‘Ho ketekwa Kgwedi ya Batjha’
Sehlooho: “Palamente e kgathallang e phahamisang ntshetsopele ya batjha ho fihlella tokoloho ya ekonomi.”
“Nalane ya rona ha esale e qobella batjha ba rona ho nka boikarabelo ba sa le banyane dilemong. Ebile balwanedi ba tokoloho ka nako eo ba neng ba lokela ho bapala kapa hoba sekolong. Jwale batjha ba Afrika Borwa ba tobane le diphephetso tse kgolo ka lebaka la dilemo tse ngata tsa ho hanelwa dintho, merusu le thuto e sitisitsweng.Sebete le boinehelo ke  dintho tse  tla hlokahala bakeng sa ho ka hlola ditshitiso le hore batjha ba natefelwe ka ho phethahala ke dikuno tseo demokerasi e ba tshwaretseng tsona.” (Nelson Mandela, 15 Phupjane 1997) 
Bohlokwa ba la 16 Phupjane
La 16 Phupjane le ile la phatlalatswa ele letsatsi la phomolo la setjhaba ke mmuso wa demokerasi wa Afrika Borwa ka mora 1994. Hona ke ho ikgopotsa mohwanto wa batjha o ileng wa etsahala ka Phupjane 1976. Kgwedi kaofela e behelletswe ka thoko ho keteka ntwa ya batjha ba Afrika Borwa kgahlano le mmuso wa kgethollo. 
Letsatsi lena le bontsha kganyetso ya batjha ba Afrika Borwa, e qadileng ka 1976 mme ya tswela pele ho fihlela ho eba le demokerasi ka 1994.
Ntwa ena ka batjha e ile ya lebisa ho ntshetsopele ya mokgwa wa thuto o hlomphang seriti sa botho, botjhaba bo fapafapaneng, mmoho le tokoloho ya ho kgetha, ebile e tsitlallela ho netefatsa phumantsho e lekanang. 
Batjha ba dilemo tsa bo70 ba bile le seabo se seholo ho aheng bokamoso ba naha ya rona. 
Ba tswela pele ho bapala karolo ya bohlokwa setjhabeng, mme mmuso wa demokerasi o inehetse bakeng sa ntshetsopele ya batjha, jwaloka baetapele ba kamoso le bahlokomedi ba tokoloho ya rona e fumanweng ka thata. 
Diphephetso tse tobileng Batjha 
Batjha ba kajeno ba tobane le diphephetso tse ngata tse kenyelletsang:
tlhokeho e phahameng ya mesebetsi
bofuma
botlokotsebe
malwetse le ditshwaetso
tsebo e fokolang ya mosebetsi
tlhokeho ya phumantsho ya ditshebeletso tsa motheo.
Sekgahla sa HIV/AIDS se amme haholoholo batjha. Palo ya batjha mmoho le malapa a etelletsweng pele ke bana e ntse e eketseha ka lebaka la ho hlokahala ha batswadi ka lebaka la malwetswe a amanang le HIV/AIDS, a jwaloka TB. 
Menyetla e fumanehang Batjheng
Puong ya hae ya ho Bulwa ha Palamente, Moporesidente Jacob Zuma o ile a phatlalatsa 2011 ele selemo sa ho thewa ha mesebetsi. O boletse hore ho thewa ha mesebetsi ho lokela ho rerelwa ho matlafatsa ntshetsopele ya batjha.
Bakeng sa ho leka ho fedisa tlhokeho ya mosebetsi, mmuso o fana ka tjhelete bakeng sa ditjeho tsa ho hira batjha ele ho kgothalletsa sekethara ya poraefete ho hira batho ba se nang boitsebelo ba mosebetsi. 
Dintlha tsa thuto, tsebo ya mosebetsi le ntshetsopele ya dikgwebo tse nyane bakeng sa batjha ebile tsa sehlooho puong ya tekanyetso tsa ditjhelete ya Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan, bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2011/2012. 
Letona la Ditjhelete le bontshitse hore thuso ya ditjhelete ya baithuti e tla matlafatswa ho neha batjha ba bangata phumantsho ya thuto e phahameng le dikholeji tsa thupello, bakeng sa ntshetsopele ya tsebo ya mosebetsi. Tjhelete e ngata e ile ya kenngwa Letloleng la Tsebo ya Mosebetsi la Naha, le nehelanang ka ditjhelete bakeng sa thupello ya batho ba batlang mosebetsi.
   Mananeo a mang a mmuso a kenyelletsa:
Lenaneo la Naha la Lekgotla la Ditshebeletso tsa Batjha ba Mahaeng, le qadilweng ke lefapha la Ntshetsopele ya Mahae le Kabobotjha ya Mobu ho thusa batjha ho ba le tsebo e ntjha ya mosebetsi e tlang ho tswela setjhaba sa bona molemo
Lenaneo la Naha la Thupello ya Batjha ba Phehang, le qadilweng ke lefapha la Bohahlaudi, ho fana ka tsebo ya mosebetsi, tsebo le tsebo e kenelletseng ya mosebetsi ho batjha hore ba tsebe ho iphumanela mesebetsi indasetering ya bohahlaudi. 
Lenaneo la Ntshetsopele ya Mesebetsi ya Matsoho, le qadilwe ke Lefapha la naha la mesebetsi ya Setjhaba ho ntshetsa pele tsebo e hlokehang ya batjha sekethareng ya kaho
Mmuso wa demokerasi o beile maano a jwaloka Ejensi ya Naha ya Ntshetsopele ya Batjha (NYDA), eo mosebetsi wa yona ka molao eleng ho sebetsana le dintlha kaofela tse amang batjha, ho tloha ho lenao la ntshetsopele. 
NYDA e ile ya thewa ke mmuso ho arabela ka ho otloloha diphephetso tsa ekonomi tse tobaneng le batjha, mme hape jwalo ka Ejensi e fanang ka ditjhelete ya ntshetsopele, e matlafaditswe bakeng sa ho etsa polatefomo ya ho thewa ha mesebetsi, ntshetsopele ya tsebo ya mosebetsi, le ho fetisetswa ha tsebo ya mosebetsi batjheng ba Afrika Borwa.
Seabo sa Palamente Ntshetsopeleng ya Batjha
Ho tsebahatsweng ha sehlooho: “Palamente e kgathallang e phahamisang ntshetsopele ya batjha ho fihlella tokoloho ya ekonomi,”  Palamente e entse dipolatefomo tse fapaneng ho shebana le dintho tse amang batjha. 
Palamente e theile dikomiti tse latelang ho shebana le dintlha tse amang batjha:
Komiti ya Potefolio ho tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang
Komiti ya Tshebetso ho tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang. 
Dikomiti tsena di ikarabella tekolong ya tswelopele dinthong tse amang batjha mme di tlameha ho sebetsana le molao o fetisitsweng o amang batjha.
Palamente e na le matsapa a fapaneng a lebisitsweng ho disekethara tse fapafapaneng, mohlala, Palamente ya Batjha (e tshwarwang nakong ya Kgwedi ya Batjha) moo teng dintlha tse amang batjha di tshohlwang teng. Ho dumelletswe feela batjha ho nka karolo mme diketsahalo di lebisitswe ho bona. 
Molaotheo o tlama Palamente ho kenyelletsa setjhaba dinthong tseo e di etsang, kahoo batjha jwaloka karolo ya setjhaba ba mengwa kgafetsa ho nka karolo matsapeng a Palamente, a jwaloka dipuisano tsa nonyo ya maikutlo a Setjhaba, Puo ya Pulo ya Palamente le mananeo a mang ao ho fihlellwang ka ona setjhaba mmoho le a ho ba le seabo ha setjhaba. 
Ba ka boela hape ba etsa hore mantswe a bona a utlwahale ka ditlhahiso tsa molomo kapa tse ngotsweng.  
Batjha ba boetse e eba karolo ya setjhaba e ka yang Dikopanong tsa Dikomiti moo mosebetsi o moholo wa Palamente o etsahalang teng, mme batjha ba ka eta ha Palamente e dula ho hlwela maemo, ho iphumanela tsebo le ho imatlafatsa.
“Palamente ya Batjha: Ho nka Boikarabelo ba bokamoso”
