Se Iphapanye!

				Nka Dikgato Kgahlanong le Tlhekefetso!

Matsatsi a 16 a Boitseko kgahlanong le dikgoka ho Basadi le Bana

Matsatsi a 16 a Boitseko ke eng?

Ke Letsholo la LEFATSHE KA BOPHARA la HO BA KGAHLANONG LE DIKGOKA ho BASADI le BANA

Sepheo ke ho etsa temoso ya tshusumetso E MPE eo DIKGOKA le TLHEKEFETSO di nang le yona ho BASADI le BANA le ho FEDISA DIKGOKA KA HO PHETHAHALA  setjhabeng

Letsholo lee le tshwarwa neng?

Letsholo la Boitseko la Matsatsi a 16 le tla tshwarwa ho tloha ka la 25 Pudungwana ho isa ho 10 Tshitwe selemo le selemo

LE KENYELLETSA MATSATSI A LATELANG A BOHLOKWA:

25 Pudungwana
Letsatsi la Matjhaba la Phediso ya Dikgoka ho Basadi

1 Tshitwe
Letsatsi la Aids la Lefatshe lohle

10 Tshitwe
Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho

Tse ding tsa disosa tsa dikgoka kgahlanong le basadi ke dife?

Di bakwa ke boemo bo tlase ba basadi ka lapeng le setjhabeng
Di etsahala ha banna ba sebedisa MATLA le MOLAO bohlaswa ho LAOLA basadi.

TLHEKEFETSO ke eng?

           
Mofuta ofe kapa ofe wa boitshwaro o bakang:
 tshabo
ho lemala ha mmele 
hore motho a etse dintho tseo a sa batleng ho di etsa 

Mehlala ya Tlhekefetso: 


YA MMELE

YA MAIKUTLO

YA TSA DITJHELETE

YA MOTABO

PETO

	
Na o a tseba 

hore Palamente e fetisitse melao ho sireletsa ditokelo tsa batho kgahlano le tlhekefetso?

Ke:

Molao wa Dikgoka tsa ka Lapeng wa 1998

Molao wa Bana wa 2005

Molao wa Tlhokomelo ya Bana wa 1998

Molao wa Phahamiso ya Tekano le Thibelo ya Kgethollo e nang le Leeme wa 2000

Molao wa Bosenyi o Fetotsweng wa 2007 (Molao wa Ditlolo tsa Molao tse maelana le Motabo le Ditaba tse Maelana le tsona)


Dikomiti tsa Palamente tse sebetsanang  le boemo ba basadi le bana Afrika Borwa:

Komiti ya Basadi, Batjha, Bana le Batho ba sa itekanelang
Komiti ya Tshebetso ya Basadi,  Bana le Batho ba sa itekanelang

O SE KE WA BA PHOFU 

Kgaola saekele ya dikgoka
Bua
Tseba ditokelo tsa hao
Nka dikgato kgahlano le TLHEKEFETSO
Se iphapanye!

O ka fumanang thuso hokae?
Ikopanye le:
 Sepolesa ho 10111
Kantoro ya Naha ya FAMSA ho Moh: (011) - 975 7107 kapa Fekese: (011) 975 7108
Mohala wa Bana: Moh: 0800 055 555
Komishene ya Tekano ya Bong: Moh: 011 - 403 7182



