho le disebediswa ho tloha homolekane e mong ho di neha e mong. Moseneke DCJ, yangollang Lekgotla le Dumellanang, o ile a hlahloba karolo7 le 7 ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, o jereng matla a hore manyalo a phethetsweng pele hofetiswa Molao o Amohelang Manyalo a Setso (manyalo a"kgale") a tla tswela pele ho buswa ke molao wa setso mme ao ho phethetsweng ka wona kamora ho fetiswa ha molaoMolao o Amohelang Manyalo a Setso (manyalo a "matjha") e tla ba manyalo a dikopanelo tsa dithoto moo ho na le phaellole tahlehelo ntle le moo balekane ba dumellang ka tsela efapaneng. O ile a boela a hlahloba molao wa manyalo asetso o hlalositsweng le ho fetiswa KwaZulu-Natal, o behangmosadi ya nyetsweng tlasa molao wa setso tlasa puso lematla a lenyalo a monna wa hae eo e leng yena fela mongameaho le dithoto ya kgethehileng ebile a laola dithoto tsohletsa lelapa. Moseneke DJC o fumane hore dipehelo tseo dihloka toka ebile di leeme mme ho hlakile hore di qhelela kathoko bonyane ntlheng e le nngwe e leng ya bong ho latelamabaka a bohlokwa a nalane ya setjhaba.
Ke basadi fela ba manyalong a setso ba iphumanang batobane le ditlamorao tse hlokang tekano tsa ho ba le dithoto.Ka ha kgethollo ena e matleng a molao o ke keng wa fetolwa tlasa mabaka a bohlokwa a nalane ya setjhaba, ho nkuwae hloka toka mme boima bo utluwa ke ya ikarabellang hohlakisa meedi e behilweng mabapi le ditokelo tsa tekano tsabasadi tse bonahalang ebile tseo ho entsweng qeto ka tsonatlasa molao wa manyalo a setso.
Moseneke DCJ o fumane hore ba ikarabellang ba hloleha hofana ka mabaka a utlwahalang ho ba tshehetsa hore efelaba kgethollwa e le kannete. O itshetlehile hodima karolo 8 
a ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, e dumellang lekgotla la dinyewe le nang le matla a ho fana ka lengolola tlhalano le ho qhala lenyalo la setso hore le na le matlaa ho etsa qeto ya hore na dithoto tsa lenyalo lena di lokelaho arolwa jwang mahareng a mekga e mmedi, le teng senaha se karabo kapa lebaka le utlwahalang ho tswela pele kakgethollo e hlalositsweng ho latela mabaka a bohlokwa analane ya setjhaba ntlheng ya bong. Lebaka la ntlha ena kehobane karolo 84 a ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso ha e phekole kgethollo eo molekane ya lenyalong lasetso a lokelang ho e mamella nakong ya lenyalo. Tsamaiso ya dithoto manyalong a buswang ke molao wa setsonakong eo lenyalo le ntseng le hlokomelehile, jwaloka haho hlakisitswe le ho fetiswa Khoutung ya Natala le Molaongwa KwaZulu, o tlisa moedi tekanong ya molao ya motho kamong tse behilweng Molaong wa rona wa motheo hape leMolaong o Amohelang Manyalo a Setso.Ho latela dipatlisiso tsena, Moseneke DCJ o tiiseleditsetaelo ya tshebediso e fosahetseng ya molao wa motheo entshitsweng ke Lekgotla le Phahameng mme a hlakisa horedipehelo tse latelang ha di ikamahanye ho hang le Molao wamotheo mme di fosahetse:
a Karolo 71 ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, ho fihla hakana jwalo ka ha o behile ntlheng yaditlamorao tsa dithoto/disebediswa lenyalong leo ho kenweng ho lona pele ho qala Molao o Amohelang Manyalo a Setso e tswela pele ho buswa ke molao wa setso.
b Karolo 72 ya Molao o Amohelang Manyalo a Setso, ho fihla hakana jwaloka ha o bontsha phapang mahareng a lenyalo la setso leo ho kenweng ho lonakamora le pele ho qala Molao o amohelang Manyaloa Setso, ho bontshwa bohlokwa ba wona ka ho kenyamantswe ana "leo ho kenweng ho lona kamora horeMolao o qale".
c Karolo 20 ya Molao wa KwaZulu mabapi le Molao wa Khoutu ya melao ya Sezulu Khoutu ya Molao wa Zuluhobane o hlakisa hore nakong ya kopanelo ya lenyalola setso, hloho ya lelapa ke monga dithoto ebile o nale taolo hodima dithoto tsohle tse ka tlung.
d Karolo 20 ya Khoutu ya Natala ya Molao wa Zulu hobane e hlakisa hore hloho ya lelapa ke monga ebile o na le taolo hodima dithoto tsohle tse ka tlung.
e Karolo 22 ya Khoutu ya Natala ya Molao wa Zulu hobane e hlakisa hore ba phelang sakeng hapele lelapa lohle le tlasa taolo ya ebile ba lokela hohlompha molao wa hloho ya lelapa.
Lekgotla le dumellanang le lona le ntshitse taelo e rengmekga ya puso e lefe ditjeo tsa molao tsa Mof. Gumede.
Dikgopolo tsa Matjhaba ka Toka
Dinaha tse fetang 180 di tshehetsa mohato o kgahlano le kgethollo ya morabe o ya mafelong a kgwedi e fetileng yaMmesa, dinaha tse 182 di ile tsa rala raporoto e kgahlano le Kgethollo ya morabe,eo e ileng ya eba sephetho sa Seboka saTekolo Botjha sa Durban. Seboka sa Tekolo Botjha sa Durban se fihletse qeto ka la 24Mmesa ka tumellano ya hore diphetohotsa nnete di ka fihlelwa jwang bakeng sadimilione tsa mahlatsipa a kgethollo yamorabe lefatsheng ka bophara.
Re rometse melaetsa e hlakileng ho basa kgolweng hore lefatshe le kopane mmele a sebedisana twantshanong le bothatabona, ntwa e hlokang kabelo ya bohle bakgathallang ho ntshetsapele ditokelo tsamotho e mong le e mong hammoho lesetjhaba sohle," a rialo.
Mongodikakaretso wa Dinaha tse Kopaneng,Ban Ki-Moon o rometse Mokomishenara ya Phahameng wa Ditokelo tsa Botho hosebetsa jwaloka Mongodikakaretso waSeboka sa Tekolo Botjha. Kabelo ya hae ke ho netefatsa hore Seboka se a atleha mme se tsamaya hantle ho latela ditabatabelo tsaDitho tsa Dinaha.
Sephetho sa moralo se ananetsweng kakutlwano ka la 28 Mmesa 2009 se hlalositswe ke Mokomishenara ya Phahameng e le "tokomane e ntle". Mookamedi wa ditokelo tsa botho o hlahisitse maikutlong a haepheletsong ya kopano mane Geneva, elekileng ho hlahloba tswelopele e entswengha ho kengwa tshebetsong Boitlamo baDurban le Lenaneo la Tshebetso, tseo ho dumellanweng ka tsona Afrika Borwa nako e ka bang dilemo tse leshome tsefetileng. Moahlodi Pillay o tobokeditsentlha ya hore le ha kopano eo e ne e le"ntho e sa tlwaelehang ebile e thata mmee okametsweng ke ditsikitlano," le ha ho lejwalo " ebile pale ya katleho e le kannete."
Dinaha tse mmalwa di ile tsa ikgula Sebokeng le pele se qala, ho kenyeletsa Dinaha tseKopaneng tsa Amerika. "Ke tshepa hore ba tla kgutla mme ba kene tsamaisong hape," horialo Mokomishenara ya Phahameng.
O hlokometse hore le Iran eo moetapelewa yona a ileng a ntsha polelo maqalonga seboka sena mme a bolela hore sepheosa Mongodikakaretso, Ban Ki-Moon, ke ho"tsekisa, ho arola le hona ho hlohleletsa,"
o ile a kena ditumellanong tse ananelangtokomane mme seo se toboketsa tlhokeho yaho rarolla diketsahalo tsa ho hloka mamellano ka mokgwa o tlisang tharollo ka sefutho.
Mokhomishenara ya Phahameng waDinaha tse Kopaneng (UN), nakong eo aananelang tokomane ena o hlalositse horee jere dielemente tsa bohlokwa haholomme a etsa pitso Dinaheng ho nka mehatoe phethahetseng, e hlakileng ebile eutlwahalang ho thibela, ho lwantshana hapele ho ripitla mekgwa yohle e hlahang kalebaka la kgethollo ya morabe mme a kopa dinaha tse eso etseng jwalo ho hlahisa/bopa le ho kenya tshebetsong maano a naha holwantshana le ho hloka mamellano.
Ho tswela pele, e hlakisa tshotleho eeketsehileng ho tloha ka 2001 ya dihlophatse fapaneng tsa mahlatsipa mme e tiiseletsakabelo e ntle ya tokoloho ya puo ha kalehlakoreng le leng e fedisa le diketsahalotsa ho nyefola le ho reha batho mabitso athehilweng hodima bodumedi ba bona.
Seboka sa Tekolo Botjha se tshwerweng ho tloha ka la 20 ho fihla ka la 24 Mmesa, seo sepheo sa yona e neng e le ho hlahlobamosebetsi o entsweng esale ho tloha ka2001, Sebokeng sa Lefatshe se kgahlano lekgethollo ya morabe, Lehloyo la Melata lediketsahalo tse ding tse amanang le ho hlokamamellano se neng se tshwaretswe Durban,Afrika Borwa.
Lekgotla la dinyewe le Phahameng la Polokwane le kena nalaneng
Moporesidente wa Boahlodi Bernard Ngoepe (ho le leqele) o fihla moketeng wa phetelelo ya mobu ha Letona la Mesebetsi ya Setjhaba,
Pheletsong ditoro tsa batho ba Limpopodi ile tsa phethahala ha Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo lebula Lekgotla le Phahameng la dinyewela pele porofenseng ya bona. LetonaSurty o hlalositse ho bulwa ha Lekgotlale Phahameng la dinyewe Polokwane ele motsotso wa nalane o lokelwang hoetswetswa mokete. Pulo ena e bopa karoloya boikarabelo ba lefapha ba ho netefatsahore Toka e Fihlella Bohle.
Jwaloka ha re kgohaletsa ebile re etsabonnete ba hore ho sebediswa dipuo tsabotala makgotleng a dinyewe, re tla etsantho e jwalo ho netefatsa hore Toka e fihlela Bohle, empa re ke ke ra etsa sena re le bang. E mong le e mong mona olokela ho kenya letsoho tsamaisong ya diphetoho,' o rialo Letona Surty ha a ne a bula tshebeletso ena semmuso ka la 27 Hlakola 2009.
Letona le bolelletse setjhaba hore maemole seriti sa Lekgotla le Phahameng se keke sa nyediswa. O itse ho hlokeha lekala latoka le tla ahlola ho latela molao. " Haebe Molao wa motheo o bua ka tokelo ya bothole seriti, ho bolela hore Lefapha la Toka le lokela ho ba basireletsi ba ditokelo tseo," o rialo. Letona Surty o itse Toka e Fihlella Bohle e bua ka mantswe a batho. " E nngwe ya diqeto tsa mmuso e ne e le hotheha Lekgotla le Phahameng la dinyeweporofenseng ena. Ena ha se taba yasepolotiki empa ke seo batho ba porofense ba se hlokang,' Letona la eketsa ka ho rialo. O itse ho tla bulwa sebaka se jwalonakong e sa fediseng pelo porofensengya Mpumalanga. "Haebe re ka etsa senanakong e kgutshwane hakana, ho bolela hore ha re kopane re ka fihlella tse ngata,"
Moahlodi Ngoepe o itse ho entsweditekanyetso tsa tjhelete a kana ka R900000 bakeng sa laeborari ya Lekgotlale Phahameng la dinyewe Polokwane."Matlole ana a ile a sebedisetswa mabaka a mang hobane ho bile le ditiehisopele ho bulwa lekgotla lena la dinyewe,empa re tla netefatsa hore re bokeletsamatlole bakeng sa laeborari," o rialoMoahlodimoporesidente. O tswetsepele ka hore Lekgotla le Phahameng ladinyewe le tlamehile ho bontsha semelosa porofeshenale. O boleletse ba tlilengpulong hore ntlha e tla netefatsa hore hosebetsuwa seporofeshenale ke ho hirabaahlodi ba tsebang mosebetsi ebile ba nale mangolo a nepahetseng a thuto.
O itse makgotla a mofuta ona a bohlokwahaholo hobane setjhaba se hlabolohilengse rarolla ditseko makgotleng a dinyewe.Oboletse hore neng kapa neng ha batho baleba makgotleng a dinyewe, ba lokela hoba le tshepo e tiileng hore ba tla fumanatshebeletso ya boleng ho tswa baahlodingba hlwahlwa ebile ba tsebang mosebetsiwa bona. "Hang ha re na le tsamaiso yamakgotla a dinyewe e utlwahalang, esebetsang ka thata hape ka potlako, bathoba tla tla mme ba sebedise ditshebeletso tsa lekgotla," o rialo.
O tswetse pele ho bolela hore Lekgotla lePhahameng la dinyewe la Polokwane letla sebetsa hamonate jwaloka Makgotla a mang a Phahameng a dinyewe naheng."Lekgotla le Phahameng la dinyewe ekakantho e phelang. Le na le moya wa lona.Le na le tikoloho ya lona e ikgethileng lemokgwa wa lona o hlomphehileng," o rialo.
Moahlodimoporesidente o boletse hore"ka thuso ya basebetsimmoho, ke tlilohlokomela seriti sa lekgotla la dinyewe. Leha tshebetso ya rona e tlilo tena e meng yametswalle le maloko a rona, re tla tswelapele ho e sireletsa."
Letona la Mesebetsi ya Mmuso SetjhabengGeoffrey Doidge o ile a fetisetsa moaho wa Lekgotla le Phahameng la dinyewe hoLetona Surty. Ha a bua le batho, Letona Doidge o itse makgabane ohle a lokelwaho lebiswa ho MoahlodimoporesidenteNgoepe ka ho sebetsa ka thata ho tlisatoka bathong ho tloha ka 1976. O itselefapha la hae le lokela ho nka boikarabeloba lona kannete ka ho rala nako e sa le teng. "Ha re a tlameha ho ema ho fihlela
Letona le re ke hloka lekgotla la dinyewe,"a rialo.
Ka Neville Gawula a ho lekolwa nalane ya Aforikaborwa ya sepolotiki le maemo a kotsi ao botlokotsebe bo fapaneng ba sepolotiki bo neng bo etswa tlasa ona nakong ya puso ya kgethollo le maikemisetso a ho leka ho phethela mosebetsi o sa kang ya phethelwa, Moporesedinte wa mehleng wa Aforikaborwa o ile a kenya tshebetsong puso le tsamaiso e kgethehileng ho lekodisisa dikopo tsa tshwarelo bakeng sa ba tlotseng molao ba ileng ba tshwarwa ka hore ba tlotse molao ka sepheo sa ho ntshetsa ditabatabelo tsa bona tsa sepolotiki pele. Ona e bile mosebetsi o boima haholo.
Sehlopha sa Tekolo (RG) se thehilweng ka ditho tse 15 tsa mekgatlo ya dipolotiki e teng Palamenteng e thehilwe semolao ho eletsa le ho tla ka ditshisinyo mabapi le kopo ka nngwe e tlisitsweng ho kopa tshwarelo. Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo tlasa boetepele ba Mong. Neville
Gawula, Molaodi Ofising ya Mohlanka ya ka
Sehlohong wa Tshireletso ya Dinyewe o ile a fuwa mosebetsi jwaloka Mongodi Sehlopheng sa Tekolo sepheo e le ho tla fana ka tshehetso tsamaisong.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, ka bobedi pele Molao wa motheo o motjha le puso e qala ho sebetsa le kamorao ho moo, melao ya tshwarelo le tshireletso e ne e ntse e le teng ebile e sebediswa ho kwahela botlokotsebe (mme dintlheng tse ding tse amang setjhaba) ho nka boikarabelo le ho timetsa dikahlolo tsa botlokotsebe le direkoto tsa ditlolo tsa molao tsa batho ba tlotseng molao ka lebaka la dikgohlano tsa nako e fetileng, sena se ne se etswa ka sepheo sa sepolotiki pele ho la 10 Motsheanong 1994. Bophelo ba ditokomane tsena tsohle tsa molao, tse bitswang, Molao wa Tshireletso (Molao 35 wa 1990), Molao wa ho Tswela Pele ka Tshireletso (Molao 15 wa 1992) mme wa ho qetela e le Molao wa Ntshetsopele ya Kopano ya Setjhaba, 1995 (Molao 34 wa 1995)("Molao wa TRC"), e se e felletswe ke nako mme e ke ke ya hlola e sebediswa.
Moporesidente wa mehleng o ile a etsa qeto ya ho sebetsana le ntlha ena mme a phethele ka yona. Ka ho etsa jwalo, o ile a lekodisisa mehato yohle ya molao e teng e jwaloka karolo 82 le mehato e meng e teng Molaong wa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa wa 1998 (Molao wa No 51 wa 1977) jwaloka ha e le wa tlatsetso.
Thomo le matla a Molao wa motheo
Moporesidente wa mehleng ha a ka a fumana ofe kapa ofe wa mehato ena e teng e tshwanela ho sebetsana le ntlha ena ka mokgwa o loketseng ebile o potlakisang ho etsa diqeto. Ke kahoo a ileng a etsa ya ho sebedisa matla a hae a Boporesidente ho theha taolo e kgethehileng ho tshwarela batho ba entseng kopo ho latela karolo 84 
ya Molao wa motheo wa 1996 ("Molao wa motheo") ho sebetsana le "kgwebo ena e sa felang". Mehato ena ebile e tswellang ka Moporesidente ntlheng ya poelano ya setjhaba le ho bopa setjhaba e le kannete.
Qeto ya Moporesidente ya ho tshwarelo kapa ho se tshwarele, ho latela karolo 84 
ya Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Aforikaborwa wa 1996 ("Molao wa motheo). Matla ana a kenyeletsa "... ho tshwarela kapa tlohella kotlo ya ba tlotseng molao le ho lesa tefo efe kapa efe, dikotlo kapa ho hulwa menyetla."
Molao wa motheo o beha boikarabelo bo boholo mahetleng a Moporesidente jwalo ka ha ho hlakisitswe Lekgotleng la dinyewe la Molao wa motheo, ho tshwarela, jj. Ka mantswe a mang, mosebetsi wa motheo wa ho tshwarela o sallana le Moporesidente. Nakong eo a sebedisang matla ana, Moporesidente o etsa sena a lebile ditshisinyo tsa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo ho ntse ho ikamahantswe le karolo ya 101 ya Molao wa motheo.
Molao wa motheo le fihletse qeto ya hore matla a ho tshwarela tlasa karolo 82 ya Molao wa motheo wa Nakwana (oo ha jwale e leng karolo 84 (j) ya Molao wa motheo wa 1996) ka Moporesidente, "... ha se ketso ya mohau ya poraefete ka kutlwisiso matla a tshwarelo jwaloka ka ya bohalaleding. Ke ho latela dipehelo tsa Molao wa motheo wa nakwana o reng Moporesidente o lokela ho fuwa matla ho lekola, ho latela kamoo a bonang ka teng, hore thekolohelo ya setjhaba e tla tswelliswa pele betere ka ho lesa dikahlolo tse ding kapa mekgwa e meng ya tshwarelo".
Lekgotla la Molao wa motheo le tswela pele hore: "Nyeweng eo ho leng thata ho yona hore Moporesidente a tshwarele kapa a lese kahlolo ya motshwaruwa a le mong,... moo a nahanang hore a ka hlaselwa ka molao wa motheo ha a ka fana ka tshwarelo ya Moporesidente...Ha ho na motshwaruwa ya nang le tokelo ya ho tshwarelwa, ho leswe kahlolo kapa ho leswe tefello ya molato. Molao wa motheo wa nakwana o beha ntlha ena matleng a Moporesidente."
Lekgotla la molao wa motheo le tswela pele ho hlalosa maemo ana ka bobedi moo matla a ho tshwarela a ka bang bohlokwa, ho bolelwa moo ho lokiswang diphoso tsa kahlolo kapa ho fokotsa dikahlolo tse telele ho feta tekano; hape le ho bontsha mohau ho motho ofe kapa ofe kapa dihlopha tsa batshwaruwa ba ahlotsweng, ha Moporesidente a nahana hore seo se tla thusa ditabatabelong tsa setjhaba ha seo se ka etsahala.
Ke mang ya tshwanelwang ketshwarelo?
Ho latela puso le taolo e kgethehileng, batho ba latelang ba tshwanelwa ke ho etsa kopo ya tshwarelo:
Batho ba ahloletsweng hore ba tlotse molao ka ho etsa diketso tse kgannwang ke sepolotiki pele ho la 16 Phupjane 1999; hape le ba ntseng ba jere kahlolo ya bona ya ho hlola tjhankaneng; kapa ba ileng ba lahlelwa tjhankaneng kapa ba fuwa kotlo.
Mekga e latelang ya batho ke ba sa tshwanelwang ke tshwarelwa:
Batho ba tshwaretsweng (di)tlolo ya molao e amanang le:
ketso efe kapa efe ya mofuta motabo;
ii ketso efe kapa efe ya mofuta wa merusu malapeng, iii tlolo efe kapa efe e hlakisitsweng karolong ya 13 ya Molao wa Taolo ya Dithethefatsi le Kgwebisano ya Dithethefatsi wa 1992 Molao 140 wa 1992, o amanang le tlhahiso le thekiso ya thepa e hlalositsweng, tshebediso le ho tshwara dithethefatsi le ho sebetsa/
hweba ka dithethefatsi;
Batho ba entseng kopo ya tshwarelo Komiting ya Tshwarelo e thehilweng tlasa Komishene ya Nnete le Poelano mme kopo ya hae ya hanwela, le
Batho ba SA KANG ba ikamahanya le dipehelo tse tekilweng ka pele, ka la kapa pele dikgwedi tse tharo "tsa ho hlelwa hape" di fihla pheletsong.
Sena se hlalositswe ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo e le ketso ya mohau le kutlwelobohloko e lekolwang ke bookamedi bo phahameng naheng e le karolo ya tshebetso ya molao wa rona wa motheo", kopo ya tshwarelo e hlaha ho puso le taolo e kgethehileng e tla shebana le ditlolo tsa molao tse entsweng ka morero wa sepolotiki mme haebe e ya atleha, motho ya tlotseng molao a tshwarelwe mme seo se bolela hore o tla lokollwa tjhankaneng (haebe a ntse a le tjhankaneng) mme rekoto ya hae ya tlolo ya molao e phomulwe.
Tsamaiso e qadile ka Pherekgong selemong se fetileng mme ha behwa letsatsi la ho phethela la 15 Mmesa 2008, empa ho ile ha atoloswa ho fihlela mafelong a Motsheanong hona selemong seo. Mosebetsi wa tsamaiso kopong e nngwe le e nngwe e bile mosebetsi o neng o hloka tekodisiso e matla ka ha ho ne ho hlokometswe dintlha tse thehilweng hodima Motheo wa Norgaard:
Sepheo sa motho ya tlotseng molao - ke hore, na o susumeledtswe ke mabaka a sepolotiki (mohlala, ho fetola taelo e thehilweng) kapa e ne e le ka mabaka a hae (mohlala, boiphethetso ba mabaka a poraevete);
Maemo ao tlolo ya molao a etsahetseng tlasa ona, haholoholo a hore na tlolo eo ya molao e entswe e susumetswa kapa e le karolo ya merusu ya sepolotiki kapa ditshitiso tsa sepolotiki;
Mofuta wa maikemisetso a sepolotiki (mohlala, ebe na e ne e le ho leka ho hatella hore ho fetolwe leano kapa ho ketola puso);
Mofuta wa molao le mabaka a tlolo eo ya molao, ho kenyeletswa boima ba yona (mohlala, peto e ke ke ya nkuwa ho hang e le tlolo ya molao ya sepolotiki);
Sepheo sa tlolo ya molao mohlala, ebe na e entswe kgahlano le meaho ya mmuso kapa bahlanka kapa e ne e lebisitswe ka ho toba kgahlano le meaho ya poraevete ka motho ya itseng;
vi. Kamano pakeng tsa tlolo ya molao le sepheo sa sepolotiki se neng se batla ho fihlelwa, mohlala, katamelano e ne e le haufinyana hakae kapa sebaka se teng pakeng tsa tlolo ya molao le sepheo se neng se ntshetswa pele;
vii. Potso ke hore na ketso eo e entswe ka taelo e itseng kapa ka tumello ya mokgatlo, institushene kapa mokga o amehang; hape le hore na viii Motho ya entseng kopo o ile a sokollo nakong eo a leng tjhankaneng
Sehlopha sa Tekolo (RG) se sebetsanang le kopo ka nngwe se lokela ho lekola tse latelang:
dintlha ka botlalo tsa tlolo ya molao, mofuta le boima ba tlolo ya molao, mabaka a susumeleditseng tlolo ya molao e entsweng, letsatsi le sebaka seo tlolo ena ya molao e etseditsweng ho sona, diphuphutso tsa lekgotla la molao le kahlolo eo ho fanweng ka yona, sepheo sa motho ya entseng kopo, motho ya entseng kopo o fumane melemo efe kapa mokgatlo wa hae o fumane melemo efe kapa yena o ne a tshepile hore o tla fumana molemo ofe, haebe a hlalosa hore o entse seo ka maikemisetso a sepolotiki, seo o se entse ka leano lefe kapa ka taelo ya mang; le hore ebe na ho na le kgokahano kapa bonnete kopong e tlisitsweng ke motho enwa ya etsang kopo.
Dikopo tsohle di hlahlobuwe ke Mongodi pele di romelwa Sehlopheng sa Tekolo. Sehlopha sa Tekolo se ile sa lokela ho lekola kopo ka nngwe ho latela mabaka a yona mme se fane ka ditshisinyo tsa sona pele se di romela ho Moporesidente e leng yena ya nang le lentswe la ho qetela ntlheng ya tshwarelo le hore ke mang ya tshwanelwang ke tshwarelo kapa ya sa tshwanelwang ke tshwarelo. Mokgwa wa tshebetso o sebedisitsweng ke Sehlopha sa Tekolo ho latela ditshisinyo o itshetlehile hodima mekgwa e mmedi ya bohlokwa a latelang ya tshebetso:
Motho ya entseng kopo efela e le "ya tlotseng molao ka lebaka la sepolotiki" le hore le ha ho le jwalo sena se tla lekola ditabatabelo tsa setjhaba ha motho enwa a tshwarelwa; hape le hore ii ho lokollwa ha motho enwa ya entseng kopo ho ke ke ha beha setjhaba kotsing.
Sehlopha sa Tekolo se ile sa amohela hore tsela eo se sebeditseng ka yona nakong eo ba hlalosetsang Moporesidente e bontsha bopaki ba hore setjhaba se ke ke sa behwa kotsing ebile ke molemong wa setjhaba sohle ho tshwarela ba tlotseng molao ka mabaka a sepolotiki ntlheng ya ntshetsopele ya poelano naheng. Le ha ho le jwalo, Sehlopha sa Tekolo se tseba hantle kotsi ya ho lokolla batho ba nkuwang ba le kotsi setjhabeng. Ho bile thata ho hlahloba hore efela e le nnete hore motho ya tlotseng molao o sokolotswe, le ha ho tsebisahala hore batho bohle ba entseng dikopo ba ile ba kengwa mofuteng o itseng wa lenaneo la tshokollo Lefapheng la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa.
Mokgwa wa tshebetso wa Sehlopha sa Tekolo e ne e le ho lekola hore eba na ho bile le letshwao lefe kapa lefe le bontshang hore motho ya entseng kopo a ka ba kotsi setjhabeng. Ho leka ho tlosa tshabo ena, Sehlopha sa Tekolo se ile sa bokelletsa dintlha tsohle tse tshwanetseng tseo Lefapha la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa le ka fanang ka tsona hodima parola ya motho ya entseng kopo, mananeo a tshokollo ao motho ya entseng kopo a ileng ho wona le dipolelo/
dintlha dife kapa dife tsa bookamedi ba ditshebeletso tsa tshokollo tse ka thusang le ho hlakisa hore na motho ya entseng kopo o tla ba kotsi setjhabeng kapa tjhe.
Ho sebetsana le kopo
Ha ho hlahlobuwa dikopo sepheo e le ho etsa ditshisinyo, ho ile ha hlaka hore boholo ba batho ba entseng dikopo bo ne bo itshetlehile maikemisetsong a sepolotiki e le lona lebaka le ka sehlohong la ditlolo tsa molao. Dikopong tsa bona, ha se hangata moo ba hlalositseng hore ba susumeleditswe ke maemo afe ho etsa diketso tseo le hore ba di entse jwang. Dintlha tse latelang di tlwaelehile ha ho romelwa dikopo:
Ho tshwara makoloi a tsamaisang tjhelete kapa ho kenela dibanka; lena ke lebaka le hlahiswang hobane ba ne ba leka ho bokoletsa tjhelete bakeng sa diketsahalo tsa sepolotiki lebitsong la ho "bokeletsa tjhelete" kapa "ho kgutlisetswa seo e leng sa bona" kapa ho reka dibetsa sepheo e le ho itshireletsa le ho sireletsa mekgatlo ya bona.
Ho tshwara poho le ho sebedisa mahahapa le dipolao; lena lebaka le hlahiswa hobane ba ne susumeletswa ke mabaka a sepolotiki a ho "kgutlisetswa seo e leng sa bona" kapa ho fedisa tlhokeho ya toka le kgethollo ya nako e fetileng.
Ditlolo tsa molao tse amanang le ditlhaselo le dipolayano pakeng tsa dira tsa sepolotiki tse jwaloka Diyuniti tsa Boitshireletso (SDU's) le (SPU's); ana ke mabaka a hlahisitsweng hobane ho ne ho lekwa ho kgothaletswa maemo a sepolotiki a hlokang merusu. Ana ebile maemo ditlong tsa molao tse entsweng nakong ya dikgohlano pakeng tsa ANC le UDM, pakeng tsa IFP le ANC hape le pakeng tsa UDM le IFP ho la KwaZulu-Natal le dibakeng tse ding naheng. Ho bile thata haholo ho hlakelwa hore efela botlokotsebe bo ne bo etswa ka lebaka la tshusumetso ya sepolotiki mme Sehlopha sa Tekolo se ne se hlile se hlokometse hore se se ke sa amohela dipolelo tse sa hokahaneng ka tsela efe kapa efe.
Maemong a mang hape a mangata, batho ba entseng kopo ba ile ba leka ho hlahisa motswako wa bothata ba sepolotiki le ha ho ne ho hlile ho hlakile hore tse ding di bakuwe ke ho se utlwane ka hara mokgatlo bowona, di bakuwe ke ditseko tsa mesebetsi, tse ding di bakuwe ke kgethollo ya mmala le ditlhapa, mabaka a mang ke a boloi kapa a hlahile ka lebaka la ho se utlwane malapeng (ao maemong a mang a nang le metheo ya sepolotiki ka hare empa a ke keng a nkuwa e le "merusu ya sepolotiki" ho latela mokgwa wa tshebetso).
Sehlopha sa Tekolo ha se a ka sa etsa qeto e tsitsitseng: dinyeweng tse mmalwa, kopo e ne e ka atleha fela ha motho ya entseng kopo a ne a ipuella ka molomo wa hae. Moo ho neng ho se na kgokahano kapa tshehetso ya mokgatlo kapa kahlolo e fanang ka boitshetleho ba botlokotsebe boo, Sehlopha sa Tekolo se rekotile fatshe: Ha e kgothaletswe ka lebaka la dintlha tse sa fellang. Ho ile ha nkuwa mehato yohle ho hlokomela hore ha ho nkuwe le ho tshepa lehlakore le le leng fela la motho ya entseng kopo.
Mofuta wa dikopo tse rometsweng ke ba entseng dikopo o ile wa behwa ho latela mekga e latelang:
Ditlolo tsa molao tse entsweng pele ho 1994. Tsena boholo di amana le Mekgatlo ya Tokoloho e neng e le kgahlano le diinstitushene tsohle tse amanang le puso ya kgethollo. Le ha ho le jwalo, ho bile le merusu dipakeng tsa yona mekgatlo eo naheng ka bophara e ileng ya susumetsa hore ho be le ditherisano tse tlisang puso ya molao wa motheo.
Batho ba kgahlano le Botsotsi le Dithethefatsi (PAGAD). Tsena ebile dikopo tsa batho ba tswang Kapa Botjhabela (Western Cape) moo medingwana ya dithethefatsi e neng e lwanenela lepatlelo la dithekiso le ho hweba ka dithethefatsi kapa ho rekisetsa baahi ba itseng dithethefatsi.
Merusu ya ditekesi. Dikopo tsena tsohle di ne di sa susumeletswa ke sepolotiki ho hang ka ha e ne e le mekgatlo ya ditekesi e fapaneng e lwanelang ditsela ha e meng e ne e le kgahlano le lenaneo la diphetoho indasetering ya ditekesi leo mmuso o tla le kenya tshebetsong.
Boshodu ba mehlape. Tsena ke dinyewe tse hlahang haholo Transkei ya mehleng (i.e Tsolo le Qumbu) dibakeng tsena ke moo baahi ba metseng ba neng ba lwantshana le mashodu a mehlape ho sireletsa leruo la bona.
Ho kgutlisetswa seo e leng sa hao", ho boloka dibetsa le "ho pokello ya matlole". Batho bohle ba entseng dikopo tsena tsohle ba hlaha mokgatlong wa (PAC) ba ileng ba tlola molao ka ho tshwara poho le diketso tse fapaneng tsa botlokotsebe tse mpe moo ba lekang ho ntshetsa pele leano la bona la ho nka ntho efe kapa efe ya moruo eo e leng ya puso e nyenyane ya ba basweu. Tsena di kenyeletsa ho tshwara makoloi a tsamaisang ditjhelete, ho kenela dibanka, jj.
Merusu pakeng tsa mekga ya dipolotiki. Dinyewe tsena di bakilwe ke merusu pakeng tsa ANC le IFP, ANC le UDM. Dinyewe tsa Richmond di wela hantle mokgahlelong ona.
hMerusu ya ho ikarabella ka AWB le ba bang. Mona batho ba entseng dikopo ke ban eng ba le kgahlano le ANC le mme ba batla ho tswele pele ka puso yak gale. Mokgahlelong ona ho kenyeleditswe ditho tsa mabotho a nako e fetileng a neng a hlasela boradipolotiki ba itseng ba hlahelletseng ka mahetla.
Ditlhlaselo tsa Mapolasing le dipolao. Ditlolo tsena tsa molao di entswe ke ditho tsa PAC le ANC ha ba ne ba leka ho iphethetsa le ho fedisa diketso tse hlokang toka tsa nako e fetileng kgahlano le borapolasi bohle ba basweu.
Ditshisinyo ho MoporesidenteMona ho sa kenyeletswa dikopo tse rometsweng kamora la 31 Ho fumanwe dikopo tsa batho ba dikete tse pedi le lekgolo le Motsheanong 2008. Moralo wa setshwantsho se latelang o fana metso e robong ba kopang tshwarelo tsamaisong ena. ka dipalopalo ka kakaretso tsa dikopo tse fumanweng:
Dikopo tse rometsweng ho kopa tshwarelo 2109
Dikopo tse rometsweng kamora la 31 Motsheanong 2008 10
Dikopo tseo ho kgothaleditsweng tshwarelo 120
Palo ya dikopo moo ho dumellwaneng ka ntswe leng 29
Dikopo tseo ho sa kgothaletswang tshwarelo 1313
Dikopo tse qheletsweng ka thoko 683
Ho bile le dikopo tse 29 moo ditho tsa Sehlopha sa Tekolo di neng di fapana ka mmono hore na ho sisingwa hore ba tshwarelwe kapa ba se tshwarelwe. Ntlheng ena, ho ile haebe le dingangisano tse tebileng mahareng a ditho tsa Sehlopha sa Tekolo, empa ba ile ba se dumellane ka ntswe leng ntlheng ena. Seratswana sa 10.3 ya mokgwa wa tekolo se hlalosa hore "ditshisinyo tse entsweng ke Sehlopha sa Tekolo ho latela kopo ya tshwarelo ka nngwe di tlamehile ho bontsha palo ya bongata le palo ya bonyenyane ya maikutlo le mmono wa ditho, haebe e le teng, bakeng sa kopo e nngwe le e nngwe". Dikopo tsohle tse welang mokgahlelong ona di ile tsa romelwa ho Moporesidente ho di lekola.
Phethelo
Sephetho sa makgaolakgang tsamaisong ena se ile sa fetisetswa ho Moporesidente maqalong a Hlakubele moo a ileng a bontsha maikutlo a hae a kamohelo ka mosebetsi o entsweng ke Sehlopha sa Tekolo le Bongodi mme a bontsha hore e ne e se tsamaiso e bonolo. Re kopile ka hohlehohle hore Moporesidente a etse qeto kapele kamoo a kgonang e le hore batho ba entseng kopo ba tle ba tsebiswe esale ka nako.
Ka la 19 Hlakubele 2009, Khulumani le ba bang ba ile ba etsa kopo e potlakileng Lekgotleng le Phahameng la dinyewe North Gauteng moo ba thibelang Moporesidente ho lekola kopo efe kapa efe ya tshwarelo ho fihlela mahlatsipa a botlokotsebe a fuwa monyetla wa boemedi dikopong tseo tsa tshwarelo mme ba dumellwe ho fumana dikopo tse nepahetseng tsa tshwarelo ho kenyeletswa ditshisinyo tsa Sehlopha sa Tekolo.
Taba ena e ile ya sekasekwa ka 14 Mmesa 2009 mme pheletsong ho ile ha tswa kahlolo mme molemo wa leba lehlakoreng la batho ba entseng kopo ka la 28 Mmesa 2009. Re lekodisitse kahlolo eo mme re hlokomedisitswe ke Boeletsi hore kahlolo eo e diphoso hobane Moahlodi ya Rutehileng ha a hlakise hore kahlolo ya hae e sebetsane le Karolo A ya tsebiso ya mabaka a hlahisitsweng (thuso ya nakwana) fela kapa ka bobedi Karolo A le Karolo B ya tsebiso ya mabaka (thuso e phethahetseng).
Se makatsang ke hore, Moahlodi eo ya rutehileng o ntshitse ditaelo tse hlokehang, empa e seng fela Karolong ya A empa Karolong ya B ya tsebiso ya mabaka. Ho bonahala eka, le ha ho le jwalo, ka kutlwisiso e feletseng, Moahlodi ya rutehileng ha a etsa qeto fela hodima thuso ya nakwana empa hape hodima thuso e phethahetseng nakong eo ditsamaiso tsa nyewe tse behilweng ka pela hae di neng di amana fela le ho lekola thuso ya nakwana, mona ho bolelwa, taelo ya ho kena dipakeng. Ho theha hodima tlhokomediso ya Boeletsi, re motjheng wa ho lekola taba ya boipiletso qetong e nkuweng ke Seriti J ka ha e jere ditaba tse matla bakeng sa tsamaiso yohle ya tshwarelo Bookameding bo kgethehileng.
Tjhelete ya kgodiso ya bana e fumaneha ka ho kenngwa bankeng
Dilemong tse tharo tsa yona e le teng, Yuniti e Bohareng ya Phethiso ya Ditjhelete ka Elektroniki (CEFTU) e entsetswelopele ya bohlokwa ho ntjhafatseng mokgwatshebetsowa tjhelete ya kgodiso ya bana le ho netefaletsa malapa amangata a tshepetseng ho yona tshireletso ya tsa ditjhelete. Kaho fana ka tshebeletso hore baamohedi ba amohele ditefello diakhaonteng tsa bona tsa banka ka ho otloloha, ho na le holata tjhelete makgotleng a dinyewe, hara tse ding, yuniti ethusitse ho fokotsa mela e melelele makgotleng a dinyewe; efokoditse ditjeho tsa dipalangwang tsa setjhaba le ho ntlafatsamekgwa ya tshebetso e ka hare ya taolo.
Ha jwale CEFTU e na le basebetsi ba nakwana ba 29 baentseng ditefello tse 115 628 tsa boleng ba dimiliyone tse 63 767 216, 00 tsa diranta ka Pherekgong 2009, lebitsong la dikantoro tse 319. Nakong ya la 1 Pherekgong ho fihla ho la 31
Tshitwe 2008 CEFTU e entse ditefello tse ka hodimo ho 945 656 tsa boleng ba dimiliyone tse 498 tsa diranta. Sena se ka be se sa fihlellwa ntle le thuso ya makgotla a mangata a dinyewe le basebetsi ba mabatowa ba ikarabellang papatsong yaditefello ho baamohedi ba tjhelete ya kgodiso ya bana ka EFT, ba hlophisang dishejule tsa ditefello le ho lokisa direkoto tsaditjhelete tsa makgotla. Nakong ya Pherekgong 2009, tlhophisoya lebatowa ka leng e ne e le e latelang:
LEBATOWA TJHELETE E LEFILWENG BAAMOHEDI BA LEFILWENG PALO YA DIKANTORO TSE BILENG LE SEABO
Limpopo 23 511 495.74 40 182 37
Mpumalanga 7 992 465.67 14 422 35
Kapa Leboya 583 232.46 1 211 17
Sena se hlahisitse dintlafatso tse kgolo tsamaisong yaditshebeletso tse tshwailweng ka tse latelang:
phokotso e kgolo ya mela phokotso ya kotsi e amanang le ho tshwara tjhelete tshebetso e potlakileng ya ditokomane taolo e sebetsang hantle e hlwahlwa ya ka hare
Melemo ho baamohedi ba tjhelete ya kgodiso ya bana ke:
Kamohelo e bonolo ya tjhelete akhaonteng ya banka
Phediso ya bolofa mosebetsing ka lebaka la ho lata tjhelete ya kgodiso ya bana
Ha ho sa engwa meleng e melelele ho lata tjhelete makgotleng a dinyewe
Baamohedi ba tjhelete ya kgodiso ya bana ba lakatsangho amohela ditjhelete tsa bona diakhaonteng tsa bona tsabanka ba lokela ho etsa kopo lekgotleng la dinyewe moo baamohelang ditefello tsa bona tsa tjhelete ya kgodiso. Ho etswatlhahiso ya hore ho bulwe diakhaonte tsa Mzansi bankengya kgetho ya motho kapa Posong. Diakhaonte tsa Mzansi keakhaonte tsa banka tsa ditjeho tse tlase . Ka bomadimabe,baamohedi ba tlameha ho itefella ditjeho tsa bona tsa bankatse amanang le diakhaonte tsena.
