Beke ya Porofensi, 07  11 Lwetse 2009

Sebopeho sa Palamente ya rona
Palamente ya Afrika Borwa e na le Matlo a mabedi: 
Ntlo ya Seboka ya Naha (NA), e nang le ditho tse 400, le
Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi (NCOP), e nang le ditho tse 90

Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi le seabo sa yona

Molaotheo wa Afrika Borwa o neha Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi (NCOP) matla a ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di a nahanwa boemong ba naha ba mmuso. Sena se fihlelwa ka ho ba le seabo tshebetsong ya lekgotla la naha la ketsamolao le ho fana ka sebaka boemong ba naha sa hore setjhaba se nahane ditaba tse amang diporofensi.   
Seabo sa mantlha sa NCOP ke ho buisana, ho fetisa molao le ho lekola (bea leihlo) tswelopele ya tshebetso ya mmuso. 
NCOP e emela diporofensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di a nahanwa boemong ba naha ba mmuso.
Seabo sa NCOP ke tekolo ya tswelopele ya dintlha tsa naha tsa diporofensi le mmuso wa lehae. 


Ke eng Beke ya Porofensi ya NCOP?

NCOP e qadile Beke ya Porofensi ho netefatsa hore diporofensi di ba le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya Palamente ya naha.
Bekeng ena baemedi ba porofensi ho NCOP le bomphato ba bona ba diporofensi ba etela setjhaba ho lekola tswelopele ho netefatsa hore ba fumana tlhahisoleseding ka ho toba e mabapi le ditlhoko le diphephetso tsa batho.
Beke ya Porofensi e kenya tshebetsong pehelo ya Molaotheo, e tlamang NCOP ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di a nahanwa boemong ba naha ba mmuso.
Beke ya Porofensi e netefatsa hore baemedi ba porofensi ho NCOP ba hlokomela dintshetsopele, le diphephetso tseo diporofensi tsa bona di tobaneng le tsona. 

E nea baemedi monyetla wa ho amana le diporofensi mme ba tlalehe tshebetso ya bona ka hara NCOP ka sepheo sa ho newa matlataelo a matjha ditabeng tse lokelang ho kenngwa lenanetsamaisong la naha. 
Beke ya Porofensi e fana ka sebaka sa ho fapanyetsana le ho arolelana mehopolo ka ditaba tsa phano ya ditshebeletso, le diphephetso tseo diporofensi di tobaneng le tsona ha di phetha seabo sa tsona.  
Hodima moo e nea Palamente le diporofensi monyetla wa ho sebetsa mmoho ho batla ditharollo le ho fumana ditsela tse ntjha tsa ho fihlela ditlhoko tsa baahi ba Afrika Borwa.

Ho tla etsahala eng Bekeng ya Porofensi?

Bekeng ya Porofensi, baemedi ba moshwelella ba porofensi ka nngwe ba tla kopana le mekgatlo e fapaneng diporofensing tsa bona, ho kenyeletsa:
Mebuso ya diporofensi - Ditonakgolo, le Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso (diMEC) , le Mafapha a bona
Makgotla a Ketsamelao a Diporofensi le Dipikara tsa wona, 
Diphadi tse Kgolo le Baduladitulo ba Dikomiti, le
Ba bang ba amehang; ba kang baetapele ba setso, diNGO, diCBO, le Lekgotla la Mmuso wa Selehae la Afrika Borwa (SALGA). 

Baemedi ba Diporofensi ho NCOP, le bomphato ba bona ba diporofensi, ba tla kena maetong a tekolo ya tswelopele setjhabeng. 

Boemedi bo tla etela diporojeke tse phethahatswang ke mmuso wa naha le wa porofensi ka bobedi diporofensing tsa bona.


Beke ya Porofensi e tla tswela porofensi ya lona molemo jwang?

Ka maeto a tekolo ya tswelopele a Beke ya Porofensi, baemedi ba porofensi ho NCOP ba tla fumana tlhahisoleseding ka ho toba e mabapi le ditlhoko tsa batho diporofensing. 

Beke ya Porofensi e thusa NCOP ho nehela ho mmuso o sebetsang ka ho netefatsa hore dingongoreho tsa porofensi le selehae di a lemohuwa ha ho etswa maano boemong ba naha. 

Hodima moo e thusa mebuso ya porofensi, selehae, le naha ho sebetsa mmoho ka tsela e sebetsang hantle le e kgonang ho netefatsa phano ya ditshebeletso e hantle.    

KE NTLO YA HAO YA LEKGOTLA LA NAHA LA DIPOROFENSI!
KE PALAMENTE YA HAO!
E BA LE SEABO HO YONA!


