TOKOMANE YA BOHAHLAUDI BA PALAMENTE KA KHOMPYUTHA

SELELEKELA (FLASH INTRO)

Le amohelehile Palamenteng ya Afrika Borwa, Palamente ya mongwahakgolo wa 21!

Palamente ena ke ya batho! 

Tjhebelopele ya rona ke ho aha Palamente ya batho e phethahetseng e arabelang ditlhoko tsa bona le e susumetswang ke takatso ya ho netefatsa hore batho bohle ba Afrika Borwa ba fihlella bophelo bo botle:

Re ikitlaetsa ho netefatsa hore ka mananeo a rona ditjhaba tse qheletsweng ka thoko le tsona di a kenyelletswa.

Seabo sa Palamente le tabatabelo ya yona e kgolo ke ho emela le ho netefatsa mmuso wa batho tlasa Molaotheo.

Sena se fihlellwa ka ho atlehisa melao, ho bea diketso tsa mmuso leihlo, le ho kenyelletsa setjhaba tsamaisong ya Palamente.

Molaotheo ke molao o ka sehlohlolong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa mme o aha motheo bakeng sa setjhaba sa demokerasi le se bulehileng moo mmuso o thehilweng hodima ditabatabelo tsa batho mme moahi e mong le e mong a sireleditsweng ke molao ka ho lekana. 

E hlalosa makgabane le mekgwa bakeng sa taolo ya mmuso wa demokerasi o arabelang ditlhoko tsa batho.



Palamente e theilwe ka baemedi ba batho ba 400 ba kgethilweng ka bolokolohi bao  e leng ditho tsa Seboka sa Naha.

Diporofensi di emetswe Palamenteng ke Lekgotla la Naha la Diporofensi le botjwang ke baemedi ba leshome ho tswa porofensing ka nngwe.

Palamente ya demokerasi ya rona e na le nalane eo e leng motlotlo ka yona ya boemedi ba basadi.

Ha jwale basadi ba etsa palo e ka bang 43% ya Ditho.

Ho tloha ka 2009, ha jwale re maemong a boraro lefatsheng ha ho bolelwa ka palo ya baemedi ba basadi.

Palo ya baemedi ba basadi ka Palamenteng eo ho batlwang ho fihlellwa ho yona ke 50%. 

Ebile re na le palamente e sebetsang ka thata!

Palamente ya pele ya rona ya demokerasi ka 1994, jwalo ka ketso ya yona ya pele, e ile ya kgetha Mopresidente Nelson Mandela jwalo ka hlooho ya naha.

Ka la 24 Motsheanong 1994 Mopresidente Mandela o ile a fana ka Puo ya Pulo ya Palamente ya pele kopanong e kopanetsweng ke Dintlo tse pedi tsa Palamente ya pele e kgethuweng ka mokgwa wa demokerasi. 

Ho tloha mohlang oo Palamente e ile ya ananela Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ka 1996 mme ya atlehisa melao e fetang lekgolo e metjha!



Na ekaba o se o itokiseditse ho tsamaya ka hara mabota a palamente ena e kgemang le dinako? 

Ha re tsweleng pele ka leeto la rona ka hara Palamente ya Afrika Borwa!



Bohahlaudi bona ba khomputareng bo tsepame dibakeng tse tharo Palamenteng, e leng, Seboka sa Kgale, Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi.

Nka nako ho iphumanela haholwanyane ka dibaka tsena! …



Parliament Street

Ena ke Parliament Street. Matlo, e leng Seboka sa Naha, Lekgotla la Naha la Diprofensi, mmoho le Tuynhuys di fumaneha seterateng sena moo dikantoro tsa mmuso mmoho le moo dikantoro tsa Mekga ya dipolitiki e Palamenteng di fumanehang teng. Mopresidente o tsamaya Parliament Street ho leba Ntlong ya Seboka sa Naha ho fana ka Puo ya Pulo ya Palamente ya selemo le selemo ho seboka sa kopanelo sa matlo a mabedi a Palamente. Ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente, e tlwaelehileng ka ho bitswa “Pulo ya Palamente”, ka mahlakoreng a mabedi a Parliament Street ho ema Mekoloko ya Tlotlo. 

Slave Lodge 

Slave Lodge ke sebaka sa sehopotso le moo ho etswang mekete ya sehopotso. E ile ya ahwa ke Dutch East India Company ka 1679. E ne e sebediswa jwalo ka tulo ya Lekgotla la Keletso pele ho ahwa Palamente ya Kapa, hape e kile ya sebediswa jwalo ka moaho wa dikantoro tsa mmuso, Lekgotla le Phahameng, Poso le Moseamo wa Nalane ya Setso.

Ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente Mopresidente le mokoloko ba tsamaya hodima moseme o mofubedu ho tloha Slave Lodge ho ya Sebokeng sa Naha bakeng sa seboka sa kopanelo. 



Marks Building

Moaho wa Marks o fumaneha ho tobana le moaho wa Lekgotla la Naha la Diporofensi mmileng wa Parliament Street. Moaho wa Marks, o ahilweng ka 1904, ha jwale ke moaho wa mekga ya dipolitiki, le basebetsi ba yona. Nakong e fetileng o ne o sebediswa ke mokgatlo wa House of Delegates Palamenteng ya Matlo a mararo, pele ho selemo sa 1987. Palamente ya matlo a mararo (kapa ya makgotla a mararo) ya 1985 e ne e na le makgotla bakeng sa Makgowa, Makhalate le MaIntia empa e kgethollotse batho ba Batsho.



Africa House

Africa House e sebakeng se setle hara mabala a Palamente mme e tobane le Seboka sa Naha. E ne e sebediswa jwalo ka kantoro ya Mokomishinara e Moholo wa Borithane, jwale e se e le moaho wa Dikomiti tsa Kopanelo ho tsa Bohlwela le dikantoro tse ding tsa Palamente. 



Africa House 2

Ka hara Africa House ho na le sehlahiswa sa bonono sa kgale se entsweng hona mona: lebokoso le entsweng ka kutu ya sefate sa Mimosa sa boholo ba dilemo tse 350 se ileng sa fefolwa ke moya o matla o hlahang ka borwa-botjhabela ka 1892. Molamu wa tlotlo wa Sepikara sa Palamente o ile wa bolokwa ka hara lebokoso ka dilemo tse mashomeshome.( consider for a pop-up)



Stal Plein

“Stal” ka Sekgowa e bolela lesaka. Sebaka seo ho neng ho kenwa ho sona ho ya Stalplein, se rehilweng kamora masaka a Mmusisi wa Kapa, se ne se le ka Company Gardens e ka lehlakoreng la Tuynhuys, e qadileng e le moaho wa disebediswa tsa VOC e neng e tsejwa hape jwalo ka Dutch East India Company mme hamorao ya sebediswa ke Babusisi ba Kapa kaofela. Meaho e tlileng kamorao ya Palamente e se e atamelane jwalo ka ha dikarolo tse ntjha di ntse di ahwa, ho fihlella ka 1988 ha lehlakore le letjha leo e leng moaho wa ntlo ya Seboka sa Naha o fihla Tuynhuys. Ka nako eo Palamente e dutseng ka yona, Mopresidente o sebedisa Tuynhuys jwalo ka kantoro ya semmuso. Tuynhuys e tlasa taolo e ikemetseng ka ntle ho Palamente.



Ho kena Palamenteng ka Roeland Street 



Palamente haesale e bolela dintho tse fapaneng bathong ba fapaneng. Hekeng ya Roeland Street e kenang Palamenteng, seemahale se phahamisitsweng sa Mogenerale Louis Botha hangata se tlisa potso ena: Ho etsahalang ka bahale ba batjha ba setjhaba sa rona? Le ha ho le jwalo, seemahale sena ke sa Motsetoropo wa Kapa. Meedi ya Palamente e tshwailwe ka ho kampelwa ho thatikang le mmila wa Plein Street, le Company Gardens ka lehlakoreng le ka bophirimela. Heke ya Roeland Street e sebediswa ke ditho le bakeng sa ho kena dibakeng tseo ho bewang makoloi a Ditho tsa Palamente le basebetsi ba Palamente.





Lelakabe la Sehopotso

Ka nako ya mosebetsi wa pulo ya Palamente le diketsahalo tse ding tsa Mmuso, Lelakabe la Sehopotso le a tuka Palamenteng e le ho isa tlotlo ho bohle ba ileng ba lahlehelwa ke maphelo a bona dintweng tseo Afrika Borwa e lwanneng ho tsona. Mopresidente wa Afrika Borwa ke Molaodi e Moholo wa sesole.


Sebaka sa Baeti

Sebaka sa Baeti se fumanwa ka Posong ya Kgale eo e seng e le karolo ya meaho ya Palamente. Palamente e amohela baeti ba tswang hole le haufi mme baithuti bona ba amohelehile haholo. Baeti ba fetang 25 000 ba etela Palamenteng selemo le selemo. Baeti ba hloka hore ba hlahise boitsebiso ba semmuso pele ba ka dumellwa kahara Palamente. Ho eba maphathephathe haholo ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente (e bitswang hape ka hore ke pulo ya Palamente ya selemo le selemo) kapa ha Letona la tsa Ditjhelete le fana ka puo ya ditekanyetso tsa ditjhelete.

Poorthuis, heke ya setjhaba e kenang Palamenteng 

Poorthuis e tsejwang hape ka hore ke Gate House ke heke e lebisang Moahong wa Seboka sa Kgale. Motho o hloka hore a fete sepoleseng sa tshireletso ha a kena teng. Hang ha o le ka hare bohole bo kang dimitara tse 30 ho na le Keiskamma Tapestry (sheba Hotspot).

Sebaka se lebisang Ntlong ya Seboka sa Naha

Kamora ho hlwa ditepisi tse lebang monyako wa sebopeho se tsotehang wa moaho wa Seboka sa Naha, o hata fatshe moo ho kentsweng dithaele tsa mabole pele o kena ka Ntlong ya Seboka sa Naha. Sebaka sena sa ho kena se lebisa tlase monyakong wa Ditho. Ho na le ditepisi ka mahlokoreng a mabedi a monyako wa sebaka sa phomolo tse lebisang kalaneng ya setjhaba, kalaneng ya boraditaba, Sebaka sa Batlotlehi, le dikantorong. Ka nako ya Puo ya Pulo ya Palamente le maeto a Semmuso moseme o mofubedu o alwa ho ya feta sebakeng sa keno ho leba monyakong wa ditho.



Seboka sa Naha

Ntlo ena ke lehae la kopano ya ditherisano ya Seboka sa Naha le ya diboka tse kopanetsweng. Ha jwale, Ditho tsa Palamente tse 400 di kopanela mona ho atlehisa melao le ho bea leihlo diketso tsa mmuso. Mopresidente o dula ka lehlakoreng le letona la Sepikara, setulong se nang le letshwao la naha. Mokgatlo wa dipolitiki o moholo o dula ka ho le letona ho Sepikara mme mekgatlo e kgahlanong ka ho le letshehadi. Ke ka hara ntlo ena ka nako ya kgethollo moo Mopresidente FW de Klerk a ileng a etsa tsebiso ya ho bula molomo wa ANC le mekga e meng ya dipolotiki. Kamora matsatsi a robong, mohla 11 Hlakola 1990, Nelson Mandela a lokollwa tjhankaneng kamora nako e fetang dilemo tse 27. Moketeng o neng o ama maikutlo 1994, Ntate Mandela o ile a amohelwa jwalo ka Mopresidente wa pele wa Afrika Borwa ya kgethuweng ka mokgwa wa demokerasi.(maybe a link to the speech) 

Phodiyamo e ka pela setulo sa Sepikara e sebediswa ha ho etile babusi ba matjhaba a mang kapa ke Mopresidente kapa Matona a arabang dipotso. Ka nako ya dingangisano, kapa ha ditho di etsa puo hangata di sebedisa phodiyamo, empa ba ka fana ka tsebiso ya tshisinyo kapa ba botsa dipotso le ho hlahisa ntlha ya tokiso ba le ditulong tsa bona, tseo kaofela ha tsona di nang le dimaekrofoune. Ho na le mekgwa ya ho vouta e sebedisang thekenoloji setulong ka seng ho netefatsa ho vouta sephiring, empa mokga ka mong o kgona ho bona hore ke ba bakae ba bona ba voutetseng molao kapa kgahlanong le ona. 



Setulo sa Sepikara

Setulo sa Sepikara se fumaneha kalaneng e phahameng ka nqane ho Ntlo ya Seboka sa Naha. Ke hona mona moo Sepikara se laolang tsamaiso ya Ntlo.



Sepikara sa pele sa Palamente ya demokerasi, Dr Frene Ginwala, o ile a etsa ditlhophiso tsa hore mekga e menyane ya dipolitiki e be le ditulo tse ka pele, hore bakgethi kaofela ba kgone ho bona mekga eo ba e voutseng. Ha ho na le seboka se kopanetsweng sa Ntlo, mohlala, ha ho fanwa ka Puo ya Pulo ya Palamente, ho eketswa ditulo mahareng a dikarolo tse pedi ho etsa sebaka sa ho dula bakeng sa ditho tsa Lekgotla la Naha la Diprofensi.



Ntlo ya Seboka ya Kgale



Ntlo ya Seboka ya Kgale e ne e sebediswa ke Palamente ho tloha ha ho qala Yuniyone ka 1910, ho fihlella ha mmuso wa pele wa demokerasi o kgethwa ka 1994. Ka 1994 Palamente ya mehleng e ileng ya qhalwa ka hara Ntlo ena: ketso ya sesupo se bontshang ho fela ha molao wa Kgethollo(Apartheid), le melao ya yona. Ka 1961 Afrika Borwa e ile ya tswa Mokgatlong wa Dinaha tsa Selekane, ho ba Rephaboliki. Kamora dikgwedi tse nne Afrika Borwa e tswile Mokgatlong wa Dinaha tsa Selekane mme e bile Rephaboliki, Dimitri Tsafendas a bolaya, ka ho mo hlaba, Tonakgolo Dr Hendrik Verwoerd, moo a neng a dutse teng. 



Ntlo ena e se e sebedisetswa bakeng sa dimamelo tsa setjhaba, ho atlehisa melao le ho etsa mosebetsi wa Palamente wa ho bea leihlo. Hape e sebediswa jwalo ka moo ho kopanelwang teng bakeng sa diseminara, dikopano tsa dihlopha le dikomiti le dikopano tsa lekomo la ANC le Dimamelo tsa Setjhaba.


Phaposi ya ho jela e Old Assembly



Phaposi ya ho jela ya Seboka sa Kgale e ne e le karolo ya moaho wa pele wa 1885, o sebetsang jwalo ka Ntlo ya Seboka sa Ketsamelao sa Kapa. Kamora ho thehwa ha Yuniyone ka 1910, Ntlo ya Seboka e ile ya eketswa. Ntlo ya mmuso wa Kapa e ile ya eba phaposi ya ho jela ya ditho le baeti. Tonakgolo ya Borithane Harold MacMillan o ile a fana ka puo ya hae ya “Winds of Change” hona mona ka 1960, a tsebisa ka ho fumana tokoloho ha dinaha tsa Afrika tse tlasa puso ya Brithane.



Sebaka sa phomolo sa Lekgotla la Naha la Diprofensi

Sebaka sa phomolo sa Lekgotla la Naha la Diprofensi se ne se tsejwa jwalo ka Queen’s Hall e reilweng kamora Mofumahadi Victoria mme lebitso lena le ile la tlohelwa ho fihlella ka 1961. E ile ya bitswa Gallery Hall ka 1961 ha Afrika Borwa e ba Rephaboliki.



Foluru ya sebaka sa phomolo e tshwana hantle le mofuta wa dipaterone tsa seramiki tsa difoluru tsa mehleng ya Mofumahadi Victoria. 



Ntlo ya NCOP

Ntlo ena ya NCOP, eo e leng e nngwe ya meaho ya bohlokwa nalaneng ya molaotheo wa Afrika Borwa, e fa baahi ba diprofensi kaofela boemedi ka Palamenteng. Melao e amang diprofensi ho ngangisanwa ka yona le ho phethiswa ka ntlong ena. NCOP e na le ditho tse 10 ho tswa profensing ka nngwe – baemedi ba tsheletseng ba nako tsohle le ba bane ba ikgethang.



Ka hara ntlo ena, ditho di dula ho ya ka Profensi ya tsona mme ba vouta jwalo ka karolo ya profensi. Bakgethi ba na le voutu e fapaneng ya ho voutela ditho tsa Makgotla a Ketsamelao a Diprofensi tse robong, dilemo tse ding le tse ding tse hlano, ka lona letsatsi leo e leng la dikgetho tsa setjhaba. Profensi ka nngwe e na le letshwao la yona le bontshitsweng ka ntlong ya Lekgotla la Naha la Diprofensi. 



Tafole ya Mopresidente e nang le letshwao la naha NCOP



Ha Mopresidente a menngwe ho tla kopanong ya ditherisano Lekgotleng la Naha la Diprofensi, o dula ka moleng o ka pele ka ho le letona ho modulasetulo, setulong sa Mopresidente se nang le letshwao la naha le betlilweng ho sona. 



Kalana ya NCOP



Kalana ya NCOP e sebediswa ke Baeti ba Bohlokwa le setjhaba ha se etile Palamenteng. 



Letshwao la Naha

Letshwao la Naha la Afrika Borwa ke letshwao le ka sehlohlolong le bonwang la Naha. Bohareng bo bonahalang ba letshwao ke prothiya e kgolohadi, palesa ya naha, e emetseng kutlwano ya setjhaba, le naha e holang jwalo ka palesa. Ka hodima prothiya ho na le mmamolangwane ka mapheo a phukalletseng, le letsatsi le tjhabileng. Ditsebe tsa koro di bolela mobu o nonneng, ha manaka a tlou ya Afrika a bolela bohlale, matla le botsitso. 



Letshwao la Naha 2

Bohareng, thebe e bolela tshireletso ya MaAfrika Borwa ohle, tlase ke lerumo le koto, tse beilweng ho tiisetsa tshireletso ya kgotso empa e seng maikemisetso a ho lwana. Ka hara thebe ho na le ditshwantsho tsa MaKhoisan, batho ba pele ba ho dula naheng ena. Ditshwantsho tsena di nkuwe ho tswa Lejweng la Linton, e leng mohlala o tsejwang lefatshe ka bophara wa bonono ba majwe Afrika Borwa. Lepetjo le letshwaong la naha le bolela hore "batho ba fapaneng ba kopane", kapa "batho ba fapaneng ba kopane mmoho," ka puo ya MaKhoisan ya batho ba /Xam: !ke e:/xarra//ke  (provide link to parliamentary website for audio pronunciation?)

Heke ya Queen moahong wa NCOP

Heke ya Queen e fumaneha ka Palamenteng ya Kapa ya pele e neng e ahwe ka 1885. E ne e fana ka phihlello ka ntlong, pela heke ya Company Gardens. Company Gardens di fumane lebitso la tsona ho tswa ho Dutch East India Company eo ka 1652 e ileng ya romela Jan le Maria Van Riebeeck Kapa. Meaho e metjha e ile ya eketswa mabaleng a Palamente kamora hoba dibaka tse pedi tse neng di le tlasa puso ya Borithane (Kapa le Natala) le Diriphaboliki tsa Maburu tsa kgale (Transvaal le Orange Free State) di etse Yuniyone ya Afrika Borwa ka 1910.





Laeborari (ka thoko ho sebaka sa phomolo sa moaho wa NCOP)

Laeborari e fumaneha ho tloha sebakeng sa phomolo sa moaho wa NCOP. Ka1857 laeborari ka seqo e ile ya thehwa ka pokelletso ya dibuka tse neng di sebediswa ke Seboka sa Ketsamelao sa Kapa sa kgale le Lekgotla la Ketsamelao. Ka 1910, ka ho thehwa ha Yuniyone, pokello ena e ile ya e ba Laeborari ya Palamente. Ka 1919, dibuka tse hlokehang, ditshwantsho, dimmapa le metako di ile tsa eketswa, qetellong tsa eba Pokello e Ikgethang. 



Nakong e fetang dilemo tse 150 ho ekeditswe dibuka tse kgahlisang Laeboraring ena, ho kenyelletswa le pokelletso ya Sidney Mendelssohn. Ka 1917, o ile a fana ka pokelletso ya hae ya Africana, e nang le dintho tse         7 000, ho Palamente. Ho na le dibuka tse ka bang 200 000 ka laeboraring, ho kenyelletswa le direkoto tsa pelepele tsa Afrika Borwa le Afrika.  



Dintho tsa Bonono tsa Palamente 

Hara dintho tsa bonono tse bontshitsweng maboteng a moseamo ke mesebetsi ya bonono ya motaki, Francois Le Valliant. E ne e le motsamai wa MoFora ya tsamaileng maeto a mangata Kapa e botjhabela le e leboya mahareng a 1781 le 1784. 

Ditshwantsho tsena ke rekoto ya maeto ana.





Metako ena, dihlahiswa tsa bonono le pokello ya mafa a Palamenteng di bolokilwe, tsa rekotwa le ho hlokomelwa, ke kantoro ya bonono ya Palamente mme di ka fihlellwa ke setjhaba. Pokello ena e bohlokwa nalaneng ya naha, empa ha di emele batho le bonono bohle ba naha ena. Palamente e ikitlaetsa ho ba moemedi ho hlahiseng bonono bo emelang MaAfrika Borwa ohle. Mesebetsi ya bonono e metjha le e fapaneng e a batleha bakeng sa ho bontshwa ho etsa bonono ba Palamente karolo ya leeto, e seng mafellong a leeto.



Motako wa Keiskamma 

Motako wa Keiskamma o emetse pokelletso ya bataki, eseng motaki a le mong feela. Phetoho e bonahalang eka ke ya mohlolo mona Afrika Borwa e hlaloswa hantle ke Motako wa Keiskamma o leng ka hara moaho wa Seboka sa Kgale. Motako ona o bolelang nalane ya twantsho ya kgethollo Afrika Borwa o entswe ke basadi ba Kapa Botjhabela, mme o kenyeletsa ditshwantsho tse tswang dipampitshaneng tse fanang ka tlhahisolesedi ya dikgetho tseo di neng di fuwa bakgethi ba Afrika Borwa ha ho ne ho voutwa kgetlo la pele dikgethong tsa demokerasi.



Lekase la dipontsho le sebakeng se moahong o tlase, monyakong wa 2 wa GOLD CARD



Molamu wa tlotlo wa kgauta o fuweng Palamente ka 1963 ke Lekgotla la Dimaene la Transvaal le Orange Free State, o se o nketswe sebaka ke Molamu wa Tlotlo wa setjhaba. Hodima Molamu wa tlotlo ho na le buka e bulehileng (e emetseng Molaotheo), le moropa o bitsetsang baemedi ba setjhaba kopanong. 



Lekase la Dipontsho moahong o ka hodimo 

Dintho le makase a fapaneng di bontshitswe kgorong e kopaneng le moaho wa Lekgotla la Naha la Diprofensi. Molao o saennweng wa ho theha Yuniyone ya Afrika Borwa ka 1910 o bontshitswe, ka letshwao la borena, jwalo feela ka Molao wa 1961 wa ho theha Rephaboliki ya Afrika Borwa. 



Lekase la Dipontsho moahong o ka hodimo 

Setulo sena se ne se sebediswa ke Dipikara tsa Palamente ya Kapa mme hamorao, ke Seboka

Molamu wa tlotlo wa kgale o tshwana le o neng o sebediswa ke Ntlo ya Setjhaba(House of Commons) kwana Engelane. O ne o bewa hodima teresele hodima Tafole ya Seboka. 



Lekase la Dipontsho moahong o ka hodimo 

Sebakeng sena ho na le makase a fapaneng a nang le:

Die Stem

Pina ya setjhaba e ngotsweng ke CJ Langenhoven bakeng sa Yuniyone ya Afrika Borwa “Die Stem”, e bontshitswe mona, pela pampiri ya tlhompho e phuthetsweng ya bao ba ileng ba lahlehelwa ke maphelo dintweng tse pedi tsa lefatshe, le mabitso a masole a ba batsho a ngotsweng kamorao ho Dibuka tsa Sehopotso. 

Lekase la diwiki

Diwiki bakeng sa balaodi ba ntlo le bahlanka ba baholo ba dulang tafoleng tsa Seboka le Senate di ile tsa kgaotswa ka Pherekgong ka 1987 kamora seboka sa kopanelo sa Dikomiti tsa Melao e Ikemetseng le Tsamaiso, leha wiki ya ho qetela e ile ya aparwa ka 1994. 



MAKASE A DIPONTSHO A MANG

Majwe a manyenyane a tswang ngweding, a fuweng Afrika Borwa ke Mopresidente Richard Nixon, le ona a bontshitswe. 





