PALAMENTE YA REPHABOLIKI YA AFRIKA BORWA

NA O NE O TSEBA?

MANGOLO A TLETLEBO

HO BA LE SEABO PALAMENTENG

Ho ba le seabo ha setjhaba ke ntho ya bohlokwa kgolong ya demokerasi ya rona; tsela e le nngwe ya ho netefatsa hore mmuso o ikarabela setjhabeng ka diketso tsa ona. Palamente e hlahisitse tsela tse ngata tsa ho ntshetsa pele ho ba le seabo tsamaisong ya ho thea molao le ho atisa phihlello ho Palamente ya setjhaba. Ho ba le seabo mosebetsing wa Palamente ha se ntho e boima jwalo ka ha ho bonahala. Tsela e nngwe eo setjhaba se ka sebedisang tokelo ya sona ya Molaotheo ke ka mangolo a tletlebo.

LENGOLO LA TLETLEBO KE ENG?

Lengolo la tletlebo ke kopo ya semmuso ho ba phahameng ho nka mehato. E ka nka mokgwa wa ho tsekela ho etsetswa melemo e itseng kapa ho arabela ngongoreho. Hore lengolo la tletlebo le fihlelle sepheo, le tshwanetse ho bontsha hore le lebisitswe ho mang, mofuta wa kopo, mmoho le tshusumetso, mme le tshwanetse ho kenyelletsa mabitso le diaterese tsa (mo)batletlebi.   

MEFUTA YA MANGOLO A TLETLEBO

Mangolo a tletlebo a ka hlophiswa ka mefuta e mmedi, e leng mangolo a tletlebo a ikgethileng le mangolo a tletlebo a setjhaba kapa a akaretsang. Lengolo la tletlebo le ikgethileng ke leo e leng hore motho o etsa kopo e itseng kapa a kopa thuso e sa dumellwang ka molao Mmusong, jwalo ka ho fumantshwa penshene. Lengolo la tletlebo la setjhaba ke leo e leng hore sehlopha sa baahi se nang le ditabatabelo tse tshwanang se kopa thuso e akaretsang, mme le ka kenyelletsa tletlebo efe kapa efe.

TLHAHISO YA LENGOLO LA TLETLEBO

Ke tokelo ya ditho tsa setjhaba naheng ya demokerasi ho lokisa le ho hlahisa mangolo a tletlebo jwalo ka ha ho hlokeha. Ho ya ka Karolo 17 ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa (Molao 108 wa 1996), sehlopha sefe kapa sefe le motho ofe kapa ofe o na le tokelo ya ho ipelaetsa ka kgotso ntle le tshebediso ya dihlomo, ho bokana, ho bontsha tletlebo, ho ema ba phahamisitse ditletlebo tse ngotsweng le ho hlahisa lengolo la dingongoreho. Le ha ho jwalo, ho na le ditsela tse itseng tse tlamehang ho latelwa ke motho le/kapa dihlopha tsamaisong ya mangolo a bona a tletlebo.

Ke Setho sa Palamente(MP) feela se ka hlahisang lengolo la tletlebo semmuso bakeng sa ho tshohlwa ka Palamenteng. Setho sa setjhaba kapa sehlopha sa batho se tlameha ho romela lengolo la tletlebo la bona ho ditho tsa bona tsa Palamente mme ba ba kope ho le hlahisa boemong ba bona ka Palamenteng.

SEBOPEHO SA LENGOLO LA TLETLEBO

Pele le kenngwa, lengolo la tletlebo le tlameha ho tsamaisana le ditlhoko tse latelang:
Le be ka mokgwa o boletsweng ke Sepikara sa Seboka sa Naha(NA) kapa Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprovense (NCOP);
Le ngolwe ka e nngwe ya dipuo tsa semmuso;
Le saenwe ke batletlebi ka bobona (ntle le haeba Sepikara kapa Modulasetulo a nkile qeto esele.)
Le se ke la ba le puo e mpe le e sa hlompheng;
Le hlalose ditaba kapa diketsahalo ka ho hlaka bakeng sa ho tshohlwa ka Palamenteng; mme 
Le bontshe mofuta wa thuso e kotjwang ho Palamente eo Palamente e ka kgonang ho fana ka yona ho ya ka matla a yona.


MOKGWA WA HO KENYA LENGOLO LA TLETLEBO PALAMENTENG   
        
Hobane lengolo la tletlebo le tlameha ho hlahiswa semmuso Palamenteng, batletlebi ba tlameha ho fumana tshehetso ya Setho sa Palamente.

Ho eletswa hore le bue le Setho sa Palamente pele le kenya lengolo la tletlebo ho tseba hore na ebe o tla le tshehetsa na, le ho netefatsa hore sebopeho le dikahare tsa lengolo la lona la tletlebo di nepahetse.

Haeba ho na le ditokomane tse tshehetsang ditaba tse hlahisitsweng ke batletlebi, di hokelwe tletlebong.

Setho sa Palamente se tla kenya lengolo la tletlebo ho Mongodi wa Palamente ho le lekola hape mme a le tjhaelle monwana bakeng sa sebopeho le dikahare pele a le fetisetsa ho Sepikara kapa Modulasetulo.

Lengolo la tletlebo le tla hlahiswa ka Palamenteng mme le romelwe Dikomiting tse  sebetsanang le ditaba tse hlahisitsweng ho lona.

Dipatlisiso mabapi le mangolo a tletlebo di ka lebiswa ho:
Tlelereke ya Dipampiri
Nomoro: (021) 403  2224/6    

  
