Keteko ya Batjha ba Aforika Borwa

Boitshetleho

Ka selemo sa 1974, puso ya kgatello e ile ya nka qeto ya ho boela e hlahisa molao oo Dr HF Verwoerd a ileng a leka ntle le katleho ho o kenya tshebetsong ka selemo sa 1953 ha a ne a tshwere seboka sa thuto. Puso ya nako eo e ile ya kenya ka kgatello molao  wa 50/50 wa hore puo ya Afrikaans ebe leleme le sebediswang bakeng sa ho ruta Matetise le  Thuto ya Phedisano, haele Saense, Mosebetsi wa lepolanka, Bonono le Botaki di rutwe ka Senyesemane. Matitjhere le batswadi e bile bona ba pele ho hanana le taba ena.  

Ka selemo sa 1975, Makgotla a Dikolo tse supileng a laela basebetsi ho se rute ka puo ya Afrikaans, e leng ho ileng ha qetella ho entse hore baduladitulo ba Makgotla ba lelekwe ke Lefapha la Thuto la Bantu.

Ka selemo sa 1976, lehloyo le mabapi le mokgwa wa tshebetso wa Thuto ya Bantu le ile la nna la hola. Tseleng e lebisang boitsekong ba kgwedi ya Phupjane ka di 16, baithuti ba Soweto ba ile ba ngola lepetjo le neng le ngotswe makenelong a se seng sa dikolo tse phahameng Kena ho Ithuta, Etswa ho ya Sebeletsa Setjhaba.

Ka kgwedi ya Hlakubele selemong seo puo ya Afrikaans e ne e se e kentswe ka kgatello e le puo ya ho ruta ho tse ding tsa dikolo tsa Soweto, le kgatello ya molao wa 50/50 e ne e se e qala ho phatlalla. 

Ka di 17 tsa kgwedi ya Motsheanong tse ding tsa dikolo tsa hlophisa ho ngala dithuto, ba batla hore puo ya Afrikaans e se sebediswe e le leleme la thuto. 

Ka kgwedi ya Phupjane, tse ding tsa dikolo tsa hana ho ngola dihlahlobo tsa Dithuto tsa Phedisano ka puo ya Afrikaans mme ba tshosetsa ka hore ba tla ngala dihlahlobo tsohle tsa kgwedi ya Phupjane.

Ka Sontaha sa la 13 kgweding ya Phupjane, ho ile ha tshwarwa kopano moo ho ileng ha qetwa ka hore mohwanto o lokela ho tshwarwa Soweto yohle ka la 16 le 17 Phupjane mme ho tla qetellwa ka mokoloko ka labohlano la la 18 Phupjane. Kopanong eo ya Sontaha seboka se bitswang ka hore ke Komiti ya Tshebetso sa Soweto (SAC) e ile ya thehwa, ka ditho tse pedi ho tswa ho sekolo ka seng dikolong tse phahameng tsa Soweto. Komiti e ile ya thehwa ho rera mohopolo o neng o se ikemiseditswe wa mohwanto wa kgotso. 
 
Komiti ya SAC le bohle ba tlileng kopanong ba ile ba nka kano ya ho boloka ditaba tseo e le sephiri ka di 13 tsa Phupjane, e le hore merero e se ke ya sitiswa ke dihlwela. Matsatsing a mararo ba ile ba tsebahatsa molaetsa mme ba fana ka ditaelo tse potlakileng tsa hore ho tla etsahalang ka letsatsi leo.

Hoseng ha letsatsi la Laboraro ka la 16 Phupjane ka selemo sa 1976, barutwana ho potoloha Soweto ba ile ba kopana dikgutlwaneng tse fetang 12 bakeng sa mohwanto.  Balaodi ba ile ba fana ka mabokose a pontsho a ngotsweng ka matsoho mapetjo a jwaloka Ha e theolwe puo ya Afrikaans le a reng Afrikaans ke puo e kgesang morabe.


Bohlokwa ba letsatsi la 16 Phupjane
Letsatsi lena le supa sehlohlolo sa kganano ka batjha ba Aforika Borwa e leng se qadileng pejana, sa tswela pele ho fihlela phihlello ya demokerasi ka selemo sa 1994. Boitseko ba Soweto,  ho tjheseha ha kganano ya batjha, ho ile ha susumelletsa letoto la dikganyetso tse ileng tsa fetolwa ho ba morusu ke baetapele ba kgatello. Batho ba bangata ba ile ba bolawa, ba makgolokgolo ba ile ba tshwarwa mme ba bangata ba tswa ka hara naha ho kenela mekgatlo ya dipolotiki e kotetsweng ka ntle ho naha. Bohlokwa ba letsatsi la di 16 tsa Phupjane ka selemo sa 1976 ke mohato wa leeto, le ho supa boitelo ba batho, maikemisetso a tokoloho le ho phela ha setjhaba.

Le fanne ka tshimoloho ya ntlafatso ya mokgwa wa tshebetso wa thuto o hlomphang seriti sa botho, phapano ya botjhaba, tokoloho ya ho kgetha le ho lwanela ho fihlella tekatekano.

Mosebetsi wa batjha ba dilemo tsa bo 70 o phehisitse ka ho sa lekanngweng ho bopa bokamoso ba naha ya rona. Jwaloka baetapele ba kamoso ba ile ba kgona ho hlalosa pheletso e ba lebileng le ho buisana ka motjha oo ba lokelang ke ho o latela. Ka ponelopele, tshebetso le boitelo ba bona ba ile ba kenya moya wa ho lwantsha puso ya kgatello, hoo qetellong ho tlisitseng tokoloho.

Batjha ba ntse ba tswela pele ho bapala karolo ya bohlokwa setjhabeng mme le puso ya demokerasi e ikemiseditse ho ntshetsa batjha pele, bao e leng baetapele ba kamoso le bahlokomedi ba tokoloho ya rona e hlotsweng ka thata. Ditabatabelo tsa batjha jwale di ntshetswa pele ke Lekgotla le letjha le theilweng la Ntshetsopele ya Batjha (YDA) e leng le nketseng sebaka Komishene ya naha ya Batjha le Letlole la Batjha la Umsobovu, jwaloka sebopeho sa puso sa ho shebana le ditaba tsa batjha. 

Diphephetso tsa Batjha
Batjha ba kajeno ba tobane le diphephetso tse ngata tse kenyelletsang ka hare tlhokeho e kgolo ya mosebetsi, tlala le tlolo tsa molao. Tlhokeho ya mosebetsi e atetse boholo ba batjha ka bophara, ho tloha ho ba materiki ho ya ho barutehi ba thuto ya boemo bo phahameng. 

Batjha ba Aforika Borwa ba boetse ba shebane le phephetso e tliswang ke mahloko a tsamaiswang ke thobalano le tshwaetso, ho kenyelletsa  le HIV/Aids. 

Malapa a etelletsweng pele ke batjha le bana a ntse a eketseha ka lebaka la ho hlokahala ha batswadi ka lebaka la ditlamorao tsa mahloko a nkang monyetla a amanang le HIV/AIDS, jwaloka TB.

Phephetso e ka sehloohong e tobaneng le naha ke ya ho hlokomedisa batjha ka boitshupo ba bona, ho ela hloko nalane ya bona le ho ba phahamisa moya ka hore ba rate naha ya bona. Ha re lekola ka ho sheba thahasello e bontshitsweng ke  batho ba batjha dikgethong tsa bone tsa demokerasi, ena ke ntwa e hlolwang. 

Menyetla ya Batjha
Puso ya temokerasi e beile metheo e jwaloka Leano la Ntshetsopele ya Naha la Batjha (NDA)   e fuweng  matla a ho sebetsana le ditaba tsohle tsa batjha, ho tloha ho maano a moralo ho ya ho ntshetsopele. Letona Ofising ya Moporesidente ke yena ya ikarabellang leanong lena.  Leano la NDA ke motheo o qadilweng ke mmuso ho arabela ka ho otloloha diphephetsong tsa moruo tseo batjha ba tobaneng le tsona, mme jwaloka letlole la ntshetsopele la ditjhelete le reretswe ho theha sebaka sa theho ya mesebetsi, ntshetsopele ya bokgoni, le phapanyetsano ya bokgoni bakeng sa batjha ba Aforika Borwa. 

Kelohloko le ho hatella bohlokwa ba thuto di bontshwa ke taba ya hore Thuto ya Motheo le Thuto e Phahameng di na le Matona a arohaneng, ho netefatsa hore maikarabelo a bona a elwa hloko.

Seabo sa Palamente Ntshetsopeleng ya Batjha
Palamente e na le dikomiti tse jwaloka Komiti ya Potefolio ya Ditaba tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang, le Komiti ya Tshebetso ya Ditaba tsa Basadi, Bana le Batho ba sa Itekanelang, tse lokelang ho sebetsana le ditaba tsa Batjha. Dikomiti tsena di ikarabella  ho tekolo ya tswelopele ditabeng tsa batjha mme di tlameha ho shebana le molao o amang batho ba batjha.

Palamente mosebetsing wa yona wa  phethahatso ho etsa melao, e fetisitse melao e mengata jwaloka Molao wa 2003 wa Phano ya Matla a Moruo ka ho otloloha ho Batho Batsho, Molao wa 1998 wa Ntshetsopele ya Bokgoni, le Molao wa Tekatekano ya Mesebetsi.

Palamente boikarabelong ba yona ba tekolo ya tswelopele, e etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong melawana e lokelang hoba melao e leng e kenyelletsang le e lebisitsweng ho batjha ba naha.

Batjha ba Aforika Borwa ba ka kenyelletswa jwang Palamenteng
Ho etsa hore Palamente e fihlellehe ha bobebe, ho na le lenane le bitswang ka hore ke Ho kopana le Ditho tsa Palamente moo batho ba batjha ba ka kopanang le setho se itseng sa Palamente ka ditaba tse hlokolotsi ho bona. Ba ka boela ba hlahisa maikutlo a bona ka ho bua kapa ho ngola ditlhahiso. 

Batjha ba boela ba etsa karolo ya setjhaba se etelang Dikopano tsa Dikomiti, e leng moo boholo ba mosebetsi wa Palamente bo etsahalang teng, ba ka boela ba eta ha Palaemente e dutse ho nka malebela ka ho sheba, ho eketsa tsebo le ho imatlafatsa.

Palamente e na le mehopolo e mengata eo sepheo sa yona e leng ho shebana le dikarolo tse fapafapaneng, mohlala, Palamente ya Batjha ( e tshwarwang ka Kgwedi ya Batjha) moo ho buuwang ka ditaba tse hlokolotsi tsa batjha le moo seabo e leng feela sa batho ba batjha, mme le tsamaiso e lebisitswe ho bona.

Molaotheo o tlama Palamente ho kenyelletsa setjhaba mesebetsing le diketsahalong tsa bona, kahoo batjha jwaloka karolo ya setjhaba ba menngwa kgafetsa ho nka karolo mehopolong ya Palamente, e jwaloka  Dikopano tsa Mmuso le Setjhaba, Puo ya Pulo ya Palamente le mananeo a mang a ho fihlella setjhaba le ho ba le seabo ha setjhaba.



Produced by the Public Education Office
Parliamentary Communication Services
INSPIRED BY PEOPLE

www.parliament.gov.za
P.O. Box 15, Cape Town, 8000
Telephone:	(021) 403 3341
Facsimile:	(021) 403 3303

Pamphitshana ena e fumaneha ka dipuo tsohle tse molaong tsa Aforika Borwa.
