Komiti ya Tshohanyetso ya Phano ya Ditshebetso (Phetolo ya Letsatsi)



Seboka sa Naha se theile Komiti ya Tshohanyetso ho etsa tekolo e hokahaneng ya phano ya ditshebeletso ka mokotaba ona “ Ho sebetsa hammoho ho netefatsa phano ya ditshebeletso tsa boleng setjhabeng”. Taelo ya Komiti ke ho fumana lesedi ka tswelopele mabapi le phano ya ditshebeletso le mehato e nkuweng moo ho bileng teng mehwanto, le hore ke diphephetso dife tse teng, hore ho kgonwe ho tekwa tlaleho e hlakileng, ditlhahiso tse fihlellehang le moralo wa tshebetso o sisintsweng.



Ho fihlela mothating ona, Komiti e nkile maeto a hokahaneng ho ya dibakeng tsa mahaeng le tsa ditoropong, le ho nonya maikutlo a setjhaba Palamenteng le diprofenseng. Nonyo ya maikutlo a setjhaba Palamenteng e etsahetse mohla la 2 – 4 Hlakola 2010.



Nakong ya ketelo diprofenseng, Komiti e tla hlahloba ditsha e be e kopane le setjhaba, bahlanka ba mmuso wa dibaka, bahlanka ba lefapha la mmuso wa diprofense, dikomiti tsa mabatowa, mekgatlo ya baahi le bahwebi. Nonyo ena ya maikutlo e tla ba mohla la 17- 21 Motsheanong 2010 diprofenseng tse tharo. 





Setjhaba se memelwa nonyong ya maikutlo e tla tshwarelwa diprofenseng tse fapaneng ka tsela e latelang:



PROFENSE
 
SEBAKA
 
LETSATSI
 
NAKO
 

 
LIMPOPO
 
Thulamela Local Municipality

(Malamulele Boxing Gym

 Hall, Vhembe District)



Molemole Local Municipality (Matseke Resource Centre) 


 
17 Motsheanong 2010





19 Motsheanong 2010
 
10h00





10h00
 

 
KAPA E LEBOYA 
 
Dikgatlong Local Municipality (Mataleng Sports Ground, Barkley West)


 
17 Motsheanong 2010 


 
16h00
 

 
KWA-ZULU NATAL
 
eThekwini Metro Municipality 

(eThekwini City Hall)

Msunduzi Local Municipality (Edendale Lay Centre, kwaMachibisa)


 
17 Motsheanong 2010 



19 Motsheanong 2010
 
16h00



16h00
 

 






