BAJETE E RE SEBELETSA JWANG 
Bajete ke eng? 
Bajete ke moralo o bontshang hore ke tjhelete e kae e fumanwang le hore e tla sebediswa jwang bakeng sa nako eo ho nehelanweng ka yona. Jwalo ka batho, re etsa moralo hangata ka tshebediso ya tjhelete eo re e fumanang le eo re e sebedisang. Ho bajeta ho bohlokwa hobane le ha eba re ka batla ho reka dintho tse ngata, ha re dule re na le tjhelete e lekaneng bakeng sa tseo. Ka lebaka leo, re na le ditlhoko tse ngata empa disebediswa di nyane ho ka fihlella seo re se batlang. Bajete e ka dikgwebo, le ho kgetha tsela eo re ka sebedisang tjhelete ya rona ka teng. Ebang re e sebedisetsa ntho e le nngwe, re ka tlameha ho phela ntle  le e nngwe. 
Mmuso o rala Bajete ya ona jwang? 
Ka mokgwa o tshwanang, Mmuso le ona o tobane le dikgetho. Moralo wa Mmuso o tlameha ho lekana le disebediswa tse teng mmoho le ditlhoko tsa batho. Bajete e nehelanwa ho ya ka ditlhoko tse ka sehloohong tsa selemo. Bajete ya naha e fana ka tekanyetso ya Mmuso ya lekeno le ditjeo tsa selemo sa ditjhelete, ho tloha ka la 1 Mmesa selemong se itseng, ho isa ho 31 Hlakubele selemong se latelang. Bajete ya naha ha e tshwane le tse ding, hobane e hlalosa tsela eo tjhelete e tla sebediswang ka teng, mme e fane ka dintlha ka tsela eo ditjhelete di tlang ho bokelletswa ka teng bakeng sa ho anela ditshebediso tsa naha. 
Mmuso o bokeletsa jwang tjhelete ya wona? 
Mohlodi o moholo wa lekeno la Mmuso ke ka lekgetho. Lekgetho ke ditefello tse tlamang tse etswang ho Mohlanka wa Lekgetho ke batho, dikgwebo le ke motho mang kapa mang ya tshwanelang ho lefa lekgetho. Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa (SARS) di ikarabella bakeng sa ho bokella lekgetho. Ho na le mefuta e fapaneng ya lekgetho. Mmuso o fumana bongata ba lekgetho ho tswa meputsong ya batho. Motho e mong le e mong naheng ena ya fumanang moputso o ka hodimo ho tjhelete e itseng, o tlameha ho lefa lekgetho mmusong. Mofuta ona wa lekgetho o bitswa lekgetho la  lekeno. Mefuta e meng ya lekgetho e bitswa Lekgetho le Kentsweng Thekong - Value-Added Tax (VAT) le excise duties. Bongata ba batho ba se ba utlwetse ka VAT, le hore tse ding tsa dithepa tsa motheo ha di lefellwe VAT. Ka lehlakoreng le leng, lekgetho le ekeditsweng ka nako e nngwe le lefiswa bakeng sa thepa tsa boithabiso. Mofuta ona wa lekgetho o bitswa “sin tax”. Molaotheo o totobatsa hore Mopresidente o lokela ke ho laola lekeno jwang. Tjhelete efe kapa efe eo naha e e fumanang e kenngwa akhaontong ya Exchequer. Molao wa Palamente o hlokeha bakeng sa ho hula tjhelete akhaontong ena. Bajete e nngwe le e nngwe e tlameha ho ba le lehlakore la ditjeo le la lekeno. 
Bajete e sebetsa jwang? 
Bajete ya Mmuso e arotswe ka Lekeno le ka Ditjeo, Kgaello pele ho Dikadimo le Sekoloto sa Naha. Lekeno le Ditjeo di bitswa hape ka hore ke  akhaonto ya Mmuso ya Lekgetho. Bajete ya Mmuso e qala ka ditjeo, ha tekanyetso tse ding di qala ka lekeno. Phapang pakeng tsa lekeno le ditjeo e bitswa kgaello kapa masalla. Kgaello e etsahala ha Mmuso o rera ho sebedisa tjhelete e fetang eo  e ka kgonang ho e bokelletsa ho tswa lekgethong. Dikoloto tsa setjhaba di ba teng ha mmuso o kadima tjhelete ka hara naha kapa mose ho lefella ditjeo tsa wona.  Ha lekeno le feta ditjeo, mohlala, jwaloka  ka ha lekgetho la motho ka mong le le lengata ho feta ka moo le neng le lebelletswe ka teng, ho ba le masalla. 
Tshebetso ya Bajete
Bajete e nka dikgwedi tse 14 ho e lokisa. Sena se bolela hore nakong eo Bajete ya selemong sena e tsebahatswang Palamenteng, Bajete ya selemo se latelang e se e lokiseditswe pele ka dikgwedi tse pedi. Ke mafapha a fapaneng a nkang seabo ho Bajete. Ba romela ditekanyetso tsa bona le mabaka a di tshehetsang dikantorong tse ba okametseng. Kantoro e ba okametseng  e tla rala kgutsufatso mme e e romele Lefapheng la Ditjhelete. Lefapha la Ditjhelete le ntano rala kgutsufatso e bontshang ditjeo tsa mafapha ka ho fapana.  Molaodi wa Lekgetho la naha le dikgwebisano le yena o rala Bajete, mme a e romele Lefapheng la Ditjhelete.  Tonakgolo ya Ditjhelete le Mmusisi wa Banka ya Resefe ba kopana ho sekaseka ditekanyetso tsa ditjhelete. Puisano e tla be e susumetswa ke mabaka a dipolotiki, a moruo le ditjhelete. Molaodi Kakaretso wa Ditjhelete o hlophisa Bajete.
Hangata ka Hlakola, selemo le selemo, Letona la tsa Ditjhelete le nehelana ka Puo ka Bajete Palamenteng. Kamora moo Bajete e sekasekwe Palamenteng. Matona a kabinete a hloka ho tshehetsa mabaka a ditjeo tsa mafapha a ona ka ho fapana. Puo e latela paterone e tsepameng. E qala ka ho shebisisa sephetho sa ditjhelete tsa selemo se fetileng, e fane ka hlahlobo ya kakaretso ya maemo a moruo a naha, mme e hlahlobe selemo se latelang sa tsa ditjhelete. E hlalosa ka moo lekeno le ditjeo di ka lekangwang ka teng. Ke theo ya Molaotheo wa naha ya rona hore Mmuso o ka sebedisa tjhelete ebang Palamente e dumela. Bajete e sebetswa jwaloka molao ofe kapa ofe oo o tlamehang ho tjhaelwa monwana ke Palamente pele e ba setlamo. Kamora puo ya Letona, ditho tsa palamente di sekaseka Bajete mme di ntano vouta. Kamora hore ho buisanwe ka Bajete, Dintlo tse pedi tsa Palamente di tlameha ho e voutela. Ebang ho dumellanwe ka Bajete, lefapha leo le ka fuwa tokelo ya ho ntshetsa pele lenane la lona la ditjhelete.
Bajete le Tlhokomelo kapa ho Bewa Leihlo? 
Pokeletso ya Lekgetho le ditjeo di tlameha ho laolwa ho etsa bonnete ba hore tjhelete e sebediswa ho ya ka moo ho neng ho ikemiseditswe ka teng ke Palamente. Mohlahlobi Kakaretso o fana ka raporoto Palamenteng hore ditaelo tsa tshebediso ya tjhelete di ile tsa latelwa na. Bajete ke sesebediswa sa bohlokwa sa leano bakeng sa tlhokomelo, ke ka yona mmuso o jarang boikarabelo ba hore tjhelete e sebediswa jwang.
