PUO YA PULO YA PALAMENTE YA MOPRESIDENTE WA AFRIKA BORWA, KGALEMA MOTLANTHE SEBOKENG SA KOPANELO SA PALAMENTE

Motse Kapa, 6 Hlakola 2009



Mme Spikara wa Seboka sa Naha; Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense; Mme Motlatsa Mopresidente; Motlatsa Spikara le Motlatsa Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense; Moahlodi e Moholo Langa; Motlatsa Mopresidente wa mehleng wa Rephaboliki ya Afrika Borwa le Mopresidente wa ANC; Ditonakgolo tsa diprofense; ditho tsa Kabinete le Dipikara tsa makgotla a ketsamelao a diprofense; Moahlodi e moholo wa mehleng le Bahlanka ba Baholo ba Palamente; Bahlomphehi, Manqosa le Bakomishinara ba Baholo le baeti ba kgabane ba matjhaba; baetapele ba kgabane ba mekga ya dipolitiki le Ditho tsa Palamente, Baetapele ba Setso; Mohlomphehi, Majoro wa Motsetoropo wa Motse Kapa; baetapele ba bodumedi le baemedi ba mekgatlo ya setjhaba; bomphato le metswalle; baeti ba kgethehileng, ke motlotlo ho fana ka puo ya Seboka sa Kopanelo sa Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa, tshimolohong ya mokgahlelo wa ho qetela wa Palamente ya Boraro ya Demokrasi ya rona.



Ke ema kapele ho batho ba Afrika Borwa ka boikokobetso ka monyetla oo ke bileng le ona wa ho dula setulo se hodimodimo naheng ka baka la diketsahalo tse kgethehileng tse hlahileng ha mokgatlo o etelletseng mmuso pele o nka qeto ya ho tlosa Mopresidente wa mehleng setulong.



Mosebetsi wa ka ke boikarabelo, nakong ya dikgwedi tse mmalwanyana, ba ho etella pele Lekgotla la Phethahatso la naha ho phethela matlataelo a filweng African National Congress dikgethong tsa 2004, le ho rala motheo bakeng sa tsamaiso kamora dikgetho.



Hore re ile ra kgona ho fetisetsa puso ho baetellipele ba bang kgweding tse hlano tse fetileng ntle le mathata tsamaisong ya mmuso ke sesupo sa matla a molaotheo wa rona, se bonahetseng, ka nqa e nngwe, ka tshebedisanommoho ya ditho tsa Lekgotla la Phethahatso, tsa kgale le tse ntjha, le tsamaiso e tsitsitseng ya baokamedi ba basebetsi ba mmuso. 



Ha re sheba morao lemong tse 15 tse fetileng, ke rata ho leboha boitelo le tshebetso e matla ya Bapresidente Nelson Mandela le Thabo Mbeki le bomme le bontate ba bangata ba bileng le seabo tsamaisong ya seketswana sena sa mmuso tlasa maemo a demokrasi: Lekgotleng la Phethahatso le tsamaisong, makgotleng a ketsamelao makaleng a mararo a mmuso le boahlodi, tse susumetswang ke tjantjello ya ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba MaAfrika Borwa.



Hodima dintho tsohle, ke ema ka pela lona ka boikgantsho le boitshepo ka hore Afrika Borwa eo re e ketekang kajeno – hole le dikarohano, dikgohlano le ho qhelelwa ka thoko ha dilemo tse 15 feela tse fetileng – ke sephetho sa tshebetso ya bomme le bontate ho tswa mahlakoreng ohle a bophelo. MaAfrika Borwa ana a emetse tshepo le mamello tseo e leng makgetha a setjhaba sa rona.





Hara serukgu sa MaAfrika Borwa a ipabotseng ho na le ditho tsa Palamente ya rona ya demokrasi tseo re bileng le bomadimabe ba hore di ye boyabatho ho tloha ngwahola ka Hlakola. Bona e bile Brian Bunting, Billy Nair, Ncumisa Kondlo, John Gomomo, Joe Nhlanhla, Cas Salojee, John Schippers le Jan van Eck.



Ho bona, ke rata ho eketsa Mof. Helen Suzman, MoAfrika Borwa ya kgethehileng, ya ileng a emela meetlo ya Palamente ya rona e ntjha Palamenteng ya kgale. 



Ke bona bana esita le baintshasehlabelo ba bang ba tlamehileng ho fumana tlotlo e kgolo ha re bolela re re, le ha naha ya rona e ka aparelwa ke mathata afe kapa afe a moruo, le ha mathata afe kapa afe a dipolitiki a ka aparela menahano ya rona nakong ya phetiso ya mmuso, naha ya rona e maemong a matle.



Le ha ho le jwalo, ha re a tshwanela ho shebela diphephetso tseo re tobaneng le tsona fatshe. Mathata a moruo a aparetseng lefatshe ka bophara ke pharela e kgolo moruong wa rona mabapi le tahlehelo ya mesebetsi le boleng ba bophelo ba batho ba borona. 



Bophelong, diqeaqeo tsa diphetoho tsa dipolitiki di ka hlahisa dipotso tse ngata ho feta dikarabo tse teng ha jwale.



Ka lebaka lena, ba bang ba rona ba ka nna ba ferekanngwa ke maqhubu ana a thetehang a pula ya difefo mme ba tshoha ha re tobane le difefo tsa moruo o thefulehang le maemo a dipolitiki a sa jeseng ditheohelang.



Empa leeto la rona ke la tshepo le mamello.



Ebile re ka ba ra re, ka mokgwa o sa lebellwang, dikarolo tse ngata tsa molaotheo wa rona di se di kile tsa sisinngwa nakong e sa tswa feta, mme e nngwe le e nngwe ya tsona e ile ya atleha tekolong ena ho bontsha hore demokrasi ya rona ehlile e na le mamello.



Demokrasi ya rona e tsitsitse. E ntse e matlafala ka hanyane, e tsheheditswe ke Molaotheo o ke keng wa lekanngwa le e meng lefatshe ka bophara.



Bonneteng, sefutho sa dingangisano tsa rona ka tsa dipolitiki nakong ena ya dikgetho, seo bohle re dumelang hore se tshwanetse hore se be le seriti le kgotso, ke tsela ya ho netefatsa ho ntshetsa pele polokeho le ho tebisa demokrasi ya rona.



Ke batho ba Afrika Borwa ba netefaditseng kgatelopele ya yona, ebile ke bona ba tlang ho sirelletsa demokrasi ya rona dilemong tse tlang.



Ntumelle, Mme Spikara le Modulasetulo, ke sa le ntlheng ena hore ke kgothalletse MaAfrika Borwa a leng dilemong tsa ho vouta ho ingodisetsa ho vouta mme ba voute dikgethong tse tlang tsa naha le tsa diprofense, hore re bope bokamoso ba rona ka borona. 





Sena re tshwanetse ho se etsa dikantorong tsa bomasepala tsatsi le leng le le leng la mosebetsi, pele lenane la bakgethi le kwalwa. Empa re tlamehile ho sebedisa monyetla o kgethehileng wa ho ingodisa mafelong a beke o behilweng ke Komishone e Ikemetseng ya Dikgetho ya Afrika Borwa, hosane le ka Sontaha, ka la 7 le 8 Hlakola.



Ke lakatsa hape ho nka monyetla ona wa ho bolela hore matsatsing a mmalwa a tlang ke tla qetella ditherisano le Komishone e Ikemetseng ya Dikgetho le Ditonakgolo tsa diprofense mme ke tsebise letsatsi la dikgetho.



Ditho tse kgabane; ke ka lebaka la MaAfrika Borwa re nang le demokrasi, bao ka la 27 Mmesa 1994, kgetlo la pele ka kopanelo, ba ileng ba nkela bokamoso ba bona diatleng tsa bona.



Ka ketsonyana ena feela empa e bohlokwa ya ho voutela mmuso wa batho bohle ba naha ya rona, re ile ra furalla bophelo ba kgale bo neng bo re theotse seriti sa botho kaofela ha rona.



Jwale ke tshwanelo mothating ona ho keteka dilemo tse 20 tsa kananelo ya  Declaration of the Organisation of African Unity’s Ad hoc Committee mabapi le Afrika e ka Borwa ka taba ya Afrika Bowa e ileng ya ananelwa ka Phato 1989 – e tsejwang haholo ka hore ke Harare Declaration. Kgato eo e entse motheo wa tumellano lefatshe ka bophara, ka United Nations, ka mokgwa  oo ditherisano di tshwanetseng ho tsamaiswa ka teng Afrika Borwa. Ka hare ho Afrika Borwa, sena se ile sa fana ka tlhahisoleseding dipuisanong tsa 1989 Conference for a Democratic Future, e ileng ya kopanya mmoho MaAfrika Borwa a mefuta yohle.



Tsena tsohle di ile tsa lebisa ditherisanong tse ileng tsa lebisa dikgethong tsa pele tsa demokrasi ka 1994.



Ntlheng ena, re tlamehile ho lebisa tlhompho ho mofu mopresidente wa African National Congress, Oliver Reginald Tambo, ya qadileng le ho etela mekgatlo ya nahakgolo le ya lefatshe ho fihlella se ileng sa e ba mosupatsela wa ho fihlella tharollo ya dikgohlano ka kgotso naheng ya rona.



Boitelo bona ba ho etsa moralo o tlang ho theha kgotso le poelano bakeng sa ntwa le kgohlano bo ile ba fedisetsa ruri boithetso ba dilemo tse lekgolo tse fetileng – ka mantswe a mang qeto e ileng ya nkuwa ka 1909 ya Kopano ya Naha, e ileng ya etella pele ho thehwa ha Kopano ya Afrika Borwa.



Leha kopano eo ile ya hlalosa bokgabane ba Afrika Borwa jwalo ka naha e ikemetseng jwalo ka ha re e tseba kajeno, empa hona ho entswe ka mokgwa wa kgatello le ho kotelwa ha merabe e meng.



Jwale he, kamora dilemo tse 15 tsa demokrasi ya rona, re ka tiisa ra re letswalo,  tshabo le lehloyo tseo dilemong tse 100 tse fetileng di ileng tsa hlola monahano o fosahetseng wa kgotso hara makoloneale di ne di se na motheo ebile di sa tshwanela ho ba teng hohang.



Letswalo leo le tshabo di ile tsa tlisa dilemo tse ngata tsa bohanapuso. Ka baka lena re lebisa tlhompho ho mora ya sebete wa batho ba borona, Solomon Kalushi Mahlangu, ya fanyehilweng dilemong tse 30 tse fetileng a le motlotlo ka  tsebo ya hore madi a hae a tla nwesetsa a be a hodise sefate sa tokoloho. Ka hoo ntumelleng hore ke bolele hore hara rona mona, Lucas Mahlangu, moena wa Kalushi, o teng o emetse lelapa labo.



Solomon Mahlangu o ne a ntshetsa pele moetlo wa bahale ba kgale, hara bona re ka qolla ba neng ba le tlasa Morena Cetshwayo eo, ka 1879, ba hlotseng sesole sa Brithane kwana Isandlwana, tshireletsong ya tokoloho ya bana ba thari e ntsho ba naha ya rona le boikemelo ba naha ya bona.



Ho tloha dilemong tse lekgolo le mashome a mararo tse fetileng ho fihlella jwale, re thabela ho boha tshepo le mamello tse neng di susumetsa dipelo tseo tse thata.



Ditsing tsa thuto, dikgohlano tsona tseo di ile tsa tsoselletsa bolwanedi ba tokoloho hara mariha a batang kamora ho kwalwa molomo ha mokgatlo o lwanelang tokoloho le ho kwallwa tjhankaneng ha boholo ba baetapele ba ba ona ba ka sehloohong.



Sehlopha sa baithuti ba itetseng se ile sa tswa mokgatlong wa Nusas mme sa theha Mokgatlo wa Baithuti wa Afrika Borwa (Saso) dilemong tse 40 tse fetileng.



Molokong ona ho na le baetapele ba pelepele ba Saso, ba kenyelletsang Strini Moodley, Professor Barney Pityana, Steve Biko, Onkgopotse Tiro, Harry Nengwekhulu, Themba Sono, Mapetla Mohapi, Mosiuoa Lekota, Johnny Issel le Mthuli ka Shezi ho qolla ba mmalwa feela. Ka ho ba le tjheseho nakong ya mathata, re a ba thoholetsa. Ntlheng ena, re lakatsa ho bolela hore hara rona mona kajeno re na le Pat Tlhagwana, motswala wa Onkgopotse Tiro, ya emetseng lelapa labo.



Mothating ona re lakatsa hape ho bolela ka mofu Ephraim Mogale, mothehi le mopresidente wa Mokgatlo wa Baithuti ba Afrika Borwa (Cosas) dilemong tse 30 tse fetileng, le dithaka tsa hae.



Sehopotsong se seholo sa baithuti bana ba kgale ho na le molaetsa wa moshwelella, e leng hore lenyora la tokoloho le tsebo le tuka haholo ho feta pele difubeng sa batjha ba rona.



Molaetsa wa diketso tsa bona tsa bohale o ntse o tiile le kajeno, jwalo ka ha o ne o le jwalo dilemong tse ngata tse fetileng, hore mmoho re tshwanela ho atisa meedi ya menyetla; hore kannete, ho ya ka mantswe a Tokomane ya Tokoloho, re bule haholo hofeta “mamati a thuto le setho.”



Re hopola mekgatlo ena le baetapele bana ho hatella moya wa tshepo le mamello o ileng wa susumetsa bolwanedi ba demokrasi le ha dintho tsohle di ne di bonahala di le lerotho; ho tiisa boikarabelo bo mahetleng a rona ho ntshetsa pele ditabatabelo tseo ba bangata itelletseng tsona, ba hana ho thijwa ke dikgopi le mathata.





Jwale he, Mme Spikara le mohlomphehi Modulasetulo, re tshwanetse ho ipotsa: Na ebe diketso tsa rona di bile le tshusumetso ho le hokae phetohong ya bophelo Afrika Borwa dilemong tse 15 ho tloha tswalong ya demokrasi ya rona, le hore na re kgonne jwang ho ntshetsa pele ntlafatso ya botho le seriti ho tloha ha re fuwa matlataelo a tsamaiso ya demokrasi ka 2004?



Re na le demokrasi e sebetsang hantle kajeno, e thehilweng hodima metheo ya ponaletso le e pontsheng, le dibaka tse ngata moo setjhaba se ka bang le seabo, le di-institjhushini tse ikemetseng tse fuweng matlataelo ke Molaotheo ho tshehetsa demokrasi.



Dilemong tse fetileng, re lekile ho ntlafatsa mekgwatsamaiso ya puso. Re thehile mekgwa e metle ya dikamano dipakeng tsa makala a mmuso ra ba ra ntlafatsa le tshebedisano mmoho kahare ho wona.



Ka sebele, mmuso o ka ba motlotlo ka hore o fetotse boemo ba Ditshebeletso tsa Setjhaba, boo bonneteng e leng sesupo sa ka moo setjhaba sa rona se leng ka teng.



Le ha ho le jwalo, le ha basadi ba etsa palo e ka bang 34% ditulong tse phahameng Ditshebeletsong tsa Setjhaba, sena e sa ntse e le dinyane feela ho ya ka dipehelo tsa tekatekano tseo re ipehetseng tsona.



Boemong ba makgotla a ketsamelao a naha le a diprofense, ho na le ditshupo tsa hore selemong sena setjhaba se tla feta palo ya 32% e emetseng basadi e ileng ya fihlellwa ka 2004 esita le palo ya 40% e fihlelletsweng ka 2006 dikgethong tsa mmuso wa selehae. Re tshepa hore mekga yohle ya dipolitiki e tla kenya letsoho tabeng ena ya bohlokwa ha e phethela manane a yona a bonkgetheng.



Leha kgatelopele e nngwe e se e entswe, ka 0,2% maemo ha a thabise mabapi le batho ba holofetseng ba sebetsang mmusong, papisong le 2% eo re ipehetseng yona. 



Dintlheng tsena tse pedi, lekala la poraefete lona le salletse morao haholo.



Mehato e mengatanya e kentswe tshebetsong ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya Ditshebeletso tsa Setjhaba, ho kenyelletswa tsamaiso ya ditjhelete, Thusong Centre Services le ntlafatso ya phano tsa ditshebeletso tse ding, dipitso esita le jwalo ka ha ho etsahala Lefapheng la Ditaba tsa Hae, ka boetapele bo matla. 



Le ha ho le jwalo, boholo bo ntse bo tlamehile hore bo etswe ho ntlafatsa mekgwa ya phano ya ditshebeletso le ho rupella basebetsi ba bang ba mmuso, haholoholo bana ba sebetsang ba buisana le setjhaba ka kotloloho.



Jwalo ka ha ditho tse kgabane di tseba, mmuso wa rona o entse twantsho ya manyofonyofo e nngwe ya dintho tse tlamehang ho shebisiswa. Sena se bonahala, hara tse ding, melaong e laolang basebetsi ba mmuso le boradipolitiki ka ho tshwana, tshebedisano mmoho ya mekgatlo ya setjhaba le ya kgwebo, ho kenyelletswa le dinomoro tsa mehala ya twantsho ya manyofonyofo. 



Ho ka nna ha etsahala hore mekgwa ya thibelo le kotlo ya manyofonyofo ha e matla haholo, empa ho ya ka tjhebo ya mekgwatsamaiso ya mmuso, re ka itshedisa ka hore dinyewe tse fetang 70% tsa manyofonyofo tse tlalehilweng ditabeng di tsebilwe hobane mmuso o utollotse boitshwaro bo bobe mme wa bo nkela mehato.      



  

Lekala la poraefete le lona le tjamelane le tsona diphephetso tsena. Qetellong, phephetso ke e mabapi le taolo jwalo feela le ha e le ka matla a ho e kenya tshebetsong ka nako tsohle.



Ditho tse kgabane, ke tiisitse ha ke re re a dumellana hore bophelo bo botle ba setjhaba sa rona, ka ho hlokolosi, bo itshetlehile hodima kgatelopele eo re e etsang ho hodiseng matlotlo a naha le ho netefatsa hore melemo ya kgolo ya moruo e abelwa batho ka kakaretso.



Ke ntho e tsejwang ke bohle hore, kamora ho kgineha ha moruo mafelong a dilemo tsa bo1980 le pejana ka bo1990, Afrika Borwa e bile le nako e telele eo ka yona moruo o ileng wa hola, ho tloha ha esale ho etswa dipalopalo ka ntho tse kang tsena ka 1940.



Dilemong tsa pele tse leshome tsa tokoloho, kgolo ya moruo ebile kaalo ka 3% ka selemo, mme sena sa ntlafala ho ya ho 5% selemo le selemo ho tloha ka 2004 ho isa ho 2007.



Leha palo ya bareki e hodile, e susumetswa ke keketseho ya mesebetsi le meputso esita le infoleishene e tlase le sekgahla sa tswala, e bile le seabo ntlheng ena, re kgothatswa ke bongata ba menyetla bakeng sa kgolo e tswelang pele.



Tsena di kenyelletsa, ntlheng ya pele, sekgahla se hodimo sa matsete se hlahang setjhabeng le lekaleng la poraefete.  Ntlheng ena, dilemong tse hlano tse fetileng, re ne re le ho 16% ya tjhelete yohle e tsitsitseng eo e leng karolo ya tjhelete yohle ya naha, GDP. Seo e bile sekgahla se hodimo sa kgolo ya matsete hoo kajeno lenane lena le leng ho 22%, haufi haholo le 25% eo re neng re lebelletse ho e fihlella ka 2014. Sena ke karolwana feela ya sephetho sa mananeo a mmuso a ho eketsa moralomotheo wa setjhaba.



Ke ka lebaka la maano a ho ntlafatsa maemo bakeng sa matsete a hlahang lekaleng la poraefete, le ho etsa maano a ditjhelete ka mokgwa o eketsang phihlello ya ditshebeletso le ho fokotsa morwalo wa infoleishene hammoho le ho netefatsa botsitso le boitjaro ba moruo.



Tjhadimo diphetohong tsa moruo dilemong tse leshome tse fetileng, le matsapa, haholo ho tloha ka 2004, a ho tlosa ditshitiso tsa mefutafuta ho thusitse ho tlisa diphetho tse thabisang.



Ke mothating ona moo Accelerated and Shared Growth Initiative, Asgisa, e kenngwang tshebetsong, ho netefatsa hore ditshitiso tsohle tse jwalo ka bothata ba moralotheo, maano le mananeo a kopantsweng a indasteri, diphephetso tsa boqhetseke, dithitiso tsa melao le phano e ntle ya ditshebeletso tsa mmuso di lokiswa ka mogwa o tsepameng le o motle.



Moruo wa rona o bulehile haholwanyane, mme ho tloha ka 1994 o ntse o ba le seabo moruong wa lefatshe. Di-institjhushini tsa rona tsa ditjhelete di behile mohlala o motle, e leng hona ho re tshirelleditseng mathateng a moruo a aparetseng lefatshe ka bophara.



Empa, phihlello ya tsona setjhabeng sa rona e ka tlase haholo ho se lebelletsweng. Moruo wa rona o itshetlehile haholo merafong le temong bakeng sa diyantle. Ka ntle ho lekala la ditshebeletso, ha re eso bone ho hola ho hokaalo makaleng a bohlokowa, jwalo ka tlhahisong.



Ka mokgwa oo, sekgahla sa ho hola ha diyantle ha se a phahama jwalo ka dinaheng tse tshwanang le ya rona. Ke bofokodi bona bo bakileng tlhokeho e kgolo ya ditjhelete, haholo ha moruo o hola haholo. Mme ka hobane re na le sekgahla se tlase sa poloko ya tjhelete, re ile ra tlameha ho tshepela tjheleteng ya nakwana ho lefa molato hammoho le mananeo a rona a matsete.



Tsena ke diphephetso tseo naha ya rona e tlamehileng ho sebetsana le tsona ha nako e tsamaya.



Potso eo e leng ya bohlokwa haholo ke ena: Ke eng, hantlentle, seo ho hola ha moruo e tlamehang ho ba sona? Matlotlo a etsetswa ho ntlafatsa boleng ba bophelo. Jwale, taba ya hore matlotlo a abelanwa ka ho lekana e tshwanela ho ba tshiya ditabeng tsohle tsa moruo.



Ho leng bohlokwa ke hore kabelano ya melemo ya kgolo ya moruo e tshwanela ho tsamaisana le ho fumaneha ha mesebetsi, ho netefatsa hore ho na le mesebetsi e nang le seriti. Kannte, ke taba e kgahlisang ya hore dipakeng tsa 1995 le 2003, moruo o ile wa thea mesebetsi e metjha e miliyone le halofo, jwale ho kgahlisang le ho feta ke mesebetsi e ka bang 500 000 ka selemo dipakeng tsa 2004 le 2007.



Nakong ena ya morao, kgetlo la pele ho tloha mohla re neng re fumana demokrasi, mesebetsi e mengata e ile ya thehwa ho feta palo ya batho ba batlang mosebetsi, ka mokgwa oo palo ya batho ba sa sebetseng ya fokotseha ka 31% ho tloha ka 2003 ho isa ho 23% ka 2007.



Ehlile, ha re a tlameha ho tswa lekoteng boitlamong ba rona ba ho lekola boleng ba mesebetsi ena, ho kenyelleditswe le ditokelo le melemo eo basebetsi ba e fumanang.



Kabelano ya melemo ya kgolo ya moruo e tshwanetse ho kenyelletsa ho kenngwa tshebetsong ka potlako ha tekanyo ya menyetla mesebetsing, ho kenyelletswa le matlafatso ya batho ba batsho moruong, BBEE.



Sena ha se ho tsekella ho latela leano la kgethollo ka mmala. Bonneteng, naha e sa dumelleng baahi ba yona ho nka seabo ntlheng tsohle tsa moruo e ke ke ya fihlella bokgoni ba yona kaofela.



Taba ya hore lekala la poraefete le salletse morao ho fetoleng phano ya mesebetsi maemong a bookamedi le boqhetseke, ntshetsopeleng ya kgwebo jwalojwalo, ka lehlakoreng le leng ho etsa hore naha ya rona e salle morao haholo kgolong ya moruo.



Kabelano ya melemo ya moruo e boela e bolela tshebetso e ntle le e lekanang ya naha tshebedisong ya tjhelete e le mokgwa wa ho kabobotjha le karolelano ya bothata ba ho fana ka dithepa tsa setjhaba.



Ditho tse kgabane di a tseba ka dintlha tse ngata tse amanang le dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba. Ke tla qolla mehlala hape ho hlakisa mefuta ya kgatelopele eo re e entseng le diphephetso tseo re tobaneng le tsona.



Mmuso o a tseba hore bofuma bo ntse bo le bongata haholo setjhabeng sa rona, mme le maemo a bosiyo ba tekatekano a hodimo haholo.



Re entse ka hohle kamoo re ka kgonang ka teng dilemong tse 15 tse fetileng ho hlasela mathata ana ka dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba. Ho qotsa mosebetsi o entsweng ke sehlopha sa dirutehi tsa Yunivesithi ya Stellenbosch, se etelletsweng pele ke Moprofesara Servaas van der Berg:



“Firstly, money-metric poverty declined substantially since the turn of the century. The reduction is to a large extent due to a dramatic expansion in social grants expenditure from 2002 onwards. This improvement is mirrored in acess to basic services – a rapid decline in asset poverty even preceded the decline in money-metric poverty. Secondly, although the reductions in poverty have been substantial, aggregate inequality increased during the 1990s. Thirdly, the dynamics underlying the poverty and inequality trends determine the broad policy outlook ... [P]poverty has decreased since the transition, but … inequality has not improved.”



Among households that include children (defined as those aged 17 and younger), the number of households reporting that a child went hungry declined dramatically (from just over 31 per cent to 16 per cent) between 2002 and 2006. This suggests that the poverty situation has improved remarkably, particularly among people experiencing the greatest degree of welfare deprivation. The prevalence of hunger among children has virtually halved over four years.  (This is from Poverty since transition: What we know, p25 by Prof van der Berg of Stellenbosch)



Ka nnete, kelohloko ena e tiiswa ke dipatlisiso tsa rona, se bontshang hore moputso wa bafumanehi, haholo hara Maafrika le makhalate, bo theohile, ka baka la phano e phahameng ya mesebetsi le phihlello ya dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba. Ha palo ya batho ba fumamang dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba e ne e le dimiliyone tse 2,5 ka 1999, ka 2008 e ne e eketsehile ka dimiliyone tse 12,4.



Sena ke ka lebaka la katoloso e kgolo ya phihlello ya Tjhelete ya Tshehetso ya Bana, e eketsehileng ho tloha bathong ba 34 000 ba fumantshitsweng thuso ka 1999 ho isa ho ba dimiliyone tse 8,1 ka 2008.



Jwalo ka thuso e lebisitsweng tjheleteng ya meputso ya bafumanehi, tabatabelo ya ho etsa menyetla ya mesebetsi e miliyone e le nngwe ka Lenaneo la Mesebetsi e Atolotsweng ya Setjhaba (Expanded Public Works Programme) e ile ya fihlellwa ka 2008, selemo pele ho nako e neng e lebelletswe tlasa matlataelo a behilweng ke bakgethi. Sena se entse hore ho be le kgonahalo ya ho hodisa lenaneo lena ho be ho ntlafatswe le boleng ba lona.



Mabapi le phihlello ya ditshebeletso tsa mantlha ke malapa, dipalopalo di a ipolela. Mohlala, phihlello ya metsi a nowang e ntlafaditswe ho tloha ho 62% ka 1996 ho isa ho 88% ka 2008.



Bopaki ba dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba bo ka bonwa ka ntlafatso e kgolo e entsweng mabapi le phihlello ya dibaka tsa phano ya bophelo bo botle. Diperesente tse mashome a robong a metso e mehlano tsa Maafrika Borwa jwale di dula bohole bo sa feteng 5km ho tloha dibakeng tsa phano ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle, ebile re bolellwa hore ditleliniki tsohle jwale di se di na le metsi a nowang. Tshebeletso ya thibelo ya mahloko baneng e eketsehile butlebutle ho fihla ho 85%, mme ditlaleho tsa lefu la malaria le tsona di theohile haholo.



Re boela re thabiswa ke ho utlwa hore diphuputso ka lefu la HIV di bontsha botsitso le ho theotheoha ha sekgahla sa tshwaetsano.

Ho feta moo, lenaneo la rona la phano ya meriana e lwantshang tshwaetso ke le leholo lefatsheng ka bophara, ebile le ntse le hola ka nako tsohle, ka bakudi ba fetang 690 000 ba seng ba qadile ho fuwa thuso ya meriana e lwantshwang tshwaetso ho tloha mohlang lenaneo lena le neng le qala.



Empa dibaka tse ngata tsa bophelo bo botle ha di na meriana e hlokehang, palo e tshwanetseng ya basebetsi, le phano e tsitsitsenng ya ditshebeletso tse tshwanang le metsi a ka tlung le motlakase. Dibakeng tse ding, tsamaiso e mpe mme le boitshwaro ba basebetsi bo hloka ho ntlafatswa.



Thutong, re bone phokotseho ya palo ya baithuti ho matitjhere, phihlello e kgolo ka hohle dikolong tsa poraemari, le ntlafatso mabapi le palo ya baithuti ba atlehang dithutong tsa dipalo, ho qolla mehlala e mmalwa feela.



Mothating ona, ho entswe matsapa a maholo ho ntlafatsa moralomotheo dibakeng tse fumanehileng.



Ka nnete, re a tseba hore ho itokolla ha baithuti dikolong, haholo dikolong tse phahameng le diyunivesithing, ho hodimo ka mokgwa o sa amoheleheng, mme le mokgwa wa thuto o sa ntse o lebelletswe ho hlahisa boqhetseke bo hlokwang ke setjhaba.



Hodima moo, tsela ya tshebetso, mabapi le ho ruta le ho ithuta, e bontsha tswelopele ya dikarohano tsa setjhaba tsa mehleng ya kgale ka mokgwa o sa jeseng ditheohelang.



Se makatsang ke hore, hona moo thuto e hlokehang haholo ho fedisa bofuma, ke hona moo moralomotheo, tsamaiso le bokgoni ba matitjhere di sa kgahliseng teng.



Mananeo a setjhaba a Mmuso le ona a ntlafaditse thepa ya ba fumanehileng, ka mokgwa wa matlo, ka dimiliyone tse 2,6 tsa matlo a tsheheditsweng ka ditjhelete a fanweng.



Re tshwanetse, ka sebele, ho ananela hore Lenaneo la Kabobotjha ya Mobu (Land Redistribution Programme) hammoho le tshehetso e fuwang batho kamora hore ba kene dibakeng tseo, di ka be di ile tsa etswa ka mokgwa o potlakileng o bile o le motle. 



Ka kakaretso, re motlotlo ka dikgatelopele tsa mananeo a rona a setjhaba, empa re ke ke ra ikgotsofatsa feela ka bongata ba diphetoho.



E ka ba thutong, bophelong bo botle, matlong, metsi kapa tlhweko, tabataba e re tobileng tsatsing le leng le le leng ke hore na re ka ntlafatsa boleng ba ditshebeletso tsena jwang. Ntlheng ena re sa ntse re na le tsela e telele eo re tlamehileng ho e tsamaya.



Ditho tse kgabane, sewa sa botlokotsebe e sa ntse e le lebaka le leholo la ho hloka tshireletso ho MaAfrika Borwa. Kamehla, dibakeng tsa bafumanehi le barui ka ho tshwana, ho na le tshabo mabapi le ho hlaselwa ka ho hlekefetswa.



Ka hara di-institjhushini tsa setjhaba le tsa poraefete, taba ya hore ho ka etsahala hore ho be le morero wa ho utswa thepa ka manyofonyofo ke ntho eo re dulang re e hlokometse.      

       

Ka nnete, sekgahla sa botlokotsebe ka kakaretso, so ileng sa ehlwa mekwalaba ka 2002, se ntse se e ya se fokotseha. Mefuta yohle ya dipalopalo e ka qollwa ho paka taba ena.



Empa re a tseba hore phokotso ena ha e a potlaka ka ho lekaneng, le ha e le ka palo ya 7% ho isa ho 10% eo re ipehetseng yona mabapi le mefuta e itseng ya botlokotsebe. Ntlha ya hore diketsahalo tsa ho tshwara poho ka mahahapa malapeng le dikgwebong di ntse di phahama, le botlokotsebe mabapi le basadi le bana ha bo eso theohe ka mokgwa o kgotsofatsang, ke taba e ngongorehisang haholo.



Sena se bontsha bofokodi dibakeng tseo re dulang ho tsona, haholo ha re aha dikamano tsa tshebedisano mmoho ya setjhaba tse tlang ho re thusa ho thibela le ho lwantsha botlokotsebe setjhabeng. E bontsha bofokodi tsamaisong ya toka naheng ya rona, ho tloha diphuphutsong tsa botlokotsebe ho isa tshokollong ya batshwaruwa. E bontsha bofokodi ba tsamaiso e ntle ya makgotla a dinyewe, mabapi le disebediswa tsa tekgeniki le meralomotheo e meng esita le bookamedi. Tsena ke dintho tseo mosebetsi wa ntlafatso ya tsamaiso ya toka o seng o qadile ho di lokisa.



Empa, le ha re itshwaya diphoso tjena, ha re a tlameha ho lebala hore tsamaiso eo re e sekasekang ke ya toka e ikgantshang ka ho ba e ntle ka ho fetisisa e kileng ya e ba teng naheng ya rona.



Sena ke ka lebaka la diphetoho tseo di-institjhushini tsena di bileng le tsona, mabapi le ditumelo tsa tsona tse itshetlehileng ka ditokelo tsa botho, mofuta wa batho ba sebetsang teng esita le mekgwa ya tsona ya boikarabello.



Empa ha re se keng ra ithetsa: Jwalo ka bophelo ba rona ka kakaretso setjhabeng, diphetoho tsena di sa ntse di le tshimolohong. Ho sa le hole ka pele.



Ke a tshepa hore ditho tse kgabane di tla dumela hore botho ba demokrasi ya rona bo tshwanela ho bonahala ka sekgahla seo re hlokomelang ba kotsing ka hara setjhaba.



Ntlheng ena, ka molao, ka dikopano tsa matjhaba, ka taolo le matsholo, re netefaditse hore ho etswe matsapa a ho ntlafatsa maemo a bana, basadi, dikowa le batsofe.



Ka matsholo a tshehetso le ka baka la tshebedisano mmoho eo re e thehileng le mekgatlo e emetseng dihlopha tsena tse kotsing, re ntlafaditse tlhokomediso mabapi le dintho tse ba amang, ra ba ra kgothalletsa le ho beha dingongoreho tsena sehlohlolong.



Ke ntho eo re ka bang motlotlo ka yona, ho tea mohlala, ya hore malapa a etelletsweng pele ke ba batshehadi a fumane dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba tse tomanyana ho fata tse tlwaelehileng, ho kenyelleditswe le matlo le phano ya bophelo bo botle, le hore hara mananeo a atlehileng ho na le matsholo a thibelo ya mafu baneng esita le phepo e ntle.



Empa phumano ya mesebetsi e hlile e thata haholo basading ba mahaeng, batjheng le dikoweng. HIV e thefula haholo barwetsaneng. Tlhekefetso kgahlanong le basadi le bana e batla e phahame haholo.



Tsena kaofela ke mesebetsi ya nako e tlang.



Mme Spikara le Modulasetulo ya kgabane, ena ke e meng ya mehlala ya dikgatelopele tseo demokrasi e di tlisitseng esita le kgatelopele ya mmuso ntshetsopeleng ya matlataelo a bakgethi. Ha ho potang, ka mokgwa ofe kapa ofe, hore tswelopele e entsweng haesale ho tloha ka 1994 e a kgahlisa, empa le teng ha ho qeaqeo hore diphephetso tsona di sa le ngata.



Ke tshwanelo hore re ikgopotse temoso ya Mopresidente wa rona wa mehleng Nelson Mandela mabapi le tshepo le mamello, tswelopele le phetoho, tse hlahellang bukeng e phetang ka bophelo ba hae, Long Walk to Freedom:      



I have walked that long road to freedom. I have tried no to falter; I have made missteps along the way. But I have discovered the secret that after climbing a great hill, one only finds that there are many more hills to climb. I have taken a moment here to rest, to steal a view of the glorious vista that surrounds me, to look back on the distance I have come. But I can rest only for a moment, for with freedom comes responsibilities, and I dare not linger, for my long walk is not yet ended.



Dikgweding tse mmalwa ho tloha jwale, batho ba naha ya rona ba tla bolela hore na ke boetapele bofe boo ba batlang hore bo ntshetse pele mosebetsi o babatsehang wa sekwankwetla sena sa molwanedi wa tokoloho le bathehi ba bang ba demokrasi ya rona.



Leha mekgwa ya rona ya ho etsa dintho e ka fapana, ditabatabelo tseo re tlamehileng ho di fihlella di hlakisitswe le ho qaqiswa Molaotheong wa rona, e leng ho aha setjhaba se kopaneng, se se nang kgethollo ya mmala, kgethollo ka bong le demokrasi e nang le seabo kahong ya lefatshe le letle.



Dilemong tse tsheletseng tse fetileng, baetapele ba rona ba ile ba dula majwana Sebokeng sa Kgolo le Ntshetsopele mme ba dumellana ka mesebetsi eo bohle re tshwanelang ho e etsa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba Maafrika Borwa, haholoholo ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi le bofuma ka halofo selemong sa 2014. Mesebetsi oo o akaretsa:



ho theha mesebetsi e mengata, e ntlafetseng ebile e hlompheha bakeng sa bohle,  ka ho eketsa matsete, mananeo a mesebetsi ya setjhaba, metjha ya tshebedisano le bahwebi, ho reka lapeng, ho ntshetsa pele bahwebi ba banyenyane esita le papatso le tshehetso ya tshebedisanommoho pakeng tsa bahwebi ba banyenyane;

ho rarolla phephetso ya ho tsetela ka ho ntlafatsa poloko, ho tlosa ka tsela e nepahetseng ditjhelete ho tswa matloleng a dipenshene, matlo, dinyehelo tsa lekala la ditjhelete le Matlafatso ya batho ba Batsho Moruong;

ho ntshetsa pele tekatekano, ho ntshetsa pele boqhetseke, ho theha menyetla ya moruo le ho eketsa ditshebeletso; le

tshebetso lapeng esita le ho kenngwa tshebetsong ha ntshetsopele, e kenyelletsang phano ya moralomothe le ditshebeletso tsa mantlha.  



Ke na le bonnete ba hore hodima sepheo seo ke seng ke se boletse, Maafrika Borwa a ke ke a hanana le nna mabapi le tlhoko ya ho ntlafatsa thuto ya rona; ho fana ka ditshebeletso tse ntlafetseng di bile di lekalekana tsa bophelo bo botle; ho ntshetsa pele dibaka tsa rona tsa mahaeng le ho netefatsa tshireletso ya dijo; le ho matlafatsa ntwa kgahlanong le botlokotsebe le bobodu.



Ke qolla dintlha tsena e se hobane ke tsona feela kapa hona hore re tla rarolla mathata ohle a setjhaba sa rona. Ke mpa ke kgethile ho etsa jwalo ho toboketsa ntlha ya hore Afrika Borwa ha e na bofuma ba tjhebelopele. Phephetso ya rona ke ho fetolela tjhebelopele ya rona ho mananeo le diporojeke tse tla kenngwa tshebetsong ka nepo.



Ditabatabelo tsena di arolelanwa ke batho bohle, jwalo ka ha re bona ho Millennium Development Goals ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng. Le ha ho le jwalo, kajeno re tobane le kotsi ya hore phihlello ya ditabatabelo tsena e ka busetswa morao ka dilemo tse ngata, tse ka balwang ka mashome, ka lebaka la qaka ya moruo e aparetseng lefatshe.



Se qadileng e le qaka ya ditjhelete hara diinstitjhushini tse mmalwa tse adimanang ka tjhelete, se fetohile sekolotohadi se nang le ditlamorao tse mpe dihlahisweng le kgwebisanong lefatshe ka bophara. 



Re ka tletleba ka meharo, ho hloka ponelopele esita le bohlaswa ba baokamedi ba dikgwebo tse kgolo e le tsona tse potlakisitseng pharela ena. Re ka seholla dipholisi tsa mebuso e ileng ya ya le kgongwana hodimo ya ba ya dumella dilaesense tse hlokang taolo tsa mebaraka ho putlamisa ditjhelete. Re ka di etsa tsena kaofela, mme re ke ke ra tshwauwa phoso.



Le ha ho le jwalo, morero wa sebele mosebetsing wa rona ke ho amohela ditlamorao tsa diketsahalo tsena bakeng sa moruo wa rona esita le lebatowa la rona, mme re be le mawa a ho fokotsa kgatello, haholo makaleng a kotsing setjhabeng sa rona.



Seo re se tsebang ke hore maemo a taolo naheng ya rona le dipholisi tse sa potoloheng tsa dibajete tseo re di sebedisang, di re thusitse ho qoba kgatello e mpe ka ho fetisisa ya qaka e teng.



Empa re a tseba bohle hore ka lebaka la ho kena haholo moruong wa lefatshe, sekgahla sa tlhokeho ya diantle tsa rona e fokotsehile; phumano ya tjhelete le diphaello tsa ditjhelete kgwebong di mpefetse; phokotseho ya sekgahla sa tlhokeho e nyotobeditse tlhahiso; ho thehwa ha mesebetsi ho thefulehile mme makaleng a mang phokotso ya basebetsi ke ntho e teng.



Mathata ana a kopane le nako eo e leng hore infoleishene le sekgahla sa tswala ya tjhelete di ntse di le hodimo haholo. Jwale re leboha Mmusisi wa Banka ya Risefe, ya ileng a di theola ka 1% maobane.



Mathata ana ha a se a kopane a mpefatsa pokello ya ditjhelete tsa lekgetho eo re e hlokang bakeng sa ho eketsa phano ya ditshebeletso le ho kenya tshebetsong diporojeke tsa rona tsa moralomotheo. Kahoo, re qobellehile ho fokotsa ponelopele ya rona ya kgolo le ho thehwa ha mesebetsi.



Re a tseba hape hore Afrika Borwa ha e a thefuleha jwaloka dinaha tse ding. Le jwale, nakong eo ba bang ba leng kgatellong ya nakwana ya moruo kapa ba bonela kgatello pele, Afrika Borwa le kontinente yohle di ntse di le boemong ba kgolo ya moruo, le ha e le e monyebe.



Ntlheng ena, ditho tse hlomphehang, ke thabo ho nna ho tlaleha hore dipuisanong tsa Moifo wa Kantoro ya Mopresidente le baetapele ba mekgatlo e fapaneng e sebedisanang le rona setjhabeng, re dumellane ka ho rala mawa a ho kena dipakeng e le ho fokotsa pharela ena setjhabeng sa rona. Setlamo se shebaneng mosebetsi ona se ntse se tshwere ka thata, mme mekgwa e latelang ya dikarabo tse batsi e ntse e tshohlwa.



Ntlheng ya pele, mmuso o tla tswela pele ho tsetela diporojekeng tsa setjhaba, tseo boleng ba tsona bo eketsehileng ho fihla dibilioneng tse R690 bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang. Tabeng ena, ha ho hlokeha, re tla fumana mawa a ho bokella matlole.



Sena se tla kenyelletsa tshehetso ka diinstitjhushine tsa rona tsa ditjhelete tsa ntshetsopele le tjhelete ya kadimo ho tswa dikgwebong tsa matjhaba, le tshebedisano mmoho le lekala la poraefete le tshebediso ya ditjhelete tse laolwang ke basebetsi, jwalo ka matlole a dipenshene.



Ntlheng ya bobedi, re tla matlafatsa mananeo a phano ya mesebetsi setjhabeng. Ka hlakoreng le leng, meralo ya ho eketsa phano ya mesebetsi mafapheng a bophelo bo botle, tshebeletso tsa setjhaba, thuto le a sepolesa, e tla tswela pele. Ha ka ho le leng re tla potlakisa qalo ya mokgahlelo o latelang wa Mananeo a Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba.



Ntlheng ya boraro, mehato e bobebe e ka nkuwa ke lekala la poraefete ho fokotsa le ho lwantsha sekgahla sa phokotseho ya matsete le ho kwalwa ho sa hlokeheng ha dibaka tsa tlhahiso.



Mmuso, ka lehlakoreng la wona, o tla fetola tshehetso ya ditjhelete diindastering le ditsiane ho thusa ho tobana le diphephetso tsa makala a fapaneng, le ho kgothatsa diinstitjhushine tsa ntshetsopele ditjheleteng ho thusa dikgwebo tse tsietsing ka lebaka la mathata a ditjhelete.



Tsela tse fapafapaneng, ho ena le ho ntshuwa ha nakwana kapa ho heletswa mosebetsing, di tla lekolwa, ho kenyelletsa matsatsi a phomolo a malelele, thupelo e,ekeditsweng, nako e kgutshwane le karolelano ya mosebetsi. Sena se tla kopanngwa le kgothaletso ya letsholo la Ho Ba Motlotlo ka Boafrika Borwa le ho nka mehato e boima kgahlanong le thepa e kenang naheng ntle le molao.



Ntlheng ya bone, mmuso o tla ntshetsa pele le ho hodisa ditshenyehelo tsa setjhaba, ho kenyeletsa le katoloso e tswelang pele ya phano ya Tshehetso ya Tjhelete ya Bana ho ya baneng ba dilemo tse 18, le ho fokotsa dilemo tsa ho fumana penshene ya botsofe ho fihla ho 60 banneng. Le jwale, jwaloka ha ke tlo ba le dilemo tse 60 monongwaha, ke tla ba dilemong tsa ho beha meja fatshe.



Hodima moo, re tla sebedisa ka bobatsi Letlole la Thuso ya Batho ba kojwana di mahetleng le mehato ya tshireletso ya dijo esita le ho shebana le batho ba sa sireletswang ke Letlole la Enshorense ya ba sa Sebetseng kapa ba sebedisitseng tjhelete ya bona kaofela.



Re tla tswela pele ho beha leihlo diphephetso tsa tlhodisano e sa nepahalang hara ba bang ba bahwebi ba rona. Tabeng ena, re lakatsa ho thoholetsa Komishone ya Tlhodisano ka ho tiisa letsoho ho netefatsa hore ba tlolang molao ba a qoswa.



Re a tshepa hore mekgatlo ya setjhaba e tla ntlafatsa boemo ba mafolofolo a yona ho netefatsa hara tse ding, hore ha tjhelete e tsetelwang e fokotseha, setjhaba sohle se una molemo.



Mehato ena ya jwale e tla laolwa ke motheo wa leano le sa potoloheng la tjhelete ya mmuso. Le ha ho le jwalo, re tla netefatsa hore maemo a kadimo a mmuso a hlokolotsi mme ke a nako e telele. Sena se bolela hape phokotso e potlakileng ya maemo a sekoloto sa mmuso neng kapa neng ha maemo a ntlafala.



Matsapa a rona a tla boela a laolwa ke kananelo e lekanyang tshireletso ya tikoloho le phokotso ya tshusumetso ya phetoho ya tlelaemete mme a ka nna a thusa ho theha mesebetsi.



Dikopanong tsa G20 le dipuisanong le mekgatlo e fapaneng, mmuso wa rona o tseka hore ho be le metjha e lokileng ya ho kena dipakeng ka potlako, haholo dinaheng tse tswetseng pele e leng moo pharela e qadileng teng ebile e le hona moo e mpefetseng ka ho fetisisa. Re tshepa hore nako e fihlile jwale ya ho matlafatsa melao le taolo ya tsamaiso ya tjhelete lapeng; empa ho feta moo, leihlo le ntjhotjho le kgato e matla lefatshe ka bophara, di ke ke tsa qojwa, e bile di a hlokeha.



Ka potlako, re tlameha ho sireletsa seriti sa tsamaiso ya kgwebisano lefatsheng, re phethele ditherisano tsa jwale tsa kgwebisano ya lefatshe tsa Doha Round, mme re netefatse hore thuso ya ntshetsopele ha e fokotswe.



Thuto ya moshwelella malebeleng ana ke hore re hloka tshebedisano mmoho e matla hara bahwebi moruong wa lapeng le lefatshe ka bophara, e seng feela ho fokotsa sekgahla sa bothata bo teng, empa le ho beha mehato e tla thibela ho iphetapheta ha bothata bo teng ha jwale.



Naheng ya rona, re tla tsitlallela dikgato tsena e le karolo ya mehato ya ho beha setjhaba sa habo rona motjheng o hodimo wa kgolo le ntshetsopele. Nako ya ho fihlella motjha o hodimo e batla e lelefetse, empa ha re qeaqee hore motsotso oo o tla fihla, ho se ho se hokae. 



Tabeng ena, tsela eo re behang naha ya rona boemong ba ho nka menyetla e ikgethileng eo re e fumanang, e bohlokwahadi. Mona ke bua ke qolla Mohope wa Lefatshe wa Fifa ka 2010 esita le Mohope wa Bompodi ba Dikontinente dikgweding tse mmalwa tse tlang. Ho teng ke hore diporojeke le merero e phethetswe kapa e mathuleng a ho phethelwa - ho tloha mabaleng a dipapadi, ditseleng, mehatong ya tshireletso, dintlheng tse amanang le bodulo, ho ya mererong ya bophelo bo botle le ya bojaki - e leng se netefatsang tshepo eo lelapa la bolo ya maoto lefatshe ka bophara le nang le yona hore ya rona, e tla ba thonamente e atlehileng ka nnete.

Re bile re a tshepa hore ka mora tlholo tse hlano tse latelanang, sehlopha sa naha jwale se itshepa ho feta hore se ka bapala ho feta ka moo ho lebelletsweng!



Empa ho feta mona, letlotlo la nnete la sena se kgahlisang le tla ba bokgoning ba rona ba ho bontsha kamohelo e mofuthu le botho ba Maafrika Borwa le Maafrika - ho fetolela ruri, maikutlo ka naha ya rona le kontinente ya rona bathong ba  lefatshe ka bophara. Sena se itshetlehile ho rona bohle, mme ha ho tjhelete e ka se rekang!



Ntlheng ena re lakatsa thoholetsa dihlopha tsohle tsa rona tsa dipapadi tse bontshitseng boitshepo ba Afrika Borwa ho tsitlallela ho ipabola nakong ya ngwahola. Thoholetso e ikgethileng re e lebisa ho sehlopha sa rona sa kerikete se hlwelletseng qhoweng mananeng a lefatshe.



Le jwale re bomampodi ba lefatshe ba rakebi; Giniel de Villiers le sehlopha sa hae ba hapile Dakar Rally; sehlopha sa rona sa diolimpiki tsa dikowa se ntse se tswela pele ho re etsa motlotlo; mme sehlopha sa rona sa bolo ya maoto sa ba dilemo tse ka tlase ho 20 se sebeditse hantle haholo tlhodisanong e neng e le boemong bo phahameng ka ho fetisisa.



Mme Sepikara le Modulasetulo ya kgabane, dibekeng tse pedi tse fetileng, Afrika Borwa e phethetse mmoho le Mali karolo ya disiu tsa poloko ya ditokomane e le ho boloke dingolwa tse sa phatlalatswang tsa kgale tsa Timbuktu. Lefa lena le nonneng le supa Afrika e le mokolokotwane wa mahlale le dingolwa, filosofi le kgwebo, tse ileng tsa sitiswa ke kgwebisano ya bokgoba le ho mamarelwa ha leruo la Afrika. Qalo ena e tlameha ho re fa tjantjello ya ho sebedisana mmoho le dinaha tse ding kontinenteng ya rona esita le mafatsheng a hole ho ntlafatsa maemo a batho.



Le jwale, dilemong tse 15 tse fetileng, re sebeditse ka thata ho netefatsa hore Afrika e ba le ntjhafatso ho seo e tlamehang ho ba Mongwahakgolo wa Afrika. Butle-butle ntle ho qeaqeo, kontinente ya rona e tswela pele ka tsosoloso ya yona, ditabatabelo tsa batho ba yona di fihlile sehlohlolong sa manane a baetapele ba yona, ho netefatsa tshepo le botsitso ba yona lefatsheng.



Ke sena feela se etsang hore re tsitlallele ho thusa batho ba Zimbabwe ho fumana tharollo ya moshwelella bothateng bo teng naheng eo. Ntlheng ena re lakatsa ho thoholetsa mekga yohle ya Zimbabwe ka ho phethela ditherisano, ba fana ka moputso oo e leng kgale o labalabelwa ke batho ba naha eo le karolo yohle e ka Borwa ba kontinente: ke hore, mmuso o tsitsitseng o bile o le molaong, o sebeletsa ho fedisa diphephetso tseo batho ba tobaneng le tsona. Re thabile haholo hore maobane palamente ya Zimbabwe e ananetse Sehlomathiso sa 19 sa molaotheo, se behang motheo wa tlhomamiso ya mmuso o akaretsang bohle. Re qolla re bile re leboha motsamaisi wa SADC, e leng Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki, le sehlopha se sebeditseng ka thata le ka mamello ho thusa phethelong ya mosebetsi ka katleho.



Jwale mosebetsi wa kahobotjha o ka qala ka botshepehi, mme re malala-a-laotswe Afrika Borwa ho thusa moo re ka kgonang. Ntlheng ena, ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho thusa ho sebetsana le bothata ba ditlhoko tsa botho naheng eo. Re tshepa hore ka lebaka la kgathallo, dinaha tsa matjhabeng di tla thusana le batho ba Zimbabwe ha ba qala bophelo bo motjha.



Re boela re kgothatswa ke hore, le ha lefufa le bonahala e le makgetha a tswelopele ya batho ba Rephaboliki ya Demokerasi ya Congo tseleng ya bona ya ho ya botsitsong le katlehong, tswelopele eo ha e angwe ke leqophe.



Selekane se qadilweng nakwaneng e sa tswa feta dipakeng tsa boetapele ba DRC le Rwanda, e tshepisa ho ntshetsa pele ditaba tsa polokeho le ho sebetsana le pharela ya ditlhoko tsa botho, empa re tshepa hore le dipuisanong tsa sepolotiki. Ka mokgwa o tshwanang, re tla tswela pele ho sebetsa le dinaha tse ding esita le Kopano ya Dinaha tsa Afrika ho ntshetsa pele dipheo tsena Burundi, Sudan, Sahara e Bophirima, Cote d’Ivoire, Somalia le dibakeng tse ding. 



Jwalo ka ha re bone ka dintshetsopele tse fapaneng dikgweding tse mmalwa tse fetileng, Afrika Borwa e tla sebedisa monyetla wa bodulasetulo ba SADC ho matlafatsa mokgatlo ona o bohlokwahadi lebatoweng, e toboketsa haholo ho kenya tshebetsong diqeto tsa kopano le ho hatisa mawa a momahaneng a lebatowa.



Ka yona nako eo, re tla ntlafatsa tshebedisano ya SADC le Mebaraka e Tlwaelehileng ya Afrika e ka Botjhabela le Borwa, Comesa, le Mokgatlo wa Afrika Botjhabelo, EAC. Mehato ena ya mathomo e tla etswa ho eketsa e seng ho fokodisa matla a dikamano tse tebileng tseo re nang le tsona ka hara Kopano ya Ditefello tsa Thepa e Kenang le e Tswang ya Afrika e ka Borwa, SACU.



Mothating ona re lakatsa ho thoholetsa batho le boetapele ba Zambia, Ghana, le ba Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika ka dikgetho, tseo letshwao la tsona le tshelang meedi e mesesane ya dinaha tsa bona. Re tla dula ka dinako tsohle re batla ho matlafatsa tshebedisano mmoho le dinaha tsena le tse ding ho tsitlallela ho ntshetsa pele tse ntle bakeng sa botho.



Ke monyetla ho rona hore monongwaha re phethela mekete ya mengwaha ya pele e leshome ya tshebedisano mmoho ya mmuso wa rona le Rephaboliki ya Batho ya China. Dilemong tsena ho ile ha hlaka ho feta pele hore ho na le melemo e ka fumanwang ke mahlakore ka bobedi selekaneng sa rona.



Re lakatsa hape ho tiisa boitelo ba rona dikamanong tse ntle tseo re di qadileng le Brazil le India ka thuso ya Ibsa, le ka matlafatso ya maqhama ao naha ya rona e ntseng e a theha le Russia le dinaha tse Asia le tse Botjhabela Hare, le tsa Selatini le Amerika Leboya.



Ke ka makgetlokgetlo re hlahisa ngongoreho ya rona ka tswello ya kgohlano e Botjhabela Hare ka kakaretso, haholoholo Iseraele le Palesetina. Botebo ba phoqeho ya rona mabapi le ho tota ha moraorao ha kgohlano esita le ho shwa mofela, haholo ha baahi - ho kenyelletsa bana, basadi le metsofe - ka nnete e hloka tlhaloso.



Ha ho lebaka le ka tiisang diketso tsa tshenyo e kgolo esita le bokwata bo bokana.  

Re a tshepa hore lekgetlong lena, boikgathatso bo ntjhafaditsweng ba dinaha tsa matjhaba ho fumana tharollo ya moshwelella kgohlanong ena, bo tla beha ditholwana, hore Maiseraele le Mapalesetina, jwalo ka baahisane, ba be le kgotso le tshireletso dibakeng tsa bona tsa puso.



Re lebisa dithoholetso tsa rona tse ikgethileng mmusong le baahing ba Cuba ka sehopotso sa dilemo tse 50 ba fumane boipuso, mmoho le tokoloho ya ho ikgethela motjha wa ntshetsopele.



Ngwahola re kgonne ho phethela ditherisano tse ding le Kopano ya Dinaha tsa Yuropa ka mawa a kgwebisano, mme re tshepa hore moya o neng o rena ditherisanong tseo o tla rena ha re phethela ditherisano tsa bongata tsa Ditumellano tsa Selekane sa Moruo le dinaha tse lebatoweng la rona. Re tadimile ho boela re matlafatsa selekane sena ha re tshwara Seboka sa EU -Afrika Borwa ha morao, monongwaha.



Hammoho le dinaha tse ding tsa Borwa, re tla tswela pele ho tsitlallela tsela ya ho bopa botjha Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, Letlole la Mokgatlo wa Matjhaba le mekgatlo e meng ya bongata hore di bontshe phetoho le maemo a sebele a fetohang a lefatshe mme e sebetse ka tsela ya tekatekano esita le e bonaletsang ya demokerasi.



Re boela re itlama ho fihlella sepheo sa ditumellano tsa matjhaba, re akaretsa Tumellano ya Kyoto le tse e hlahlamang, molemong wa meloko e tlang bathong ba rona le batho ba lefatshe.

Mme Sepikara le Modulasetulo ya hlomphehang, matsapa ana a itshetlehile hodima metheo e mmedi: tlhokeho ya ho phethela matlataelo a filweng mmuso ona ka selemo sa 2004, le bohlokwa ba ho netefatsa hore mmuso o tlang ka mora dikgetho o fumana sebae se le malala-a-laotswe ho kenya tshebetsong mananeo a wona ntle le tieho e sa hlokeheng.



Dikgweding tse mmalwa tse tlang ha ho sa ntse ho emetswe dikgetho tsa naha le diporofense, re tla tsitlallela ho phethela matlataelo ao a tsebisahalang. Jwalo ka karolo ya merero e mengata e hlalositsweng ka botebo e teng Lenaneong la Tshebetso la mmuso, re tla tsepamisa maikutlo ho tse latelang:

ho bopa bokgoni bo hlokehang ba ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso le kgokahano ka hare esita le hohle makaleng a mmuso, ho kenyeletsa le mererong ya mawa boemong ba naha;

ho tswela pele ka letsholo la Twantsho ya Bofuma le ho phethela moralo wa pele wa Mawa a Bataletseng a Kgahlanong le Bofuma ka ho buisana ho etsahalang ha jwale le setjhaba;

ho kenya tshebetsong mananeo a bataletseng a teng a ho fedisa diketsahalo tsa kholera dikarolong tse fapaneng tsa naha;

ho tswella ka diphuputso le tadimisano ka Tsamaiso e Bataletseng ya Tshireletso ya Setjhaba, ho kenyeletsa Tshireletso ya Naha ya Bophelo bo Botle;

ho matlafatsa letsholo la ho boloka motlakase, e le ho laola mathata a teng ha jwale le ho fetola boitshwaro ba rona, ha re ntse re potlakisa la diporojeke ho aha bokgoni bo botjha le ho sebedisa mehlodi e fapaneng ya motlakase, re hlokomela hore hodima ditlamorao tsa phetoho ya tlelaemete, disebediswa tse kang mafura a fosili le metsi di ntse di fokotseha ha tlhokeho e ntse e nyoloha; 

ho hokela mosebetsing wa dihlopha tse lokelang, diphumano tsa diphuputso ka ho kena dipakeng Moruong wa Bobedi ho kang lenaneo la mesebetsi setjhabeng, tshehetso dikgwebong tse nyenyane le mehato ya ntshetsopele mahaeng;

ho matlafatsa matsapa a ho ntjhafatsa tsamaiso ya bosenyi le toka, ho akaretsa bokgoni bo ntlafetseng ba forensike, keketso ya mafokisi ka potlako, tshebediso ya theknoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahanyo, le bolaodi bo ntlafetseng ba makgotla a dinyewe; le

ho tsamaisa mehato e reretsweng ho matlafatsa ditsela tsa tshebetso e mabapi le tekatekano ya bong e jwalo ka boemedi ba 50/50 mekgatlong e nkang diqeto, ntshetsopele ya batjha, ditokelo tsa dikowa le ditokelo tsa bana - ho akaretsa phethelo ya ditherisano tse mabapi le Pholisi ya Naha ya Batjha, ho lokisetsa ho kenya tshebetsong Tokomane ya Batjha ba Aforika ha e se e sebeditswe ke Palamente; le ho thehwa ha Akgente ya Ntshetsopele ya Batjha boemong ba Naha; ho nehana ka Porotokholo ya SADC ya Ntshetsopele le Bong ho Palamente; ho matlafatsa ho buella ditokelo tsa dikowa; le ho eketsa palo ya bomasepala ba seng ba qadile ka Dintlha tse Bohlokwahadi tsa Ditokelo tsa Batjha ho feta 60% ya jwale.

Meralo ena esita le mananeo a mang, ho akaretsa le Dintlha tse Sehlohlolong tse hlwailweng Puong ya Pulo ya Palamente ngwahola ka kgwedi ya Hlakola, di etsa motheo wa matsapa a rona ho phethela matlataelo a tsebisahalang le ho rala motheo wa bokamoso.



Re tla matlafatsa matsapa a rona, re kgothatswa ke mafolofolo, tshepo le bokgoni ba ho kgutlela botsitsong ba Maafrika Borwa ha re tsitlalletse seo se setle bakeng sa batho bohle. Sena, se ka sehloohong, ke sona seo e leng mohlodi wa boitshepo ba rona ha re re setjhaba se boemong bo botle. Demokerasi ya rona e phetse hantle. E ntse e matlafala butlebutle.



Mme jwale, ka mantswe a Mopresidente wa mehleng Mandela, ‘[We] dare not linger, for [our] long walk is not yet ended’.



Ke a leboha.      





