BASADI LE PALAMENTE

1. HOBANENG HO LE BOHLOKWA HORE BASADI BA BE LE SEABO HO ETSWENG HA MOLAO?
Basadi ke karolo e fetang halofo ya baahi ba Afrika Borwa mme kahoo mantswe a bona a tlameha ho kenyeletswa ha ho nkuwa diqeto le ha ho etswa molao.                                                                                                                                                           

Ho kenyeletsa basadi ha ho nkuwa diqeto ke tokelo ya motheo ya botho. Basadi ba tlameha ho ba le seabo ho etsweng ha molao hobane ho kenngwa tshebetsong ha molao le meralo ya mmuso ho ama maphelo a bona a kamehla. Ho bohlokwa ho feta, dipatlisiso di bontshitse hore ha basadi ba na le seabo ho nkuweng ha diqeto, sena se lebisa ho eketseheng ha tsepamiso le ho ajwa ha disebediswa tse ntlafatsang boleng ba bophelo ba batho bohle.1 Ho eketseha ha ho ba le seabo ha basadi ho etsweng ha molao ho ka lebisa ntlafatsong ya phumantsho ya ditshebeletso tsa motheo tse kang phumantsho ya matlo, thuto le thekolohelo.  

2. BASADI BA KA BA LE SEABO JWANG HO ETSWENG HA MOLAO?
Molaotheo wa Afrika Borwa o re setjhaba se be le phihlello le seabo Palamenteng le tsamaisong ya yona. Ho na le ditsela tse fapaneng tseo sena se ka etswang kateng.  

Basadi ba ka ba le seabo ho etsweng ha molao ka ho kgetha mokga wa dipolotiki oo ba nahanang hore o ka emela tjhadimo le dingongoreho tsa bona hantle Palamenteng. Ba ka ba le seabo hape ho hlophiseng le ho sebeletsa mokga wa bona mme ba kgethwe makaleng a wona. Basadi ba phahamiseditswe maemong a hodimo ka tsela ena.  

Setjhaba se na le tokelo ya ho kenela dikopano tsa dikomiti le ho ba le seabo Dipuisanong tsa Setjhaba
. Ha taba e le e kgahlang setjhaba haholo
, Komiti ya Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi e ka nka qeto ya ho tshwara dipuisano tsa setjhaba kapa ya kopa ditlhahiso. Setjhaba se ka tsebisa Komiti kapa Komiti ya Tshebetso ka tjhebo ya sona tabeng eo ho ngangisanwang ka yona. Baahi ba setjhaba ba ka ikopanya le Setho sa Palamente ho hlalosa tjhadimo ya bona ya molao o itseng.


3. KE DIFE DIPEHELO TSA MOLAOTHEO TSE DUMELLANG HO BA LE SEABO HA BASADI?
Molaotheo wa Afrika Borwa o fana ka moralo wa ho kgothaletsa tekano ya bong, mme kahoo ho ba le seabo ha basadi ho etsweng ha molao. Molaotheo o na le dipehelo tse mmalwa tse ntshetsang pele tekano ya bong. Bili ya Ditokelo tsa Botho e tiisetsa tshwaro e lekaneng ya Maafrika Borwa wohle. E thibela kgethollo e nang le leeme ya morabe le bong. Bili ya Ditokelo e hatella hore ho nkuwe mehato ho ntshetsa pele phihlello ya tekano dikarolong tsohle tsa setjhaba.

Molaotheo o fana ka dipehelo ho ditheo tse tshehetsang demokerasi, le bakeng sa ho ba le seabo ha basadi. Tsena di kenyeletsa, hara tse ding, Khomishini ya Tekano ya Bong le Khomishini ya Ditokelo tsa Botho.

Ho tlatseletsa dipehelo tse entsweng Molaotheong, Afrika Borwa e itlamme ho tekano ya bong ka kakanelo ya yona ya dikopano tsa matjhaba tse kang Kopano ya Phediso ya Kgethollo ya Basadi (CEDAW) le mokgatlo o bitswang Platform of Action, e ileng ya thewa ke Kopano ya Beijing ya Basadi.  Afrika Borwa ke karolo ya mananetsamaiso a Afrika a ketso le ntshetsopele ya basadi, mohl. porotokholo ya bong le ntshetsopele ya Ntshetsopele ya Matjhaba a Afrika e ka Borwa (SADC).



4. KE MEKGATLO EFE EO E LENG SENOTLOLO SA BASADI SA HO BA LE SEABO HO ETSWENG HA MOLAO?

Tsela ya pele e bohlokwahadi eo basadi ba ka bang le seabo Palamenteng ke nakong ya dikgetho. Tsela eo batho ba kgethang ka yona dikgethong e susumetsa sebopeho sa Ntlo ya Seboka ya Naha le Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi. Dikgetho tsa naha di nea batho bohle ba dilemo tse ka hodima 18 tokelo ya ho kgetha mokga oo ba o ratang.  Basadi ba etsa karolo e kgolo ya bakgethi mme ba ka sebedisa tokelo ya ho kgetha ho susumetsa mokgwa oo Palamente e bopilweng ka wona, le kamoo setheo se beang ntshetsopele ya basadi ka sehlohong . 

Palamente ya bone e theile Dikomiti tse latelang ho sebetsa ka ho toba ditaba tse amang basadi:

Komiti ya Potefolio ya Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng 

Komiti ya Tshebetso ya Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng.  

Lefapha le letjha la Basadi, Bana, le Batho ba sa itekanelang mmeleng le theilwe ho matlafatsa tshebetso ya mmuso ya ho ntshetsa pele le ho sireletsa batho ba sa sireletsehang setjhabeng sa rona.


5. KE DIFE DIPHEPHETSO TSEO BASADI BA TOBANENG LE TSONA TSA HO BA LE SEABO HO ETSWENG HA MOLAO?
Leha bongata ba setjhaba sa Afrika Borwa e le basadi , basadi ba ntse ba etsa lenane le lenyane  ha ho etswa diqeto . Ho na le diphephetso tse ngata tse thibelang basadi ho ba le seabo se tletseng le ho utlwahala, mme e kgolo ka ho fetisisa ke bofuma.  Bofuma ke tshotleho e tobilweng ke basadi ba bangata ba Afrika Borwa, haholo basadi ba mahaeng. 

Phihlello ya ditshebeletso tsa motheo tse kang thuto, metsi le thekolohelo e susumeditswe ke ho se lekane ha bong, morabe le dikamano tsa sehlopha. Hore basadi ba be le seabo se tletseng ho etsweng ha molao, phihlello ya bona ya ditshebeletso tsa motheo e tlameha ho ntlafatswa. Basadi ba itlhophereng ba na le phihlello e sa lekanang ya ditheo tse etsang molao.

Bongata ba basadi ba hloka matlafatso ya moruo. Basadi ka setso ke bona sehlopha se futsanehileng ka ho fetisisa Afrika Borwa le ho se sebetse ka ho phethahala kapa ho se sebetse. Hodima moo, HIV/ AIDS e ama karolo e kgolo ya basadi, haholo basadi ba banyenyane ba dilemong tsa ho beleha. 

Dikgoka kgahlano le basadi ke bo bong bothata bo boholo ka ho fetisisa bo tobaneng le Afrika Borwa.

Demokerasi ya rona e holang e ntlafaditse phihlello ya basadi ya matla a dipolotiki le ho etsa diqeto. Afrika Borwa hape e fetisitse molao o reretsweng ho lokisa tekano ya bong. 

Phephetso ke ho etsa ditokelo di fihlellwe ke basadi bohle. 



6. HA JWALE BASADI BA EMETSWE HANTLE HO LE HOKAE PALAMENTENG?
Kemedi ya basadi ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha e eketsehile ho fihla ho 45%. Afrika Borwa e boemong ba boraro lefatsheng ho ya ka kemedi ya basadi Palamenteng. 

7. KE SEABO SEFE SEO BANNA BA KA SE BAPALANG?
Banna ba na le seabo sa bohlokwa ho phihlello ya tekano ya bong setjhabeng sa Afrika Borwa. Banna ba ntse ba eketseha ka bongata ho ema kgahlano le dikgoka ho basadi le bana. Banna ba tlameha ho susumetsa banna ba bang ho fetola maikutlo, mme ba hlomphe basadi. Banna le basadi ba na le seabo sa bohlokwa sa phetoho ya dikamano tsa bong setjhabeng. Ha ho setjhaba se ka lokolohang ka ho phethahala ho fihlela banna le basadi ba sona ba lokoloha le ho lekana, mme tabeng ena, banna le basadi ba na le boikarabelo bo lekanang. 

___________________________________________________________________

O ka bala ho tswela pele:

1 Molokomme, Representation of Women and Men in Politics and Decision-making Positions in SADC, 2001
___________________________________________________________________



DINOMORO TSA BOHLOKWA

Komiti ya Potefolio ya Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng 
Tel: (021) 403 3840

Komiti ya Tshebetso ya Basadi, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng 
Tel: (021) 403 3768

Lefapha la Basadi, Bana le Batho ba sa itekanelang mmeleng 
Tel: (012) 300 5575 / 5516 / (021) 464 2203


___________________________________________________________________


E hlahisitswe ke Lefapha la Kgokahano la Palamente 
E KGOTHALEDITSWE KE BATHO


www.parliament.gov.za
P.O. Box 15, Cape Town, 8000
Telephone: (021) 403 3341
Facsimile: (021) 403 3303


Phamfolete ena e a fumaneha ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Afrika Borwa 




