



Pocket Guide – Cover page





Parliament of the Republic of South Africa – Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa







We, the People – Rona Setjhaba







Our Parliament – Palamente ya Rona





Pocket Guide – Bukana ya Tataiso





Produced by – E hlahisitswe ke





Inspired by the People – E kgothatswa ke Setjhaba





































































PALAMENTE YA RONA

- BUKANA YA TATAISO



DIKAHARE

Kgaolo ya 1

Palamente demokerasing ya rona

Palamente ho tloha ka 1994

Diembleme le Matshwao



Kgaolo ya 2

Palamente tshebetsong

Taelo le mosebetsi wa palamente

Ntlo ya Seboka ya Naha

Lekgotla la Naha la Diporofensi

Batsamaisi ba dikopano tsa Palamente

Meaho ya Palamente le batho ba sebetsang ho yona



Kgaolo ya 3

Melao e etswa jwang



Kgaolo ya 4

Ho ba le seabo ha setjhaba

Ho batlisisa haholwanyane ka Palamente



Kgaolo ya 5

Boitshwaro bo botle le Palamente



Kgaolo ya 6

Diketsahalo tse ikgethang tsa selemo le selemo 

Puo ya Pulo ya Palamente 

Puo ya Tekanyetso ya Ditjhelete

Setatemente sa Kotara e Bohareng sa Leano la Tekanyetso ya Ditjhelete 



Kgaolo ya 7

Dikantoro tsa kgokahano

Dipotso ka kakaretso

Dikomiti tsa Ntlo ya Seboka ya Naha 

Dikomiti tsa Lekgotla la Naha la Diporofensi

Dikomiti tsa Kopanelo

Kantoro ya Morejisetara ya Diabo tsa kgwebo tsa Ditho 

Dikantoro tsa Demokerasi tsa Palamente

Ditshebeletso tsa Dikgokahano tsa Palamente

Diketelo tsa Palamenteng

Mokgwatshebetso wa Dikgokahano le Tlhahisoleseding ya Mmuso









KGAOLO 1

Palamente demokerasing ya rona



Phapang ke efe mahareng a Palamente le Mmuso?

Palamente ke letsoho le etsang melao la mmuso wa Afrika Borwa. Letsoho le leng la mmuso ke Boahlodi kapa mokgwatsamaiso wa makgotla a molao, le fetolelang le ho kenya melao tshebetsong.  Mmuso, o eteletsweng pele ke Moifo wa Phethahatso, oo e leng Mopresidente, Motlatsa Mopresidente le Matona a Kabinete, o kenya melao le mananeo tshebetsong. 

PCS DIAGRAM ADAPTED COMES HERE (PALAMENTE, BATHO, BOAHLODI, MOIFO WA PHETHAHATSO)



Seabo se toboketsang sa Palamente, jwaleka letsoho la ketsamelao la mmuso, ke ho fetisa melao le ho etsa bonnete ba hore Moifo wa Phethahatso o ikarabela ho kenya melao eo tshebetsong, e reretsweng phano e kgonang le ho sebetsa hantle ya ditshebeletso ho baahi ba Afrika Borwa. 



Palamente ke sebae se bohlokwahadi ho setjhaba sa ho lekola ditaba tsa naha, mohlala, bosenyi kapa kgatello ya moruo. Ke moo melao e metjha e fetiswang mme ya kgale e lokiswe teng. Palamente e lokela hape ho lekola hore mmuso o kenya melao ya naha tshebetsong jwang.





Palamente ho tloha ka 1994

Palamente ya pele ya demokerasi Afrika Borwa, ho tloha ka 1994 ho ya ho 1999, e ne e tobane le tlhokeho ya phetoho ya motheo ya mathomo. Ho latela Molaotheo wa rona o motjha, e ne e tlameha ho thea ditheo tse ntjha tsa sepolotiki le tsamaiso tse nang le melao, mokgwatshebetso, ditsela tse ntjha mme e be le bokgoni ba ho se sebeletse batho bohle ba Afrika Borwa feela empa e ba kenyeletse mosebetsing wa yona. Nako le matla a mangata a ile a sebedisetswa ho lekola le ho fetisa melao e metjha e reretsweng ho kenya Molaotheo le maikemisetso a demokerasi ya rona e ntjha tshebetsong, jwalo ka ha di akareditswe Biling ya Ditokelo.



Nakong ya Palamente ya bobedi ya demokerasi, ho tloha ka 1999 ho ya ho 2004, ho ne ho na le tseko e fokotsehileng ya ho etswa ha molao mme Palamente e ne e kgona ho nehela nako e eketsehileng ho ho beha leihlo hodima Moifo wa Phethahatso - Mopresidente, Motlatsa Mopresidente, Matona a Kabinete le mafapha a mmuso – le ho lekola phano ya ditshebeletso le ho kenngwa tshebetsong ha melao.



Palamente ya boraro ya demokerasi, ho tloha ka 2004 ho ya ho 2009, e ile ya bona setheo sena se eketsa toboketso ya sona hodima ho tebisa seabo sa yona sa tekolo ya tswelopele le ho kgothaletsa ho ba le seabo ha setjhaba mesebetsing ya Palamente.



Palamente ya bone ya demokerasi, e theilweng ka mora dikgetho tsa kakaretso tsa 2009, e hlwaile dibaka tse mmalwa tse ntjha tse lokelang ho elwa hloko. 



Tsena di akaretsa ho ntshetsa pele ditsela tsa ho ntlafatsa tekolo ya tswelopele ya Palamente hodima Phethahatso, ho ntshetsa pele seabo sa Palamente sa ho aha setjhaba le ho fumana mekgwa eo Palamente e ka bang setheo se matla le se sebedisanang le batho ka teng. Sena se bolela ho bopa Palamente eo e leng molwanedi wa ditokelo tsa setjhaba, e tsepamisitsweng hodima ntlafatso ya phano ya ditshebeletso ho netefatsa ntshetsopele ya setjhaba le moruo ya Maafrika Borwa ohle. Palamente hape e hlahloba hore e ka hodisa seabo sa yona jwang ka ho phethahala jwalo ka ha e le se seng sa ditheo tsa bohlokwa tsa demokerasi. Seabong sena Palamente ha e netefatse feela hore mmuso o ba le boikarabelo empa hape yona ka boyona e ba le boikarabelo ho Maafrika Borwa wohle ba ho netefatsa hore ditlhoko tsa bona di a hlaloswa le ho fihlelwa.



Molao wa Dibili wa Phetolelo ya Mokgwatshebetso wa Tjhelete le Ditaba tse Tsamaelanang le wona, o fetisitsweng ka 2008, o bea motheo wa Palamente “eo e leng molwanedi wa ditokelo”  eo Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha, Mong Max Sisulu, a ileng a bua ka yona puong ya hae ya voutu ya bajete ka 2009. 



Molao ona o fa Palamente matla a ho etsa ditokiso ho bajete yohle, le ho dibajete tsa mafapha a itseng a mmuso a naha. Pele Molao o fetiswa Palamente e ne e ka dumella kapa ya hana bajete, empa e sa kgone ho etsa ditokiso ho yona. Molao ona o motjha o bea boikarabelo bo boholo hodima Palamente. Boikarabelo bona bo tla qala ho rala botjha sebopeho sa kamano mahareng a Palamente, jwaleka ntlo ya ketsamelao, le Moifo wa Phethahatso, jwaleka mohlokomedi wa phano ya ditshebeletso.



Taba e nngwe e tla hlahlojwa ke seabo sa Palamente ditumellanong tsa matjhaba. Seabo se mafolofolo ho feta mehatong e qalang ya ditumellano tsa matjhaba le seabo sa Palamente ho ntshetseng pele demokerasi di tlameha ho hlahlojwa. Ho tlameha ho nahanwe hore na Palamente e bontsha ka ho hlaka maikemisetso a batho ba Afrika Borwa ditabeng tsa puso tsa matjhaba tse amang maphelo a bona. Ho tlameha ho hlahlojwe hape hore Palamente e lekola tswelopele e sebetsang hantle jwang hodima ho latelwa ha ditumellano tsa matjhaba. 



Tumellano ya matjhaba e tlama Rephaboliki ya Afrika Borwa feela ha e qeta ho ananelwa ka tumellano ke Matlo ka bobedi a Palamente. Ditumellano tse sa ameheng ke tsa bothekiniki, tsa tsamaiso kapa phethahatso, kapa tse sa hlokeng ho ananelwa kapa ho amohelwa. Ditumellano tsa mofuta ona di hloka feela ho tekwa ka hara Matlo a mabedi a Palamente nakong e amohelehang.





Diembleme le matshwao a Palamente

REPRODUCE ILLUSTRATIONS AND TEXT FROM INSIDE COVER OF FOLDER ENTITLED ESTABLISHMENT OF 4TH DEMOCRATIC PARLIAMENT.



Kotjana e Ntsho ya Tlotlo 

Kotjana e Ntsho ya Tlotlo ke letshwao la matla a Modulasetulo wa Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi. E jarwa ke Moetapele wa molao, mokolokong wa mokete o ikgethang, ka hara Ntlo bakeng sa ho dula kapa kopano ya semmuso ya Ntlo. E supa seabo se bohlokwa sa diporofensi tshebetsong ya Palamente. Ha e emisitswe e otlolohile pela setulo sa Motsamaisi wa Kopano ya Ntlo, e supa hore Lekgotla la Naha la Diporofensi le tshwere kopano ya semmuso. 

PHOTO OF BLACK ROD



Kotjana ya Tlotlo ya Setjhaba 

Kotjana ena ke letshwao la matla a Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha. Ho ba teng ha yona ho supa kopano ya semmuso ya Ntlo ya Seboka ya Naha. Kotjana e ntjha ya Tlotlo ya Setjhaba e bopilwe ho bontsha nalane, moetlo, phapano, botjhaba le dipuo tsa Afrika Borwa. Hape e keteka botle ba tlhaho ba naha, bophelo ba dimela le diphoofolo le dirashwa tse ruileng tsa yona.

PHOTO OF MACE



Folakga ya Afrika Borwa

Folakga ya naha e na le tekanyo e nepahetseng ka botlalo le bakeng sa mmala ka mong. Folakga e tlameha hape ho manehwa ka tsela e itseng palong ya yona. Folakga ka botlalo e sebopeho sa kgutlonne mme bolelele ba yona bo feta bophara ka nngwe le halofo. E mmala o motsho, wa kgauta, o motala, o mosweu, o bofubedu ba tjhilisi le o bolou. E na le lebanta le letala la sebopeho sa -Y le bolelele ba karolo ya bohlano ya bophara ba folakga. Mela e hare ya lebanta e qala dikgutlong tse hodimo le tse tlase tse bapileng le palo ya folakga, e kopana bohareng ba folakga  mme e tswelle ho tswa Botjhabela ho ya Bophirima ho ya bohareng ba qophelo e lokolohileng. Lebanta le letala le qophetse, ka hodimo le ka tlase ka bosweu mme ho leba qetellong ya palo ya folakga, ka mmala wa kgauta. Qophelo ka nngwe ke karolo e le nngwe ya tse leshome le metso e mehlano tsa bophara ba folakga. Kgutlotharo e mabapi le palo ya folakga e ntsho. Lebanta le ka hodimo le tswang hodimo ho ya tlase le bofubedu ba tjhilisi mme le ka tlase le tshekalletseng le bolou. Lebanta ka leng ke karolo ya boraro ya bophara ba folakga.

DIAGRAM OF THE FLAG FROM THE CONSTITUTION



KGAOLO YA 2

Palamente tshebetsong



Matlataelo le mosebetsi wa Palamente

Ho ya ka Molaotheo, e leng wona molao o ka sehloohong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, Palamente e tlameha ho emela batho ba Afrika Borwa, e netefatse mmuso wa batho le ho etsa bonnete hore ditabatabelo tsa porofensi di emetswe mmusong wa naha.



Ditlhoko le ditlamo tsena di phethiswa ke Palamente ka ho fetisa melao, ho lekola tswelopele ya mosebetsi wa mmuso, ho laola seabo sa setjhaba, ho tsamaisa puso ya tshebedisanommoho le ho ba le seabo ditabeng tsa matjhaba.



Palamente hape e na le mosebetsi wa ho kgothaletsa makgabane a tlhompho ya botho, tekatekano, ho se kgethollwe ho ya ka morabe, ho se kgethollwe ho ya ka bong, ho phahama ha Molaotheo le tokelo ya batho bohle ba baholo ya ho vouta le ho kgethelwa kantoro ya setjhaba mokgwatshebetsong wa puso ya mekga e mengata.



Molaotheo hape o hlalosa hore Palamente e sebetsa jwang le hore ditho tsa Palamente di kgethwa jwang. 



Ho na le Matlo a mabedi a Palamente – Ntlo ya Seboka ya Naha le Lekgotla la Naha la Diporofensi. 



Ntlo ya Seboka ya Naha e kgethwa ho emela batho le ho netefatsa mmuso wa batho. E etsa sena ka ho kgetha Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, ka ho fana ka foramo boemong ba naha hore setjhaba se lekole ditaba, ka ho fetisa melao le ho lekola tswelopele ya mosebetsi wa mafapha a mmuso.



Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi e emela diporofensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diporofensi di ananelwa ka hara mmuso wa naha. E etsa sena ka ho ba le seabo tshebetsong ya ho etsa molao boemong ba naha le ho fana ka foramo hore setjhaba se lekole ditaba tse amang diporofensi.



Palamente e etsa mosebetsi wa yona ka dikopano tsa ho dula ha yona, moo ditho tsa Ntlo di kopanang ka sehlopha se le seng, dibokeng tsa kopanelo, moo Matlo ka bobedi a kopanang e le sehlopha se le seng, le dikomiting, moo dihlopha tse nyenyane tsa ditho di kopanang bakeng sa dipuisano ka ho teba. 



Mokgwatshebetsong wa jwale wa dikgetho, bakgethi ha ba kgethe Ditho tsa Palamente ka ho toba. Maafrika Borwa a voutela mekga ya dipolotiki e hlodisanang dikgethong tsa kakaretso mme mekga ya dipolotiki e rala manane a bonkgetheng bakeng sa Palamente. Ditho tsa Palamente di kena Palamenteng ha di beilwe hodimo hantle mananeng a radilweng ke mekga ena. Baahi ba Afrika Borwa ba voutela mokga oo ba nahanang hore o ka emela ditabatabelo tsa bona ka ho phethahala.



Mokgwatshebetso wa boemedi ho ya ka divoutu o kgontsha mekga e menyenyane haholo ho fumana ditulo Palamenteng. Ditulong tse 400 ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha, mokga o kenang dikgethong tsa kakaretso o fumana setulo se le seng bakeng sa 0.25% ka nngwe e o kgethileng dikgethong tsa kakaretso.



Dikgethong tsa kakaretso tsa Mmesa 2009, mekga ya dipolotiki e 13 e ile ya hapa ditulo ka hara Ntlo ya seboka ya Naha, jwaleka ha ho bontshitswe ka tlase.

African National Congress (ANC) – ditulo tse 264 

Democratic Alliance (DA) – ditulo tse 67

Congress of the People (COPE) – ditulo tse 30

Inkatha Freedom Party (IFP) – ditulo tse 18

Independent Democrats (ID) – ditulo tse nne

Freedom Front Plus (FF+) – ditulo tse nne 

United Democratic Movement (UDM) – ditulo tse nne 

African Christian Democratic Party (ACDP) – ditulo tse tharo

United Christian Democratic Party (UCDP) – ditulo tse pedi

African People’s Convention (APC) – setulo se le seng

Azanian People’s Organisation (AZAPO) – setulo se le seng 

Minority Front (MF) - setulo se le seng 

Pan Africanist Congress (PAC) – setulo se le seng 



Ntlo ya Seboka ya Naha

Moahlodi e Moholo o laola ho kgethwa ha Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha le ho kgethwa ha Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. 



Kopano ya pele ya Ntlo ya Seboka ya Naha ke kopano ya semmuso ya Ntlo ya Seboka ya Palamente ya Naha, moo Ntlo ena ya Palamente e itlhomang semmuso.



Ditho tse 400 tsa Ntlo ya Seboka ya Naha di tswa mananeng a bonkgetheng a mekga ya dipolotiki e fumaneng divoutu tse lekaneng dikgethong tsa kakaretso tsa Mmesa 2009 hore e ka hapa ditulo ka hara Ntlo ya Seboka ya Palamente ya Naha.



 Ditho tse 400 tsa Ntlo ya Seboka ya Naha di nkiswa kano ke Moahlodi e Moholo, ka dihlopha tsa 10. Moahlodi e Moholo ha a qeta o kopa ho thonngwe bonkgetheng bakeng sa setulo sa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha. Haeba bonkgetheng ba feta palo ya nngwe bakeng sa setulo sa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha, ho tshwarwa voutu ya baloto ya sephiri.



Hang hoba sepikara se kgethwe, ho mengwa mabitso a bonkgetheng bakeng sa setulo sa Motlatsa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha. Sepikara se sa tswa kgethwa se laola dikgetho tsena. Haeba bonkgetheng ba feta palo ya nngwe bakeng sa setulo sa Motlatsa Sepikara sa Ntlo ya Seboka ya Naha, ho tshwarwa voutu ya baloto ya sephiri.

 

Ha sepikara le Motlatsa Sepikara ba se ba kgethilwe, Moahlodi e Moholo o mema mabitso a bonkgetheng bakeng sa setulo sa Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. Haeba bonkgetheng ba feta palo ya nngwe, ho tshwarwa voutu ya baloto ya sephiri.



Hang hoba Mopresidente a kgethwe, o emisa ho ba Setho sa Palamente.



Ka morao ho kgetho ya Mopresidente, mekga ya dipolotiki e fuwa monyetla wa ho bua. Morao ho moo Mopresidente o fuwa monyetla wa ho arabela.





Lekgotla la Naha la diporofensi

Lekgotla la Naha la Diporofensi le na le baemedi ba 90 kaofela, bao 54 e leng baemedi ba tsitsitseng. Baemedi bana ba 54 ba tsitsitseng ba nkiswa kano kopanong ya pele ya Lekgotla la Naha la Diporofensi ka mora dikgetho tsa kakaretso.



Baemedi ba 54 ba tsitsitseng ba botjwa ke baemedi ba tsitsitseng ba tsheletseng ho tswa porofensing ka nngwe ya tse robong. 



Moahlodi e moholo wa Afrika Borwa o laola ho nkiswa kano ha baemedi ba tsitsitseng ba Lekgotla la Naha la Diporofensi le ho kgethwa ha Modulasetulo wa Lekgotla.



Modulasetulo ya kgethilweng o laola dikgetho tsa Batlatsa Baduladitulo ba babedi.





Balaodi ba Palamente

Photos and biogs from website



Mabala/meaho ya Palamente le batho ba sebetsang ho yona

Batho ba bohlokwahadi Palamenteng ke ditho tsa Palamente. Empa ho na le letoto la batho ba bang ba tshehetsang mosebetsi wa Ditho. 



Palamente e hira basebetsi ba yona ba tshireletso - Ditshebeletso tsa Tshireletso tsa Palamente. Ditho tsa Sepolesa sa Tshireletso sa Afrika Borwa le tsona di teng mabaleng a Palamente. 



Ho na le tsamaiso ya basebetsi ba mmuso ba 1 200 ba fanang ka ditshebeletso tse fapaneng – tsa molao, dikgokahano, dipatlisiso, bongodi, bohlophisi, dilojistiki, ho fepa batho, boromuwa le ho hlwekisa, hara tse ding. 



Mopresidente le Motlatsa Mopresidente ba na le dikantoro le basebetsi Tuynhuys. Motlatsa Mopresidente, boemong ba hae ba Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso ka Palamenteng, le yena o na le kantoro le basebetsi Palamenteng



Hape mabaleng a Palamente ho na le ditho tsa Tsamaiso ya Dikgokahano le Tlhahisoleseding ya Mmuso tse sebetsang mmoho le Ditshebeletso tsa Dikgokahano tsa Palamente diketsahalong tse ikgethang tsa Palamente, tse kang Puo ya Pulo ya Palamente, Puo ya Bajete le Setatemente sa Kotara e Bohareng sa Leano la Bajete. Ena ke mekete e hohelang baphatlalatsi ba ditaba haholo mme e hloka tshebedisanommoho mahareng a matsoho a mabedi a Mmuso ho netefatsa tsamaiso ya yona e bontshang bokgoni. Letsatsing la Puo ya Pulo ya Palamente, mohlala, Palamente ka kakaretso e amohela le ho tsamaisa ditho tse ka bang 500 tsa baphatlalatsi mabaleng a yona.



Dikhampani tsohle tse kgolo tsa lapeng le tsa ka ntle tsa bongodi le elektroniki di na le dikantoro ka hara mabala. Sena se etsetsa baphatlalatsi bobebe ba ho bea leihlo le ho tlaleha mosebetsi o etswang ke Palamente. 



Palamente e kgothaletsa baphalatsi ho ingodisa Mokgatlong wa Parliamentary Press Gallery mme ba etse kopo ya lengolo la tumello ya ho fuwa dibaka ka hara Palamente. Sena se thusa ho ntlafatsa kutlwisiso ya mosebetsi wa Palamente le boikarabelo ba Palamente ho setjhaba.



Makgotleng a Ntlo ya Seboka ya Naha le Lekgotla la Naha la Diporofensi ka bobedi ho na le dikalari tsa kgatiso tseo baphatlalatsi ba nang le tumello ba di sebedisang ntle le tefo bakeng sa dikopano tsohle – ntle le Puo ya Pulo ya Palamente ha sebaka se sa lekane bamemuwa. Meketeng ena, ho dumellanwa le baphatlalatsi ka mokgwatsamaiso wa phihlello e lekalekanang.



Moaho wa Slave Lodge

Moaho ona ha se karolo ya mabala a Palamente empa ke karolo ya mokoloko o bang teng ha Mopresidente a fana ka Puo ya Pulo ya Palamente. Slave Lodge ke karolo ya Musiamo wa Iziko wa Motsekapa mme e sebediswa e le sebaka sa sehopotso sa Bokgoba Afrika Borwa. Slave Lodge e ahilwe ka 1679 mme ke moaho wa bobedi wa kgale wa bokoloniale Motsekapa. Mathomong o ne o sebediswa e le bodulo bakeng sa makgoba a Khampani ya Dutch East India. Empa, jwaleka o mong wa meaho e meholo ya mmuso Motsekapa, mengwahakgolong e fetileng o sebediseditswe mabaka a fapaneng, ho akaretsa ho sebediswa jwaleka poso, sepetlele, laeborari ya setjhaba le Lekgotla le Leholo la Dinyewe. 



Ho tloha ka 1827 ho ya ho 1833 e ne e le setulo sa Lekgotla la Keletso la Brithane. Ka 1834 Kapa e ile ya fuwa molaotheo o motjha ke Mabrithane, mme makgotla a mabedi a ile a thewa: Lekgotla la Phethahatso le la Ketsamelao. Lekgotla la Ketsamelao le ile la kopanela ka hara Slave Lodge. Setjhaba le baqolotsi ba ditaba ba ile ba dumellwa lekgetlo la pele ho kena dikopanong tsa Lekgotla lena le letjha – nakong e fetileng dikopano tsohle di ne di tshwarelwa sephiring. 



Palamente ya pele ya Kapa e nang le makgotla a mabedi e ile ya thewa ka 1853. Lekgotla le letjha la Ketsamelao le nang le ditho tse 15 le ile la sebetsa jwaleka “Ntlo e ka Hodimo” ya pele ya bokoloniale eo ditho tsohle di ileng tsa e kgethelwa. Di ile tsa tswella ho kopanela ka hara phaposi ya direkoto ya moaho ona ho fihlela ka selemo sa 1884 ba kgona ho kena moahong o motjha wa Palamente.





Moaho wa National Council of Provinces (NCOP)

Karolo ya kgale ka ho fetisa ya meaho ya Palamente, eo kajeno Lekgotla la Naha la Diporofensi le leng ka hara yona, e ile ya phethelwa ka 1885. Moralo wa mantlha o ne o etswe ke Charles Freeman. Mathata a fapaneng a ditjhelete le moaho a ile a ba teng mme porojeke e ile ya fuwa botjha akhitheke ya naha ya Scottland, Henry Greaves, ya neng a sa tswa kena Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba. Qetellong moaho o ile wa nka dilemo tse 10 hore o phethelwe, ho tloha ka 1875 ho ya ho 1885, mme ditjeo ya eba £220 000 – tse neng di feta ha hlano bajete ya mantlha ya £40 000. 



Moaho o ne o sebediswa ke Matlo a Mabedi a Palamente ya Kapa ho tloha ka 1885 ho ya ho 1910. E ne e le Lekgotla la Ketsamelao la Kapa (Ntlo e ka Hodimo ho ya ka mokgwatshebetso wa palamente ya Westminster) le Ntlo ya Seboka ya Ketsamelao ya Kapa kapa Ntlo e ka Tlase.



Ha ho ne ho thewa Yuniono ya Afrika Borwa ka selemo sa 1910 Palamente ya Kapa e ile ya fediswa. Lekgotla la Ntlo ya Seboka ya Ketsamelao ya Kapa ya kgale le ile la fetoha Senate, sa Yuniono ya Afrika Borwa pele, ho tloha ka 1910 ho ya ho 1961, mme morao ho moo sa Rephaboliki ya Afrika Borwa ho fihlela ka 1980, ha Senate se ne se fediswa. Lekgotla le ile la sebediswa hape ho tloha ka 1983 ho ya ho 1994 bakeng sa dikopano tsa Ntlo ya Baemedi, e neng e botjwa ke ditho tse neng di bitswa ka hore ke bammala tseo e neng e le karolo ya Palamente ya matlo a mararo e ileng ya thewa ho latela Molaotheo wa 1983. 



Ka 1994 Senate se ile sa thewa hape e le se seng sa Matlo a mabedi a Palamente ya pele ya demokerasi ya Afrika Borwa. Ka 1997, Lekgotla la Naha la Diporofensi le ile la kenela Senate. 



Lekgotla le ile la ba le dintlafatso tse kgolo ka 2001, bodulo bo ile ba fetolwa ho tswa ho sebopeho sa kgutlonne ho ya ho sebopeho sa sekele e halofo. Leha ho le jwalo, le ntse le na le mmala wa sethathong wa bofubedu bo tebileng wa ho tloha ha e ne e sa le Ntlo e ka Hodimo ya Palamente ya Kapa e neng e radilwe ka setshwantsho sa Ntlo e ka Hodimo ya Palamente ya Westminster.  



Moaho wa Old Assembly

Ha ho kopanngwa Afrika Borwa ka 1910, moaho o mong o ile wa eketswa ho wa sethatho wa 1885 mme Lekgotla le letjha le ile la ahelwa Palamente ya Yuniono. Le ile la sebedisetswa morero ona ho fihlela ka 1961 ha Afrika Borwa e fetoha rephaboliki. Ka morao ho mona le ile la sebediswa e le Ntlo ya Seboka ya Rephaboliki ya Afrika Borwa ho fihlela ka 1994. Ho tloha ka 1994 haesale le sebedisetswa dikopano tsa dikomiti le dikopano tsa lekomo tsa Ditho tsa Palamente tsa mokgatlo wa African National Congress. Mekete ya setjhaba, e kang Palamente ya Basadi le Palamente ya Batjha le yona e tshwarelwa mona.



Ka morao ho Kopano ya 1910, lekgotla la bobedi la Palamente ya Kapa ya kgale le ile la fetolwa ho ba kamore ya semmuso ya ho jella ya ditho le bahlomphehi, mme le kajeno ho sa le jwalo. E ne e le ka hara kamore ena ya ho jella ya Ntlo ya Kgale ya Seboka moo eo e neng e le Tonakgolo ya Brithane Harold MacMillan a ileng a fana ka puo ya hae e tummeng ya “Wind of Change” ka 1960.



Moaho wa Africa House   

E beilweng ka bohlale bohareng ba mabala a Palamente ya Afrika Borwa, Kantoro ya eo e neng e le Mokomishinara e Moholo wa Brithane, ke sehopotso sa dikamano tsa bokoloniale le Korone ya Brithane. Baakitheke John Perry le Lightfoot ba ile ba rala moaho ona wa lejwesanta ka 1937 mme ba ile ba hapa kgau ya boakitheke ka lebaka la moralo oo.  



Moaho ona o ile wa rekisetswa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba ka 2003. O ile wa rewa botjha lebitso la Africa House mme ha jwale o sebediswa ke Kantoro ya Protokholo ya Palamente le Komiti ya Kopanelo ya tsa Bohlwela. 



Moaho wa Marks

Ka 1904 rakgwebo e moholo Sammy Marks o ile a laela hore ho ahwe moaho ona hore e tle e be dikantoro tsa hae tsa Motsekapa. Moakitheke e ne e le Mohlomphehi Herbert Baker ya tummeng. Sethathong, e ne e le moaho o mosesane, o bophara ba dikou tse tharo feela, o ileng wa eketswa haholo ha morao. 



O ile wa rekisetswa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba dilemo tse mmalwa hoba o qetwe ho ahwa. 



Moaho ona o ne o na le lekgotla la ngangisano la Ntlo ya Baemedi (ditho tsa Maindia tsa Palamente ya Matlo a Mararo ya selemo sa 1983) ho fihlela lekgotla la bona le qetwa ho ahwa ka lepheong le letjha ka 1987. Kajeno o sebediswa ke Ditho tsa Palamente tsa mekga ya bohanyetsi, basebetsi le bora-/maditaba ba Koporasi ya Kgaso ya Afrika Borwa. 



Moaho wa National Assembly Wing

Moaho wa National Assembly Wing o ahilwe ka 1983. O ne o ahelwa ho fihlela ditlhoko tse eketsehileng tsa Palamente ya Matlo a Mararo, mme le ile la eketswa lehlakoreng le ka borwa la moaho o ntseng o le teng. Le ile la latela mokgwa o tshwanang wa akitheke ya neotlelasiki. Baetapele ba projeke e ne e le baakitheke Jack van der Lecq le Hannes Meiring. 



Karolo e ikgethang ya lona ke sebaka se seholo se setjha moo ho tshwarelwang dingangisano teng, se ahetsweng dikopano tsa kopanelo tsa Matlo a mararo a Palamente ya Matlo a Mararo. Kajeno lekgotla lena le sebedisetswa dikopano tsa Ntlo ya Seboka ya Naha. Le sebedisetswa hape dikopano tsa kopanelo tsa Matlo a mabedi, mohlala, Puo ya Mopresidente ya Pulo ya Palamente le dipuo tsa dihlooho tsa dinaha tsa matjhaba. 

Ka hodima karolo e kgolo e ntjha ya Lekgotla ho na le lekgotla le lenyenyane, le neng le ahetswe dikopano tsa Ntlo ya Baemedi. Ho latela Molaotheo wa 1983 Ntlo ena e ne e theilwe bakeng sa baemedi ba setjhaba sa Maindia. Lekgotla lena le ile la qetwa ho ahwa ka 1987. Kajeno le tsejwa ka hore ke Phaposi ya Komiti ya E249 mme e sebedisetswa dikopano tsa komiti. 

Moaho wa Good Hope

Moaho ona o na le dikamano tsa ho tloha kgale le Palamente. O ne o sebedisetswa dikopano tsa Ntlo ya Seboka ya Kapa ho tloha ka 1854 ho ya ho 1884.  Ka morao ho moo o ile wa sebediswa e le holo ya dijo ya moaho wa Good Hope Masonic Lodge ho fihlela o senngwa ke mollo ka 1892. Dilemong tsa 1900, o ile wa ahwa hape e se e le holo ya mmino le thietha mme o tsejwa ka hore ke Thietha ya Good Hope.



Mmuso o ile wa o reka ho mokgatlo wa Freemasons ka 1916 bakeng sa basebetsi ba kantoro ya Mmusisi, ya neng a dula moahong wa Tuynhuys. Bokapele bo botjha ba moaho bo ile ba ahwa ka 1925 ka mokgwa wa Cape Revival. Morao ho moo o ile wa sebediswa e le Kantoro ya Mopresidente le sebaka sa Lekgotla la Mopresidente dilemong tsa 1980s. Ditho tsa Palamente tsa mokga wa Inkatha Freedom Party di ne di dula moo ho tloha ka 1994 ho ya ho 2004. Ho tloha ka nako eo haesale o sebediswa ke Ditho tsa Palamente le basebetsi ba mokga wa African National Congress. 



Moaho wa Tuynhuys le Stalplein

Moaho wa Tuynhuys, o nang le dikantoro tsa Mopresidente, o wela tlasa Kantoro ya Bopresidente mme o laolwa ka boikemelo ke Palamente. 



Ho ya ka nalane moaho wa Tuynhuys (kapa Ntlo ya Mmuso jwaleka ha e ne e bitswa ke Mabrithane) o ile wa fana ka mabala ao Palamente e ahilweng ho wona, ka katoloso ka nngwe e nanarelang ntlheng ya borwa ho fihlela e kena ka hara masimo, ho fihlela ka 1988 meaho e fihla moahong wa Tuynhuys. Moaho wa Tuynhuys o ntse o na le nomoro ya setsha e tshwanang le ya Palamente, mme mmoho e ile ya tsebiswa e le dimonumente tsa naha ka 1984.  



Sebaka se seholo se bulehileng se mahareng a dikgoro tse kgolo tsa Palamente le bokapele ba moaho wa Tuynhuys se bitswa Stalplein. Lebitso lena le tswa ditaleng tsa dipere tsa Mmusisi. Sethathong sebaka sena e ne e le bokamorao ba moaho, mme kgoro e kgolo e le lehlakoreng la mmila o bitswang Government Avenue le Company’s Garden. Sena se ile sa fetoha ka 1913, ha Government Avenue e kwallwa sephethephethe, mme Stalplein ya e ba kgoro e kgolo ya Tuynhuys. Stalplein e ile ya ntshetswa pele hape dilemong tse qalang tsa 1980, ha diphetoho di etswa le ho Tuynhuys ho fana ka sebaka sa Kantoro ya eo e neng e le Mopresidente wa Naha ka nako eo. 



KGAOLO YA 3

Melao e etswa jwang



Molaotheo o re Palamente e ikarabela ho etsweng ha melao e sebetsang Rephaboliking ka bophara. Letona la Kabinete, Motlatsa Letona, Komiti ya Palamente kapa setho sa Palamente se ka hlahisa molao o radilweng, oo hape o bitswang Bili. Dibili tse hlahisitsweng ke Ditho tsa Palamente ka bonngwe di bitswa Dibili tsa Ditho tsa Poraefete.



Ditho tsa setjhaba di ka se kgone ho hlahisa Dibili Palamenteng. Empa di ka susumetsa Ditho tsa Palamente kapa Dikomiti tsa Palamente ho hlahisa Dibili tseo di nang le maikutlo a hore di bohlokwa.



Dibili di latela motjha le tshebetso e le nngwe ya e mene e fapaneng, ho ya ka hore di sebetsana le eng le hore di hlophisitswe jwang. Ditshebetso tsena di susumetswa ke Dikarolo tsa 74 ho ya ho 77 tsa Molaotheo le melao le diqeto tse fapaneng tse laolang Palamente. Ho ya ka Molaotheo ho na le mefuta e latelang ya Dibili.

Dibili tsa Karolo ya 74 – di sebetsana le ditlhomathiso Molaotheong mme ho hlokeha voutu ya bongata ba pedi-borarong hore di amohelwe.

Dibili tsa Karolo ya 75 – Dibili tsa kamehla tse sa ameng diporofensi.

Dibili tsa Karolo ya 76 – Dibili tse amang diporofensi.

Dibili tsa Karolo ya 77 – Dibili tsa Tjhelete tse amanang le bajete le ho ajwa ha bajete.



Dibili tse amang diporofensi (Dibili tsa Karolo ya 76) di tlameha ho ananelwa pele ke Lekgotla la Naha la Diporofensi pele Ntlo ya Seboka ya Naha e di lekola. 



Dibili tse ding kaofela di lokela ho hlahiswa pele ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha.



Hang ha Bili e hlahiswa Palamenteng ka tlwaelo e lebiswa ho Komiti ya Palamente e nang le tekolo ya tswelopele hodima lefapha la mmuso le hlahisitseng bili. Dikomiti tsena di bitswa Dikomiti tsa Potefolio ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha le Dikomiti tsa Tshebetso ka hara Lekgotla la Naha la Diporofensi. Ka hara Ntlo ya Seboka Ya Naha ho na le Komiti ya Potefolio bakeng sa lefapha ka leng la mmuso. Ka hara Lekgotla la Naha la Diporofensi Dikomiti tsa Tshebetso di emela dihlopha tsa mafapha a mmuso.



Hang ha Komiti e lekotse maikutlo a setjhaba ka Bili mme e buisane ka Bili, Komiti e etsa kgothaletso kopanong, kapa kopanong ya kakaretso ya Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Lekgotla la Naha la Diporofensi, hore Bili e ka ananelwa ka ditlhomathiso kapa ntle le ditlhomathiso. Kopano ya Palamente e ka kgutlisetsa Bili morao Komiting bakeng sa tekolo hape.



Ha Palamente e ananela Bili, e romelwa ho Mopresidente. Mopresidente a ka kgutlisetsa Bili morao Palamenteng bakeng sa ho sebetswa hape haeba ha e kgotsofatse dipehelo tsa Molaotheo. Hang ha Mopresidente a saena tumello, Bili e fetoha molao o lokelang ho kena tshebetsong.



Dikomiti tsa Palamente le ho etswa ha molao

Dikomiti ke dienjene tsa Palamente. Di fana ka sebae seo setjhaba se kgonang ho bua mehopolo ya sona ka kotloloho mme se leke ho susumetsa sephetho sa diqeto tsa Palamente. 



Ho na le dikomiti tse 52 kaofela Palamenteng – tse 34 di ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha, tse 12 di ka hara Lekgotla la Diporofensi la Naha mme tse tsheletseng ke Dikomiti tsa Kopanelo tse nang le Ditho ho tswa ho Matlo ka bobedi. Komiti ya Kopanelo ya tsa Bohlwela, Komiti ya Kopanelo e Hlonngweng e Lekolang Tshireletso ya Naha le Dikomiti tsa Tjhelete le Kabo ya Tjhelete ke dikomiti tsa molao. Sena se bolela hore di hlonngwe ho latela Molaotheo kapa ho ya ka Molao wa Palamente.



Komiti ka nngwe e na le Modulasetulo le Mongodi. Ha motho ofe kapa ofe a batla ho ikgokahanya le komiti, ke bana batho bao a ka buang le bona.



Ho botjwa ha Dikomiti ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha, ka kakaretso, ho ya ka boholo ba kemedi ya mekga e fapaneng ya dipolotiki ka hara palamente. Dikomiting tse ka hara Lekgotla la Naha la Diporofensi, porofensi ka nngwe ya tse robong e na le baemedi.



Dikomiti tse fapaneng di na le mosebetsi o le mong kapa e fetang ya ena e latelang:

Di lekola tswelopele ya mosebetsi wa mafapha a mmuso a naha mme le ho bona hore a na le boikarabelo. 

Di lekola tswelopele ya mekitlane ya mafapha a mmuso a naha le ditheo tsa mmuso. 

Di hlokomela ditaba tsa lehae tsa palamente. 

Di hlahloba dikarolo tse itseng tsa bophelo ba setjhaba kapa ditaba tseo setjhaba se nang le kgahleho ho tsona. 

Di hlahisa Dibili, di di lekole le ho di lokisa. 

Di lekola ditshisinyo tsa Ditho tsa poraefete, ditlhahiso tsa makgotla a ketsamelao a diporofensi le mangolo a ditletlebo a ikgethang.

Di lekola ditumellano tsa dinaha tsa matjhaba.



Dikomiti di na le matla a ho bitsa motho mang kapa mang, ho tla fana ka bopaki kapa ho fana ka ditokomane ho tsona. Di ka laela motho kapa setheo sefe kapa sefe ho tlaleha ho tsona mme di ka amohela mangolo a ditletlebo, dikemedi kapa ditlhahiso ho tswa ho setjhaba. Di na le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya ho etsa molao.



Boholo ba Dikomiti bo nyalana le mafapha a mmuso ao Palamente e nang le boikarabelo ba tekolo ya tswelopele le ho etsa melao ho wona. 



Leha ho le jwalo, dikomiti tse ding di sebetsa ho tlola lefapha le itseng la mmuso. Mohlala ke Komiti e Lekolang Dikhampani tsa Mmuso e lekolang hore mmuso o laola ditjhelete tsa lekgetho jwang. Komiti e Lekolang Dikhampani tsa Mmuso e na le mosebetsi o ikgethang wa ho etsa bonnete hore tjhelete efe kapa efe e tswang divoutung tsa bajete mme e abetswe mafapha a itseng a mmuso, e sebediswa ka tsela e loketseng. 



Palamente hape e thea dikomiti tsa nakwana ho lekola ditaba tse ikgethang tsa nako e kgutshwane. 



Mosebetsi wa Dikomiti ha o felle tekolong ya tswelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha melao ke mmuso. Dikomiti di ka batlisisa taba efe kapa efe eo setjhaba se nang le kgahleho ho yona e welang tlasa boikarabelo ba tsona.



Setjhaba se ka etsa dinehelo ditabeng le melaong eo Komiti ya Palamente e ntseng e buisana ka yona mme Dikomiti di batla kaofela di buletswe setjhaba. Dikopano tse ding tsa Dikomiti, tse kang tse sebetsanang le ditaba tsa bohlwela tsa naha, hangata ha di bulelwe setjhaba. Empa ka kakaretso, dikopano tsa Dikomiti di buletswe setjhaba. 



Dikomiti ke dihlopha tse ikgethang tse etsang mosebetsi o hlokolotsi ka hara dibaka tse itseng. Mokgwa wa tshebetso wa Dikomiti o dumella Palamente ho:

Eketsa bongata ba mosebetsi o ka etswang. Ho sebetseha hantle ho feta ha sehlopha se seholo se laela dihlopha tse nyenyane ho etsa mosebetsi ho na le ho leka ho o etsa ka hara sehlopha se seholo.

Etsa bonnete hore ho ka ngangisanwa ka ditaba ka botebo ho feta kamoo ho ka etswang ka hara dikopano. Sena ke hobane Dikomiti di na le nako e fetang ya ho tsepamisa mehopolo ho dintlha. 

Eketsa ho ba le seabo sa Ditho tsa Palamente dipuisanong. Ditho tsa sehlopha di kgona ho ba le seabo se tletseng haholo ha sehlopha se le senyenyane.

Ho kgontsha Ditho tsa Palamente ho ntshetsa pele tsebo e ikgethileng mme e tebile ya sebaka sa mosebetsi wa komiti.  

Fana ka foramo ho setjhaba sa ho nehelana ka mehopolo ka kotloloho ho Ditho tsa Palamente, e leng ntho e sa kgonahaleng ka hara kopano ya Palamente.  

Fana ka foramo ho Palamente ho utlwa bopaki le ho bokella ditokomane tse loketseng mosebetsi wa komiti e itseng.



Dikomiti di tlameha ho tlaleha ho kopano(Ntlo) e ba thontseng mme Ntlo e tlameha ho ananela diqeto tse itseng tse etswang ke dikomiti. Mohlala, hang ha komiti e se e lekotse bili, ho tlameha ho ngangisanwe ka bili eo mme e voutelwe ka hara Ntlo. 



Lenane la Dikomiti tse ka hara Ntlo ya Seboka ya Palamente le Lekgotla la Naha la Diporofensi le hore ho ka ikopanngwa le tsona jwang le maqepheng a  … ho ya ho …





KGAOLO YA 4

Ho ba le seabo ha setjhaba

Ho fetisa melao ke o mong feela wa mesebetsi ya palamente. 



Palamente hape e na le boikarabelo ba ho etsa hore mmuso – ke ho re Mopresidente le Matona a Kabinete le mafapha a wona – o be le boikarabelo ho lona, setjhaba. 



Palamente e etsa sena ka ho lekola tswelopele ya mesebetsi ya mmuso. Sena se akaretsa ho hlahloba hore na melao, mananeo le maano a kenngwa tshebetsong le hore a sebetsa jwang. 



Sena se bitswa tekolo ya tswelopele. E nngwe ya ditsela tsa ho etsa tekolo ena ya mosebetsi ke hore Dikomiti di etele dibaka kapa mananeo a itseng ho iphumanela tlhahisoleseding ka se etsahalang. Tsela e nngwe ya ho lekola tswelopele ke ho tshwara dikopano – tse buletsweng setjhaba – moo basebetsi ba mmuso ba ka botswang dipotso ka mosebetsi wa bona. 



Ho fa setjhaba monyetla wa ho ba le seabo

Palamente e itlamme ho fihlela baahi ka ho thea mananeo a mmalwa a ho ba le seabo ha setjhaba ho reretsweng ho ntlafatsa ho ba le seabo ha baahi tshebetsong ya Palamente. 

Dipuisano tsa setjhaba ke se seng sa disebediswa tseo Palamente e di sebedisang ho kgothaletsa le ho tsamaisa seabo sa setjhaba mosebetsing wa yona. Dipuisanong tsa setjhaba, batho ba kgona ho susumetsa sephetho sa ditaba tse tekilweng ka pele ho Palament. Dipuisano tsa setjhaba hape di ntshetsa pele dikamano mahareng a setjhaba le Ditho tsa Palamente.

Setjhaba se ka etsa ditlhahiso ho Palamente tse mabapi le dibili kapa ditokomane tsa leano tseo Palamente e ntseng e di lekola. Dikomiti tsa Palamente di lekola melao ena e radilweng, eo hape e bitswang Dibili. Dikomiti tsena hape di ka batlisisa dintlha dife kapa dife tsa tshebetso ya lefapha la mmuso mme di ka bitsa mosebeletsi ofe kapa ofe wa mmuso kapa Letona lefe kapa lefe la Kabinete ho hlaha ka pele ho tsona bakeng sa ho fana ka tlhahisoleseding. 



Palamente, ka kakaretso, e mema diphehiso tsa setjhaba hodima Dibili tseo e ntseng e di lekola. E fana ka ditlhaloso le dikgutsufatso tsa seo Dibili tsena di reretsweng ho se etsa. Palamente hape e hlophisa diketsahalo bakeng sa dikarolo tse itseng tsa setjhaba tse tobaneng le ditaba tse itseng ho etsa batho hore ba buisane ka ditaba tsa bohlokwa.



Setjhaba hape se ka etsa ditlhahiso hodima ditaba le melao eo Dikomiti tsa Palamente di ntseng di buisana ka yona mme boholo ba dikopano tsa Dikomiti di buletswe setjhaba. Moetlo wa hore dikopano tsa dikomiti tsa palamente di tshwarelwe sephiring o fedile ka dikgetho tsa pele tsa demokerasi tsa Afrika Borwa ka 1994. 



Karolo e nngwe ya qalo ya ho ba le seabo ha setjhaba Palamenteng ke letsholo la seyalemoya le ntlafatsang kutlwisiso ya setjhaba ya mosebetsi wa setheo sena le ho leka ho se kgothaletsa ho ba le seabo mosebetsing wa Palamente. Lenaneo le phatlalatswa diteisheneng tse 18 tsa SABC ka dipuo tsohle tsa semmuso.



Boikgathatsong bo bong ba ho fihlela bokgoni ba ho buisana le setjhaba ka kotloloho, Palamente e theile Dikantoro tsa Demokerasi tsa Palamente Diporofensing tse tharo – Limpopo, Leboya Bophirima le Kapa Leboya. 



Dikantoro tsa Demokerasi tsa Palamente di reretswe ho atolosa phihlello, monyetla le sebaka sa Palamente, hore e tswele pele ho buisana le setjhaba. Dikomiti tsa Demokerasi tsa Palamente di reretswe ho fana ka sebaka sa dipuisano ho fumana mehopolo ya batho hodima ditaba tsa bohlokwa tsa naha, leano le leholo kapa melao e radilweng mme ya tekwa ka pela Palamente. Projeke ena ha jwale e kentswe tekong Limpopo, Leboya Bophirima le Kapa Leboya mme e tla atolosetswa diporofensing kaofela tse robong ha morao. 





Ho etsa tlhahiso

Tlhahiso ke tsela ya ho etsa lentswe la hao le utlwahale ha ho buisanwa ka Bili Palamenteng. E nea baahi monyetla wa ho fetola mehopolo ya Ditho tsa Palamente pele Bili e fetoha molao.



E ka ba lengolo le bonolo la tshehetso kapa kganyetso. E ka ba hape tokomane e teletsana kapa tlhahiso e nang le dikgothaletso tsa ho fetolwa ha Bili kapa leano. 



Ditemoso tse latelang di ka o thusa ha o hlophisa tlhahiso ya hao:

Dikomiti di amohela ditlhahiso tse ngata mme tlhahiso e kgutshwane mme e tobile ntlha e tla etsa mosebetsi wa tsona bobebe.

Ha tokomane ya hao e le telele, kenya kgutsufatso ya dintlhakgolo le dikgothaletso.

Haeba o etsa tlhahiso o le mong, hlalosa hore hobaneng o batla ho tshwaela hodima molao o radilweng. Bolela haeba o na le kwetliso kapa boiphihlelo bo nyalanang le taba eo.

Haeba le etsa tlhahiso le le mokgatlo, hlalosa mokgatlo ka bokgutshwane. Ke bomang ditho tsa wona? Hobaneng ha ba tshwenyehile ke taba ena? Na mokgatlo o na le boiphihlelo bo ikgethileng tabeng e ntseng e tshohlwa?



Palamente, jwaleka moemedi wa batho, e kgothaletsa tshebediso ya dipuo tsohle tsa semmuso mme e lakatsa ha baahi bohle ba ka lokoloha ho ba le seabo mosebetsing wa setheo sena ka puo ya kgetho ya bona.



Baahi ba tlisa ditlhahiso tsa bona tse ngotsweng ka seqo, ba di posa kapa ba di romela ka emeile kapa fekese.



Setjhaba se ka kenela dikopano tsa Dikomiti tsa Palamente le dikopano tsa Palamente.



Ho batlisisa haholwanyane ka Palamente

Etela websaete

Aterese ya websaete ke http://www.parliament.gov.za mme mona o ka, hara tse ding dintho:

Batla hore ke sefe se etsahalang Palamenteng. Sena se akaretsa tlhahisoleseding ya hore ke Dikomiti dife tse kopanang le hore di buisana ka eng, ke taba efe eo Matlo a Palamente a ntseng a e lekola.

Hlophisa ho etela Palamente. 

Mamela dingangisano le dipolelo tse kgethilweng ka kotloloho ka hara Ntlo ya Seboka ya Naha kapa Lekgotla la Diporofensi la Naha. Kgafetsa ho ba le kgaso e otlolohileng ya Puo ya Pulo ya Palamente, Puo ya Bajete le Setatemente sa Kotara a Bohareng sa Leano la Bajete. Empa hape ho na le dingangisano tse ding tse kgethilweng tse haswang ka kotloloho.

Batla dintlha tsa kgokahano tsa Ditho tsa Palamente le tsa Dikomiti tsa Palamente.

Batla hore na ke Ditho dife tsa Palamente tse Dikomiting dife tsa Palamente.

Bala ka ditaba tse phatlaletseng tse ka o kgahlang tse amanang le Palamente.



Hlophisa ho etela Palamente

Ketelo ya Palamente ha e lefellwe mme e etsahala hara beke ho tloha ka 9.00 ho ya ho 12.00, ntle le matsatsing a phomolo. Ha ho maeto a dumellwang matsatsing a phomolo. Maeto a nka hora feela.





Mamela dinako tsa Palamente seyalemoyeng

Tsena di fumanwa diteisheneng tsohle tsa seyalemoya tsa SABC, hang ka beke.





KGAOLO YA 5

Boitshwaro bo botle le Palamente



Palamente ya pele ya demokerasi e ile ya supa boitshwaro bo botle e le ntlha e ka sehloohong. Ke kahoo, ka Motsheanong 1996, hara tshebetso ya ho etsa molaotheo, Palamente e ileng ya amohela Melawana ya Boitshwaro ba Ditho tsa Palamente.



Palamente e ntjha e ne e batla ho fana ka ditataiso tse mabapi le tsela eo Ditho tsa Palamente di tlamehang ho tsamaisa mesebetsi ya tsona ya poraefete ka teng. E ne e batla hape ho thea mekgwa ya ho sebetsana le dikgohlano mahareng a dikgahleho le ho netefatsa hore Ditho tsa Palamente ha di behe mosebetsi wa tsona wa ditjhelete tsa poraefete ka hodima mesebetsi ya setjhaba.

  

Melawana ena e hlalosa hore Ditho tsa Palamente di tlameha ho pepesa ditjhelete tsa tsona tsa poraefete mme e fana ka ditataiso tsa ho ikgulela morao ha Ditho tsa Palamente ha ho na le kgohlano ya dikgahleho. E susumetsa Ditho tsa Palamente ho fumana tumello ho tswa mekgeng ya tsona ya dipolotiki bakeng sa ho etsa mesebetsi e ka ntle. Ha e dumelle ho susumetsa bakeng sa tefo. Ditho tsa Palamente di ka susumetsa  bakeng sa mabatowa a tsona empa di ka se lefellwe sena.   



Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle le Mesebetsi ya Poraefete e ikarabela ho kenya Melawana ya Boitshwaro tshebetsong.



Melawana ena e na le mekgahlelo e 10 ya ho pepesa:

diabo le ditjhelete tsa poraefete

mesebetsi e ka ntle

maemo a bolaodi le dilekane

ditheo tsa tlhahisoleseding

dimpho le tshwaro e ikgethileng

ditshehetso tsa ditjhelete

maeto a lefelletsweng ke mehlodi ya ka ntle

dikuno

mobu le leruo

tjhelete ya penshene. 



Ditho tsa Palamente di tlameha ho pepesa ditjhelete tsohle tsa tsona tsa poraefete rejisetareng eo Palamente e e phatlalatsang hang ka selemo.



Ditjhelete tsa balekane ba Ditho tsa Palamente le bana ba bona ba dilemo di tlase di pepeswa karolong ya lekunutu ya Rejisetara ya Ditjhelete tsa Poraefete. 



Ho pepesa ha balekane ke lekunutu hobane batho bana ba ke ke ba qobellwa ho pepesa rejisetareng ya setjhaba. Leha ho le jwalo, ena ke taba eo Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle ba Ditho e e supileng bakeng sa ngangisano e tswelang pele. 



Ditefello ho Ditho tsa Palamente bakeng sa phapanyetso ya ditjhelete ya dikgwebo tsa bona tsa poraefete di bolelwa karolong ya sephiri ya rejistara. 



Ditefello ho Ditho tsa Palamente bakeng sa mekgatlo ya dikhonsaletente di tlamehile ho hlahiswa pepeneneng – ho thibela ho fumana moputso tlasa mabaka a boikaketsi ba mekgatlo ya dikhonsaletente. 



Tlasa mabaka a dikgohlano tsa ditabatabelo, Ditho tsa Palamente di tlameha ho hlahisa kgohlano eo mme di ikgule – ntle le haeba foramo eo ba enang le seabo ho yona e  nka qeto ya hore kgohlano eo ha se ya bohlokwa. 



Mokgwa wa Palamente wa tlhahiso o theilwe hodima kakanyo ya hore Ditho tsa Palamente di ka ba le dikgwebo ha feela di hlahisitswe pepeneneng mme di sa bake kgohlano ya ditabatabelo le karolo e bapalwang ke Ditho tsa Palamente jwalo ka baemedi ba setjhaba.



Dilemong tse mmalwa tse sa tswa feta Mohlahlobi Kakaretso wa DitjheIete o lekotse botjha tlhahiso ya dikhampani pepeneneng ya Ditho tsa Palamente ho etsa bonnete ba hore tlhahiso ya bolaodi ba dikhamphani e feela e nepahetse.



Hara Ditho tsa Palamente tse 454, tse robong di ile tsa fumanwa di sa tsamaisana le maemo ana. Bongata ba mabaka a ho se hlahise pepeneneng hona bo ne bo le maelana le dikhamphani tse sa sebetseng.



Ditho tsa setjhaba di ka kenya ditletlebo Kantorong ya Morejistara wa Ditabatabelo tsa Ditho haeba ba nahana hore Ditho tsa Palamente ha di a hlahisa dikgwebo tsa tsona ka botlalo. 



Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle le Ditabatabelo tsa Ditho e na le boikarabelo ba ho kenya tshebetsong Khoutu ya Boitshwaro ebile e sebetsana le ditletlebo tsohle tse kentsweng. Diphumano tsa Komiti di tsebahatswa setjhabeng.



Haeba Komiti e fumana Setho sa Palamente se le molato, e ka fana ka kgalemo kapa tefiso. Kotlo e boima haholo eo ho ka fanwang ka yona e lekana le 50% ya moputso wa kgwedi le kgwedi wa Setho sa Palamente.



Komiti ha e amohele ditletlebo tsa sephiring, ntle le haeba ho na le bopaki. 



Komiti e tla sireletsa boitsebiso ba motletlebi, haeba hona ho hlokeha. 



Tlhahiso pepeneng ya setjhabeng ya dikgwebo tsa Ditho tsa Palamente e phethahatsa ditlhoko tsa Molaotheo tsa ho nka diqeto pepeneneng le ka ponaletso. Hape ke tsela ya ho etsa hore Ditho tsa Palamente di be le boikarabelo. Re kgothalletsa batho ho sebedisa mekgwa ena ya  boikarabelo ho netefatsa hore Palamente e emela ditabatabelo tsa batho ba Afrika Borwa. 



Komiti ya Boitshwaro bo Botle le Ditabatabelo tsa Ditho e entse qeto ya hore Khoutu ena e tshwanetse ho matlafatswa mme e entse tlhahiso ya tekolobotjha ya dintlha tse mmalwa, ho kenyelletswa le tse lenaneng lena.



Ho thea boemo ba phello bo ka hodimo ba boleng ba dimpho tseo Ditho tsa Palamente di ka di amohelang.



Ho sebetsana le khoutu ya boitshwaro bo botle ka botlalo e nang le ditataiso tse hlakileng bakeng sa ho rarolla dikgohlano tsa ditabatabelo.



Hore na ekaba dikotlo di tshwanetse ho lekolwa botjha, haholo bakeng sa boitshwaro ba manyofonyofo.



Hore na ekaba baemedi ba setjhaba le balekane ba bona ba tshwanetse ho dumellwa ho thendara bakeng sa dikgwebo tsa mmuso.



Melao e itseng ya ho sebetsana le dikgohlano tsa ditabatabelo.



Hore na ekaba ho tshwanetse hore ho be le melao ya ho thibela tshebediso ya tlhahisoleseding la sephiring bakeng sa ho iphumanela molemo.



Ho theha melao ya ho thibela tshebediso e sa lokang ya tshusumetso bakeng sa ho iphumanela mouno wa tjhelete.



Komiti e ikemiseditse ho batla ditlhahiso tsa setjhaba ditabeng tsena tsa bohlokwa.





Ditho tsa setjhaba tse nang le tumelo ya hore Ditho tsa Palamente ha di a hlahisa dikgwebo tsa tsona kaofela di ka romela ditletlebo tsa tsona Kantorong ya Morejistara wa Ditabatabelo tsa Ditho.

Aterese: PO Box 15 Cape Town, 8000

Mohala: 021-403 2476/7

Fekse: 021-461 0090.





KGAOLO 6

Diketsahalo tse ikgethang tsa selemo le selemo



Puo ya Pulo ya Palamente

Puo ya Pulo ya Palamente ke ketsahalo e kgolo haholo khalendareng ya tsa dipolitiki mme Palamente e tshwara ketsahalo ena selemo se seng le se seng.



Selemong sa dikgetho tsa bohle, ho ba le dipuo tsa pulo ya palamente tse pedi, ya pele e ba pele ho dikgetho tsa bohle mme e nngwe kamora dikgetho.



Puo ya Pulo ya Palamente ke puo ya Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ho kopano ya Dintlo tsa Palamente ka bobedi – Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi. Puong ena, Mopresidente o bolela dintlha tse ka sehlohlolong tsa ditshebetso tsa mmuso selemong se fetileng le ho hlalosa dintho tse sehlohlolong bakeng sa selemo se tlang. Moketeng ona, Mopresidente o bua le setjhaba jwalo ka Hlooho ya Setjhaba, eseng jwalo ka hlooho ya Mmuso.



Ke mokete o tlwaelehileng wa selemo le selemo ka Hlakola moo Moifo wa Phethahatso, Lekgotla la Molao le la Ketsamelao di bapalang karolo ya tsona ya Molaotheo pontsheng ya naha yohle. Puo ya Pulo ya Palamente e tshwarwa habedi ka selemo seo ho tshwarwang dikgetho tsa bohle.



Ha ho fihla demokrasi ka 1994, ha menyako ya Palamente e bulelwa MaAfrika Borwa ohle, mokete wa Puo ya Pulo ya Palamente e ile ya eba mokete wa setjhaba sa rona, mme ho nka seabo ha setjhaba ha eketsa diketsahalo tsa ho keteka tsa tse etswang ke Setjhaba. 



Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela o ile a kenya karolo ya ho ba le seabo ha setjhaba moketeng ona. Ho nka seabo ha setjhaba ho bohlokwa hobane Palamente e ikitlaetsa ho etsa hore institjhushine ena e fihlellehe bathong mme e kgothalletsa ho ba le seabo ha setjhaba mebetsing ya yona.



Karolo ya pele ya mokoloko wa mokete ho tloha Slave Lodge ho ya dihekeng tsa Palamente e kenyelletsa mela ya tlhompo ka sesole.



Seroki  le sona se amohela Mopresidente.



Ho tloha hekeng ho ya mabaleng a Palamente, Tlhompho ya Bana ba Banyenyane e etsa mola o lebang moahong wa Lekgotla la Naha la Diprofensi. 



Tlhompho ya Setjhaba le Batho ba Hlomphehileng le bona ba etsa mola kamora mona, o lebang qetellong ya moaho wa Old Assembly.



Batho ba thabisang le bona ba etsa menyakwe dibakeng tse fapaneng tsa moo setjhaba se emeng teng.



Ho tloha ditepising tsa moaho wa Seboka sa Naha, mokete o boela  o eba wa semmuso hape.



Tlhompho ya Sesole ya Mokete e ema kapela moaho wa Seboka sa Naha mme bente ya sesole e bapala pina ya setjhaba. Ho etswa tumediso ya ho kgabola ha dithunya makgetlo a 21 mme difofane tsa Sesole sa Moyeng di a feta ha Mopresidente a etsa tumediso ya setjhaba. 



Puo ya Pulo ya Palamente e latelang dikgetho tsa bohle e na le bohlokwa bo ikgethang hobane ke Puo ya Pulo ya Palamente ya Mopresidente ya sa tswa kgethwa botjha ho kopano ya Palamente e sa tswa thehwa botjha.



Puo ya Pulo ya Palamente e bitswa ke Mopresidente, ka Sepikara sa Seboka sa Naha le Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofensi, ha Mopresidente a ba ngolla ho kopa kopano ya matlo a mabedi a Palamente.



Ke e nngwe ya diketsahalo tse sa tlwaelehang moo makala a mararo a mmuso – Lekgotla la Phethahatso, la Molao le la Ketsamelao – a kopanang mmoho tulong e le nngwe.



Ho tloha ka 1994, Dipuo tsa Pulo ya Palamente e bile mekete e meholo e kenyelletsang phelehetso ya sepolesa sa dipere le phelehetso ya makoloi a sesole, mola o etswang ke Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Afrika Borwa (SANDF) tseleng ya Mopresidente e lebang Palamenteng, tumediso ya setjhaba ke Tlhompho ya Mokete ya SANDF, bente ya sesole, difofane tse fetang tsa Sesole sa Moyeng sa Afrika Borwa le tumediso ya ho kgabola ha dithunya makgetlo a 21. 



Diketsahalo ka letsatsi la Puo ya Pulo ya Palamente di latela mokgwa o ka tlase mona.



Ditho tsa Lekgotla la Molao, Dipikara tsa Diketsamelao tsa Diprofensi, Matona a Diprofensi le Baemedi ba Matjhaba ba fihla hekeng ya Company Gardens e lebang moahong wa Lekgotla la Naha la Diprofensi.



Baeti le ditho tsa Kabinete di qala ho fihla.



Tlhompo ya Bana ba Banyenyane le ya Setjhaba le Batho ba Hlomphehang ba nka tulo tsa bona ka mahlakorengf a mabedi a khapete e kgubedu tseleng ya Parliament Street ho tloha hekeng ho ya mabaleng a Palamente.



Seroki se nka tulo ya sona Slave Lodge ho amohela Mopresidente. Hamorao Seroki sena se etsa hona hape monyakong wa National Assembly Naha ha Mopresidente a kena ka hara Ntlo.



Dipresidente tsa mehleng, Batlatsi ba Mopresidente ba mehleng, Badulasetulo ba mehleng le Baahlodi ba Molao ba mehleng ba fihla monyakong wa moaho wa National Assembly.



Mokoloko wa Matona, Dipikara tsa Diketsamelao tsa Diprofensi, Lekgotla la Molao, Badulasetulo ba Palamente, Motlatsa Mopresidente le Mopresidente ba kena ka moahong wa National Assembly.



Mopresidente o etsa tumediso ya setjhaba phodiyamong ka ntle ho moaho wa National Assembly.

Mopresidente o fana ka Puo ya Pulo ya Palamente ka hara Ntlo ya Seboka sa Naha.



Badulasetulo ba Palamente ba kwala kopano ya Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi.



Mopresidente, Motlatsa Mopresidente le Badulasetulo ba Palamente ba tswa pele ka hara Ntlo ya Seboka sa Naha bakeng sa setshwantsho sa semmuso.



Baeti le Ditho tsa Palamente ba tswa ka hara Ntlo ya Seboka sa Naha.





Puo ya Tekanyetso ya Ditjhelete

Sena ke ha Letona la tsa Ditjhelete le hlalosetsa Palamente kamoo ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa selemo di tla bang ka teng le ka moo di tla abelwang mafapha a fapaneng a mmuso le di-institjhushini ka teng. Puo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete e tlwaetse ho ba ka Hlakola, kamora Puo ya Pulo ya Palamente.



 Setatemente sa Kotara e Bohareng sa Leano la Tekanyetso ya Ditjhelete 

Hangata sena se tshwarwa ka Mphalane selemo ka seng mme se fa Letona la tsa Ditjhelete monyetla wa ho etsa ditokiso tsa ditekanyetso tsa ditjhelete, tseo ho ileng ha bolelwa ka tsona ka Hlakola wa sona selemo seo, haeba ho na le maemo a entseng hore ditokiso tseo di hlokehe. 



Setatemente sa Leano la Ditekanyetso tsa Ditjhelete sa Kotara e Bohareng se fana ka maemo a jwale a tjhebelopele ya ditjhelete, tshebediso ya tjhelete le kadimo ya tjhelete bakeng sa selemo se hodimo sa ditjhelete. Se bontsha kutlwisiso e tshwanang ya Kabinete ya diphephetso tsa moruo le tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tse ka pele selemong.



Setatemente sa Leano la Ditekanyetso tsa Ditjhelete sa Kotara e Bohareng se na le tulo e ikgethang lenaneong la Palamenteng, hobane se thusa boramolao le setjhaba, kgwebo le baetapele ba mekgatlo e thusang setjhaba, basebetsi le baahi ho shebana le maikemisetso a mmuso dikgwedi tse mmalwa pele ho Ditekanyetso tsa Ditjhelete ka seqo.



KAROLO YA 7

Dikantoro tsa Kgokahano Palamenteng



Dikomiti

Seboka sa Naha

Komiti ya Tshebetso ho tsa Temo, Moru le Botshwasi

021- 403 3844

083 709 8572 



Komiti e Ikemetseng ho tsa Kamoho

021-403 3716

083 709 8489



Komiti ya Tshebetso ho tsa Bonono le Botjhaba

021-403 3849

083 709 8389



Komiti ya Tshebetso ho tsa Thuto ya Motheo

021-403 3764

083 709 8450



Komiti ya Tshebetso ho tsa Dikgokahanyo

021-403 3751

083 709 8520



Komiti ya Tshebetso ho tsa Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso

021-403 3769

083 709 8533



Komiti ya Tshebetso ho tsa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa

021-403 3667

073 158 4696



Komiti ya Tshebetso ho tsa Tshireletso le Mekaubere ya Sesole

021-403 3673

073 123 3551



Komiti ya Tshebetso ho tsa Ntshetsopele ya Moruo

021-403 3662

083 709 8470



Komiti ya Tshebetso ho tsa Matla

021-403 8072

083 412 1577



Komiti ya Tshebetso ho tsa Thuto e Phahameng le Thupello

021-403 3760

083 412 1585



Komiti e Ikemetseng ho tsa Ditjhelete

021-403 3759

083 412 1475



Komiti ya Tshebetso ho tsa Bophelo bo Botle

021-403 3770

083 709 8522



Komiti ya Tshebetso ho tsa Ditaba tsa Lehae

021-403 3826

084 630 1992



Komiti ya Tshebetso ho tsa Bodulo ba Batho

021-403 3725

083 709 8495



Komiti ya Tshebetso ho tsa Dikamano le Tshebedisanommoho ya Matjhaba

021-403 3808

083 709 8463



Komiti ya Tshebetso ho tsa Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo

021-403 3820

083 709 8427



Komiti ya Tshebetso ho tsa Mesebetsi

021-403 3765

083 354 4031



Komiti ya Tshebetso ho tsa Merafo

021-403 3671

083 574 4072



Komiti ya Tshebetso ho tsa Sepolesa

021-403 3806

076 168 2230



Komiti ho tsa Ditlhahiso tsa Molao tsa Ditho tsa Poraefete le Ditletlebo tse Ikgethang

021-403 3822

083 268 8748



Komiti e Ikemetseng ho tsa Tlaleho ya Tshebediso ya Ditjhelete tsa Mmuso

021-403 2376

082 922 9636



Komiti ya Tshebetso ho tsa Dikgwebo tsa Setjhaba

021-403 8115

072 677 5940



Komiti ya Tshebetso ho tsa Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba

021-403 3664

083 709 8428



Komiti ya Tshebetso ho tsa Mesebetsi ya Setjhaba

021-403 3859

083 709 8390



Komiti ya Tshebetso ho tsa Ntshetsopele ya Mahae le Kabobotjha ya Mobu

021-403 3852

083 709 8492



Komiti ya Tshebetso ho tsa Mahlale le Thekenoloji

021-403 3763

083 709 8536



Komiti ya Tshebetso ho tsa Ntshetsopele ya Setjhaba

021-403 3755

083 709 8397



Komiti ya Tshebetso ho tsa Dipapadi le Boikgathollo

021-403 3761

083 707 2185



Komiti ya Tshebetso ho tsa Bohahlaudi

021-403 3774

072 231 2337



Komiti ya Tshebetso ho tsa Kgwebisano le Indasteri

021-403 3776

083 709 8482



Komiti ya Tshebetso ho tsa Dipalangwang

021-403 3727

083 709 8391



Komiti ya Tshebetso ho tsa Metsi le Merero ya Tikoloho

021-403 3713

083 709 8401



Komiti ya Tshebetso ho tsa Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa Itekanelang

021-403 3840

083 709 8472



Lekgotla la Naha la Diprofensi

Komiti e Ikgethileng ho tsa Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Setso

021-403 3823

083 709 8534



Komiti e Ikgethileng ho tsa Ntshetsopele ya Moruo

021-403 3779

083 709 8393



Komiti e Ikgethileng ho tsa Thuto le Boikgathollo

021-403 3838

076 918 2994



Komiti e Ikgethileng ho tsa Ditjhelete le Kamoho

021-403 8071

083 707 2188



Komiti e Ikgethileng ho tsa Mesebetsi le Dikgwebo tsa Setjhaba

021-403 3660

083 709 8449



Komiti e Ikgethileng ho tsa Mobu le Ditaba tsa Tikoloho

021-403 3762

083 709 8530



Komiti e Ikgethileng ho tsa Ditletlebo le Ditlhahiso tsa Molao tsa Ditho

021-403 3742

083 709 8412



Komiti e Ikgethileng ho tsa Ditshebeletso tsa Setjhaba

021-403 3027

083 709 8528



Komiti e Ikgethileng ho tsa Polokeho le Ntshetsopele ya Molaotheo

021-403 3771

083 709 8513



Komiti e Ikgethileng ho tsa Ditshebeletso tsa Setjhaba

021-403 3799

083 709 8451



Komiti e Ikgethileng ho tsa Kgwebisano le Dikamano tsa Matjhaba

021-403 8077

083 294 2067



Komiti e Ikgethileng ho tsa Basadi, Bana le Batho ba sa ltekanelang

021-403 3768

083 709 8532



Dikomiti tsa kopanelo (e leng Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprofensi)

Komiti ho Molaodi Kakaretso wa Ditjhelete

021-403 3774

072 231 2337



Komiti ya Kopanelo ya Tekolobotjha ya Molaotheo

021-403 3661

083 709 8453



Komiti e Ikemetseng ya Kopanelo ho tsa Tshireletso

021-403 2223

083 709 8487



Komiti ya Kopanelo ya Boitshwaro bo Botle le Ditabatabelo tsa Ditho

021-403



Komiti e Ikemetseng ya Kopanelo ho tsa Bohlwela

021-403 2319

0837098432





Kantoro ya Morejistara wa Ditabatabelo tsa Ditho

Aterese

PO Box 15 Cape Town, 8000

Mohala

021-403 2476/7

Fekse

021-461 0090





Dikantoro tsa Demokrasi tsa Palamente

Limpopo

Aterese 

One Stop Shop

Ga-Matlala

0756



Aterese ya poso

PO Box 1516

Bakone

0746



Selefounu

082 938 2023



Emeilel

msekonya@parliament.gov.za



Kapa e Leboya

Aterese

4 Meul Singel

PO Box 754

Kakama

8870



Nomoro ya Mohala

054-431 0508

062 804 8591



Fekse

054-431 1951



Emeile

mlekwene@parliament.gov.za



Leboya Bophirima /North West

Physical address

Old Municipal Building/Old Governor’s House

Phola Section



Aterese ya poso

PO Box 561

Ganyesa

8613



Nomoro ya Mohala

053-998 4262

082 465 6343



Fekse

053-998 4261



Emeile

wseoposengwe@parliament.gov.za





Ditshebeletso tsa Kgokahanyo tsa Palamente

Dipatlisiso ka kakaretso

021-403 3635



Bohahlaudi Palamenteng

021-403 3341



Ditekete tsa kalaneng ya setjhaba tsa ho mamela ka Palamenteng

021-403 297 or 021-403 298





Mokgwatsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding tsa Mmuso

Bakeng sa tlhahisoleseding ka Mopresidente, Matona a Kabinete le mafapaha a setjhaba a mmuso

021-461 8145 or 021-461 8146





