PUO YA PULO YA PALAMENTE
“Ho keteka letlotlo la tokoloho ka ho tiisa maqhama pakeng tsa Palamente le Batho”
Hlakola ke kgwedi e bohlokwa Palamenteng le Maafrika Borwa kaofela. Ke nako ya ho itlhahloba, ho nahanela pele le ho hlophisa ditlhoko tse ka sehlohlolong tsa naha ya rona. Selemong se seng le se seng ka Hlakola Puo ya Pulo ya Palamente e a etsahala, ha Mopresidente a bua le setjhaba jwalo ka hlooho ya naha.
Puo ya Pulo ya Palamente ke eng?
Puo ya Pulo ya Palamente, ha ho bulwa Palamente selemong se seng le se seng, ke puo e lebisitsweng setjhabeng ke Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. Puo e behwa Sebokeng sa Kopanelo sa Ntlo ya Seema sa Naha (NA) le Ntlo ya  Lekgotla la Naha la Diprovensi Palamenteng. E tsepame hodima maemo a jwale a dipolitiki le a setjhaba le moruo wa naha. Kopano e bitswa ke Mopresidente mme e tsamaiswa ke Sepikara sa Seboka sa Naha le Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovensi. Ke e nngwe ya diketsahalo tse sa atisang ho etsahala moo makala a mararo a mmuso, e leng Moifo wa Phethahatso, o emetsweng ke Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente le Matona: Lekgotla la Molao, le emetsweng ke Moahlodi e Moholo le Dipresidente tsa Boahlodi; le Ketsamelao, e emetsweng ke Ditho tsa Palamente (diMP), a kopanang kaofela sebakeng se le seng. Ditho tsa setjhaba le tsona di a mengwa Puong ya Pulo ya Palamente ho tla ba le seabo ketsahalong ena e nang le seabo sa bohlokwa kahong ya setjhaba sa rona. 
Hobaneng Puo ya Pulo ya Palamente e le Bohlokwa?
Puong ena, Mopresidente o totobatsa diphihlello le diphephetso tseo ho ileng ha tobanwa le tsona selemong se fetileng le ho rala mmapa bakeng sa selemo se hodimo. Puo ena e ama dipolitiki, moruo le ditaba tsa setjhaba mme hape le ho lekola maemo ka kakaretso a naha ya Afrika Borwa. E bolela ka maemo ka hara naha mmoho le dikamano tsa yona Afrika le mose. Puo ya Pulo ya Palamente ke mokgwa o bohlokwa wa ho tlalehela Palamente le setjhaba sa Afrika Borwa ka se etsahetseng selemong se fetileng le ho kenya setjhaba lenaneong la dipolotiki la selemo se tlang. Puo ya Pulo ya Palamente e ntse e le tsela ya ho keteka setjhaba sa rona le kaho ya setjhaba.
E etsahala neng?
Puo ya Pulo ya Palamente hangata e etsahala ka Hlakola. Leha ho le jwalo, ha ho na le dikgetho tsa kakaretso ho etswa dipuo tse pedi, ya pele e leng sesupo sa karolo ya ho qetela ya Palamente e tswang mme e nngwe kamora dikgetho, ha Mopresidente e motjha le Palamente ba amohelwa. Ntho e seng setlwaeding ka Hlakola 2010, Puo ya Pulo ya Palamente e ile ya tshwarwa bosiu ka kgetlo la pele, ho fa Maafrika Borwa a mangata monyetla wa ho shebella tsamaiso le ho mamela puo ya Mopresidente. Ka baka la phetoho ena, palo ya babohi ba thelevishene e ile ya ya hodimo ho tloha ho palo e ka bang dimiliyone tse pedi ya babohi ho isa ka tlasenyana ho palo ya dimiliyone tse nne tsa babohi.
Seabo sa setjhaba Puong ya Pulo ya Palamente
Ho nka seabo ha setjhaba ke karolo ya bohlokwa ya mokete ona. Ditho tsa setjhaba di a mengwa ho ba le seabo moketeng ona jwalo ka baeti ba Palamente. Baahi ba Afrika Borwa ho tswa ka makgalo ohle a Afrika Borwa le ho tswa provensing ka nngwe e ba karolo ya Mokoloko wa Tlotlo wa Bana le Basireletsi ba Setjhaba. Mokoloko wa basireletsi ba Setjhaba wa Tlotlo, o amohelang Mopresidente Palamenteng, o kenyelletsa le Maafrika Borwa a tlwaelehileng. Mokoloko wa ba Banyane wa Tlotlo o etswa ka bana ba fumanwang dikolong naheng ka bophara mme ba emela batjha, bao Maafrika Borwa a behileng bokamoso ho bona. Maafrika Borwa a ikgethileng hangata a mengwa ho ba karolo ya diketsahalo. Ba fumanwa diprovensing mme ke batho ba bileng le nyehelo e ikgethang naheng.
Puo ya Pulo ya Palamente le mosebetsi wa tekolo ya tswelopele wa Palamente 
Puo ya Pulo ya Palamente ke karolo e kgolo ya tekolo ya tswelopele le boikarabelo. Phephetso e kgolo ya demokrasi ke boholo boo Palamente e ka netefatsang hore mmuso o dula o ikarabela bathong. Tekolo ya tswelopele ke mosebetsi o fuweng Palamente ke Molaotheo ho beha leihlo le ho tataisa diketso tsa mmuso. Palamente e na le matlataelo a ho tataisa makala ohle a mmuso ho kenyelletswa le a diprovensing le a lehae hore:
Mmuso o be le boikarabelo ho balefi ba lekgetho
Tsamaiso tsa mmuso di be pepeneng le
Tshepo ya setjhaba mmusong e eketsehe.
Ha Palamente e etsa mosebetsi wa tekolo ya tswelopele e tsepama ho:
Kamoo melao e kenngwang tshebetsong ka teng
Kamoo ditekanyetso di sebedisitsweng ka teng le
Hore ebe mafapha a mmuso a tsamaiswa ka ho phethahala na.
Mosebetsi wa tekolo ya tswelopele o kenyelletsa tsamaiso e phethahetseng ya mafapha a mmuso bakeng sa ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso le ho fihlella boleng bo botle ba bophelo bakeng sa baahi bohle.
Puong ya Pulo ya Palamente, Mopresidente o lekola maemo a ditlhoko tsa setjhaba mme o theha ditabatabelo tsa maano le diphihlello bakeng sa selemo se hodimo. Ke ho ya ka ditabatabelo le diphihlello tsena moo Letona la Ditjhelete le hlahisang Ditekanyetso bakeng sa selemo se tlang, hangata ho ya mafelong a Hlakola. Ditabatabelo tsa maano le diphihlello tse ka sehlohlolong di ba karolo ya seo mmuso o tshwanelang ho se etsa selemong se tlang. Ke mokgwa oo Palamente e o sebedisang ho netefatsa hore mmuso o ba le boikarabelo bathong, ho seo o se fihlellang, le kamoo tjhelete e ajwang ka teng.
Ho etsahalang kamora Puo ya Pulo ya Palamente?
Kamora hore Puo ya Pulo ya Palamente e etswe, ho ngangisanwa ka yona ke Matlo a Palamente a mabedi. Mekga ya dipolitiki e fumana monyetla wa ho fana ka maikutlo a yona le ho botsa dipotso ditabeng tseo ho buuweng ka tsona puong eo. Dintlha tse ngongorehisang di a hlahiswa mme dibaka tsa bohlokwa tse amang naha di a totobatswa. Setjhaba se a mengwa ho ba teng le ho shebella phehisano ena jwalo ka ha ho etsahala ka dikopano tsohle tsa Palamente. Ka ho le leng, Mopresidente o arabela dintlha tse hlahisitsweng le dipotso tse botsitsweng ngangisanong.
Mookataba wa Palamente ke ofe bakeng sa selemo se?
Mookotaba wa Palamente bakeng sa selemo sa 2011 ke “Ho keteka letlotlo la tokoloho ka ho tiisa maqhama pakeng tsa Palamente le batho”. Selemong se seng le se seng Palamente e tsebahatsa mookotaba o kgothalletswang ke tsepamo ya mawa a Palamente. Naha ya demokrasi ya nnete e labalabela ho fumana matlataolo a yona bathong, ka dikgetho tsa nako le nako le ho ba le seabo ha setjhaba mekgwatsamaisong ya puso. Mookotaba o kgothalletsa phihlello ya bonkakarolo, boemedi le demokrasi ya molaotheo, mmo baahi ba nkang karolo ditabeng tsa ketsamelao le tekolong ya tswelopele. E tiisetsa mosebetsi wa Palamente, oo e leng ho emela batho le ho netefatsa puso ya batho tlasa Molaotheo. Mosebetsi wa Palamente le wa Ditho tsa yona o tlameha ho tsepama matlafatsong ya maqhama pakeng tsa batho le baemedi bao ba ba kgethileng. Tswelopele ya Palamente e itshetlehile ho beng le seabo ka mafolofolo ha baahi ba Afrika Borwa kaofela ho fana ka sesupo mosebetsing wa Ditho tsa Palamente tseo ba di kgethileng mmoho le institjhushini.
Setjhaba se ka nka seabo jwang Palamenteng?
Ho ba le seabo mokgwatsamaisong wa mokete wa Puo ya Pulo ya Palamente ke e nngwe ya ditsela tseo setjhaba se ka bang le seabo Palamenteng ya sona. Ho na le ditsela tse ding tsa ho nka seabo Palamenteng mme tsena di kenyelletsa ho vouta dikgethong, ho ba setho sa mokga wa dipolotiki, ho sebeletsa le ho ba setho sa mokgatlo wa boithaopo oo e seng wa mmuso, ho ikopanya le Ditho tsa Palamente, ho kenya ditlhahiso kapa dikemelo le ho romela mangolo a tletlebo Palamenteng.
Palamente e itlamme ho etsa hore e fihlellehe setjhabeng sa Afrika Borwa ka ho etsa menyetla bakeng sa ho ba le seabo ka tsela e utlwahalang le ho ba le seabo ha bohle: bana le basadi, ba tsebang ho ngola le ho bala kapa tjhe, ba sebetsang kapa ba sa sebetseng, ba itekanetseng mmeleng kapa ba sa itekanelang, ba fumanehileng (haholo ba dulang mahaeng), le ba bang: ho kopana le ho bolela maikutlo a bona ditabeng tse mabapi le ditlhoko tsa bona tsa motheo. Manane a itseng a jwalo ka Seboka sa Batho, Ho isa Palamente Bathong, Palamente ya Basadi le Palamente ya Batjha ke dibaka tseo kaofela ho ikemiseditsweng ho ikamahanya le setjhaba ho utlwa maikutlo a sona ka dintho tse bohlokwa ho sona. Palamente e batla ho hodisa ho ba le seabo ha setjhaba le ho ba le karolo ho tsamaisana le mookotaba wa selemo sena e leng “Ho keteka letlotlo la tokoloho ka ho tiisa maqhama pakeng tsa Palamente le Batho”.
Na o ka rata ho etela Palamenteng?
Kantoro ya Thuto ya Setjhaba ya Palamenteng e fana ka maeto a sa lefellweng Palamenteng le monyetla hore setjhaba se ka shebella diphehisano hodimo dikalaneng tsa Seema sa Naha le tsa Lekgotla la Naha la Diprovensi. Ditlhophiso di ka etswa bakeng sa hore setjhaba se kopane le Ditho tsa Palamente le ho etela Dimamelo tsa Maikutlo tsa Setjhaba kapa dikopano tsa Dikomiti. Ha o sa kgone ho tla Palamenteng, o ka etela websaete ya rona www.parliament.gov.za mme o etele Palamente ya rona ka ditshwantsho tsa moyeng o le sebakeng sefe kapa sefe sa lefatshe.
Bakeng sa lesedi le leng:
Ikopanye le:     Nhlanhla Mrwerwe
Mohala:		(021) 403 2266
Fekse:		(021) 403 3817 / 403 3303
Emeile:		nmrwerwe@parliament.gov.za
DINTLHA KA POTLAKO
1. Puo ya Pulo ya Palamente (SONA) e tla tshwarwa bosiu hape, ka la 10 Hlakola 2011.
2. Puo ya Pulo ya Palamente e tla arolwa ka dikoto tse tharo. Ya pele ke ho ba le seabo ha setjhaba ka Mokoloko wa Tlotlo wa Basireletsi ba Setjhaba ha ba amohela Mopresidente le baeti ba hae ha ba tsamaya hodima khaphete e kgubedu. Sena se latelwa ke mosebetsi wa mmuso o kenyelletsang tumediso ya dithunya tse 21 ya sesole le Sesole sa Moyeng se fofang hodimo mme qetellong e be puo e lebelletsweng haholo ya Mopresidente.
3. Ditho tsa Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Afrika Borwa (SANDF) se etsa mola tseleng eo Mopresidente a e nkang ho ya Palamenteng.
4. Sesole sa Tshireletso sa Tlotlo le sona se ba le seabo moketeng ona mme sehlopha sa mmino sa sesole se bapala pina ya setjhaba ya Afrika Borwa.
5. Tumediso ya dithunya tse 21 ya sesole e a thunngwa ho tlotla Hlooho ya Mmuso, folaga ya Naha, Hlooho ya Mmuso ya Naha e nngwe, leloko la  boreneng le Hlooho ya mehleng ya Mmuso .
TJHEBELOPELE
Ho aha Palamente e phethahetseng e arabelang ditlhoko tsa batho le e kgannwang ke tabatabelo ya ho fihlella boleng bo botle ba bophelo bakeng sa batho bohle ba Afrika Borwa.
