PALAMENTE LE TEKOLO YA TSWELOPELE



Teko ya nnete ya demokerasi ke ya boholo boo Palamente e ka netefatsang ka bona hore mmuso o dula o ikarabela bathong. Sena se etswa ka tekolo ya tswelopele ya nako tsohle ya diketso tsa mmuso.



Palamente le Dikomiti tsa yona di na le matla a ho bitsa motho kapa institjhushene efe kapa efe ho tla fana ka bopaki kapa ho hlahisa ditokomane, le ho tla fana ka tlaleho.





Matlataelo a Molaotheo  

Molaotheo o bolela hore Palamente e na le matla a ho etsa tekolo ya tswelopele mafapheng ohle a mmuso, ho kenyelletswa le maemong a mmuso wa diprovensi le wa lehae.



Tekolo ya tswelopele ke eng?

Tekolo ya Tswelopele ke mosebetsi o filweng Palamente ke Molaotheo ho bea leihlo le ho lekola tswelopele diketsong tsa mmuso.

Ha ho etswa tekolo ya tswelopele, Palamente e tsepama dintlheng tse latelang:

Ho kenngwa tshebetsong ha melao

Ho kenngwa tshebetsong ha ditekanyetso tsa ditjhelete

Ho elwa hloko le ho latelwa ha melao ya Palamente le Molaotheo

Taolo e phethahetseng ya mafapha a mmuso.



Hobaneng ha seabo sa Palamente sa Tekolo ya Tswelopele se le bohlokwa? 

Ka ho lekola tswelopele ya diketso tsa mmuso, Palamente e kgona ho netefatsa hore phumantsho ya ditshebeletso e a etsahala, hore baahi kaofela ba be le bophelo bo botle.



Palamente e sebedisa tekolo ya tswelopele bakeng sa mabaka a latelang:

Ho fofonela le ho thibela tshebediso e mpe

Ho thibela boitshwaro bo seng molaong le bo kgahlanong le molatheo ho basebeletsi ba mmuso

Ho sireletsa ditokelo le ditshwanelo tsa baahi

Hore mmuso o be le boikarabelo ba kamoo tjhelete ya balefi ba lekgetho e sebediswang ka teng

Ho etsa hore ditshebetso tsa mmuso di bonaletse le ho hodisa tshepo ya setjhaba  mmusong.



Seabo sa Dintlo tsa Palamente tse pedi ho Tekolo ya Tswelopele

Palamente e na le Dintlo tse pedi, e leng:

Seboka sa Naha (NA), le

Lekgotla la Naha la Diprovensi (NCOP)



Ntlo ka nngwe e na le seabo sa yona sa tekolo ya tswelopele.



Molaotheo o bolela hore Seboka sa Naha se kgethwa ho emela batho le ho netefatsa puso ka batho tlasa Molaotheo. O etsa sena ka ho:

Netefatsa hore ditho tsa phethahatso tsa mmuso maemong a naha a mmuso di ikarabela ho ona, le ho

boloka tekolo ya tswelopele ho tshebediso ya matla ya mmuso wa naha le ho kenngwa tshebetsong ha molao.



Lekgotla la Naha la Diprovensi le emela diprovensi ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diprovensi di a hlokomelwa boemong ba mmuso wa naha.

Karolo ya NCOP ke ho sebedisa tekolo ya tswelopele hodima dintlha tsa naha tsa mmuso wa diprovensi le mmuso wa lehae.

NCOP e ka hloka hore setho sa Kabinete, mohlanka wa mmuso wa naha kapa Setho sa Komiti ya Phethahatso sa mmuso wa provensi se tle kopanong ya Lekgotla kapa ya komiti.



Seabo sa Dikomiti tsa Palamente

Dikomiti tsa Palamente di thehilwe jwalo ka disebediswa tsa Ntlo ho ya ka Molaotheo ho tsamaisa tekolo ya tswelopele le ho bea mmuso leihlo. 

Dikomiti tsena ke “diphaposi tsa taolo” tsa tekolo ya tswelopele le mosebetsi wa Palamente wa ho thea  melao .

Dikomiti di hlahlobisisa molao, di lekola tswelopele ya diketso tsa mmuso, le ho sebedisana le setjhaba.

E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tsa mosebetsi wa tekolo ya tswelopele ke tlhokomelo ya dikomiti ya ditlaleho tsa selemo le selemo tsa mafapha a Mmuso, le ditlaleho tsa Mohlahlobi-Kakaretso wa ditjhelete.

Ho ya ka morero wa tekolo ya tswelopele, Komiti e ka nna ya kopa tlhalosetso ho tswa lefapheng la mmuso kapa e le etele bakeng sa ho fumana dintlha.



Mekgwatshebetso ya Tekolo ya Tswelopele



a) Divoutu tsa Ditekanyetso tsa ditjhelete

Letona la tsa Ditjhelete le etsa tsebiso ya tjhebelopele ya ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa selemo sa ditjhelete se tlang, mmoho le divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete bakeng sa lefapha ka leng.

Palamente e tlameha ho tjhaella ditekanyetso tsena tsa ditjhelete monwana.

Kamora tlhahiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete, Komiti ka nngwe e ba le dimamelo tsa maikutlo le Lefapha la mmuso le amehang leo e lekolang tswelopele ya lona.

Sena se thusa ho lekola hore na ekaba Lefapha le ntsheditse pele ditshepiso tsa lona tsa ngwahola, le ho sebedisa tjhelete ya balefi ba lekgetho ka tshwanelo.



b) Dipotso tse arajwang ke lekgotla la phethahatso

Ho botsa mmuso Dipotso ke e nngwe ya ditsela tseo ka tsona Palamente e etsang hore mmuso o be le boikarabelo.

Dipotso bakeng sa ho arajwa ka molomo kapa ka lengolo di ka lebiswa ho Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente le Matona dintlheng tseo ba nang le boikarabelo ho tsona.

Nako ya dipotso e fa ditho tsa Palamente monyetla wa ho botsa ditho tsa Mmuso ka dintlha tsa phumantsho ya ditshebeletso, lebitsong la mekgatlo ya tsona ya dipolitiki kapa bakgethi.



c) Dipolelo tsa Ditho

Ka ho sebedisa mokgwatsamaiso ona, Ditho tsa Palamente di ka etsa dipolelo ka Ntlong, maelana le taba efe kapa efe.



d) Ditsebiso tsa Ditshisinyo

Ka ho fana ka Tsebiso ya Tshisinyo setho sa mokga ofe kapa ofe wa dipolitiki se ka hlahisa ditaba bakeng sa ho ngangisana ka Palamenteng, e leng  moo ba thusang ho ntshetsa pele boikarabelo ba bona ba tekolo ya tswelopele.



e) Dingangisano tsa kopano ya ditherisano

Dingangisano tsa kopano ya ditherisano ke tsela e nngwe ya ho tlisa tlhahisoleseding ya bohlokwa ka pela mmuso maelana le mananeo a itseng a mmuso kapa molao o hlokehang ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso.



f) Mosebetsi wa Mabatowa

Mosebetsi wa lebatowa o fa Ditho tsa Palamente monyetla o moholo wa ho etsa tekolo ya tswelopele ka bonngwe.

Mosebetsi wa Mabatowa o thusa tshebedisanommoho ka katamelano mahareng a Ditho tsa Palamente le setjhaba.

Ditho di na le boitlamo ba ho tsebisa Palamente ka taba efe kapa efe e hlwailweng ka nako ya tshebetso tsa tekolo ya tswelopele.



Kamoo o ka bang le seabo ka teng



a) Ho etsa tlhahiso

Ho etsa tlhahiso ho Komiti ya Palamente ke e nngwe ya ditsela tsa ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale Palamenteng.

Ka ho etsa tlhahiso, o na le monyetla wa ho kenya tshusumetso maikutlong a Ditho tsa Komiti tse buisanang ka molawana wa nakwana o itseng pele o e ba molao.



b) Tletlebo

Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho tletleba ho Palamente, jwaloka ha ho dumelletswe Molaotheong.

Motho ofe kapa ofe, sehlopha sa batho kapa mokgatlo ofe kapa ofe o ka tletleba ho Palamente.

Tletlebo ke kopo ka semmuso ho ba nang le matla a taolo hore ba nke mehato. E ka nka mokgwa wa ho tseka, kopo ya thuso, kapa tokiso ya ngongoreho.





