Palamente ya Afrika Borwa

Palamente e na le matlo a mabedi
Seboka sa Naha (NA) se na le ditho tse 400, le
Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP) e nang le bonyane baromuwa ba 90.

Lekgotla la Naha la Diprofense

Molaotheo o re Lekgotla la Naha la Diprofense le emetse diprofense ho netefatsa hore ditabatabelo tsa diprofense di a shejwa mmusong wa naha 

Le etsa sena haholo ka ho ba le seabo tsamaisong ya ketsamelao ya naha, le ho fana ka foramo ya naha bakeng sa dingangisano setjhabeng ka dintho tse ba amang diprofenseng.

Lekgotla la Naha la Diprofense le netefatsa hore dingongoreho tsa mmuso wa dibaka di hlahiswa boemong bo phahameng.

Sebopeho sa NCOP

Lekgotla la Naha la Diprofense le na le moifo wa diprofense tse robong o kgethilweng ke makgotla a ketsamelao a diprofense, le baemedi ba Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Afrika Borwa. (SALGA)

Moifo wa profense ka nngwe o na le ditho tse:
Tsheletseng tsa baemedi ba moshwelella
Nne tsa baemedi (ba nakwana) ba kgethehileng

Moifo o etellwa pele ke Tonakgolo ya profense ka nngwe, eo e leng e mong wa baemedi ba kgethehileng.

Ha ho hlokeha, Tonakgolo e ka kgetha e mong ho nka maemo a hae.

Moifo wa SALGA o kgethwa ke komiti ya wona ya phethahatso ho tswa sehlopheng sa baemedi ba Makgotla a Mmuso wa Dibaka a diprofenseng tse robong.

Bahlanka ba Lekgotla la Naha la Diprofense 

NCOP e kgetha Bahlanka ba Baholo dithong tsa yona;  

Modulasetulo
Batlatsi ba Modulasetulo ba babedi

Bahlanka bana ba laola mosebetsi wa Lekgotla la Naha la Diprofense le ho tsamaisa dingangisano, le ho etsa bonnete ba hore baromuwa ba ka bua ka bolokolohi ba ntse ba ikamahantse melao ya Ntlo.

Motlatsi wa Modulasetulo wa moshwelella o kgethelwa ho sebetsa dilemo tse hlano ha Ditonakgolo tsa diprofense di fapanyetsana ka ho potoloha ho ba Batlatsi ba Modulasetulo bakeng sa selemo.

Seabo sa NCOP

NCOP e nkuwa jwalo ka mokgatlo o atlehisang tshebedisano pusong esita le demokrasi e sebetsang, mmoho le ho ba setsi sa bohlokwa sa ho hlahisa dingongoreho tsa mmuso wa dibaka le wa diprofense boemong ba naha.

NCOP e fana ka lentswe mabapi le maikutlo a diprofense tse robong tsa Afrika Borwa le ho fana ka monyetla bakeng sa mmuso wa dibaka ho ba le seabo dipuisanong tsa ketsamelao boemong ba naha. 

Seabo sa ketsamelao

NCOP e ela hloko, e atlehisa, e hlomathisa, e sisinya dihlomathiso ho, kapa e hane ketso ya molao.

E tlameha ho sheba dibili tsohle tsa naha.

E ka qapa kapa ya hlophisa Dibili tse welang ka tlasa Sekejule 4 sa Molaotheo (dintlha tseo makgotla a ketsamelao a naha le a diprofensi a nang le kopanelo ya matla a ho etsa melao) le dibili tse ding tse amang diprofense.

Boholo ba mosebetsi wa ketsamelao o etswa dikomiting, empa dibili tsohle di tlameha ho lebiswa kopanong ya NCOP bakeng sa ngangisano le ho vouta hore na ho amohelwe kapa ho hanwe Bili.

Dibili tse sa ameng diprofense:

Dibili tse sa ameng diprofense ke tse amanang le mesebetsi ya naha, jwalo ka tshireletso, ditaba tsa kantle, le toka.

Ha dibili tse kang tsena di atlehisitswe ke Seboka sa Naka, di ya ho NCOP ho ya voutelwa.

Haeba NCOP e batla ho etsa diphetoho biling, e kgutlela morao ho Seboka sa Naha, se ka amohelang kapa sa hana diphetoho.


Dibili tse amang diprofense ka ho otloloha:

Mehlala ya dibili tse amang diprofense e kenyelletsa thuto, dipalangwang, thekolohelo, le bophelo bo botle.

Bongata ba dibili tsena di ka hlahiswa ka NCOP ke Ntlo efe kapa efe; empa ho na le dibili tse ding tse tlamehang ho qala ka Sebokeng sa Naha.
Ha ho voutelwa Dibili tsena ka NCOP, profense ka nngwe e na le voutu e le nngwe.

Haeba ho na le ho se dumellane dipakeng tsa NA le NCOP ka bili e amamng diprofense, bili e tlameha ho romelwa ho Komiti ya Bonamodi.

Dibili tse hlomathisang Molatheo:

Ha bili e hlomathisang molatheo e ama diprofense ka ho otloloha, bonyane diprofense tse tsheletseng ho tse robong tse kahara NCOP di tlameha ho dumellana le yona.

Haeba bili e hlomathisang molaotheo e sa ame diprofense ka ho otloloha, molaotheo o hloka hore NCOP e ngangisane ka bili (ntle le ho vouta) pele e ya Sebokeng sa Naha bakeng sa ho voutelwa.

2. Seabo sa Tekolo ya mebetsi ya mmuso

Tekolo ke matlataelo a Molaotheo a mosebesetsi wa Palamente (ho kenyelleditswe Makgotla a Ketsamelao a Diprofense) ho bea leihlo diketso tsa mmuso.  

NCOP e na le matla a ho lekola dintho tsa naha tse amang diprofense le mmuso wa dibaka.

NCOP e ka hloka setho sa Kabinete, mohlanka wa mmuso wa naha kapa wa mmuso wa profense ho tla kopanong ya Lekgotla kapa ya komiti ya Lekgotla.

Baromuwa ba NCOP ba ka botsa matona a Kabinete dipotso tse tlamehang ho arajwa kahara NCOP.

NCOP kapa komiti efe kapa efe ya yona e ka amohela mangolo a tletlebo, ditlhahiso kapa dinyehelo.

NCOP e boela e etela setjhaba bakeng sa ho lekola e le ho netefatsa hore e fumana tlhahisoleseding ka ho otloloha ka ditlhoko le diphephetso tsa batho.


Dikomiti tsa NCOP

Dikomiti tsa NCOP di bitswa Dikomit tse Kgethehileng, mohlala, Komiti e Kgethehileng ya Matlo, Mesebetsi ya Setjhaba le Dipalangwang.

Komiti ka nngwe e beha leihlo mosebetsi wa mafapha a itseng a mmuso. Komiti e ngangisana le ho hlomathisa Dibili, le ho hlophisa nonyo ya maikutlo a setjhaba haeba taba e le eo setjhaba se nang le thahasello ho yona.

Dikomiti di ka bitsa motho ofe kapa ofe ho tla fana ka bopaki kapa ho hlahisa ditokomane, hape di ka hloka hore motho kapa mokgatlo ofe kapa ofe o tlalehe ho tsona.

Hang ha ho se ho ngangisanwe ka bili ke dikomiti, e iswa ho NCOP ho ya voutelwa.

Moifo wa profense ka nngwe o na le voutu e le nngwe e sebediswang maemong a profense ke hlooho ya moifo.

Seabo sa Ditho tsa Setjhaba mabapi le Tekolo

Ditho tsa setjhaba di ka kenya letsoho haholo mosebetsing wa tekolo ho netefatsa hore mmuso o a ikarabela ditlhokong tsa batho. Tsena ke ditsela tse ding tse ka sebediswang:

1. Ho fana ka tlhahiso ya maikutlo
Tlhahiso ya maikutlo ho komiti ya Palamente ke tsela e nngwe ya ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale Palamenteng.
Ka ho etsa tlhahiso ya maikutlo, o na le monyetla wa ho ba le tshusumetso maikutlong a ditho tsa komiti tse buisanang le ho ngangisana ka karolwana e itseng ya molao pele o phethelwa.

2. Lengolo la tletlebo
Lengolo la tletlebo ke tsela ya ho hlahisa tletlebo kapa taba e ngongorehisang setjhaba hore Palamente e nke mehato ka matla a yona.
Tokelo ya ho tletlebela Palamenteng ke tokelo ya moahi e mong le e mong wa naha mme e fumaneha le Molaotheong.
Motho ofe kapa ofe, sehlopha sa batho sefe kapa sefe kapa mokgatlo ba na le tokelo ya ho tletleba Palamenteng.

3. Ikopanye le Setho sa Palamente
Ditho tsa setjhaba di ka ikopanya le Ditho tsa Palamente dikantorong tsa lebatowa hohle naheng kapa Palamenteng haeba o batla ho atleha ho fumana tshehetso ya tsona ka taba e o kgathatsang kapa haeba o hloka thuso ka qaka e itseng
