Ntlo ya Seboka ya Naha

PALAMENTE YA AFRIKA BORWA

Palamente e na le Matlo a mabedi, a bitswang Ntlo ya Seboka ya Naha le Ntlo ya Lekgotla la Naha la Diporofensi.


NTLO YA SEBOKA YA NAHA (NA)

NA e kgethwa dikgethong tsa naha ka mora dilemo tse ding le tse ding tse hlano.
Nakong ya dikgetho bakgethi ba kgetha batho bao ba batlang hore e be baemedi ba bona ka ho voutela mekga eo ba e ratang ya dipolotiki.


SEABO SA NTLO YA SEBOKA YA NAHA

NA e na le matlataelo a molaotheo a:

Seabo sa Ketsamolao
O mong wa mesebetsi e ka sehloohong ya NA ke ho etsa melao ya ho busa naha.
NA e fetisetsa Dibili Dikomiting bakeng sa tsweletso mme e ngangisana ka Dibili.
NA e ka dumela, ya hana kapa ya kgutlisetsa Dibili morao Dikomiting bakeng sa dipuisano tse tswelang pele.

Seabo sa Tekolo ya tswelopele
Palamente e na le boikarabelo ba ho hlahlobisisa, ho bea leihlo le ho lekola diketso tsa mmuso kapa lekala lefe kapa lefe la Puso, tse mabapi le ho kenya melao tshebetsong, tshebediso ya kabo-tekanyetso, le ho hlontjhwa ha Molaotheo.

Palamente e etsa bonnete ba hore Lekgotla la Phethahatso le na le boikarabelo ka ho dumela dikabo-tekanyetso, ka ho botsa dipotso tsa Palamente, ho ba le dingangisano Palamenteng ka ditaba tsa bohlokwa, le ka ho hlahisa le ho voutela ditshisinyo tse amanang le mosebetsi wa mmuso.

Ho kgetha Moporesidente
NA e na le matlataelo a ho kgetha Moporesidente wa Afrika Borwa ho tswa ho Ditho tsa yona.


SEBOPEHO SA NTLO YA SEBOKA YA NAHA

NA e na le Ditho tsa Palamente (MPs) tse kgethilweng tse 400.
Ditho tsa NA di kgethwa ho ya ka tsamaiso e bitswang boemedi ho ya ka divoutu.
Pele ho dikgetho, mokga ka mong o etsa lenane la bonkgetheng ho ya ka tatelano ya ho kgethwa ha bona. Bonkgetheng bana e be ba kgethwa ho ya ka divoutu tseo mokga o di hapang dikgethong. Mohlala, ha mokga o hapa halofo ya divoutu, o tla ba le halofo ya ditulo ka hara NA.





BALAODI BA NTLO YA SEBOKA YA NAHA

Balaodi ba Ntlo
Kopanong ya pele ya NA, ditho tsa NA di kgetha Sepikara le Motlatsa-Sepikara, ba bitswang Balaodi ba Ntlo.
Balaodi ba Ntlo ba filwe boikarabelo ba ho tsamaisa ditaba tsa NA.
Sepikara le Motlatsa-Sepikara wa Palamente e ba baduladitulo dikopanong tsa NA.
Ba etsa bonnete ba hore Ditho tsa Palamente di bua ka bolokolohi, empa di kgomarela melao ya Ntlo.

Baduladitulo ba Ntlo
Melao ya Ntlo e na le dipehelo tsa hore Baduladitulo ba Ntlo ba thuse Balaodi ba Ntlo ho etsa mosebetsi wa bona. Baduladitulo ba Ntlo ba ka lebellwa hape ho tsamaisa dikopano tsa Ntlo.

Mesebetsi ya Baduladitulo ba Ntlo e akaretsa:
Ho hokahanya mosebetsi wa Dikomiti
Ho hlophisa ditlaleho tsa molao o fetisitsweng ke Palamente kapa Lekgotla la Ketsamelao
Ho hokahanya mesebetsi ya tekolo ya tswelopele ya Dikomiti
Ho fana ka tshehetso ya sepolotiki le mawa ho Balaodi ba Ntlo.

Diphadi tse Kgolo
Mokga ka mong wa dipolotiki ka hara NA o kgetha Sephadi se Seholo ho tsamaisa ditaba tsa wona.
Diphadi di hlokomela Ditho tsa mekga ya tsona ka ho fapana.

Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso
Moporesidente o thonya Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso ya sebetsang le balaodi ba Matlo ka bobedi.
Boikarabelo ba Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso ke ho hlokomela ditabatabelo tsa Kabinete le mosebetsi wa Mmuso Palamenteng.
Moetapele wa Mosebetsi wa Mmuso o etsa bonnete hore Ditho tsa Kabinete di etsa mesebetsi ya tsona ya Palamente.


DIKOMITI TSA NTLO YA SEBOKA YA NAHA

Boholo ba mosebetsi wa NA bo etswa Dikomiting.
Dikomiti tsa NA di bitswa Dikomiti tsa Potefolio.
Mosebetsi wa komiti ka nngwe o amana le lefapha la mmuso. Mohlala, Komiti ya Potefolio ya Kgwebo le Indaseteri e sebetsana le ditaba tsohle tse amang Lefapha la Kgwebo le Indaseteri.
Komiti ka nngwe e na le Modulasetulo ho etsa bonnete hore mosebetsi wa yona o tsamaiswa ka thello.
Dikomiti tsa Potefolio di ikarabela dipuisanong, dingangisanong le ho fetola dikahare tsa Dibili.
Dikomiti di ka tshwara Dipuisano tsa Setjhaba tse amanang le molao o fetisitsweng ke Palamente kapa ditaba tse amanang le molao o fetisitsweng.
Dikomiti di ikarabela hape ho lekoleng tswelopele le ho bea leihlo mosebetsi wa mafapha a mmuso.






SEABO SA SETJHABA

Ho ya ka Molaotheo, Palamente e tlameha ho kenya setjhaba ha ho etswa molao le tsamaisong tse ding tsa Palamente.
Dikomiti tsa Potefolio di tlameha ho rerisa ditho tsa setjhaba hore di tle di fumane diphehiso ho Bili kapa ho utlwa mehopolo ya tsona ditabeng tsa bohlokwa tsa naha.
Setjhaba se kgothaletswa ho ba mahlahahlaha ho ba le seabo diketsahalong ha Dikomiti di tshwara Dipuisano tsa setjhaba.
Batho ka bonngwe kapa dihlopha ba kgothaletswa ho etsa diphehiso tse ngotsweng kapa tsa molomo hodima ditaba tse ba ngongorehisang.
Ditho tsa setjhaba di na le tokelo ya ho ba le seabo tshebetsong le mesebetsing ya Palamente ka ho:

    Kenela dikopano tsa Dikomiti tsa Potefolio.
    Ikopanya le Ditho tsa Palamente tse sebeletsang NA ho botsa kapa ho 
     kopa tlhahisoleseding e mabapi le mosebetsi wa bona Palamenteng.
    Kenela Dipuisano tsa Setjhaba tse tshwarwang ke Dikomiti tsa Potefolio. 
    Shebella le ho mamela dingangisano tsa kopano ka hara Ntlo mohl. Divouto tsa Bajete.
    Ngolla Palamente Ditletlebo tse mabapi le taba efe kapa efe e 
ngongorehisang. Ditletlebo tse  romelwang Palamenteng di tlameha ho ba le tshehetso ya Setho sa Palamente.


Produced by the Public Education Office
Parliamentary Communication Services

INSPIRED BY PEOPLE

www.parliament.gov.za
P.O. Box 15, Cape Town, 8000
Telephone:	(021) 403 3341
Facsimile:	(021) 403 3303

Phamfolete ena e a fumaneha ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa Afrika Borwa.


.
