


Inshorense Ya kotsi Ya Sehlopha sa Batho
Kakaretso  
















Palamente Ya Rephaboliki Ya Aforika Borwa 












01 Phupu 2009 ho isa ho 30 Phupjane 2010




Sepheo sa tokomane ena ke ho neha bolaodi Kakaretso ya dintlhakgolo tsa tshireletso e fumanehang tlasa Pholisi ya GPA Ya Nomoro FASA/1998-00426 e ngotsweng ke FASA (Balaodi ba Ngollang Khampani Ya Inshorense Ya Hollard Ltd).





Mosireletsuwa

Palamente Ya Rephaboliki Ya Aforika Borwa (Ela hloko. Ntlheng ya pele ke hore dikuno tsohle tlasa pholisi ena di tla leshwa Palamente)


Batho ba sireleditsweng

Ditho tsa Palamente
Basebeletsi ba Palamente


Tshireletso

Lefu le bakilweng ke kotsi kapa ho lemala ha mmele 
Tshireletso dihora tse 24, matsatsi a 365 a selemo


Ditlhaloso tse mabapi le tshireletso

Dikuno tse mabapi le Lefu le Ho Holofalla Ruri di tla leshwa hodima dikuno dife kapa dife tse ka leshwang ho tswa mehloding e meng (mohl. Group Life, COID, RAF)
Dikuno tsa Kgolofalo E Felletseng Ya Nakwana di tla leshwa feela ho fihlella ditshenyehelo tsa Palamente tse bakilweng ke Kgolofalo Ya Nakwana ya motho ya sireleditsweng.
Dikuno tsa Ditshenyehelo tsa Kalafo di tla lefellwa feela ho lemala ha mmele ho bakilweng ke kotsi.
Ditshenyehelo tsa Kalafo tse bakilweng ke ketsahalo ya ka ntle ho mosebetsi e sireleditsweng ke COID di tlameha ho tsekuwa ho COID. Tshireletso e fumanehang tlasa pholisi ena ya GPA e tla lefa feela tlatsetso ha ho na le kgaello. (ELA HLOKO: Kgonahalo ya sena ha e yo hobane COID e lefa Ditshenyehelo tsohle tsa Kalafo tsa kotsi tse etsahalang mosebetsing).
Ditshenyehelo tsa Kalafo tse sa tsekuweng ho COID di tlameha hore ntlheng ya pele di tsekuwe ho pholisi ya GPA.


Dikuno tsa Mosireletsuwa

Lefu le Bakilweng ke Kotsi 	      -	60% tsa  5 x Moputso wa selemo o hlalositsweng
Ho Holofalla Ruri 		      -	Persente ya Dikuno tsa Lefu, ho ya ka boholo ba kgolofalo  
                                                                       (mohl.100% bakeng sa tahlehelo ya letsoho/leoto empa 
                                                                       1% bakeng sa tahlehelo ya monwana wa leoto)                                                                       
Kgolofalo E Felletseng Ya Nakwana -     100% tsa Palohare ya Moputso wa Beke bakeng sa dibeke  
						tse 104 (ho sa kenyelletswe beke ya pele)
Ditshenyehelo tsa Kalafo 	      -	Makisimamo ya R50, 000 mosireletsuwa ka mong (ho sa 
                                                                       kenyelletswe R250 e qalang)
Tjhelete e felletseng e tla leshwa ke pholisi ena ke:
Motho ofe kapa ofe a le mong                 -      R10, 000, 000
Ketsahalo efe kapa efe e sireleditsweng 	-      R80, 000, 000


Dintlhakgolo tse sa Akaretswang

Ho ipolaya, ho itematsa ka sepheo, ho ipeha kotsing ka sepheo (ntle le ha o leka ho pholosa bophelo).
Lefu kapa Kgolofalo e bakilweng ka ho toba ke kgolofalo e teng mmeleng kapa phokolo ya mmele (ELA HLOKO ka kopo tsebisa Glenrand MIB ha o na le basebeletsi ba holofetseng mmeleng hore re tle re leke ho atolosetsa tshireletso ho bona).
Batho ba dilemo di tlasa 16 le tse hodimo ho 75 (empa batho ba bang ba boletsweng ba sireleditswe ho fihlela dilemong tse 85).
Ho fofa ntle le ha o le mopalami sefofaneng.
Lefu kapa kotsi e bakilweng ke hore mosireletsuwa o fumanwe a le tlasa taolo ya tahi kapa dithethefatsi kapa moo bophahamo ba jwala mading bo fetang bo dumelletsweng ka molao.
Dipapadi tsa porofeshenale, ho sebedisa sefofane sa masela kapa polasitiki kapa sefofane sa batho ba babedi.
Lefu kapa kotsi e bakilweng ke ho tlola molao.


Tsamaiso ya Ditseko

Diketsahalo tsohle tse ka lebisang tsekong tlasa pholisi ena di tlameha ho tlalehwa ho Glenrand MIB (ka thuso ya Pam Hintsho bakeng sa basebeletsi ba Palamente kapa Linda Harper bakeng sa Ditho tsa Palamente) hang feela ha ho kgonahala empa dikgweding tse tharo ka nako tsohle.
Ditseko tsa lefu di tlameha ho tlalehwa hanghang ntle le tieho e sa hlokeheng.
Bakeng sa thuso kapa dikeletso mabapi le dintlha dife kapa dife tsa ditseko re kopa o letsetse basebeletsi ba latelang ba Glenrand MIB:

Mong. Frank Ndaba	011  329 1556

Ntlheng ya pele dikuno tsohle tsa pholisi ena di tla leshwa Palamente.


Dipotso ka kakaretso

Basebeletsi ba latelang ba Glenrand MIB ba a fumaneha bakeng sa ho thusa ka dintlha dife kapa dife tse amanang le pholisi ya GPA Ya Palamente.

Mong. Themba Zulu	011  329 1813 (Molaodi wa Mekitlane)

Mof. Khanyisa Gogela	021  442 4145

Mof. Takalani Tshibalo	011  329 1180
